Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 10/8 leq. 6
  • Lipono tse Fosahetseng tse Tloaelehileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipono tse Fosahetseng tse Tloaelehileng
  • Tsoha!—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thibelo Ka Lapeng
    Tsoha!—1993
  • Jehova o Bontša Hore ke Molimo ea Lerato le ea Nang le Toka Lefatšeng le Tletseng Bokhopo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Bohloko bo Ipatileng ba ho Hleka-hlekoa ha Bana
    Tsoha!—1991
  • “Nako ea ho Fola”
    Tsoha!—1991
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 10/8 leq. 6

Lipono tse Fosahetseng tse Tloaelehileng

Pono e fosahetseng: Batho ba betang bana ka tloaelo ke batho ba sa tsejoeng, batho ba hlanyang ba sa khoneng ho tloaelana le ba bang ba koetelang bana ’me ba sebelisa matla ho ba beta.

Maemong a mangata—ho ka etsang karolo ea 85 ho isa ho 90 lekholong ho latela likhakanyo tse itseng—’meti ke motho eo ngoana a mo tsebang ’me a mo tšepang. Ho e-na le ho sebelisa matla, ba betang hangata ba qhekella bana butle-butle ho kenella likamanong tsa botona le botšehali, ba nka monyetla ka phihlelo e fokolang ea ngoana le matla a fokolang a ho nahana. (Bapisa le 1 Ba-Korinthe 13:11 le Liproverbia 22:15.) Ba betang hase batho ba sa fellang ka hloohong ba sa rateng ho ba le botsoalle le ba bang. Ba bangata ke balumeli, batho ba hlomphehang, ba ratoang haholo sechabeng. Ho latela Lefapha la Liphuputso la United States, “ho nahana hore motho hase ea betang bana hobane feela a le botsoalle, a kena kereke, a sebetsa ka thata, a le mosa ho liphoofolo, joalo-joalo, ho fosahetse ka ho feletseng.” Lipatlisiso tsa morao tjena li etsa tlhahiso ea hore ho boetse ho fosahetse ho nahana hore bohle ba betang ke ba batona kapa hore bahlaseluoa bohle ke ba batšehali.

Pono e fosahetseng: Bana ba nahana lintho tseo eseng tsa sebele kapa ba bua leshano ka hobetoa.

Tlas’a maemo a tloaelehileng bana ha ba na phihlelo kapa tsebo ea litaba tsa likamano tsa botona le botšehali hoo ba ka qapang lipolelo tse tobileng tsa ho betoa, le hoja bana ba bang ba banyenyane ba ka ferekanngoa ke makolopetso. Esita le babatlisisi ba nang le lipelaelo ka ho fetisisa ba lumela hore lipolelo tse ngata tsa ho betoa ke tsa sebele. Hlahloba buka Sex Abuse Hysteria—Salem Witch Trials Revisited, e lebisang tlhokomelo lipolelong tsa bohata tsa ho betoa.a Buka ena ea lumela: “Ho betoa ha sebele ha bana ho atile ’me boholo ba lipolelo tsa ho betoa ha bana . . . ho ka etsahala hore ke ’nete (mohlomong 95% kapa ho feta).” Bana ba fumana ho le boima haholo ho tlaleha peto. Ha ba bua leshano ka ho betoa, hangata ke ha ba hana hore ho etsahetse le hoja ho hlile ho etsahetse.

Pono e fosahetseng: Bana baa eka ’me hangata ba ipakela ho betoa ka boitšoaro ba bona.

Khopolo ena e fosahetse, kaha, ha e le hantle, e jarisa mohlaseluoa molato ka ho betoa. Bana ha ba na khopolo ea sebele ea likamano tsa botona le botšehali. Ha ba na khopolo ea hore na ketso e joalo e bolela eng kapa hore na e tla ba fetola joang. Ka lebaka leo ha ba khone ho lumellana le hona ka tsela leha e le efe e nang le morero. Ke ’meti feela ea jarang molato oa peto eo.—Bapisa le Luka 11:11, 12.

Pono e fosahetseng: Ha bana ba senola hore ba betiloe, batsoali ba lokela ho ba ruta ho se bue ka hona le ‘ho lebala ka hona.’

Ke mang ea ruang molemo ha ngoana a thola ka peto? Na hase ea betileng? Ha e le hantle, lipatlisiso li bontšitse hore ho hana le ho hatella maikutlo e ka ba e ’ngoe ea litsela tse seng molemo tsa ho sebetsana le tlokotsi ea ho betoa. Har’a e meng ea mekhoa e robong ea ho sebetsana le boemo e sebelisoang ke sehlopha se seng sa batho ba baholo ba pholohileng ho betoa e ithutiloeng Engelane, ba ileng ba hana, ba qoba, kapa ba hatella taba eo ba utloa bohloko bo boholoanyane ba maikutlo le khatello ha ba se ba hōlile. Haeba u ile ua hlaseloa hampe, na u ka rata ho bolelloa hore u se bue ka hona? Ke hobane’ng ha u bolella ngoana ntho e joalo? Ho lumella ngoana hore a itšoare ka tsela e tloaelehileng khahlanong le ketso e joalo e tšabehang, joaloka masoabi, bohale, ho lla, ho tla mo fa monyetla oa hore qetellong a khone ho hlaphoheloa.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabakeng a tlhalo ho ile ha hlokomeloa hore e mong oa batsoali ba qabaneng o sebelisa qoso ea ho betoa ha ngoana e le sebetsa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela