Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gt khao. 72
  • Jesu o Rōma ba 70

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu o Rōma ba 70
  • Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jesu o Rōma ba Bang ba 70 ho ea Bolela
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Jesu o Roma Barutuoa ba 70 Hore ba Il’o Ruta ka ’Muso
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • “Hora ea Hae e ne e E-s’o Tle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
gt khao. 72

Khaolo ea 72

Jesu o Rōma ba 70

KE HOETLA ka la 32 C.E., lilemo tse tharo tse feletseng hoba Jesu a kolobetsoe. Eena le barutuoa ba hae ba sa tsoa ba teng Moketeng oa Metlotloane o neng o tšoaretsoe Jerusalema, ’me ho bonahala hore ba sa ntsane ba le haufi le moo. Ha e le hantle, Jesu o qeta karolo e khōlō ea likhoeli tse tšeletseng tse setseng tsa tšebeletso ea hae a le Judea kapa ka mose ho Nōka ea Jordane seterekeng sa Perea. Ho hlokahala hore sebaka sena le sona se sebetsoe.

Ke ’nete hore ka mor’a Paseka ea 30 C.E., Jesu o qetile likhoeli tse ka bang robeli a ntse a bolela Judea. Empa ka mor’a hore Bajode ba leke ho ’molaea moo ka Paseka ea 31 C.E., o ile a qeta selemo se latelang le halofo a ruta hoo e batlang e le Galilea feela. Nakong eo, o ile a thea mokhatlo o hlophisitsoeng o moholo, oa baboleli ba koetlisitsoeng hantle, e leng ntho eo a neng a se na eona pejana. Kahoo joale o qala phutuho ea ho qetela e pharaletseng ea bopaki Judea.

Jesu o qala phutuho ena ka ho khetha barutuoa ba 70 ’me a ba rōma ka bobeli. Ka hona, ke lihlopha tse 35 tsa baboleli ba ’Muso tse il’o sebetsa sebaka seo. Bana ba ea esale pele motseng o mong le o mong le sebakeng se seng le se seng tseo ka ho hlakileng Jesu le baapostola ba hae a rerang ho ea ho tsona.

Ho e-⁠na le ho laela ba 70 hore ba ee masynagogeng, Jesu o ba bolella hore ba kene mahaeng a batho ka bomong, a hlalosa: “Leha e le ntlo efe le efe, eo le kenang ho eona, le qale ka ho re: Khotso e be tlung ena. Ha mora oa khotso a le teng moo, khotso ea lōna e tla lula ho eena.” Molaetsa oa bona e ne e tla ba ofe? Jesu o re: “Le ba bolelle, le re: ’Muso oa maholimo o atametse ho lōna.” Mabapi le tšebetso ea ba 70, Matthew Henry’s Commentary ea tlaleha: “Joaloka Monghali oa bona, kae kapa kae moo ba neng ba etela teng ba ne ba bolela ka ntlo le ntlo.”

Litaelo tsa Jesu ho ba 70 li tšoana le tse neng li neiloe ba 12 ha a ne a rōma bana phutuhong ea bobeli Galilea hoo e ka bang selemo pejana. Hase feela hore o lemosa ba 70 ka khanyetso eo ba tla talimana le eona, a ba lokisetsa ho fana ka molaetsa ho beng ba matlo, empa o ba nea matla a ho folisa ba kulang. Ka hona, ha Jesu a fihla nakoana ka morao ho moo, ba bangata ba tla be ba chesehela ho kopana le Monghali eo barutuoa ba hae ba khonang ho etsa lintho tse makatsang hakaalo.

Ha ho bapisoa, boboleli ba ba 70, le mosebetsi oa Jesu oa ho tla a ba setse morao, li etsoa ka nako e khutšoanyane haholo. Ka potlako lihlopha tse 35 tsa baboleli ba ’Muso li qala ho khutlela ho Jesu. Ka thabo li re: “Morena, re hlōtse le bona bademona ka lebitso la hao.” Ka sebele tlaleho e ntle hakaalo ea tšebeletso e thabisa Jesu, hobane oa arabela: “Ke ne ke talima Satane a e-⁠oa leholimong joale ka lehalima. Bonang, ke le neile matla a ho hata linoha, le liphepheng.”

Jesu oa tseba hore ka mor’a ho tsoaloa ha ’Muso oa Molimo nakong ea bofelo, Satane le bademona ba hae ba tla lelekoa leholimong. Empa hore ebe batho feela ba lelekile bademona ba sa bonahaleng ho sebeletsa e le tiiso e eketsehileng ea ketsahalo eo e tlang. Ka hona, Jesu o bua ka ho oa ha kamoso ha Satane leholimong e le ntho ea sebele. Kahoo, ke ka kutloisiso ea tšoantšetso ba 70 ba neiloeng matla a ho hatakela linoha le liphepheng. Empa, Jesu o re: “Le se ke la thaba kahobane le hlōla meea, haholo le thabe kahobane mabitso a lōna a ngoliloe maholimong.”

Jesu o thabile haholo ’me o rorisa Ntate oa hae pontšeng ka hore e be o sebelisitse ka tsela e matla hakana bahlanka ba hae ba ikokobelitseng. Ha a retelehela ho barutuoa ba hae, o re: “Ho lehlohonolo mahlo a bonang tseo le li bonang! Hobane ke re ho lōna: Baprofeta ba bangata le marena ba ratile ho bona tseo le li bonang, ’me ha ba ka ba li bona, le ho utloa tseo le li utloang, ’me ha ba ka ba li utloa.” Luka 10:1-24; Mattheu 10:1-42; Tšenolo 12:7-12.

▪ Jesu o boletse hokae lilemong tse tharo tse qalang tsa tšebeletso ea hae, ’me o sebetsa sebaka sefe likhoeling tsa hae tsa ho qetela tse tšeletseng?

▪ Jesu o laela ba 70 hore ba tla fumana batho hokae?

▪ Ke hobane’ng ha Jesu a itse o bone Satane a se a ntse a e-⁠oa leholimong?

▪ Ke ka kutloisiso efe ba 70 ba hatakelang linoha le liphepheng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela