Khaolo ea 53
’Musi ea Ratoang ea Nang le Matla a Phahametseng a Motho
HA JESU a fepa likete ka mohlolo, batho ba hlolloa. Ba re: “Ka ’nete enoa ke moprofeta eo ho itsoeng, o tla tla lefatšeng.” Ba fihlela qeto ea hore Jesu hase moprofeta ea moholoanyane ho Moshe feela empa hape e ne eka ’musi ea ratoang ka ho fetisisa. Kahoo ba rera ho mo nka ka mahahapa ’me ba mo etse morena.
Leha ho le joalo, Jesu o seli ka seo batho ba se rerang. Kahoo, o tloha ka potlako ho qoba ho khethoa ke bona ka mahahapa. O qhala matšoele ’me o phehella barutuoa ba hae ho kena sekepaneng le ho khutlela morao Kapernauma. Eaba joale o nyolohela thabeng ho ea rapela. Jesu o moo a le mong bosiung boo.
Pejana e e-ba ka meso Jesu a le ’nģalong ea hae e phahameng oa qamaka ’me o bona maqhubu a akhotsoa ke moea o matla oa leoatleng. Ka khanya ea khoeli ha e batla e tolokile, kaha Paseka e le haufi, Jesu o bona sekepana sa barutuoa ba hae se tsamaea ka thata ho feta har’a maqhubu. Banna bao ba soka ka matla ’ohle a bona.
Jesu ha a bona sena, o theoha thabeng ’me o qala ho tsamaea holim’a maqhubu a lebile sekepaneng. Sekepe se ne se se se tsamaile lik’hilomithara tse hlano kapa tse tšeletseng, ha Jesu a fihla ho sona. Leha ho le joalo, o tsoela pele joalokaha eka o tla ba feta. Ha barutuoa ba ’mona, ba hoeletsa: “Ke sethotsela!”
Jesu o arabela ka ho ba tšelisa: “Ke ’na, se tšabeng.”
Empa Petrose o re: “Morena, haeba ke uena, laela hore ke tle ho uena holim’a metsi.”
Jesu oa araba: “Tlo!”
Eaba Petrose o tsoa ka sekepaneng, a tsamaea holim’a metsi ho leba ho Jesu. Empa ha Petrose a talima sefefo, a tšoha, ’me a qala ho teba, a hooa: “Morena, mpholose!”
Hang-hang Jesu a otlolla letsoho la hae, a mo tšoara, a re: “Motho ea tumelo e nyenyane, u belaeletse’ng?”
Ka mor’a hore Petrose le Jesu ba khutlele sekepaneng, moea oa khutsa, ’me barutuoa ba hlolloa. Empa na ho lokela hore ho be joalo ka bona? Haeba ba ne ba utloisisitse “se boleloang ke mahobe” ka ho ananela mohlolo o moholo oo Jesu a o entseng lihora tse seng kae pejana ka ho fepa likete ka mahobe a mahlano feela le litlhapi tse peli tse nyenyane, joale ho ne ho ke ke ha bonahala ho makatsa hakaalo hore a ka tsamaea holim’a metsi ’me a etsa hore moea o khutse. Leha ho le joalo, hona joale barutuoa ba utloa Jesu ’me ba re: “Efela u Mor’a Molimo ruri.”
Ka mor’a nakoana ba fihla Genesarethe, thota e ntle e behang litholoana haufi le Kapernauma. Ba emisa sekepana moo. Empa ha ba fihla lebōpong, batho ba tseba Jesu ’me ba ea naheng e ba potolohileng, ho fumana ba kulang. Ha bana ba tlisoa ka liphate tsa bona ’me ba thetsa qola ea kobo ea Jesu feela, ba folisoa ka ho feletseng.
Ho ntse ho le joalo, letšoele le boneng ha likete li feptjoa ka mohlolo le hlokomela hore Jesu o tsamaile. Kahoo, ha liketsoana tse tsoang Tiberiase li fihla, ba kena ho tsona ’me ba leba Kapernauma ho ea batla Jesu. Ha ba mo fumana ba botsa: “Rabbi, u tlile neng mona?” Jesu oa ba nyatsa joalokaha re tla bona. Johanne 6:14-25; Mattheu 14:22-36; Mark 6:45-56.
▪ Ka mor’a hore Jesu a fepe likete ka mohlolo, batho ba batla ho mo etsa joang?
▪ Ke eng seo Jesu a se bonang ha a le thabeng eo a hloelletseng ho eona, ’me joale o etsa’ng?
▪ Ke hobane’ng ha barutuoa ba sa lokela hore ebe ba makalitsoe hakaale ke lintho tsee?
▪ Ho etsahala’ng hoba ba fihle lebōpong?