Khaolo ea 89
Tšebeletso ea Mohau Judea
LIBEKE tse seng kae pejana, nakong ea Mokete oa Nyehelo Jerusalema, Bajode ba ile ba leka ho bolaea Jesu. Ka hona a leba ’nģa leboea, sebaka seo ka ho totobetseng se seng hōle haholo le Leoatle la Galilea.
Pejana, o ne a ntse a lebile leboea hape ’nģa Jerusalema, a ntse a bolela tseleng metseng ea Perea, setereke se ka bochabela ho Nōka ea Jordane. Ka mor’a ho pheta setšoantšo sa morui le Lazaro, o tsoela pele ho ruta barutuoa ba hae lintho tseo a li rutileng pejana ha a le Galilea.
Ka mohlala, o bolela hore, ho ne ho tla ba molemo haholo ho motho “ho tlamelloa leloala le leholo molaleng, le ho liheloa leoatleng” ho e-na le ho etsa hore “e mong oa ba banyenyane bana” ba Molimo a khopehe. O boetse o hatisa bohlokoa ba ho tšoarela, oa hlalosa: “Leha [ngoan’eno] a ka u siteloa hasupa ka tsatsi le le leng, ’me a khutlela ho uena hasupa, a re: Ke bakile; u mo tšoarele.”
Ha barutuoa ba kōpa, “Totisa tumelo ea rōna,” Jesu oa arabela: “Hojane le na le tumelo e ka ka hlaku ea mosetareda, le ne le ka re ho sefate seo sa sykomora: Fothoha, u ee ho itlhoma leoatleng; ’me se ne se tla le utloa.” Ka hona esita le tumelo e nyenyane e ka etsa lintho tse khōlō.
Ka mor’a moo, Jesu o pheta boemo ba sebele bo ka etsahalang bophelong bo bontšang boikutlo bo nepahetseng ba mohlanka oa Molimo o matla ’ohle. Jesu oa hlokomela: “Ke mang ho lōna, ea nang le mohlanka ea lemang, kapa ea lisang likhomo, a ka reng ho eena, ha a sa tsoa oroha naheng: Tlo kapele, u lule lijong? Na haholo a ke ke a re ho eena: Lokisa seo ke tla lalla ka sona, u itlame, u ntšebeletse, ke tle ke be ke je, ke noe; ka mora’ tseo, uena u tla ja, u noe? Na o tla boka mohlanka eo, kahobane a entse ntho tseo a li laetsoeng? Ka mokhoa o joalo, le lōna, etlare ha le entse ntho tsohle tseo le li laetsoeng, le re: Re bahlanka ba se nang thuso, hobane re entse seo re neng re tšoanetse ho se etsa.” Ka hona, bahlanka ba Molimo le ka mohla ha baa lokela ho ikutloa hore ba ruisa Molimo molemo ka ho o sebeletsa. Ho e-na le hoo, ka mehla ba lokela ho hopola tokelo eo ba nang le eona ea ho o rapela e le litho tse tšeptjoang tsa lelapa la oona.
Ho bonahala eka nakoana ka mor’a hore Jesu a fane ka papiso ena, ho fihla moromuoa. O ne a ronngoe ke Maria le Maretha, likhaitseli tsa Lazaro, tse lulang Bethania ea Judea. Moromuoa o re: “Bona, Morena, eo u mo ratang oa kula.”
Jesu oa arabela: “Ho kula hoo ha ho ise ho shoeng, empa ho isa tlotlisong ea Molimo, hore Mora oa Molimo a tlotlisoe ka hona.” Ka mor’a hore a hlole matsatsi a mabeli moo a ntseng a le teng, Jesu o re ho barutuoa ba hae: “A re boeleng re eeng Judea.” Leha ho le joalo, baa mo hopotsa: “Rabbi, ba-Jode ha ba sa tsoa batla ho u tlepetsa ka majoe, u se u boela teng na?”
Jesu o arabela ka ho botsa potso: “Na hora ha li leshome le metso e ’meli ho letsatsi le le leng na? Ekare ha motho a tsamaea motšehare, a ke ke a khopjoa, kahobane o bona leseli la lefatše lena. Empa ha motho a tsamaea bosiu, a ka khopjoa, kahobane ha ho leseli ho eena.”
Ho bonahala eka seo Jesu a se bolelang ke hore ‘lihora tsa motšehare,’ kapa nako eo Molimo o e behetseng tšebeletso ea Jesu lefatšeng, ha li e-s’o fete, ’me ho fihlela li fetile, ha ho ea ka mo ntšang kotsi. Ho hlokahala hore a sebelise ka ho felletseng nako e khutšoanyane ea “motšehare” e mo saletseng, kaha ka morao ho moo ho tla tla “bosiu” ha lira tsa hae li se li ’molaile.
Jesu oa phaella: “Lazaro, motsoalle oa rōna, o robetse; empa ke ea mo tsosa borokong.”
Ka ho hlakileng ba nahana hore Lazaro o phomotse borokong le hore ena ke pontšo e nepahetseng ea hore o tla hlaphoheloa, barutuoa ba arabela: “Morena, ha a robetse, o tla fola.”
Joale Jesu o ba bolella sefahla-mahlo: “Lazaro o shoele. ’Me ke thaba ka baka la lōna, ha ke ne ke se teng, le tle le lumele; empa a re eeng ho eena.”
Ha a hlokomela hore Jesu a ka ’na a bolaoa Judea, empa a lakatsa ho mo tšehetsa, Thomase o khothatsa barutuoa ’moho le eena: “A re eeng le rōna, re tle re shoe le eena.” Ka hona ba behile bophelo ba bona kotsing, barutuoa ba tsamaea le Jesu tšebeletsong ena ea mohau ho ea Judea. Luka 13:22; 17:1-10; Johanne 10:22, 31, 40-42; 11:1-16.
▪ Jesu o ne a ntse a bolela hokae pejana?
▪ Ke lithuto life tseo Jesu a li phetang, ’me ke boemo bofe ba sebele bo ka etsahalang bophelong boo a bo hlalosang e le ho bontša ntlha efe?
▪ Jesu o amohela litaba life, ’me o bolela eng ka “motšehare” le “bosiu”?
▪ Thomase o bolela eng ha a re, ‘A re eeng re tle re shoe le eena’?