Khaolo ea 65
Leeto la Sephiri ho ea Jerusalema
KE HOETLA ka 32 C.E., ’me Mokete oa Metlotloane o haufi. Jesu o ne a lekanyelitse mosebetsi oa hae haholo-holo Galilea ho tloha ka Paseka ea 31 C.E., ha Bajode ba ne ba leka ho ’molaea. Mohlomong, lekhetlo feela leo Jesu a kileng a etela Jerusalema ka lona ho tloha ka nako eo ke ha a ne a ile meketeng e meraro ea Bajode ea selemo le selemo.
Joale banab’abo Jesu baa mo phehella: “Tloha mona, u ee Judea.” Jerusalema ke motse-moholo oa Judea le setsi sa bolumeli sa naha eohle. Banab’abo ba bea lebaka: “Hobane motho a ke ke a etsa letho sephiring, a be a rate ho tsejoa.”
Le hoja Jakobo, Simone, Josefa le Juda ba sa lumele hore moholoane oa bona, Jesu, ka sebele ke Messia, ba batla hore a bontše ba phuthehileng moo moketeng matla a hae a maholo. Leha ho le joalo, Jesu o hlokomela kotsi. O re: “Lefatše le ke ke la le hloea; empa ’na, le ntlhoile, hobane ke ntse ke le pakela hore mesebetsi ea lona e mebe.” Ka hona Jesu o bolella banab’abo: “Lōna nyolohelang moketeng, ’na ha ke e-so ho be le ho nyolohela moketeng oo.”
Mokete oa Metlotloane ke mokete oa matsatsi a supileng. Ka letsatsi la borobeli o phethoa ka liketso tsa bolumeli. Mokete oo o tšoaea qetello ea selemo sa temo ’me ke nako ea ho thaba haholo le ho leboha. Matsatsi a mangatanyana ka mor’a hore banab’abo Jesu ba tlohe ’moho le sehlopha se seholo sa ba tsamaeang, eena le barutuoa ba hae ba ea ka sephiri, ba sa bonoe. Ba nka tsela e fetang Samaria, ho e-na le e haufi le Nōka ea Jordane eo batho ba bangata ba tsamaeang ka eona.
Kaha Jesu le metsoalle ea hae ba tla hloka marobalo motseng oa Samaria, a romela manģosa a mo etellang pele ho ea ba lokisetsa. Leha ho le joalo, batho ba hana ho etsetsa Jesu ntho efe kapa efe ha ba tsebile hore o nyolohela Jerusalema. Ba hlabehisitsoe ke sena, Jakobo le Johanne baa botsa: “Morena, na u rata ha re ka re, mollo o theohe leholimong, o ba chese?” Jesu a ba khalemela ka ho bua ntho e joalo, ’me ba fetela motseng o mong.
Eare ha ba tsamaea tseleng, mongoli e mong a re ho Jesu: “Morena, ke tla u latela hohle moo u ka eang teng.”
Jesu oa arabela: “Liphokojoe li na le mesima, le linonyana tsa leholimo li na le matlo; empa Mora motho ha a na moo a ka samelang hloho ea hae teng.” Jesu o hlalosa hore mongoli o tla fumana bothata haeba e e-ba molateli oa Hae. ’Me tlhaloso e bontša hore mongoli o ipona a phahame haholo hore a ka amohela mokhoa ona oa bophelo.
Jesu o re ho motho e mong: “Ntatele.”
Eo a arabela: “Morena, ak’u ntumelle, ke ee ho epela ntate pele.”
Jesu oa arabela: “Lesa bafu ba epele bafu ba bona; ha e le uena, ea bolela ’muso oa Molimo.” Ka ho hlakileng ntat’a motho enoa o ne a e-so shoe, hobane haeba a ne a se a shoele, ho ne ho ke ke ha etsahala hore e be mor’a hae o mona o mametse Jesu. Ka ho hlakileng mora o kōpa nako ea ho letela lefu la ntat’ae. Haa ikemisetsa ho beha ’Muso oa Molimo pele bophelong ba hae.
Ha ba tsoela pele tseleng ba ea ba lebile Jerusalema, motho e mong o bolella Jesu: “Ke tla u latela, Morena; u mpe u ntumelle, ke ee ho lumelisa ba ntlo ea ka pele.”
Ha a araba Jesu o re: “Ea beang letsoho la hae mohomeng, ’me a boela a hetla, ha a tšoanele ’muso oa Molimo.” Bao e tlang ho ba barutuoa ba Jesu ba tlameha ho tsepamisa mahlo a bona tšebeletsong ea ’Muso. Feela joalokaha tema ea molemi e ka tšoekama haeba a sa sheba hantle ka pele, ho joalo le ka mang le mang ea hetlang morao tsamaisong ena ea khale ea lintho ka ho tšoanang a ka ’na a khothometsehela kathōko ho tsela e isang bophelong bo sa feleng. Johanne 7:2-10; Luka 9:51-62; Mattheu 8:19-22.
▪ Banab’abo Jesu ke bo-mang, ’me ba ikutloa joang ka eena?
▪ Ke hobane’ng ha Basamaria ba le lonya hakaale, ’me Jakobo le Johanne ba batla ho etsa eng?
▪ Jesu o bile le lipuisano life tse tharo tseleng, ’me o hatisa joang hore hoa hlokahala ho itela tšebeletsong?