SEHLOOHO SE ITHUTOANG 19
Jehova o Bontša Hore ke Molimo ea Lerato le ea Nang le Toka Lefatšeng le Tletseng Bokhopo (Sehlooho Sa 3 Ho Tse 4)
“Ha u Molimo ea thabelang bokhopo; ha ho le ea mong e mobe ea ka lulang le uena ka nako leha e le efe.”—PES. 5:4.
PINA EA 142 Re Lula re E-na le Tšepo e Matla
SELELEKELAa
1-3. (a) Pesaleme ea 5:4-6 e re Jehova o ikutloa joang ka bokhopo? (b) Ke hobane’ng ha re re ho hlekefetsa bana ka motabo ho khahlanong le “molao oa Kreste”?
JEHOVA MOLIMO o hloile bokhopo ka litsela tsohle. (Bala Pesaleme ea 5:4-6.) Ka ho khetheha o hloile ho hlekefetsoa ha bana ka motabo, kaha ke sebe se soto le se se nang kutloelo-bohloko ka ho fetisisa. Kaha re Lipaki Tsa Jehova re etsisa Jehova ka hore re hloee batho ba hlekefetsang bana ka motabo, ’me ha re ba emele ho hang!—Bar. 12:9; Baheb. 12:15, 16.
2 Ho hlekefetsa bana ka tsela leha e le efe ho khahlanong le “molao oa Kreste.” (Bagal. 6:2) Ke hobane’ng ha re cho joalo? Joalokaha re ithutile sehloohong tse fetileng, molao oa Kreste oo Jesu a o rutileng ka lintho tseo a li buileng le ka mohlala oa hae, o lerato o bile o na le toka. Kaha Bakreste ba ikobela molao ona, ba tšoara bana ka tsela e etsang hore bana bao ba ikutloe ba sireletsehile ba bile ba ratoa e le kannete. Ho hlekefetsa bana ka motabo ho fosahetse, ho bile ho tsamaisana le boithati, ’me ho etsa hore bana ba ikutloe ba sa sireletseha ba bile ba sa ratoe.
3 Ka masoabi, ho hlekefetsa bana ka motabo ke kobo-anela lefatšeng, ’me ho amme le Bakreste ba bang ba ’nete. Ebe ke hobane’ng? Ke hobane “batho ba khopo le baikhakanyi” ba bangata, ’me ba bang ba se ba lekile ho kena le ka phuthehong. (2 Tim. 3:13) Ho phaella moo, lebaka le leng ke hobane batho ba bang bao pele ba neng ba sebeletsa Jehova ba ile ba itumella ho laoloa ke litakatso tsa bona tse litšila eaba ba hlekefetsa bana ka motabo. A re ke re tšohleng hore na ke hobane’ng ha ho hlekefetsa bana e le sebe se tebileng hakana. Re tla boela re tšohle hore na baholo ba etsa’ng ha motho a entse sebe se tebileng, ho akareletsa le sa ho hlekefetsa bana ka motabo le hore na batsoali ba ka sireletsa bana ba bona joang.b
SEBE SE TEBILENG
4-5. Ke hobane’ng ha ho hlekefetsa bana ka motabo e le sebe se tebileng?
4 Ho hlekefetsa bana ka motabo ho ba utloisa bohloko ka nako e telele. Ho ama motho ea hlekefelitsoeng hammoho le batho ba mo ratang, joaloka ba lelapa labo le litho tsa phutheho. Ruri ho hlekefetsa bana ka motabo ke sebe se tebileng.
5 Ke sebe se siteloang motho ea hlekefelitsoeng. Ke sebe ho hlokofatsa batho ba bang le ho etsa hore ba utloe bohloko. Sehloohong se latelang, re tl’o bona hore motho ea hlekefetsang ngoana o mo utloisa bohloko bo ke keng ba lekanngoa. O etsa hore ngoana a se ke a mo tšepa le hore a se ke a hlola a ikutloa a sireletsehile. Re lokela ho sireletsa bana ho batho ba joalo ba khopo, ’me re khothatse le ho thusa ba kileng ba hlekefetsoa.—1 Bathes. 5:14.
6-7. Ke hobane’ng ha ho hlekefetsa bana ka motabo e le ho siteloa phutheho le ho siteloa melao ea naha?
6 Ke sebe se siteloang phutheho. Setho sa phutheho se qosoang ka ho hlekefetsa bana ka motabo se senya phutheho lebitso. (Mat. 5:16; 1 Pet. 2:12) Ke ho hloka toka hore ho ka thoe phutheho e lumella ho hlekefetsoa ha bana ka motabo hobane Bakreste ba limilione ba leka ka hohle hore ba “loane ntoa e thata bakeng sa tumelo.” (Juda 3) Ha re lumelle batho ba etsang lintho tse mpe ba bile ba sa bake le ba senyang phutheho lebitso, hore ba lule ba le ka phuthehong.
7 Ke sebe se siteloang melao ea naha. Bakreste ba lokela hore ba “ipehe tlas’a balaoli ba phahameng.” (Bar. 13:1) Re bontša hore re ipeha tlas’a balaoli ha re ikobela melao ea naha. Haeba setho sa phutheho se tlola melao ea naha, joaloka oa ho hlekefetsa bana ka motabo, ha e le hantle se bontša hore ha se hlomphe ba boholong pusong. (Bapisa le Liketso 25:8.) Le hoja baholo ba se na boikarabelo ba ho ahlola mang kapa mang ea tlotseng melao ea naha, ha ba sireletse batho ba hlekefelitseng bana ka motabo hore ba fuoe kahlolo e ba loketseng. (Bar. 13:4) Batloli bao ba molao ba lokela ho khola litholoana tsa sebe sa bona.—Bagal. 6:7.
8. Jehova o ikutloa joang ka batho ba siteloang batho ba bang?
8 Ka holimo ho tsohle, ke sebe se siteloang Molimo. (Pes. 51:4) Ha motho a siteloa motho e mong o boetse o siteloa le Molimo. Ak’u nahane ka mohlala o Molaong oo Molimo a ile a o fa Baiseraele. Molao o ne o re motho ea qhekellang moahelani oa hae o itšoara “ka ho se tšepahale ho Jehova.” (Lev. 6:2-4) Kahoo, setho sa phutheho se hlekefetsang ngoana ka motabo se etsa hore ngoana eo a se ke a se tšepa, se bile se itšoara ka ho tšepahale ho Jehova. Se boetse se senya Jehova lebitso. Ka lebaka leo, re lokela ho ela hloko hore ho hlekefetsa bana ka motabo ke sebe se tebileng le se siteloang Molimo, ’me ha rea lokela ho se emela.
9. Mokhatlo oa Jehova o ’nile oa hlomella baholo joang hore ba sebetsane le batho ba hlekefelitseng bana ka motabo, hona hobane’ng?
9 Mokhatlo oa Jehova o ’nile oa hatisa lihlooho tse ngata tse buang ka ho hlekefetsoa ha bana ka motabo. Mohlala, ho Molula-Qhooa le Tsoha! ho na le lihlooho tse tšohlang hore na batho ba hlekefelitsoeng ka motabo ba ka sebetsana le boemo boo joang, hore na batho ba bang ba ka ba thusa le ho ba khothatsa joang le hore na batsoali ba ka sireletsa bana ba bona joang. Mokhatlo o koetlisitse baholo hantle mabapi le hore na ba lokela ho etsa’ng ha motho a hlekefelitse ngoana ka motabo. Mokhatlo o boetse o lula o hlahloba tsela eo baholo ba tšoarang batho ba hlekefelitseng bana ka motabo ka eona. Hobane’ng? E le ho netefatsa hore tsela eo ba sebetsanang le sebe sena ka eona e lumellana le molao oa Kreste.
SEO BAHOLO BA SE ETSANG HA MOTHO A ENTSE SEBE SE TEBILENG
10-12. (a) Ha baholo ba sebetsana le motho ea entseng sebe se tebileng ba lokela ho lula ba hopola eng, hona sepheo sa bona e lokela ho ba sefe? (b) Jakobo 5:14, 15 e re baholo ba leka ka hohle ho etsa’ng?
10 Ha baholo ba sebetsana le motho ea entseng sebe se tebileng, ba lula ba hopola hore molao oa Kreste o re ba lokela ho mo tšoara ka lerato le ho mo ahlola ka toka. Ka lebaka leo, ba lokela ho nahana ka botebo ha ba utloela hore ho na le motho ea entseng sebe se tebileng. Mosebetsi o ka sehloohong oa baholo ke ho tlotlisa Jehova le ho sireletsa lebitso la hae. (Lev. 22:31, 32; Mat. 6:9) Ba boetse ba amehile haholo ka ho thusa bohle ba ka phuthehong hore ba lule ba e-na le kamano e ntle le Jehova le ho tšehetsa ba anngoeng ke sebe seo se tebileng.
11 Ho phaella moo, haeba motho ea entseng sebe e le setho sa phutheho, baholo ba na le boikarabelo ba ho leka ho mo thusa hore a bake le hore a lokise kamano ea hae le Jehova haeba ho khoneha. (Bala Jakobo 5:14, 15.) Mokreste ea etsang sebe se tebileng e le hore a khotsofatse takatso ea hae e fosahetseng a ka tšoantšoa le motho ea kulang. Sena se bolela hore ha a sa na kamano e ntle le Jehova.c Ka tsela e itseng, re ka tšoantša baholo le lingaka. Ba leka ka hohle ho “etsa hore ea sa ikutloeng hantle [e leng moetsi oa sebe] a fole.” Ba ka mo fa likeletso tse thehiloeng Bibeleng tse ka mo thusang ho lokisa kamano ea hae le Jehova, haeba feela a ikemiselitse ho baka e le kannete.—Lik. 3:19; 2 Bakor. 2:5-10.
12 Ho hlakile hore baholo ba na le boikarabelo bo tebileng haholo. Ba rata mohlape oa Molimo oo a ba fileng boikarabelo ba ho o hlokomela. (1 Pet. 5:1-3) Ba batla hore bara le barali babo rona ba ikutloe ba sireletsehile ha ba le ka phuthehong. Ka lebaka leo, ba tlola matjato ha ba utloa hore ho na le motho ea entseng sebe se tebileng, joaloka ho hlekefetsa bana ka motabo. A re ke re hlahlobeng lipotso tse qalong ea lirapa tsa 13, 15 le sa 17.
13-14. Na baholo ba mamela melao ea ’muso e mabapi le ho tlaleha batho ba qosoang ka ho hlekefetsa bana ka motabo? Hlalosa.
13 Na baholo ba mamela melao ea ’muso e mabapi le ho tlaleha batho ba qosoang ka ho hlekefetsa bana ka motabo? E, ho joalo. Baholo ba linaheng tseo molao o reng ba lokela ho tlaleha liqoso tse joalo, ba ikobela melao eo. (Bar. 13:1) Molao oo ha o khahlanong le melao ea Molimo. (Lik. 5:28, 29) Kahoo, ha baholo ba utloela hore ho na le motho ea hlekefelitseng ngoana ka motabo, ba potlakela ho letsetsa ofisi ea lekala e le ho kopa tataiso ea hore na ba ka tlaleha taba eo joang ho ba boholong ’musong.
14 Ha baholo ba bua le ngoana ea hlekefelitsoeng, batsoali ba hae, kapa motho leha e le ofe ea tsebang ka taba eo, ka mosa ba mo hopotsa hore o lokolohile ho ea tlaleha taba eo ho ba boholong ’musong. Empa ba lokela ho etsa’ng haeba motho ea entseng sebe seo e le setho sa phutheho ’me taba eo e tsebahala sebakeng sa habo lona? Na Mokreste ea tlalehileng taba eo o lokela ho utloa eka ke eena ea sentseng Jehova lebitso? Che. Motho ea entseng sebe seo ke eena ea sentseng Jehova lebitso.
15-16. (a) Ho ea ka 1 Timothea 5:19, ke hobane’ng ha ho hlokeha bonyane lipaki tse peli pele baholo ba ka theha komiti ea boahloli? (b) Baholo ba lokela ho etsa’ng ha ba utloela hore ho na le setho sa phutheho se qosoang ka ho hlekefetsa ngoana ka motabo?
15 Ka phuthehong, ke hobane’ng ha baholo ba hloka hore ho be le bonyane lipaki tse peli tse pakang hore motho o entse sebe se tebileng? Hobane Bibele e re ke eona tsela ea ho ahlola ka toka. Haeba motho a qosoa ka hore o entse sebe se tebileng, empa a hana hore o se entse, ho lokela ho be le lipaki tse peli tse pakang, pele baholo ba ka theha komiti ea boahloli. (Deut. 19:15; Mat. 18:16; bala 1 Timothea 5:19.) Na taba ee e bolela hore ho lokela ho be le lipaki tse peli pele motho a ka ea tlalehela ba boholong ’musong hore ho na le motho ea hlekefelitseng ngoana ka motabo? Che. Mokhoa ona ha o sebetse nakong eo baholo kapa motho e mong a tlalehang liqoso tsa tlolo ea molao ho ba boholong.
16 Ha baholo ba utloela hore ho na le setho sa phutheho se qosoang ka ho hlekefetsa ngoana ka motabo, ba leka ka hohle ho latela mehato ea ho tlaleha taba eo ho ba boholong ’musong, ebe ka mor’a moo ba hlahloba hore na ba lokela ho theha komiti ea boahloli kapa che. Ha moqusuoa a latola bosehla hore o entse sebe seo, baholo ba mamela bopaki ba batho ba ka ’nang ba tseba se etsahetseng. Haeba motho ea hlekefelitsoeng a re moqusuoa eo ke eena ’me ho e-na le motho e mong ea pakang ketsahalo eo kapa ea pakang hore o kile a hlekefetsa ngoana e mong kae-kae, ha ho le joalo baholo ba na le bopaki bo lekaneng bakeng sa ho theha komiti ea boahloli.d Taba ea hore ha ho na paki ea bobeli ha e bolele hore motho eo ea qosang o bua leshano. Esita le hoja ho se na lipaki tse peli tse pakang hore motho o hlekefelitse ngoana ka motabo, baholo ba lokela ho ela hloko hore e tlameha ebe moqusuoa o entse ntho e itseng e utloisitseng batho ba bang bohloko. Baholo ba tla tsoela pele ba khothatsa le ho tšehetsa batho bao ba utloisitsoeng bohloko. Ho phaella moo, baholo ba tla lula ba behile motho eo leihlo e le hore a se ke a hlekefetsa ngoana e mong hape.—Lik. 20:28.
17-18. Hlalosa hore na boikarabelo ba komiti ea boahloli ke bofe.
17 Boikarabelo ba komiti ea boahloli ke bofe? Lentsoe “boahloli” ha le bolele hore baholo ke bona ba etsang qeto kapa ba lumelang hore na moqusuoa o lokela ho ea ahloloa ke ba boholong ’musong kapa che, ka tlolo ea molao eo a e entseng. Baholo ha ba kena-kenane le melao ea naha; ba tlohela hore litloli tsa molao li ahloloe ke ba nang le matla a ho etsa joalo. (Bar. 13:2-4; Tite 3:1) Boikarabelo ba komiti ea boahloli ke ho ahlola kapa ho etsa qeto ea hore na motho eo o lokela ho khaoloa ka phuthehong kapa ho tšoareloa.
18 Baholo ba komiting ea boahloli ba ahlola feela litaba tse amanang le melao-motheo ea Bibele kapa kamano ea motho le Jehova Molimo. Ba tataisoa ke Bibele ho bona hore na moqusuoa o bakile kapa che. Haeba a sa bake, oa khaoloa ’me baholo ba tlalehela phutheho hore ha e sa le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. (1 Bakor. 5:11-13) Haeba a bakile, a ka ’na a bontšoa mohau. Leha ho le joalo, baholo ba tla mo hlalosetsa hore a ke ke a hlola a lumelloa ho fuoa litokelo tse khethehileng ka phuthehong kapa hore o tla nka lilemo tse ngata pele a ka sebeletsa, mohlomong esita le bophelo bohle ba hae. Kaha baholo ba amehile ka tšireletseho ea bana, ba ka ’na ba lemosa batsoali ka bomong hore ba lokela ho ba seli ha bana ba bona ba le haufi le motho eo. Ha baholo ba lemosa batsoali ba tla ela hloko hore ba se ke ba ba bolella hore na motho eo o hlekefelitse ngoana ofe.
KAMOO U KA SIRELETSANG BANA BA HAO KATENG
Batsoali ba sireletsa bana ba bona hore ba se ke ba hlekefetsoa ka motabo ka hore ba buisane le bona ka litaba tsa thobalano tseo bana ba lokelang ho li tseba. E le hore ba etse joalo, ba sebelisa lingoliloeng tseo mokhatlo oa Jehova o re fang tsona. (Sheba sehlooho se ithutoang sa 19, serapeng sa 19 ho ea ho sa 22)
19-22. Batsoali ba ka etsa’ng ho sireletsa bana ba bona? (Sheba setšoantšo se sekoahelong.)
19 Ke mang ea nang le boikarabelo bo ka sehloohong ba ho sireletsa bana? Ke batsoali ba bona.e Bana ba hao ke mpho eo u e fuoeng ke Molimo, “ke lefa le tsoang ho Jehova.” (Pes. 127:3) Jehova o u file boikarabelo ba ho sireletsa bana ba hao. U ka sireletsa bana ba hao joang hore ba se ke ba hlekefetsoa?
20 Ntlha ea pele, ithute hore na tlhekefetso ke eng. Ithute hore na batho bao hangata ba hlekefetsang bana ke ba joang le hore na ba atisa ho sebelisa lintho life ho ba hoka-hoka. Ela hloko maemo a ka ’nang a ba beha kotsing. (Liprov. 22:3; 24:3) Lula u hopola hore hangata ngoana o hlekefetsoa ke motho ea mo tsebang a bile a mo tšepa.
21 Ntlha ea bobeli, bua u phuthulohile le bana ba hao ’me u ba khothaletse hore ba u phuthulohele. (Deut. 6:6, 7) Sena se bolela hore u lokela ho ba mamela ka hloko. (Jak. 1:19) U hopole hore hangata bana ba tšaba ho bolela ha motho a ba hlekefelitse. Ba ka ’na ba tšaba hore ha ho na motho ea tla ba kholoa, kapa ba tšabisoa ke hobane motho eo a ba tšositse. Haeba u bona eka ho na le ntho e etsahetseng, ba botse lipotso ka mosa, ebe u ba mamela ka hloko ha ba ntse ba itlhalosa.
22 Ntlha ea boraro, ruta bana ba hao. Ba hlalosetse hore na thobalano ke ho etsa’ng, empa u lekanyetse lintlha tsa hao ho latela hore na ba lilemong life. Ba rute hore na ba lokela ho etsa’ng le ho re’ng ha motho a ba tšoara-tšoara ka tsela e sa lokelang. U ka sebelisa lintlha tseo mokhatlo oa Jehova o faneng ka tsona tse buang ka hore na u ka sireletsa bana ba hao joang.—Sheba lebokose le reng “Ithute U be U Rute le Bana ba Hao.”
23. Lipaki Tsa Jehova li nka ho hlekefetsa bana ka motabo joang, hona re tl’o araba potso efe sehloohong se latelang?
23 Rona Lipaki Tsa Jehova re nka ho hlekefetsa bana ka motabo e le sebe se soto le se se nang kutloelo-bohloko. Kaha re tataisoa ke molao oa Kreste, ha re pate batho ba entseng liketso tsena tse mpe hore ba fuoe kotlo e ba tšoanelang. Re ka etsa’ng ho thusa batho ba kileng ba hlekefetsoa? Sehlooho se latelang se tla araba potso ena.
PINA EA 103 Molimo o re File Balisa
a Sehloohong sena re tl’o tšohla hore na ke joang re ka sireletsang bana hore ba se ke ba hlekefetsoa ka motabo. Re tla boela re bone hore na baholo ba ka sireletsa phutheho joang le hore na batsoali ba ka sireletsa bana ba bona joang.
b TLHALOSO: Ho hlekefetsoa ha bana ka motabo ho etsahala ha motho e moholo a sebelisa ngoana ho khotsofatsa litakatso tsa hae tsa thobalano. Ho akareletsa thobalano, ho nyanya litho tsa botona kapa tsa botšehali kapa ho li kenya ka morao; ho pholla litho tsa botona kapa tsa botšehali; ho pholla matsoele, kapa litono; kapa ho etsa lintho tse ling tse litšila. Le hoja hangata ho hlekefetsoa bana ba banana, ho ntse ho e-na le bashanyana ba bangata ba hlekefetsoang. Le hoja batho ba bangata ba hlekefetsang bana e le bo-ntate, ho ntse ho e-na le bo-’mè ba bang ba ba hlekefetsang.
c Haeba motho a etsa sebe se tebileng hobane a se na kamano e ntle le Jehova, seo ha se bolele hore ha a lokela ho ikarabella ka sebe seo a se entseng. O lokela ho ikarabella ka lintho tsohle tseo a li entseng ’me Jehova o tla mo ahlola ka tsona.—Bar. 14:12.
d Baholo ba ke ke ba re ngoana a be teng ha ba buisana le motho ea qosoang ka hore o mo hlekefelitse. Motsoali kapa motho e mong eo ngoana a mo tšepang a ka bolella baholo lintho tseo ngoana a reng li etsahetse e le hore ho se ke ha utloisoa ngoana eo bohloko le ho feta.
e Lintlha tsena li boetse li sebetsa le ho motho ea holisang ngoana eo e seng oa hae.