Khaolo 30
‘Ho Sireletsa le ho Theha Litaba tse Molemo ka Molao’
MAHLORISO a matla a ileng a etsoa ho Lipaki tsa Jehova a ile a fella ka hore li isoe ka pel’a mapolesa, baahloli, le babusi lefatšeng ka bophara. Linyeoe tse amang Lipaki li baloa ka likete, ’me tse makholo tsa tsona li ile tsa isoa makhotleng a phahameng bakeng sa boipiletso. Sena se bile le phello e matla tšebelisong ea molao ka booona ’me hangata se matlafalitse litšepiso tse etsoang ke molao bakeng sa ho fana ka litokoloho tsa sehlooho bakeng sa batho ka kakaretso. Empa sena hase sona sepheo sa sehlooho sa Lipaki tsa Jehova.
Takatso ea tsona ea sehlooho ke ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ha li nke khato ea molao hobane e le batho ba bakang mofere-fere sechabeng kapa batho ba batlang liphetoho tsa molao. Sepheo sa tsona ke ho ‘sireletsa le ho theha litaba tse molemo ka molao,’ joalokaha ho ne ho le joalo le ka moapostola Pauluse. (Ba-Fil. 1:7, NW) Linyeoe tse neng li tšoaroa ka pel’a ba boholong pusong, ebang ke ka kōpo ea Lipaki kapa hobane li tšoaretsoe mosebetsi oa tsona oa Bokreste, li boetse li talingoa e le menyetla ea ho fana ka bopaki. Jesu Kreste o ile a bolella balateli ba hae: “Le tla isoa pel’a babusisi, le pel’a marena, ka baka la ka, le be lipaki tsa ka ho ’ona le ho lichaba.”—Matt. 10:18.
Letšolo la Machaba la Khato ea Molao
Nako e telele pele ho ntoa ea pele ea lefatše, baruti, ka ho hatella ba boholong pusong, ba ile ba leka ho thibela ho abjoa ha lingoliloeng ke Liithuti tsa Bibele libakeng tseo ba leng ho tsona. Leha ho le joalo, ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, khanyetso e ile ea ipha matla. Linaheng ka ho latellana, mathata a mefuta eohle a molao a ile a hlahela ba neng ba leka ho utloa taelo ea Kreste ea boprofeta ea ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ka morero oa bopaki.—Matt. 24:14.
Liithuti tsa Bibele li susumelitsoe ke phethahatso ea boprofeta ba Bibele, li ile tsa tloha kopanong ea tsona Cedar Point, Ohio, ka 1922, li ikemiselitse ho tsebisa lefatše hore Linako tsa Balichaba li felile le hore Morena o nkile matla a hae a maholo ’me o busa a le maholimong e le Morena. Lepetjo la tsona le ne le re, “Phatlalatsang, phatlalatsang, phatlalatsang, Morena le ’muso oa hae.” Hona selemong seo, baruti ba Jeremane ba ile ba susumetsa mapolesa hore a tšoare Liithuti tse ling tsa Bibele ha li aba lingoliloeng tsa Bibele. Ena e ne e se ketsahalo e sa tloaelehang. Ka 1926, ho ne ho e-na le linyeoe tse joalo tse 897 ka makhotleng a Jeremane tse fanyehiloeng. Ka 1926 ho ne ho e-na le linyeoe tse ngata hoo ho ileng ha hlokahala hore Mokhatlo oa Watch Tower o thehe lefapha la molao lekaleng la oona le Magdeburg. Ka 1928, Jeremane feela ho bile le linyeoe tse 1 660 tse qosang Liithuti tsa Bibele, ’me khatello e ile ea eketseha selemo le selemo. Baruti ba ne ba ikemiselitse ho felisa mosebetsi oa Liithuti tsa Bibele, ’me ba ne ba thaba haeba qeto leha e le efe ea lekhotla e bontša hore ba ne ba atleha ka tsela e itseng.
United States, ho tšoara Liithuti tsa Bibele ka baka la boboleli ba ntlo le ntlo ho etsahetse ka 1928, South Amboy, New Jersey. Nakong ea lilemo tse leshome palo ea ho tšoaroa ka baka la tšebeletso ea tsona United States e ile ea eketseha ka 500. Ka 1936 palo ena e ile ea eketseha haholo—ho ea ho 1 149. E le hore ho tle ho fanoe ka keletso e hlokahalang ea molao, ho ile ha hlokahala hore le ntlo-khōlōng ea Mokhatlo ho be le lefapha la molao.
Ka ho tšoanang mosebetsi o matla oa boboleli Romania o ile oa thibeloa ka matla ke ba neng ba le pusong ka nako eo. Hangata Lipaki tsa Jehova tse neng li aba lingoliloeng tsa Bibele li ne li tšoaroa ’me li otloa ka sehlōhō. Ho tloha ka 1933 ho ea ho 1939, Lipaki li ne li tobane le linyeoe tse 530 moo. Leha ho le joalo, molao oa naha o ne o fana ka bolokolohi, kahoo ho etsa boipiletso Lekhotleng le Phahameng la Romania ho ile ha fella ka liqeto tse ngata tse thabisang. Ha mapolesa a qala ho hlokomela sena, a ne a nka lingoliloeng ka mahahapa ’me a hleka-hleka Lipaki empa a leka ho qoba ho isoa lekhotleng. Ka mor’a hore qetellong Mokhatlo o lumelloe hore o ngolisoe Romania, bahanyetsi ba ile ba leka ho ferekanya morero oa ho ngolisoa hona ha molao ka ho batla taelo ea lekhotla e thibelang ho abjoa ha lingoliloeng tsa Watch Tower. Taelo ena e ile ea hanoa ke lekhotla le phahameng, empa baruti ba ile ba susumetsa letona la bolumeli hore le nke khato ea ho qhela qeto eo.
Italy le Hungary, ho tšoana le Romania, lingoliloeng tsa Bibele tse neng li sebelisoa ke Lipaki li ile tsa nkoa ka mahahapa ke mapolesa tlas’a mebuso e neng e busa ka nako eo. Ho ile ha etsoa se tšoanang Japane, Korea, le Gold Coast (eo hona joale e leng Ghana). Lipaki tsa Jehova tse neng li tsoa linaheng lisele li ile tsa laeloa hore li tlohe Fora. Ka lilemo tse ngata ha ho lea mong oa Lipaki tsa Jehova ea ileng a fuoa tumello ea ho kena Soviet Union ho bolela ka ’Muso oa Molimo.
Ha moea oa bochaba o aparela lefatše ho tloha ka 1933 ho ea ho bo-1940, Lipaki tsa Jehova li ile tsa thibeloa ke mebuso linaheng ka ho latellana. Lipaki tse likete li ile tsa tlisoa ka pel’a makhotla nakong ena ka baka la ho hana ha tsona ho ea ka letsoalo ho lumelisa folaga le ho tšoarella ha tsona boemong ba ho se nke lehlakore ha Bokreste. Ka 1950 ho ile ha tlalehoa hore lilemong tse 15 tse ka pele, Lipaki tsa Jehova United States feela li ile tsa tšoaroa ka makhetlo a fetang 10 000.
Ha Lipaki tse fetang 400 li ne li tlisoa ka pel’a makhotla Greece ka nako e khutšoaane ka 1946, khato e joalo e ne e se hona e qalang moo. Ho ne ho se ho etsahetse ka lilemo tse ngata. Ho phaella tabeng ea ho kenngoa teronkong, li ne li lefisoa haboima, baena ba phophothoa lichelete. Empa ha li hlahloba boemo li ne li re: “Morena o butse tsela bakeng sa hore mosebetsi oa bopaki o fihle ho ba boholong Greece, ba utloileng ka ho thehoa ha ’muso oa ho loka; le baahloli ba leng makhotleng ba bile le monyetla o tšoanang.” Ka ho hlakileng Lipaki tsa Jehova li ile tsa talima taba ena ka tsela eo Jesu a boletseng hore balateli ba hae ba ne ba lokela ho e talima ka eona.—Luka 21:12, 13.
Ntoa eo ho Neng ho Bonahala ho le Thata ho e Hlōla
Ka bo-1940 le bo-1950, profensi ea Canada ea Quebec e ile ea fetoha lebala la ’nete la ntoa. Ho tšoaroa ka baka la ho bolela litaba tse molemo haesale ho etsahala ho tloha ka 1924. Mariheng a 1931, Lipaki tse ling li ne li tšoaroa letsatsi le leng le le leng ke mapolesa, ka linako tse ling habeli ka letsatsi. Litšenyehelo tsa molao li ile tsa ba boima bakeng sa Lipaki tse Canada. Joale, mathoasong a 1947, palo e akaretsang ea linyeoe tse amang Lipaki tse neng li fanyehiloe Profensing ea Quebec e ile ea nyolohela ho 1 300; leha ho le joalo, ho ne ho e-na le sehlopha se senyenyane sa Lipaki tsa Jehova moo.
Ena e ne e le nako eo Kereke ea Roma e K’hatholike e neng e na le tšusumetso e matla eo ralipolotiki le moahloli e mong le e mong a neng a tlameha ho e hlompha. Ka tloaelo baruti ba ne ba hlomphuoa Quebec, ’me batho ba bang ba ne ba potlakela ho utloa litaelo tsa moruti oa bona. Joalokaha buka State and Salvation (1989) e hlalosa boemo: “Mok’hadinale oa Quebec o ne a e-na le terone mohahong o ka tlaase oa Lekhotla la Ketsa-molao haufi le ’musi ea sa khethoang ka livoutu. Ka tsela e itseng boholo ba Quebec bo ne bo le tlas’a taolo e tobileng ea kereke . . . Ha e le hantle, morero oa kereke e ne e le ho etsa hore mokhoa oa Quebec oa lipolotiki o lumellane le khopolo ea Roma e K’hatholike ea hore ’nete ke Bok’hatholike, phoso ke ntho leha e le efe eo e seng ea K’hatholike, ’me tokoloho ke bolokolohi ba ho bua le ho phelela ’nete ea Roma e K’hatholike.”
Ha re bua ho tsoa ponong ea botho, ntoa khahlanong le Lipaki, e neng e se feela Quebec empa le lefatšeng ka bophara, ho ne ho bonahala ho le thata ho e hlōla.
Liqoso tsa Mefuta Eohle
Bahanyetsi ba Lipaki ba ile ba hlahlobisisa libuka tsa molao hore ba fumane lebaka leha e le lefe la ho felisa mosebetsi oa tsona. Hangata ba ne ba li qosa ka hore li rekisa li se na lakesense, ka hona ba bolela hore mosebetsi oa tsona ke oa khoebo. Ka ho fapaneng le sena, libakeng tse ling bo-pula-maliboho ba bang ba ne ba qosoa ka hore ba ea holimo le tlaase hobane ho boleloa hore ha baa hiroa.
Ka mashome a lilemo, ba boholong literekeng tse ling tsa Switzerland ba ile ba leka ka phehello ho kopanyelletsa ho abjoa ha lingoliloeng tsa Bibele ke Lipaki tsa Jehova thekisong ea khoebo. Ka ho khetheha ’muelli oa molao oa naha Seterekeng sa Vaud moo ho buuoang Sefora, o ne a ikemiselitse ho se lumelle liqeto leha e le life tse entsoeng ke makhotla a tlaasana tse neng li emela Lipaki.
Libakeng tse ngata, Lipaki tsa Jehova li ne li bolelloa hore li lokela ho ba le tumello bakeng sa ho aba lingoliloeng tsa tsona kapa ho tšoara liboka tsa tsona tsa Bibele. Empa na ho ne ho hlile ho hlokahala tumello? Lipaki li ile tsa arabela ka ho re “Che!” Motheong ofe?
Li ile tsa hlalosa: ‘Jehova Molimo o laela lipaki tsa hae hore li bolele kosepele ea ’muso oa hae, ’me litaelo tsa Molimo li phahame ’me li tlameha ho utluoa ke lipaki tsa hae. Ha ho sehlopha sa batho ba etsang molao kapa ba tiisang hore molao oa phethoa seo ka nepo se ka kena-kenanang le molao oa Jehova. Kaha ha ho ’muso oa lefatše oo ka nepo o ka thibelang ho boleloa ha kosepele, ha ho ’muso o joalo o ka fanang ka tumello ea ho bolela kosepele. Babusi ba lefatše ha ba na matla tabeng ena ka tsela leha e le efe. Ho kōpa tumello ho batho ea ho etsa seo Molimo a se laetseng e ka ba thohako ho Molimo.’
Hangata liqoso tse neng li etsoa khahlanong le Lipaki li ne li fana ka bopaki bo matla ba lehloeo la bolumeli. Ka hona, ha libukana Face the Facts le Cure li ne li abjoa, molebeli oa lekala la Mokhatlo Netherlands o ile a bitsetsoa hore a hlahe ka lekhotleng Haarlem, ka 1939, ho tla arabela qoso ea hore ho rohakiloe baahi ba Madutche. Ka mohlala, mochochisi o ile a bolela hore lingoliloeng tsa Watch Tower li boletse hore ba boholong Roma e K’hatholike ba ne ba nka lichelete ho batho ka bolotsana ka ho ipolela hore ba lokolla bafu sebakeng seo ba seng ho sona—pelekatori, eo ho ea ka lingoliloeng tseo, Kereke e ke keng ea paka hore e teng.
Ha paki ea mofapa-hlooho ea kereke, “Fatere” Henri de Greeve, e fana ka bopaki, e ile ea tletleba: “Ntho e nkutloisang bohloko le ho feta ke hore motho ea tsoang ka ntle o tla nka hore rōna baruti re sehlopha feela sa baqhekelli le balotsana.” Ha molebeli oa lekala la Mokhatlo a bitsetsoa ho ea fana ka bopaki, o ile a phetla Bibele ea K’hatholike ’me a bontša lekhotla hore se boleloang ke bukana ka lithuto tsa K’hatholike se lumellana le Bibele ea bona. Joale ha ’muelli oa molao oa Mokhatlo a botsa de Greeve hore na a ka emela lithuto tsa mollo oa lihele le pelekatori, o ile a araba: “Ke sitoa ho li emela; ke li lumela feela.” Ka potlako moahloli o ile a hlokomela hore sena ke sona se boletsoeng hantle ke bukana eo. Nyeoe e ile ea lahleloa matjoing, ’me moruti a tsoa ka lekhotleng a halefile!
Ba tšoentsoe ke mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova karolong e ka bochabela ea seo e neng e le Czechoslovakia ka nako eo, baruti ba ile ba qosa Lipaki ka hore ke limpimpi. Boemo bo ne bo tšoana le ba moapostola Pauluse ha baruti ba Bajode ba lekholong la pele la lilemo ba mo qosa ka bofetoheli khahlanong le puso. (Lik. 24:5) Linyeoe tse makholo li ile tsa isoa lekhotleng ka 1933-34, ho fihlela ha ’muso o kholiseha hore liqoso tseo ha li na motheo. Profensing ea Canada ea Quebec, ka bo-1930 le bo-1940, Lipaki li ne li boetse li qosoa ka ’momori oa bofetoheli khahlanong le ’muso. Baruti—ba K’hatholike le ba Prostanta, empa haholo-holo ba Roma e K’hatholike—ba bile ba ea paka lekhotleng khahlanong le tsona. Lipaki tsa Jehova li ne li entse eng? Baruti ba ile ba pheha khang ea hore ba ne ba beha bonngoe ba sechaba kotsing ka ho hatisa lintho tse neng li tla felisa lerato ho Kereke ea Roma e K’hatholike. Leha ho le joalo, Lipaki li ile tsa arabela hore ha e le hantle, li ne li abile lingoliloeng tse tliselitseng batho ba ikokobelitseng matšeliso a tsoang Lentsoeng la Molimo empa hore sena se ne se halefisitse baruti hobane ho ne ho pepesoa lithuto le liketso tseo e seng tsa Mangolo.
Ke eng se ileng sa nolofalletsa Lipaki tsa Jehova hore li tsoele pele ho sa tsotellehe khanyetso e joalo e sa khaotseng? Ke tumelo ea tsona ho Molimo le Lentsoeng la hae le bululetsoeng, boinehelo ba tsona bo hlokang boithati ho Jehova le ’Muso oa hae, le matla a hlahisoang ke tšebetso ea moea oa Molimo. Joalokaha Mangolo a bolela, “matla a fetang a tloaelehileng [ke] a Molimo hase a rōna.”—2 Ba-Kor. 4:7, NW.
Lipaki tsa Jehova li Nka Khato e Matla Molaong
Mashome a lilemo pele ho Ntoa ea I ea Lefatše, Liithuti tsa Bibele li ile tsa kopanela kabong e khōlō ea lingoliloeng tsa Bibele literateng haufi le likereke le ka ntlo le ntlo. Empa ka nako eo litoropo tse ngata le metse e meholo United States li ile tsa ntša melao e neng e sitisa ‘mosebetsi ona oa boithaopo’ haholo. Ho ne ho tla etsoa joang?
Molula-Qhooa (oa Senyesemane) oa December 15, 1919, o ile oa hlalosa: “Kaha re lumela hore ke mosebetsi oa rōna ho etsa boiteko bohle ho pakela ’muso oa Morena le ho se khoehlise ka baka la mathata, le ka baka la hore ho na le boiteko bo hlophisitsoeng ba ho thibela mosebetsi oa boithaopo, ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho sebelisa makasine, . . . THE GOLDEN AGE.”a
Leha ho le joalo, ha bopaki ba ntlo le ntlo bo ntse bo ipha matla, le boiteko ba ho beha melao ea ho bo sitisa kapa ho bo thibela e ile ea eketseha. Hase linaha tsohle tse nang le litokisetso tsa molao tse nolofalletsang batho feela ho sireletsa tokoloho tlas’a khanyetso ea ba boholong. Empa Lipaki tsa Jehova li ne li tseba hore Molao oa Motheo oa U.S. o ne o fane ka tokoloho ea bolumeli, tokoloho ea puo, le tokoloho ea ho hatisa. Kahoo, ha baahloli ba hlalosa melao ea sebaka ka tsela e thibelang boboleli ba Lentsoe la Molimo, Lipaki li ne li ipiletsa makhotleng a phahameng.b
Ha a bua ka se neng se etsahala, Hayden C. Covington, ea neng a phetha karolo ea bohlokoa litabeng tsa molao tsa Mokhatlo oa Watch Tower, hamorao o ile a hlalosa: “Hoja ha hoa ka ha ipiletsoa liqosong tse likete tse tlalehiloeng ke bo-’maseterata, makhotla a mapolesa le makhotla a mang a tlaasana, ho ka be ho hlahile bothata bo boholo boo e neng e tla ba tšitiso e khōlō borapeling. Ka ho ipiletsa re thibetse bothata bo joalo hore bo hlahe. Mokhoa oa rōna oa borapeli o kenyellelitsoe molaong oa naha ea United States le linaheng tse ling ka baka la ho phehella ha rōna ho ipiletsa liqetong tsa bohanyetsi.” United States, linyeoe tse ngata li bile tsa fihla Lekhotleng le ka Holimo-limo.
Ho Matlafatsa Litšepiso tsa Tokoloho
E ’ngoe ea linyeoe tsa pele e neng e ama tšebeletso ea Lipaki tsa Jehova e ileng ea fihla Lekhotleng le ka Holimo-limo la United States e qalile Georgia ’me ea tsekoa ka Lekhotleng ka February 4, 1938. Alma Lovell o ne a qosoa lekhotleng la ’maseterata Griffin, Georgia, ka ho tlōla molao o neng o thibetse ho abjoa ha lingoliloeng tsa mofuta leha e le ofe ntle ho tumello ea ’musisi oa setereke. Har’a lintho tse ling, Khaitseli Lovell o ne a file batho makasine oa The Golden Age. Ka March 28, 1938, Lekhotla le ka Holimo-limo la United States le ile la ntša taelo ea hore molao oo ha o sa sebetsa hobane o ne o etsa hore tokoloho ea ho hatisa e be tlas’a lakesense le thibelo.c
Selemong se latelang J. F. Rutherford, e le ’muelli oa motho ea entseng boipiletso, o ile a bua Lekhotleng le ka Holimo-limo nyeoeng ea Clara Schneider v. State of New Jersey.d Ka 1940, sena se ile sa lateloa ke nyeoe ea Cantwell v. State of Connecticut,e eo ho eona J. F. Rutherford a ileng a lokisetsa tseko e ngotsoeng ’me Hayden Covington a teka tseko ea molomo Lekhotleng. Phello e thabisang ea linyeoe tsena e ile ea matlafatsa litšepiso tsa molao oa motheo tsa ho fana ka tokoloho ea bolumeli, tokoloho ea puo, le tokoloho ea ho hatisa. Empa ho bile le litšitiso.
Makhotla a Hlahisa Mathata
Taba ea ho lumelisa folaga ha bana ba kenang sekolo ba Lipaki tsa Jehova e ile ea qala ho fihla makhotleng a Amerika ka 1935 nyeoeng ea Carlton B. Nicholls v. Mayor and School Committee of Lynn (Massachusetts).f Nyeoe eo e ile ea lebisoa Lekhotleng le ka Holimo-limo la Boahloli la Massachusetts. Ka 1937 lekhotla le ile la laela hore ho sa tsotellehe seo Carleton Nichols, E monyenyane, le batsoali ba hae ba bolelang hore baa se lumela, ha hoa lokela ho nahaneloe bolumeli hobane, kamoo le boletseng, “ho lumelisa folaga le ho etsa kano ea botšepehi tseo ho buuoang ka tsona mona ha ho moo li amanang teng le bolumeli. . . . Ha li ame pono ea motho leha e le ofe mabapi le ’Mōpi oa hae. Ha li ame kamano ea hae le Moetsi oa hae.” Ha taba ea ho qobelloa ho lumelisa folaga e ipiletsoa Lekhotleng le ka Holimo-limo la U.S. nyeoeng ea Leoles v. Landersg ka 1937, hape le nyeoeng ea Hering v. State Board of Educationh ka 1938, Lekhotla le ile la lahlela linyeoe tsena matjoing hobane ho latela maikutlo a lona, e ne e se taba e amang litokelo tse fanoeng ke naha. Ka 1939 Lekhotla le boetse la lahlela matjoing boipiletso bo amang taba e tšoanang, nyeoeng ea Gabrielli v. Knickerbocker.i Hona letsatsing leo, ntle le ho mamela tseko ea molomo, le ile la tiisa qeto ea bohanyetsi e entsoeng ke lekhotla le tlaasana nyeoeng ea Johnson v. Town of Deerfield.j
Qetellong, ka 1940, nyeoe e ile ea lula ka Lekhotleng pakeng tsa Minersville School District v. Gobitis.k Babuelli ba bangata ba molao ba ile ba hlahisa liqoso ho tsoa mahlakoreng ka bobeli. J. F. Rutherford o ile a fana ka tseko ea molomo lebitsong la Walter Gobitas le bana ba hae. Setho sa lefapha la molao Univesithing ea Harvard se ile sa emela Mokhatlo oa Babuelli ba Molao Amerika le Mokhatlo oa Tokoloho oa Baahi tsekong e amang taba ea ho qobelloa ho lumelisa folaga. Leha ho le joalo, litseko tsa bona li ile tsa qheloa, ’me kaha ho ne ho e-na le voutu e le ’ngoe feela e hanyetsang, ka June 3, Lekhotla le ka Holimo-limo le ile la laela hore bana ba sa lumeliseng folaga ba lelekoe likolong tsa sechaba.
Lilemong tse tharo tse latelang, Lekhotla le ka Holimo-limo le ile la ntša taelo khahlanong le Lipaki linyeoeng tse 19. E hlahelletseng ka ho fetisisa e ne e bile qeto ea bohanyetsi ka 1942, nyeoeng ea Jones v. City of Opelika.l Rosco Jones o ne a tšoaretsoe ho kopanela kabong ea lingoliloeng literateng tsa Opelika, Alabama, ka ntle le ho lefa lekhetho la lakesense. Lekhotla le ka Holimo-limo le ile la mo tlohella hore a tšoaroe ’me la bolela hore mebuso e na le tokelo ea ho lefisa chelete e utloahalang bakeng sa ho rekisa le hore melao e joalo e ke ke ea belaelloa esita le haeba ba boholong sebakeng seo ka phoso ba ka batla lakesense. Ena e bile ntho e sa lebelloang, hobane joale motse leha e le ofe, tlas’a tšusumetso ea baruti kapa ea motho leha e le ofe ea hanyetsang Lipaki, ka molao o ne o ka li qhelela ka thōko, eaba, kamoo bahanyetsi ba neng ba ka bolela ka teng, o emisa mosebetsi oa ho bolela oa Lipaki tsa Jehova. Empa ho ile ha etsahala ntho e makatsang.
Boemo Boa Fetoha
Nyeoeng ea Jones v. Opelika, e leng qeto e neng e behile tšebeletso ea phatlalatsa ea Lipaki tsa Jehova kotsing, baahloli ba bararo ba ile ba re hase feela hore ba hanyetsa qeto e entsoeng ke ba bangata ka Lekhotleng nyeoeng ena empa ba ne ba boetse ba ikutloa hore ba ralile motheo bakeng sa eona nyeoeng ea Gobitis. Ba ile ba phaella: “Kaha re ile ra ba ntsoe-leng nyeoeng ea Gobitis, re nahana hore ona ke monyetla o loketseng oa ho bolela hore joale re lumela hore e boetse e etselitsoe qeto e fosahetseng.” Lipaki tsa Jehova li ile tsa nka seo e le senotlolo sa ho hlahisa linyeoe tsena hape Lekhotleng.
Ho ile ha boela ha hlahleloa Kōpo e Ncha bakeng sa nyeoe ea Jones v. Opelika. Kōpong ena, ho ile tekoa litseko tse matla tsa molao. Kōpo ena e ne e boetse e bolela hore: “Lekhotla le lokela ho lumela ’nete e phahameng ea hore, le sebetsana ka taba tsa boahloli le bahlanka ba Molimo ea Matla ’Ohle.” Ho ile ha tšohloa mehlala ea Bibele e bontšang se boleloang ke sena. Ho ile ha lebisoa tlhokomelo keletsong e fanoeng ke tichere ea molao Gamaliele ho lekhotla le ka holimo-limo la Bajode la lekholong la pele la lilemo, e reng: “Khaohanang le batho bao, le ba tlohele; . . . e se re mohlomong la fumanoa le loantšitse Molimo.”—Lik. 5:34-39.
Qetellong, ka May 3, 1943, nyeoeng ea bohlokoa ea Murdock v. Commonwealth of Pennsylvania,a Lekhotla le ka Holimo-limo le ile la fetola qeto ea lona ea pejana nyeoeng ea Jones v. Opelika. Le ile la bolela hore lekhetho leha e le lefe la lakesense e le tlhokahalo bakeng sa hore motho a sebelise tokoloho ea hae ea bolumeli ka ho aba lingoliloeng tsa bolumeli le khahlanong le molao oa motheo. Nyeoe ena e ile ea boela ea fana ka menyetla United States ho Lipaki tsa Jehova ’me ho ’nile ha buuoa ka eona e le motheo linyeoeng tse makholo ho tloha ka nako eo. Ka sebele May 3, 1943 e bile letsatsi la bohlokoa ho Lipaki tsa Jehova mabapi le liqoso Lekhotleng le ka Holimo-limo la United States. Letsatsing leo le le leng, linyeoe tse 12 ho tse 13 (tseo kaofela ha tsona li ileng tsa lula ’me tsa etsetsoa qeto ke baahloli), Lekhotla le ile la ntša taelo e li emelang.b
Hoo e ka bang khoeli hamorao—ka June 14, Letsatsi la Folaga la selemo le selemo la sechaba—Lekhotla le ka Holimo-limo le ile la boela la etsa phetoho, nakong ena e le mabapi le qeto e entsoeng nyeoeng ea Gobitis, la etsa joalo nyeoeng e bitsoang West Virginia State Board of Education v. Barnette.c Le ile la laela hore “ha ho mosebeletsi oa ’muso, ea phahameng kapa ea tlaase, ea ka bolelang hore na ke eng se nepahetseng le seo e leng ’nete lipolotiking, sechabeng, bolumeling, kapa litabeng tse ling tse batlang maikutlo a botho kapa a qobelle baahi hore ba ipolele kapa ba bontše tumelo ea bona tabeng tse joalo.” Boholo ba mabaka a neng a behoa qetong ena bo ile ba sebelisoa Canada ke Lekhotla la Ontario la Maipiletso nyeoeng ea Donald v. Hamilton Board of Education, e le qeto eo Lekhotla le ka Holimo-limo la Canada le ileng la hana ho e qhelela ka thōko.
Tumellanong le qeto ea lona nyeoeng ea Barnette, hona letsatsing leo, nyeoeng ea Taylor v. State of Mississippi,d Lekhotla le ka Holimo-limo la United States le ile la etsa qeto ea hore Lipaki tsa Jehova li ke ke tsa qosoa ka bofetoheli khahlanong le ’muso ka baka la ho hlalosa mabaka a tsona a ho hana ho lumelisa folaga le ho ruta hore lichaba tsohle li ka lehlakoreng le hlōlehang hobane li hanyetsa ’Muso oa Molimo. Liqeto tsena li boetse tsa betla tsela bakeng sa litaelo tse latelang tse molemo makhotleng a mang linyeoeng tse ling tse amang batsoali ba Lipaki bao bana ba bona ba ileng ba hana ho lumelisa folaga sekolong, haesita le linyeoeng tse amang mosebetsi le ho fuoa ngoana ke molao. Ka sebele lintho li ne li fetohile.e
Ho Bula Mehla e Mecha ea Tokoloho Quebec
Lipaki tsa Jehova li ne li boetse li sebetsa ka thata hore li fuoe tokoloho ea borapeli Canada. Ho tloha ka 1944 ho ea ho 1946, Lipaki tse makholo li ile tsa tšoaroa Quebec ha li kopanela tšebeletsong ea tsona ea phatlalatsa. Molao oa Canada o ne o fana ka tokoloho ea borapeli, empa lihlopha tsa mahoo-hoo li ne li qhala liboka tseo ho tsona ho neng ho buisanoa ka Bibele. Mapolesa a ile a phetha se neng se batloa ke baruti ba K’hatholike hore ho thibeloe Lipaki tsa Jehova. Baahloli makhotleng a ’maseterata a sebakeng seo ba ne ba nyefola Lipaki, le hoja ho ne ho se khato e nkoang ka lihlopha tsa mahoo-hoo. Ho ne ho tla etsoa joang?
Mokhatlo o ile oa lokisetsa hore ho be le kopano e khethehileng Montreal ka November 2 le 3, 1946. Libui li ile tsa hlalosa boemo ba Lipaki tsa Jehova ka Mangolo le ho latela pono ea molao oa naha. Joale ho ile ha phatlalatsoa litokisetso tsa kabo ea matsatsi a 16, ho tloha koung e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe—ka Senyesemane, Sefora, le Seukraine—ea pampitšana e reng Quebec’s Burning Hate for God and Christ and Freedom Is the Shame of All Canada. E ile ea tlaleha ka ho qaqileng pefo ea lihlopha tsa mahoo-hoo le sehlōhō se etsoang ho Lipaki tsa Jehova Quebec. E ile ea lateloa ke pampitšana e ’ngoe, Quebec, You Have Failed Your People!
Liketsahalo tsa ho tšoaroa li ile tsa phahama haholo Quebec. E le ho sebetsana le boemo bona, lekala la Canada la Mokhatlo oa Watch Tower le ile la theha lefapha la molao le nang le baemeli Toronto le Montreal. Ha litaba li fihla koranteng hore Maurice Duplessis, tona-khōlō ea Quebec, ka boomo o sentse khoebo ea lebenkele la lijo ea Frank Roncarelli, e mong oa Lipaki tsa Jehova, hobane feela a etselitse Lipaki-’moho le eena beile, sechaba sa Canada se ile sa ipelaetsa phatlalatsa. Joale, ka March 2, 1947, Lipaki tsa Jehova li ile tsa kena letšolong la khohola-koqo la ho mema batho ba Canada hore ba kōpe Tokomane ea Litokelo tsa Sechaba ’musong. Batho ba 500 000 ba ile ba saena—e leng kōpo e khōlō ka ho fetisisa e kileng ea isoa Palamenteng ea Canada! E ile ea lateloa selemong se latelang, ke kōpo e khōloanyane le ho feta ho tiisa ea pele.
Nakong ena, Mokhatlo o ile oa khetha linyeoe tse peli tsa selelekela bakeng sa boipiletso Lekhotleng le ka Holimo-limo la Canada. E ’ngoe ea tsona, ea Aimé Boucher v. His Majesty The King, e ile ea sebetsana le qoso e neng e etsoa hangata ea hore Lipaki li khahlanong le ’muso.
Nyeoe ea Boucher e ne e thehiloe karolong eo Aimé Boucher, rapolasi ea bonolo, a bileng le eona kabong ea pampitšana Quebec’s Burning Hate. Na e ne e le bofetoheli khahlanong le ’muso ho tsebahatsa hore pefo ea sehlopha sa mahoo-hoo ho Lipaki Quebec, ho se natse molao ha ba boholong ba neng ba sebetsana le tsona, le bopaki ba hore mobishopo oa K’hatholike le ba bang ba baruti ba K’hatholike ba ne ba hlohlelletsa pefo eo ea sehlopha sa mahoo-hoo?
Ha baahloli ba Lekhotla le ka Holimo-limo ba hlahloba pampitšana e ileng ea abuoa, e mong oa bona o ile a re: “Tokomane ena e ne e e-na le sehlooho se reng ‘Quebec’s Burning Hate for God and Christ and Freedom Is the Shame of All Canada;’ tabeng ea pele e ile ea etsa kōpo ea hore ho hlahlobjoe ka khutso le ka ho beha mabaka litaba tseo ho tla sebetsanoa le tsona tse tšehetsang sehlooho sena; tabeng ea bobeli, e ne e bua ka ho akaretsang ka mahloriso a sehlōhō a entsoeng Quebec ho Lipaki joaloka baena ba Kreste; tlhaloso e qaqileng ea liketsahalo tse tobileng tsa mahloriso; le kōpo e qetellang ho batho ba profensi, khahlanong le taolo ea sehlopha sa mahoo-hoo le mekhoa ea ho etsa lintho ea gestapo, e le hore, ka ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho utloa litaelo tsa lona, ho ka ‘kotuloa chai e ngata ea litholoana tse molemo tsa lerato ho Eena le Kreste le tokoloho ea batho.’”
Qeto ea Lekhotla e ile ea qhelela ka thōko ho tšoaroa ha Aimé Boucher, empa baahloli ba bararo ho ba bahlano ba ile ba batla feela hore ho be le nyeoe e ncha. Na see se ne se tla fella ka qeto e hlokang leeme makhotleng a tlaase? Ho ile ha etsoa kōpo ka ’muelli oa molao ea emelang Lipaki tsa Jehova Lekhotleng le ka Holimo-limo hore ho boele ho hlahlobjoe nyeoe eo. Taba e makatsang ke hore sena se ile sa amoheloa. Nakong ea ha ho ntse ho sebetsanoa le kōpo, ho ile ha eketsoa palo ea baahloli ka Lekhotleng, ’me e mong oa baahloli ba pele o ile a fetola maikutlo. Phello ka December 1950 e bile qeto e etsoang ke batho ba bane ho ba bahlano ea hore qoso ea Moena Boucher e hlakoloe.
Qalong, qeto ena e ile ea phephetsoa ke motlatsi oa ’muelli-kakaretso le tona-khōlō (eo e neng e boetse e le ’muelli-kakaretso) ba profensi ea Quebec, empa qetellong e ile ea tiisoa makhotleng. Ka hona qoso ea bofetoheli khahlanong le ’muso e neng e etsoa khafetsa khahlanong le Lipaki tsa Jehova Canada e ile ea felisoa ka ho felletseng.
Ho ile ha boela ha ipiletsoa nyeoeng e ’ngoe ea selelekela Lekhotleng le ka Holimo-limo la Canada—Laurier Saumur v. The City of Quebec. Ena e ne e le khahlanong le melaoana ea tumello ea lilakesense e neng e ameha liqosong tse ’maloa makhotleng a tlaase. Nyeoeng ea Saumur, Mokhatlo o ile oa batla hore ho be teng taelo e sa fetoheng khahlanong le motse oa Quebec ea ho thibela ba boholong ho kena-kenana le kabo ea lingoliloeng tsa bolumeli ea Lipaki tsa Jehova. Ka October 6, 1953, Lekhotla le ka Holimo-limo le ile la fana ka qeto ea lona. Karabelo e ne e le “E” ho Lipaki tsa Jehova, “Che” ho profensi ea Quebec. Qeto ena e boetse ea tlisa tlhōlo linyeoeng tse ling tse likete moo molao-motheo o tšoanang oa tokoloho ea bolumeli o neng o le ka sehloohong. Sena se ile sa bula mehla e mecha bakeng sa mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova Quebec.
Thuto Litokelong tsa Molao le Tsamaisong ea ’Ona
Ha palo ea linyeoe e ntse e eketseha bofelong ba bo-1920 le ka mor’a moo, ho ile ha hlokahala hore Lipaki tsa Jehova li rutoe tsamaiso ea molao. Kaha J. F. Rutherford e ne e le ’muelli oa molao ’me a kile a sebeletsa e le moahloli, o ne a utloisisa tlhokahalo ea hore Lipaki li be le tataiso litabeng tse joalo. Haholo-holo ho tloha ka 1926 Lipaki li ’nile tsa hatisa boboleli ba ntlo le ntlo ka Lisontaha, li sebelisa libuka tse hlalosang Bibele. Ka baka la khanyetso kabong ea tsona ea lingoliloeng ka Sontaha, Moena Rutherford o ile a ngola pampitšana Liberty to Preach ho thusa ba leng United States hore ba utloisise litokelo tsa bona molaong. Leha ho le joalo, o ne a ke ke a etsa mosebetsi ’ohle oa molao ka boeena, kahoo o ile a lokisetsa hore babuelli ba bang ba molao ba sebeletse e le karolo ea litho tsa basebetsi ba ntlo-khōlō ea Mokhatlo. Ho phaella moo, ba bang, ba leng likarolong tse sa tšoaneng tsa naha, ba ile ba sebelisana hamolemo le bona.
Hase hore babuelli ba molao ba ne ba tla ba teng khotla ka linako tsohle ha ho hlokahala linyeoeng tse likete tse amang mosebetsi oa boboleli oa Lipaki tsa Jehova, empa ba ne ba ka fana ka keletso ea bohlokoa. E le ho finyella seo, ho ile ha etsoa litokisetso bakeng sa ho rupela Lipaki tsohle tsa Jehova ka tsamaiso ea motheo ea molao. Sena se ile sa etsoa likopanong tse khethehileng United States ka 1932, ’me hamorao, mananeong a ka mehla a Seboka sa Tšebeletso liphuthehong. Ho ile ha hatisoa “Order of Trial” e qaqileng ho 1933 Year Book ea Lipaki tsa Jehova (hamorao e le leqephe le ka thōko). Litaelo tsena li ile tsa lokisoa ho ea ka maemo. Tokollong ea November 3, 1937 ea Consolation, ho boetse ha fanoa ka keletso e eketsehileng ea molao mabapi le maemo a tobileng ao ho neng ho thulanoa le ’ona.
Li sebelisa boitsebiso bona, hangata Lipaki li ne li ikemela makhotleng, ho e-na le ho batla litšebeletso tsa ’muelli oa molao. Li ile tsa fumana hore ka tsela ena hangata li ne li fana ka bopaki lekhotleng le ho teka lintlha hantle ho moahloli, ho e-na le hore linyeoe tsa tsona li etsetsoe qeto motheong oa molao feela. Ha nyeoe e etsetsoa qeto ea bohanyetsi, hangata ho ne ho etsoa boipiletso, le hoja Lipaki tse ling li ne li kena teronkong ho e-na le ho hira ’muelli oa molao, eo litšebeletso tsa hae li neng li tla hlokahala lekhotleng la maipiletso.
Ha ho ntse ho hlaha maemo a macha le lilelekela tse bakiloeng ke liqeto tse entsoeng makhotleng, ho ile ha fanoa ka boitsebiso bo eketsehileng ho boloka Lipaki li le nakong. Ka hona, ka 1939 ho ile ha hatisoa bukana Advice for Kingdom Publishers e le ho thusa baena makhotleng. Lilemo tse peli hamorao ho ile ha tšohloa taba ena haholoanyane bukaneng Jehovah’s Servants Defended. E ile ea qotsa kapa ea tšohla liqeto tse sa tšoaneng tse 50 tsa makhotla a Amerika tse amang Lipaki tsa Jehova, haesita le linyeoe tse ling tse ngata, ’me ea hlalosa kamoo lilelekela tsena tsa molao li ka sebelisoang hamolemo ka teng. Joale, ka 1943, kopi ea Freedom of Worship e ile ea etsoa hore e fumanoe ke Paki ka ’ngoe ’me ea ithutoa ka mafolo-folo Libokeng tsa Tšebeletso liphuthehong. Ho phaella ho faneng ka kutloisiso ea bohlokoa linyeoeng, bukana ena e ile ea hlakisa mabaka a Mangolo bakeng sa ho sebetsa litaba ka litsela tse khethehileng. Ka 1950 e ile ea lateloa ke bukana e ntlafalitsoeng Defending and Legally Establishing the Good News.
Sena kaofela e ne e le thuto ea molao e tsoelang pele mohato ka mohato. Leha ho le joalo, sepheo e ne e se ho etsa Lipaki babuelli ba molao empa ho boloka tsela e bulehile bakeng sa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.
Joaloka Mohlape oa Tsie
Moo ba boholong ba neng ba inka ba phahametse molao, ka linako tse ling ba ne ba tšoara Lipaki ka sehlōhō. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe mekhoa e neng e sebelisoa ke bahanyetsi ba tsona, Lipaki tsa Jehova li ne li tseba hore Lentsoe la Molimo lea eletsa: “Baratuoa, le se ke la iphetetsa e le lōna, le mpe le etsetse bohale sebaka; hobane ho ngoliloe, ho thoe: Phetetso ke ea ka; ke ’na ea tlang ho busetsa, ho rialo [Jehova].” (Ba-Roma 12:19) Leha ho le joalo, li ile tsa ikutloa li tlameha ho nehelana ka bopaki. Li ile tsa nehelana ka bona joang ha li tobane le khanyetso ea ba boholong?
Le hoja hangata liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova li ne li batla li fokola ka bo-1930, ho ne ho e-na le tlamo e matla pakeng tsa tsona. Ha ho e-ba le bothata bo tebileng sebakeng leha e le sefe, Lipaki tse libakeng tse ka thōko li ne li ikemisetsa ho thusa. Ka mohlala, ka 1933 United States, Lipaki tse 12 600 li ile tsa hlophisoa ka mekhahlelo e meholo e 78. Ha ho ne ho tšoaroa batho ba bangata sebakeng se itseng, kapa ha bahanyetsi ba ne ba atleha ho hatella liteishene tsa seea-le-moea hore li hlakole likonteraka tsa ho hasa mananeo a lokiselitsoeng ke Lipaki tsa Jehova, ofisi ea Mokhatlo e Brooklyn e ile ea tsebisoa. Bekeng e le ’ngoe, ho ne ho romeloa batho ba eketsehileng sebakeng seo ho ea fana ka bopaki bo kopanetsoeng.
Ho itšetlehile ka tlhokahalo, ho tloha ho Lipaki tse 50 ho ea ho tse 1 000 li ne li itlhahisa ka nako e khethiloeng, hangata e le ka ntle ho metse haufi le sebaka seo ho tla sebetsoa ho sona. Kaofela e ne e le baithaopi; ba bang ba ne ba tsoa hoo e ka bang bohōle ba lik’hilomithara tse 320. Sehlopha ka seng se ne se fuoa tšimo e neng e ka akaretsoa ka metsotso e ka bang 30 kapa mohlomong ka lihora tse peli. Ha sehlopha ka seng sa koloi se qala ho sebetsa karolong eo se e abetsoeng, komiti ea baena e ne e iteanya le mapolesa ho a tsebisa ka mosebetsi o ntseng o etsoa le ho fana ka lethathamo la Lipaki tsohle tse neng li sebetsa motseng hoseng hoo. Ha ba boholong ba hlokomela hore ba imetsoe ke palo ea Lipaki, libakeng tse ngata ba ne ba lumella mosebetsi hore o tsoele pele ntle ho tšitiso. Libakeng tse ling ba ne ba tlatsa literonko ka Lipaki empa ebe ha ba khone ho etsa ho fetang moo. Lipaki leha e le life tse neng li tšoaroa li ne li na le babuelli ba molao ba tla li batlela beile. Phello e bile e tšoanang le ea mohlape oa tsie ea tšoantšetso eo ho buuoang ka eona ka Mangolong ho Joele 2:7-11 le Tšenolo 9:1-11. Ka tsela ena ho ile ha khoneha hore boboleli ba litaba tse molemo bo ntšetsoe pele ho sa tsotellehe khanyetso e matla.
Ho Pepesa Liketso tsa Batho ba Boholong ba Ikhohomosang
Ho ile ha bonahala ho le molemo ho tsebisa batho libakeng tse ling hore na ba boholong libakeng tseo ba etsa eng. Quebec, ha makhotla a beha Lipaki tlas’a tsamaiso e hopotsang ka makhotla a Otlang Bakhelohi, ho ile ha romeloa lengolo ho litho tsohle tsa lekhotla la ketsa-molao Quebec le hlalosang litaba. Ha sena se sa tlise khato ea letho, Mokhatlo o ile oa fetisetsa kopi ea lengolo leo ho bo-rakhoebo ba 14 000 profensing eo eohle. Joale boitsebiso bo ile ba isoa ho bahlophisi ba likoranta bakeng sa khatiso.
Karolong e ka bochabela United States, sechaba se ile sa tsebisoa ka liphatlalatso tsa seea-le-moea. Bethele ea Brooklyn batšoantšisi ba bangata ba koetlisitsoeng, ba khonang ho etsisa batho ba bang ha ba bua, ba ile ba theha se bitsoang The King’s Theater. Ha batho ba boholong ba ikhohomosang ba qosa Lipaki tsa Jehova, ho ile ha hatisoa tlaleho e felletseng ea liqoso tsa lekhotla. Batšoantšisi ba ne ba le teng lekhotleng e le hore ba ka tloaelana hantle le molumo oa lentsoe le mokhoa oa ho bua oa mapolesa, mochochisi, le moahloli. Ka mor’a phatlalatso e pharalletseng bakeng sa ho tiisa hore ho ba le bamameli ba bangata seea-le-moeeng, The King’s Theater e ne e tla etsisa liketsahalo tsa lekhotleng ka mokhoa oa sebele o tsotehang e le hore batho ba ka tseba hantle se neng se etsoa ke ba boholong. Ka mor’a nako, ka baka la ho pepesoa ho hoholo, ba bang ba boholong ba ile ba ba hlokolosi haholoanyane ha ba sebetsana le linyeoe tse amang Lipaki.
Khato e Kopanetsoeng Tlas’a Khatello ea Nazi
Ha ’muso oa Jeremane ea Bonazi o ne o kenya tšebetsong letšolo la ho emisa mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova Jeremane, ho ile ha etsoa boiteko bo iphetang ba hore taba e ahloloe ke ba boholong Jeremane. Empa ho ne ho ntse ho e-s’o be le pheko ea letho. Lehlabuleng la 1933, mosebetsi oa tsona o ne o thibetsoe literekeng tse ngata tsa Jeremane. Ka hona, ka June 25, 1933, phatlalatso e mabapi le tšebeletso ea tsona le morero oa eona e ile ea amoheloa ke Lipaki tsa Jehova kopanong e neng e tšoaretsoe Berlin. Likopi li ile tsa romeloa ho bohle ba boholong ’musong, ’me tse eketsehileng tse limillione tsa abeloa sechaba. Leha ho le joalo, ka July 1933 makhotla a ile a hana ho hlahlela nyeoe bakeng sa phetoho. Mathoasong a selemo se latelang, J. F. Rutherford o ile a ngolla Adolf Hitler lengolo la botho le mabapi le boemo bona ’me la isoa ho eena ka lenģosa le khethehileng. Eaba mokhatlo oa lefatše lohle oa baena o nka khato.
Hoseng ka Sontaha, October 7, 1934, ka hora ea borobong hoseng, sehlopha se seng le se seng sa Lipaki Jeremane se ile sa bokana. Li ile tsa rapella tataiso le tlhohonolofatso ea Jehova. Joale sehlopha ka seng se ile sa romela lengolo ho ba boholong ’musong oa Jeremane le bolelang ka boikemisetso ba sona bo tiileng ba ho tsoela pele se sebeletsa Jehova. Pele se qhalana, se ile sa buisana hammoho ka mantsoe a Morena oa sona, Jesu Kreste, ho Mattheu 10:16-24. Ka mor’a sena se ile sa ea fana ka bopaki ho baahelani ba sona ka Jehova le ’Muso oa hae tlas’a Kreste.
Hona letsatsing leo, Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle li ile tsa kopana, ’me ka mor’a ho etsa thapelo e kopanetsoeng ho Jehova, tsa romela cablegram e lemosang ’muso oa Hitler: “Tšoaro ea lōna e mpe ho lipaki tsa Jehova e tšosa batho bohle ba molemo lefatšeng ’me e hlompholla lebitso la Molimo. Khaotsang ho tsoela pele ho hlorisa lipaki tsa Jehova; ho seng joalo Molimo o tla le felisa hammoho le mokha oa lōna oa sechaba.” Empa taba ha ea fella moo.
Gestapo e ile ea matlafatsa boiteko ba eona ba ho felisa mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a ho li tšoara ka bongata ka 1936, e ne e nahana hore mohlomong e atlehile. Empa ka December 12, 1936, Lipaki tse ka bang 3 450 tse neng li ntse li lokolohile Jeremane ka potlako li ile tsa aba qeto e hatisitsoeng ho pholletsa le naha e neng e bolela ka ho hlakileng morero oa Jehova ’me e bolela boikemisetso ba Lipaki tsa Jehova ba ho utloa Molimo e le ’musi ho e-na le batho. Bahanyetsi ba ne ba sa utloisise hore na kabo e joalo e bile teng joang. Likhoeli tse ’maloa hamorao, ha Gestapo e nyenyefatsa liqoso tse boletsoeng qetong eo, Lipaki tsa Jehova li ile tsa lokisetsa lengolo la boipelaetso leo ho lona li ileng tsa bolela mabitso a liofisiri tsa Nazi tse ileng tsa hlekefetsa Lipaki tsa Jehova ka sehlōhō. Ka 1937, lengolo lena le ile la abuoa ka ho pharalletseng Jeremane. Ka hona liketso tsa batho ba khopo li ile tsa pepesoa hore bohle ba li tsebe. Sena se boetse sa fa batho ka kakaretso monyetla oa hore ba etse qeto mabapi le tsela eo ba neng ba tla e nka ka bahlanka ba Ea Holimo-limo.—Bapisa le Mattheu 25:31-46.
Phatlalatso ea Lefatše Lohle e Tlisa Pheko e Itseng
Le mebuso e meng e ’nile ea tšoara Lipaki tsa Jehova hampe, ea thibela liboka le boboleli ba tsona ba phatlalatsa. Maemong a mang mebuso ena e entse hore Lipaki li lelekoe mesebetsing ea boipheliso ’me bana ba tsona ba haneloe likolong. Mebuso e mengata e ile ea sebelisa likhoka ho li hlokofatsa. Leha ho le joalo, hangata tsona linaha tsena li na le melao ea motheo e fanang ka tokoloho ea bolumeli. Ka morero oa ho tlisa pheko ho baena ba hlorisoang, hangata Mokhatlo oa Watch Tower o ’nile oa tsebisa lefatše ka bophara makolopetso a mabapi le tšoaro e joalo. Sena se etsoa ka limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha!, ’me ka linako tse ling litlaleho tsena li hatisoa likoranteng tsa sechaba. Mangolo a likete a etsang boipiletso bakeng sa Lipaki a kena ka bongata liofising tsa ba boholong ’musong a tsoa lefatšeng lohle.
Ka baka la letšolo le joalo ka 1937, ’musisi oa Georgia, United States, o ile a amohela mangolo a ka bang 7 000 ho tsoa linaheng tse ’nè ka matsatsi a mabeli, ’me ramotse oa La Grange, Georgia, le eena o ile a apareloa ke mangolo a likete. Ka ho tšoanang matšolo a joalo a ile a etsoa lebitsong la Lipaki tsa Jehova Argentina ka 1978 le 1979, Benin ka 1976, Burundi ka 1989, Cameroon ka 1970, Dominican Republic ka 1950 le 1957, Ethiopia ka 1957, Gabon ka 1971, Greece ka 1963 le 1966, Jordan ka 1959, Malawi ka 1968, 1972, 1975, le ka 1976, Malaya ka 1952, Mozambique ka 1976, Portugal ka 1964 le 1966, Singapore ka 1972, Spain ka 1961 le ka 1962, le Swaziland ka 1983.
E le mohlala oa haufinyane oa se entsoeng ke Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara ho tlisa pheko ho baena ba tsona ba hatelletsoeng, nahana ka boemo Greece. Ka baka la mahloriso a matla ho Lipaki tsa Jehova ka tlhohlelletso ea baruti ba Greek Orthodox sebakeng seo, ka 1986 limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! (ka lenane le kopaneng la kabo ea likopi tse fetang 22 000 000) li ile tsa fana ka makolopetso a mahloriso ao. Ho ile ha mengoa Lipaki tsa linaha tse ling hore li ngolle ba boholong ’musong oa Greece molemong oa baena ba tsona. Li ile tsa etsa joalo; ’me joalokaha ho tlalehoa ke koranta ea Athene ea Vradyni, letona la toka le ile la amohela mangolo a fetang 200 000 ho tsoa linaheng tse fetang 200 le ka lipuo tse 106.
Selemong se latelang, ha ho hlahletsoe nyeoe e amang Paki lekhotleng la maipiletso Hania, Crete, baemeli ba Lipaki tsa Jehova ba ne ba le teng ho tsoa linaheng tse ling tse supileng (Engelane, Fora, Jeremane, Italy, Japane, Spain, le United States) e le ba nkileng karolo nyeoeng ’me ba tšehelitse baena ba bona ba Bakreste. Joale, ka mor’a qeto ea bohanyetsi ka 1988 Lekhotleng le ka Holimo-limo la Greece nyeoeng e ’ngoe e amang Lipaki, ho ile ha etsoa boipiletso ho Moifo oa Europe oa Litokelo tsa Botho. Moo, ka December 7, 1990, baahloli ba 16 ba tsoang hoo e ka bang likarolong tsohle tsa Europe ba ile ba fuoa faele e bolelang ka liketsahalo tsa ho tšoaroa tse 2 000 le linyeoe tse makholo tseo ho tsona Lipaki tsa Jehova Greece li ileng tsa ahloloa hobane li ne li bua ka Bibele. (Ha e le hantle, ho bile le liketsahalo tse joalo tse 19 147 tsa ho tšoaroa Greece ho tloha ka 1938 ho ea ho 1992.) Ka ntsoe-leng Moifo o ile oa etsa qeto ea hore nyeoe eo e lokela ho ahloloa ke Lekhotla la Europe la Litokelo tsa Botho.
Liketsahalong tse ling ho pepesoa ho joalo ha ho hatakeloa ha litokelo tsa botho ho tlisa pheko e itseng. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe khato e nkoang ke baahloli le babusi, Lipaki tsa Jehova li tsoela pele ho utloa Molimo e le ’Musi oa tsona ea Phahameng.
Ho Batla Tumello ea Molao
Ka ho hlakileng taelo ea ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete ha e tsoe ho motho leha e le ofe kapa ’muso leha e le ofe oa motho. E tsoa ho Jehova Molimo ka boeena. Leha ho le joalo, linaheng tse ngata, e le ho fumana tšireletso e fanoang ke molao oa lefatše, ho ipakile ho le molemo hore Lipaki tsa Jehova li ngolisoe ’musong e le mokhatlo oa bolumeli. Merero ea ho reka setša bakeng sa ofisi ea lekala kapa ho hatisa lingoliloeng tse eketsehileng tsa Bibele e ka etsoa ka ho theha mekhatlo ea molao ea sebaka ka seng. Tumellanong le mohlala o behiloeng ke moapostola Pauluse ha a le Filippi ea boholo-holo ka ho ‘theha litaba tse molemo ka molao,’ Lipaki tsa Jehova li nka khato e loketseng bakeng sa ho finyella sena.—Ba-Fil. 1:7, NW.
Ka linako tse ling, sena se bile boima. Ka mohlala, Austria, moo tumellano le Vatican e tiisang tšehetso ea ’muso ea lichelete Kerekeng e K’hatholike, boiteko ba Lipaki tsa Jehova qalong bo ne bo hanoa ke ba boholong, ba neng ba re: ‘Sepheo sa lōna ke ho theha mokhatlo oa bolumeli, ’me mokhatlo o joalo o ke ke oa thehoa ka molao Austria.’ Leha ho le joalo, ka 1930 li ile tsa khona ho ngolisa mokhatlo bakeng sa ho aba Libibele le lingoliloeng tsa Bibele.
Spain, mosebetsi oa lekholong la bo20 la lilemo oa Lipaki tsa Jehova o simolohile nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše. Empa ho tloha lilemong tsa pele tsa Lekhotla le Otlang Bakhelohi lekholong la bo15 la lilemo, Kereke ea Roma e K’hatholike le Naha ea Spain, haese maemong a ’maloa, li ’nile tsa sebelisana. Liphetoho boemong ba lipolotiki le ba bolumeli li ile tsa lebisa tokisetsong e lumellang batho ho sebelisa bolumeli bo bong, empa ho ne ho thibetsoe pontšo ea phatlalatsa ea tumelo ea bona. Ho sa tsotellehe maemo ana, ka 1956 hape le ka 1965, Lipaki tsa Jehova li ile tsa batla tumello ea molao Spain. Leha ho le joalo, e bile feela ha Palamente ea Spain e fetisa Molao oa Tokoloho ea Bolumeli ka 1967 ho bileng le khatelo-pele ea sebele. Qetellong, ka July 10, 1970, ha Lipaki li se li feta 11 000 Spain, li ile tsa fumana tumello ea molao.
Likōpo bakeng sa ho ngolisoa ka molao ha Mokhatlo oa Watch Tower li ile tsa etsoa ho ’musisi oa Fora oa Dahomey (eo hona joale e tsejoang e le Benin) ka 1948. Empa e bile feela ka 1966, lilemo tse tšeletseng ka mor’a hore naha e fetohe rephabliki e ipusang, moo ho ngolisoa ho joalo ka molao ho ileng ha amoheloa. Ho ntse ho le joalo, tumello eo ea molao e ile ea hlakoloa ka 1976 ’me ea tsosolosoa ka 1990 ha ho ba le liphetoho lipolotiking le boikutlong ba ba boholong ka tokoloho ea bolumeli.
Le hoja Lipaki tsa Jehova li ne li lumelletsoe ka molao Canada ka lilemo tse ngata, Ntoa ea II ea Lefatše e ile ea fana ka monyetla oa hore bahanyetsi ba susumelletse ’musisi-kakaretso e mocha hore a bolele hore Lipaki hase tsa molao. Sena se entsoe ka July 4, 1940. Lilemo tse peli hamorao, ha Lipaki li fuoa monyetla oa hore li be le baemeli komiting e khethiloeng ea Palamente, komiti eo e ile ea buella ka matla hore thibelo e entsoeng ho Lipaki tsa Jehova le mekhatlong ea tsona ea molao e tlosoe. Leha ho le joalo, e bile feela ka mor’a hore ho be le khang ea nako e telele ka Palamenteng ’me ho entsoe mosebetsi o mongata oa ho bokella mesaeno ea batho likōpong tse peli tsa khohola-koqo ha letona la toka, leo e neng e le Moroma oa K’hatholike le ikutloa le tlameha ho tlosa thibelo ka ho felletseng.
Ho ile ha hlokahala hore ho etsoe liphetoho tse khōlō ponong ea mebuso Europe Bochabela pele Lipaki tsa Jehova li ka fumana tumello ea molao moo. Qetellong, ka mor’a lilemo tse mashome tsa ho etsa boipiletso bakeng sa tokoloho ea bolumeli, Lipaki li ile tsa fumana tumello ea molao Poland le Hungary ka 1989, Romania le Jeremane Bochabela (pele e kopanngoa le Federal Republic of Germany) ka 1990, Bulgaria le ho seo pele e neng e le Soviet Union ka 1991, le Albania ka 1992.
Lipaki tsa Jehova li leka ho sebetsa tumellanong le melao ea naha leha e le efe. Motheong oa Bibele, li buella ka matla ho hlompha ba boholong pusong. Empa ha melao ea batho e loantšana le litaelo tsa Molimo tse boletsoeng ka ho hlaka, lia arabela: “Re tlameha ho utloa Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Liketso 5:29, NW.
Ha Tšabo e Etsa Hore Batho ba Lebale Tokoloho ea Motheo
Ka baka la keketseho tšebelisong e mpe ea lithethefatsi le ho theoha ha matla a chelete, e leng ntho e entseng hore hangata banna le basali ba etse mosebetsi oa boipheliso, Lipaki tsa Jehova United States li iphumane li tobane le maemo a macha tšebeletsong ea tsona. Libaka tse ngata li batla li se na batho motšehare, ’me bonokoane bo atile. Batho ba tletse tšabo. Bofelong ba bo-1970 le mathoasong a bo-1980, ho ile ha kenngoa melao ea ho fumana lakesense ea thekiso e le hore ho fumanoe batho ba sa tsejoeng metseng. Litoropo tse ling li ile tsa tšosa Lipaki tsa Jehova ka hore li tla tšoaroa haeba li sa fumane mangolo a tumello. Empa ho ne ho se ho thehiloe moralo o tiileng oa molao, kahoo ho ne ho ka etsoa boiteko ba ho sebetsana le mathata ka ntle ho lekhotla.
Ha ho e-ba le mathata, baholo ba sebaka seo ba ne ba teana le ba boholong toropong eo hore ba rarolle bothata. Lipaki tsa Jehova li hana ka tieo ho kōpa tumello ea ho etsa mosebetsi oo Molimo a o laetseng, ’me Molao oa Motheo oa U.S., o tšehelitsoe ke liqeto tsa Lekhotla le ka Holimo-limo, o fana ka tokoloho ea borapeli le ea ho hatisa e seng tlas’a tefello leha e le efe e le motheo oa eona. Empa Lipaki tsa Jehova lia utloisisa hore batho ba tšohile, ’me li ka ’na tsa lumela hore li tsebise mapolesa pele li qala bopaki sebakeng se itseng, haeba ho hlokahala. Leha ho le joalo, haeba ho se ho sekisetsa ho etsoang, ’muelli oa molao ea tsoang ntlo-khōlō ea Mokhatlo o tla ngollana le ba boholong sebakeng seo a hlalosa mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova, molao oa motheo o tšehetsang tokelo ea tsona ea ho bolela, le matla a tsona a ho kenya tokelo eo tšebetsong ka litokelo tsa sechaba tse kopanetsoeng bakeng sa ho qosa ’masepala le ba boholong hore ba lefe litšenyehelo.f
Linaheng tse ling ho ipaka ho hlokahala hore ho uoe lekhotleng ho ea tiisa bocha tokoloho ea motheo eo e seng e le khale e sa sebelisoe. Ho bile joalo Finland ka 1976 hape le ka 1983. Ka ho totobetseng e le ho boloka khotso ea beng ba matlo, melao e mengata ea sebaka seo e ile ea thibela mosebetsi oa bolumeli o amang ho ea ka ntlo le ntlo. Leha ho le joalo, ho ile ha totobatsoa lekhotleng la Loviisa le Rauma hore boboleli ba ntlo le ntlo ke karolo ea bolumeli ba Lipaki tsa Jehova le hore ’muso o lumelletse mokhoa ona oa boevangeli ka ho lumela hore mokhatlo oa bolumeli oa Lipaki tsa Jehova o thehoe ka molao. Ho boetse ha bontšoa hore batho ba bangata ba amohela ho eteloa ke Lipaki le hore e ne e tla ba ho tsoa tokoloho tlaase ho thibela mosebetsi o joalo hobane feela o sa thabeloe ke bohle. Ka mor’a ho phetha linyeoe tsena ka katleho, litoropo le metse e mengata e meholo li ile tsa lahla melao ea tsona.
Ho Rala Molao oa Motheo
Linaheng tse ling mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ’nile oa phetha karolo ea bohlokoa ho raleng molao oa motheo. Seithuti se seng le se seng sa molao oa Amerika se tseba hantle tlatsetso e entsoeng ke Lipaki tsa Jehova ho emeleng litokelo tsa sechaba United States. Lihlooho tse bontšang boholo ba tlatsetso ena ke tse kang: “Kamoo Lipaki tsa Jehova li Tlatselitseng ka Teng Molaong oa Motheo,” se ileng sa hlaha ho Minnesota Law Review, ea March 1944, le, “Ntho e Tlatselitseng ho Raloeng ha Molao oa Motheo: Lipaki tsa Jehova Lekhotleng le ka Holimo-limo,” e hatisitsoeng ho University of Cincinnati Law Review, ka 1987.
Linyeoe tsa tsona li na le karolo ea bohlokoa molaong oa Amerika o amanang le tokoloho ea bolumeli, tokoloho ea puo, le tokoloho ea ho hatisa. Linyeoe tsena li entse ho hoholo ho boloka eseng tokoloho ea Lipaki tsa Jehova feela empa le ea sechaba sohle. Puong eo Irving Dilliard, mongoli le mohlophisi ea tsebahalang, a e faneng Univesithi ea Drake, o itse: “U rata kapa u sa rate, Lipaki tsa Jehova li entse ho hoholo ho boloka tokoloho ea rōna ho feta sehlopha leha e le sefe sa bolumeli.”
Mabapi le boemo Canada, selelekela sa buka State and Salvation—The Jehovah’s Witnesses and Their Fight for Civil Rights se re: “Lipaki tsa Jehova li ile tsa ruta naha, le batho ba Canada, seo ho sireletsa ka molao lihlopha tse hananang ho leng sona. Ho feta moo, . . . ho hlorisoa [ha Lipaki profensing ea Quebec] ho hlahisitse linyeoe tseo, ka bo-1940 le bo-1950, li ileng tsa fetela Lekhotleng le ka Holimo-limo la Canada. Le tsona li entse tlatsetso ea bohlokoa boikutlong ba batho ba Canada ka litokelo tsa sechaba, ’me ke motheo oa tokoloho ea sechaba e teng makhotleng a Canada kajeno.” Buka eo e hlalosa hore “phello e ’ngoe” ea ntoa ea molao ea Lipaki bakeng sa tokoloho ea borapeli “e bile lipuisano tse telele le khang e ileng ea etsa hore ho be teng Molao oa Motheo Bakeng sa Litokelo,” oo hona joale e leng karolo ea molao oa motheo oa Canada.
Bophahamo ba Molao oa Molimo
Leha ho le joalo, haholo-holo tlaleho ea molao ea Lipaki tsa Jehova e bile bopaki ba kholiseho ea tsona hore molao oa Molimo o phahame. Motheo oa boemo boo li bo nkileng ke kananelo ea tsona bakeng sa tseko ea bobusi ba bokahohleng. Li nka Jehova e le Molimo ea ’notši oa ’nete le ’Musi ea loketseng oa bokahohle. Ka baka leo li nka boemo bo tiileng ba hore melao leha e le efe kapa liqeto tsa lekhotla tse ka thibelang ho etsa seo Jehova a se laelang ha li sebetse le hore motho ea behileng lithibelo tse joalo o tlōtse meeli ea matla a hae. Boemo ba tsona bo tšoana le ba baapostola ba Jesu Kreste, ba itseng: “Re tlameha ho utloa Molimo e le ’musi ho e-na le batho.”—Lik. 5:29, NW.
Ka thuso ea Molimo Lipaki tsa Jehova li ikemiselitse ho bolela litaba tsena tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona bakeng sa bopaki ho lichaba tsohle pele bofelo bo e-tla.—Matt. 24:14, NW.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tokollo ea pele ke ea October 1, 1919. Kabo ea makasine ona le e meng e latelang, Consolation le Tsoha!, e bile e hlollang. Ka 1992, kabo ea Tsoha! e ne e le 13 110 000 ka lipuo tse 67.
b E le leano le tloaelehileng, ha Lipaki tsa Jehova li isoa khotla ka baka la ho paka, li ne li ipiletsa ho e-na le ho itefella. Joale, haeba boipiletso bo hlōleha, ho e-na le ho itefella li ne li ea teronkong, haeba molao o li lumella ho etsa joalo. Ho hana ha Lipaki ka phehello ho itefella ho ile ha etsa hore ba bang ba boholong ba se hlole ba tsoela pele ho kena-kenana le mosebetsi oa tsona oa ho paka. Le hoja leano lena le ka lateloa tlas’a maemo a itseng, Molula-Qhooa oa October 1, 1975, (April 1, 1975, ka Senyesemane) o ile oa bontša hore maemong a mangata ho itefella ho ka nkoa ka nepo e le kahlolo, kahoo ho itefella e ke ke ea ba ho lumela molato, joalokaha ho ea teronkong ho ke ke ha paka hore motho o molato.
c Lovell v. City of Griffin, 303 U.S. 444 (1938).
d Schneider v. State of New Jersey (Town of Irvington), 308 U.S. 147 (1939).
e 310 U.S. 296 (1940).
f 297 Mass. 65 (1935). E ne e le nyeoe ea moshanyana ea kenang sekolo ea lilemo li robeli, eo ka nepo lebitso la hae le ngoloang e le Carleton Nichols.
g 302 U.S. 656 (1937) (ho tsoa Georgia).
h 303 U.S. 624 (1938) (ho tsoa New Jersey).
i 306 U.S. 621 (1939) (ho tsoa California).
j 306 U.S. 621 (1939) (ho tsoa Massachusetts).
k 310 U.S. 586 (1940). Walter Gobitas (mokhoa o nepahetseng oa ho le ngola), e leng ntate, le bana ba hae William le Lillian, ba ile ba ea lekhotleng e le ho thibela boto ea sekolo hore e se ke ea hanela bana bao ba babeli ho kena sekolo sa sechaba sa Minersville hobane bana bao ba hana ho lumelisa folaga ea sechaba. Lekhotla la naha la setereke le lekhotla la potoloho la maipiletso le ile la emela Lipaki tsa Jehova. Eaba boto ea sekolo e isa nyeoe Lekhotleng le ka Holimo-limo bakeng sa boipiletso.
l 316 U.S. 584 (1942).
a 319 U.S. 105 (1943).
b Ka selemo sa 1943, likōpo le boipiletso linyeoeng tse 24 tse amang Lipaki tsa Jehova li ile tsa isoa Lekhotleng le ka Holimo-limo la United States.
c 319 U.S. 624 (1943).
d 319 U.S. 583 (1943).
e Ho tloha ka 1919 ho ea ho 1988, likōpo le boipiletso kakaretsong ea linyeoe tse 138 tse amang Lipaki tsa Jehova li ile tsa etsoa Lekhotleng le ka Holimo-limo la U.S. Linyeoe tse 130 ho tsena li ile tsa hlahleloa ke Lipaki tsa Jehova; tse robeli, ke lira tsa tsona molaong. Linyeoeng tse 67 Lekhotla le ka Holimo-limo le ile la hana ho hlahlobisisa linyeoe tsena hobane, kamoo Lekhotla le neng le talima taba ka teng nakong eo, ha ho ka ha hlahisoa lipotso tsa bohlokoa tsa molao oa motheo kapa litaelo tsa puso. Linyeoeng tse 47 tse ileng tsa hlahlobjoa ke Lekhotla, ho ile ha etsoa qeto e emelang Lipaki tsa Jehova.
f Jane Monell v. Department of Social Services of the City of New York, 436 U.S. 658 (1978).
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 680]
Lipaki tsa Jehova li ile tsa thibeloa ke mebuso linaheng ka ho latellana
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 682]
Nyeoe e ile ea lahleloa matjoing, ’me moruti a tsoa ka lekhotleng a halefile!
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 693]
Ba bang ba boholong ba ile ba ba hlokolosi haholoanyane ha ba sebetsana le linyeoe tse amang Lipaki
[Lebokose le leqepheng la 684]
Paki Lekhotleng le ka Holimo-limo la U.S.
Ha Joseph F. Rutherford, setho sa Babuelli ba Molao New York le mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower, a hlaha ka pel’a Lekhotla le ka Holimo-limo la United States e le ’muelli oa molao nyeoeng ea “Gobitis,” ka ho hlakileng o ile a lebisa tlhokomelo holim’a bohlokoa ba ho ikokobeletsa bobusi ba Jehova Molimo. O ile a re:
“Lipaki tsa Jehova ke batho ba pakelang lebitso la Molimo ea Matla ’Ohle, eo lebitso la hae a le mong e leng JEHOVA. . . .
“Ke lebisa tlhokomelo tabeng ea hore Jehova Molimo, lilemong tse fetileng tse fetang likete tse tšeletseng, o ile a tšepisa hore ka Messia o tla theha ’muso oa ho loka. O tla phetha tšepiso ena ka nako e loketseng. Linnete tsa kajeno ho latela boprofeta li bontša hore e haufi. . . .
“Molimo, Jehova, ke eena feela mohloli oa bophelo. Ha ho e mong ea ka fanang ka bophelo. Naha ea Pennsylvania e ke ke ea fana ka bophelo. ’Muso oa Amerika o ke ke. Molimo o entse molao ona [o hanelang borapeli ba litšoantšo], joalokaha Pauluse a bolela, ho sireletsa batho ba Hae borapeling ba melimo ea litšoantšo. Le re ena ke ntho e fokolang. Ho bile joalo le ka ketso ea Adama ea ho ja tholoana e hanetsoeng. Hase apole eo Adama a ileng a e ja, empa ke ketso ea hae ea ho se utloe Molimo. Taba ke hore na motho o tla utloa Molimo kapa a utloe tsamaiso e itseng ea motho. . . .
“Ke hopotsa Lekhotla lena (le hoja ho sa hlokahale hore ke etse joalo) hore nyeoeng ea ‘Church v. United States’ Lekhotla lena le ile la bolela hore Amerika ke sechaba sa Bakreste; ’me sena se bolela hore Amerika e tlameha ho utloa molao oa Molimo. Se boetse se bolela hore ha Lekhotla lena le ahlola le hlokomele hore molao oa Molimo o phahame. ’Me haeba motho ka baka la letsoalo a lumela hore molao oa Molimo o phahame ’me ka letsoalo a etsa lintho tumellanong le seo, ha ho bobusi ba batho bo ka laolang kapa ba kena-kenana le letsoalo la hae. . . .
“Ke kōpa tumello ea ho le hlokomelisa ka sena: hore nako eohle ha ho buloa Lekhotla lena ho na le motho ea hooang mantsoe ana: ‘Molimo a boloke United States le Lekhotla lena le hlomphehang.’ ’Me joale ke re, Molimo a boloke Lekhotla lena le hlomphehang hore le se etse phoso e tla fetola batho bana ba United States sehlopha sa bahatelli ’me la senya tokoloho eohle e fanoeng ke Molao oa Motheo. Ena ke taba e halalelang ho Leamerika le leng le le leng le ratang Molimo le Lentsoe la Hae.”
[Lebokose le leqepheng la 687]
Liketsahalo tse Ileng tsa Baka Phetoho
Ha Lekhotla le ka Holimo-limo la Amerika le laela ka 1940, nyeoeng ea “Minersville School District v. Gobitis,” hore bana ba kenang sekolo ho tla hlokahala hore ba lumelise folaga, ho ile ha lumela baahloli ba robeli ho ba robong. Ke Moahloli Stone feela ea ileng a hana. Empa lilemo tse peli hamorao, ha baahloli ba bang ba bararo (Black, Douglas, le Murphy) ba hanyetsa nyeoe ea “Jones v. Opelika,” ba ile ba sebelisa monyetla oo ho bolela hore ba lumela hore nyeoe ea “Gobitis” e ile ea lihuoa hampe hobane e ne e beha tokoloho ea bolumeli boemong bo tlaase. Sena se ne se bolela hore baahloli ba bane ho ba robong ba ne ba buella hore ho fetoloe qeto e ileng ea etsoa nyeoeng ea “Gobitis.” Baahloli ba babeli ho ba bang ba bahlano ba neng ba hlokomolohile tokoloho ea bolumeli ba ile ba ea pencheneng. Ba babeli ba bacha (Rutledge le Jackson) e ne e le baahloli ha nyeoe e ’ngoe ea ho lumelisa folaga e hlahisoa Lekhotleng le ka Holimo-limo. Ka 1943, nyeoeng ea “West Virginia State Board of Education v. Barnette,” ka bobeli ba ile ba emela tokoloho ea bolumeli ho e-na le ho lumelisa folaga ho qobelletsoeng. Ka hona, ka livoutu tse tšeletseng ho tse tharo, Lekhotla le ile la fetola boemo boo le neng le bo nkile linyeoeng tse hlano tsa pejana (tsa “Gobitis,” “Leoles,” “Hering,” “Gabrielli,” le “Johnson”) tse neng li etselitsoe boipiletso Lekhotleng lena.
Ka ho thahasellisang, Moahloli Frankfurter, ha a hanyetsa nyeoeng ea “Barnette,” o itse: “Joalokaha ho etsahetse nakong e fetileng, nako le nako Lekhotla le tla fetola boemo ba lona. Empa ke lumela hore pele ho linyeoe tsena tsa Lipaki tsa Jehova (ntle le liphoso tse ileng tsa batlisisoa hamorao) ha ho mohla Lekhotla lena le kileng la hanyetsa qeto e le ho thibela matla a puso ea sechaba ka sechaba.”
[Lebokose le leqepheng la 688]
“Mokhoa oa Khale oa Boevangeli ba Baromuoa”
Ka 1943, nyeoeng ea “Murdock v. Pennsylvania,” Lekhotla le ka Holimo-limo la United States le itse, har’a lintho tse ling:
“Kabo ea matsoho ea lipampitšana tsa bolumeli ke mokhoa oa khale oa boevangeli ba baromuoa—ke ea khale joaloka mechine ea khatiso. E bile matla a maholo lihlopheng tse sa tšoaneng tsa bolumeli ho theosa le lilemo. Mofuta ona oa boevangeli o sebelisoa kajeno ka tekanyo e khōlō ke lihlotšoana tse sa tšoaneng tsa bolumeli tseo barekisi ba tsona ba libuka ba isang Kosepele matlong a likete-kete ’me ba batla ho hapela batho tumelong ea bona ka ho ba etela. Ke ho fetang feela boboleli; ke ho fetang feela kabo ea lingoliloeng tsa bolumeli. Ke lintho tsena tse peli ha li kopane. Morero oa tsona ke oa boevangeli joaloka seboka sa tsosoloso. Mofuta ona oa mosebetsi oa bolumeli o nkoa e le oa bohlokoa ka ho tšoanang tlas’a Tokiso ea Pele ea Molao oa Motheo joaloka borapeli likerekeng le boboleli bo etsoang lifaleng. O lokela ho sireletsoa ka ho tšoanang joaloka mesebetsi e meng ea bolumeli ea setso le e tloaelehileng. O boetse o tšoana le e meng ho fanoeng ha tokoloho ea puo le tokoloho ea ho hatisa.”
[Lebokose le leqepheng la 690]
“Litokelo tse Lekanang Bakeng sa Bohle”
Tlas’a sehlooho sena se ka holimo, ka 1953 mongoli oa koranta ea Canada, ea neng a tsejoa haholo mehleng eo, o ile a ngola: “Ho lokela ho etsoe mokete oa semetletsa Parliament Hill e le ho keteka qeto ea Lekhotla le ka Holimo-limo la Canada nyeoeng ea Saumur [e ileng ea isoa Lekhotleng ke Lipaki tsa Jehova]; mokete o loketseng ketsahalo eo e khōlō. Ke liqeto tse ’maloa historing ea baahloli ba Canada tse bileng bohlokoa joalo. Lekhotla lena le etselitse Canada ntho e khōlō ho feta makhotla leha e le afe. Ha ho le le leng le thabisitseng batho ba Canada ba nkang tokoloho e le ea bohlokoa joaloka lena. . . . Tokoloho ena e lokela ho ketekoa ka mokete oa semetletsa ho feta leha e le ofe o ka etsoang.”
[Lebokose le leqepheng la 694]
Phatlalatso e Matla e Eang ho Naha ea Nazi
Ka October 7, 1934, lengolo le latelang le ile la romeloa ’musong oa Jeremane ke liphutheho tsohle tsa Lipaki tsa Jehova tse Jeremane:
“HO BA BOHOLONG ’MUSONG:
“Lentsoe la Jehova Molimo, joalokaha le boletsoe ka Bibeleng e Halalelang, ke molao o phahameng, ’me ho rōna ke eona feela tataiso ka baka la hore re inehetse ho Molimo ’me re balateli ba ’nete le ba tšepahalang ba Kreste Jesu.
“Selemong se fetileng, ’me e le khahlanong le molao oa Molimo ebile e le ho hatakela litokelo tsa rōna, le re thibetse joaloka lipaki tsa Jehova hore re kopane hammoho ho ithuta Lentsoe la Molimo le ho mo rapela le ho mo sebeletsa. Lentsoeng la hae o re laela hore re se ke ra hlokomoloha ho kopana ha rōna hammoho. (Ba-Heberu 10:25) Jehova o re laetse hore: ‘Le lipaki tsa ka tsa hore ke Molimo. E-eang le bolelle batho molaetsa oa ka.’ (Esaia 43:10, 12; Esaia 6:9; Mattheu 24:14) Ho na le ntoa e tobileng pakeng tsa molao oa lōna le molao oa Molimo, ’me, e le ha re latela ketello-pele ea baapostola ba tšepahalang, ‘re tlameha ho utloa Molimo ho e-na le batho,’ ’me ke sona seo re tla se etsa. (Liketso 5:29) Ka baka leo, re le lemosa hore re tla utloa litaelo tsa Molimo tlas’a maemo leha e le afe, re tla kopana hammoho ho ithuta Lentsoe la hae, ’me re tla mo rapela le ho mo sebeletsa joalokaha a laetse. Haeba ’muso oa lōna kapa liofisiri tsa lōna li re etsetsa pefo hobane re utloa Molimo, joale mali a rōna a tla ba holim’a lōna ’me le tla ikarabella ho Molimo ea Matla ’Ohle.
“Ha re thahaselle litaba tsa lipolotiki, empa re inehetse ka ho felletseng ’musong oa Molimo tlas’a Kreste Morena oa hae. Re ke ke ra ntša motho leha e le mang kotsi. Re ka thabela ho lula ka khotso le ho etsa batho bohle hantle ha re e-na le monyetla, empa, kaha ’muso oa lōna le liofisiri tsa lōna li tsoela pele boitekong ba tsona ba ho re qobella ho se utloe molao o phahameng ka ho fetisisa bokahohleng, re ikutloa hona joale re tlameha ho le tsebisa hore, ka lereko la hae, re tla utloa Jehova Molimo ’me re Mo tšepe ka ho felletseng hore o tla re lopolla khatellong eohle le ho bahatelli bohle.”
[Lebokose le leqepheng la 697]
Lipaki tse Tlas’a Thibelo li Hlalosa ka ho Hlaka Boemo ba Tsona
Mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova o ile oa thibeloa ke ’muso oa Canada ka 1940. Ka mor’a moo ho bile le liqoso tse fetang 500. Ebe Lipaki li ne li ka ikemela joang? Ka tlhompho empa e le ka tieo, li ile tsa bua Lekhotleng ka mantsoe a tšoanang le ana:
‘Ha ho tšoarelo eo nka e kōpang bakeng sa libuka tsena. Li ruta tsela e isang bophelong bo sa feleng. Ke lumela ka tieo hore li ka hlalosa morero oa Molimo ea Matla ’Ohle oa ho theha ’Muso oa ho loka lefatšeng. Ho ’na, e bile tlhohonolofatso e khōlō ka ho fetisisa bophelong ba ka. Ke nahana hore e ka ba sebe ho Ea Matla ’Ohle hore ke senye libuka tsena, le molaetsa oa Molimo oo li o tšoereng, joalokaha e tla be e le sebe ho chesa Bibele ka boeona. Motho e mong le e mong o tlameha ho khetha hore na o tla ipeha kotsing ea ho lahleheloa ke kamohelo ea batho kapa ea Molimo ea Matla ’Ohle. Ha e le ’na ke eme ka lehlakoreng la Morena le ’Muso oa Hae, ’me ke batla ho hlompha lebitso la Ea Holimo-limo, e leng Jehova, ’me haeba ke ahloleloa seo, joale ba fanang ka kahlolo ba tla ikarabella ho Molimo.’
[Lebokose le leqepheng la 698]
Kamoo Litho tsa ’Muso oa Canada li Ileng tsa e Talima ka Teng
Mona ke lipolelo tse ling tse ileng tsa etsoa ke litho tse ling tsa Palamente ea Canada ka 1943 ha li khothalletsa letona la toka hore le tlose thibelo ho Lipaki tsa Jehova le mekhatlong ea tsona ea molao:
“Ha ho bopaki bo kileng ba tlisoa pel’a komiti ke lefapha la toka bo bontšang hore ka nako leha e le efe lipaki tsa Jehova li lokela ho nkoa e le mokhatlo oo e seng oa molao . . . Ke tlotlollo ’Musong oa Canada hore batho ba ahloleloe litumelo tsa bona tsa bolumeli ka tsela eo batho bana ba nang le bothata ba ahlotsoeng ka eona.” “Ke nahana hore thibelo e bakiloe ke lehloeo la bolumeli le hlakileng, le totobetseng.”—Monghali Angus MacInnis.
“Phihlelo ea ba bangata ba rōna ke hore batho bana ha ba kotsi, ha ba na le khopolo ea ho etsetsa naha bobe. . . . Ke hobane’ng ha thibelo e sa tlosoe? Hase ka baka la ho tšaba hore mokhatlo ona o kotsi boiketlong ba naha, kapa hore liketso tsa ’ona li na le morero oa ntoa. Ha ho e-s’o be le bopaki bo bonyenyane ba hore ho joalo.”—Monghali John G. Diefenbaker.
“Ho etsa hore motho a ipotse hore na khato e tjena khahlanong le Lipaki tsa Jehova ha e bakoe haholo-holo ke boikutlo ba tsona ho Maroma a K’hatholike, ho e-na le boikutlo ba tsona ba ho rera ho liha ’muso.”—Monghali Victor Quelch.
[Lebokose le leqepheng la 699]
“Tšebeletso e Etsoang ka Sepheo sa Tokoloho ea Bolumeli”
“Hase toka ho iphapanyetsa tlhahlobo ena e khutšoaane ka mathata a Lipaki tsa Jehova le Naha ho sa buuoe letho ka tšebeletso e etsoang ka sepheo sa tokoloho ea bolumeli tlas’a Molao oa rōna oa Motheo o bileng teng ka baka la phehello ea tsona. Lilemong tsa morao li nkile nako ka makhotleng ho feta sehlopha leha e le sefe sa bolumeli, ’me li hlahile sechabeng e le batho ba haelloang ke kelello, empa li tšepahetse litumelong tsa tsona tse etsoang ka baka la letsoalo, ’me ka baka lena Makhotla a maholo a fane ka letoto la liqeto tse tiisitseng le ho atolosa litšepiso tsa tokoloho ea bolumeli ho baahi ba Amerika, ’me a sirelelitse tokoloho ea tsona ea botho. Linyeoe tse ka bang 31 tseo li ileng tsa ameha ho tsona li ile tsa tla ka pel’a Lekhotla le ka Holimo-limo lilemong tse hlano ho tloha ka 1938 ho ea ho 1943, ’me liqeto tse entsoeng linyeoeng tsena le tse latelang li ntlafalitse haholo sepheo sa tokoloho e tlas’a Tokomane ea Litokelo tsa Sechaba ka kakaretso, ’me li sirelelitse tokoloho ea bolumeli ka ho khetheha.”—“Church and State in the United States,” ea Anson Phelps Stokes, Moqolo III, 1950, leqephe 546.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 700, 701]
Li Ithabela Tokolohong ea Tsona ea Borapeli
Linaheng tse ngata tseo ho tsona Lipaki tsa Jehova li sa kang tsa ba le tokoloho e felletseng ea bolumeli nakong e fetileng, hona joale li kopana ka bolokolohi ’me li arolelana le ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.
Quebec, Canada
Ka bo-1940, Lipaki tse ’maloa mona Châteauguay li ile tsa hlaseloa ke sehlopha sa mahoo-hoo. Ka 1992, Lipaki tse fetang 21 000 profensing ea Quebec li ne li kopana ka bolokolohi Liholong tsa tsona tsa ’Muso
St. Petersburg, Russia
Ka 1992, batho ba 3 256 ba ile ba itlhahisa bakeng sa kolobetso kopanong ea pele ea machaba ea Lipaki tsa Jehova Russia
Palma, Spain
Ka mor’a hore Lipaki tsa Jehova Spain li fuoe tumello ea molao ka 1970, matšoao a maholo libakeng tseo li kopanelang ho tsona a ne a bontša thabo ea tsona ea hore ebe li khona ho kopana ka bolokolohi
Tartu, Estonia
Lipaki Estonia li ile tsa thabela ho amohela lingoliloeng tsa Bibele ntle ho tšitiso ho tloha ka 1990
Maputo, Mozambique
Nako e ka etsang selemo ka mor’a hore Lipaki tsa Jehova li amoheloe ka molao ka 1991, liphutheho tse fetang 50 tsa Lipaki tse chesehang li ne li phetha tšebeletso ea tsona motse-moholo le mathōkong a ’ona
Cotonou, Benin
Ha ba bangata ba fihla libokeng ka 1990, ba ile ba makatsoa ke ho bona folaga e amohelang Lipaki tsa Jehova phatlalatsa. Ba ile ba hlokomela hore thibelo e entsoeng borapeling ba tsona e tlositsoe
Prague, Czechoslovakia
Mona ke batho ba ’maloa ba ileng ba sebeletsa Jehova tlas’a thibelo ea ’muso ka lilemo tse 40. Ka 1991, ba ile ba thabela ho ba ’moho kopanong ea machaba ea Lipaki tsa Jehova Prague
Luanda, Angola
Ha ho tlosoa thibelo ka 1992, batho le malapa a fetang 50 000 ba ile ba amohela ho ithuta Bibele le Lipaki
Kiev, Ukraine
Liboka naheng ena (hangata li tšoareloa liholong tse hiriloeng) li ba le batho ba bangata, haholo-holo ho tloha ha Lipaki tsa Jehova li fuoa tumello ea molao ka 1991
[Litšoantšo tse leqepheng la 679]
Linyeoeng tse 138 tse amang Lipaki tsa Jehova, ho ’nile ha isoa boipiletso le likōpo Lekhotleng le ka Holimo-limo la U.S. Ho tse 111 tsa tsona, ho tloha ka 1939 ho ea ho 1963, Hayden Covington (ea bontšitsoeng mona) o ile a sebeletsa e le ’muelli oa molao
[Setšoantšo se leqepheng la 681]
Maurice Duplessis, tona-khōlō ea Quebec, o ile a khumamela Mok’hadinale Villeneuve pontšeng bofelong ba bo-1930 ’me a mo roesa reng monoaneng e le bopaki ba maqhaama a haufi pakeng tsa Kereke le Naha. Quebec, mahloriso a etsoang ho Lipaki tsa Jehova a ne a le matla ka ho khethehileng
[Setšoantšo se leqepheng la 683]
W. K. Jackson, eo e neng e le setho sa basebetsi ba molao ntlo-khōlō ea Mokhatlo, o ile a sebeletsa ka lilemo tse leshome e le setho sa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 685]
Rosco Jones, eo nyeoe ea hae e neng e ama tšebeletso ea Lipaki tsa Jehova e ileng ea isoa habeli Lekhotleng le ka Holimo-limo la U.S.
[Litšoantšo tse leqepheng la 686]
Baahloli ba Lekhotla le ka Holimo-limo la U.S., bao livoutung tse tšeletseng ho tse tharo nyeoeng ea “Barnette,” ba ileng ba hana molao o qobellang ho lumelisa folaga ba emela tokoloho ea borapeli. Sena se ile sa etsa hore qeto ea Lekhotla e entsoeng pele nyeoeng ea “Gobitis” e fetoloe
Bana ba neng ba ameha linyeoeng
Lillian le William Gobitas
Marie le Gathie Barnette
[Setšoantšo se leqepheng la 689]
Aimé Boucher, ea ileng a hlakoloa qoso ke Lekhotla le ka Holimo-limo la Canada qetong e ileng ea hana liqoso khahlanong le Lipaki tsa Jehova tsa bofetoheli ’musong
[Litšoantšo tse leqepheng la 691]
Pampitšana ena, ka lipuo tse tharo, e ile ea tsebisa batho bohle ba Canada ka lihlōhō tse etsoang ho Lipaki tsa Jehova Quebec
[Litšoantšo tse leqepheng la 692]
Ho ile ha hlokahala hore ho rutoe Lipaki tsa Jehova tsamaiso ea molao e le hore li ka sebetsana le khanyetso tšebeletsong ea tsona; tsena ke tse ling tsa lingoliloeng tsa molao tseo li ileng tsa li sebelisa