Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • pr karolo 4 maq. 16-19
  • Bokreste-’mōtoana bo Tsoile Molimo le Bibele Tlaase

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bokreste-’mōtoana bo Tsoile Molimo le Bibele Tlaase
  • Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lithuto Tseo e Seng tsa Bibele
  • Liketso Tseo e Seng tsa Bomolimo
  • Hase tsa Bokreste
  • Kahlolo ea Molimo Khahlanong le “Motho ea Hlokang Molao”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Bokreste-’mōtoana bo Pepesoa e le Mohlohlelletsi oa Borapeli ba Bohata
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Motsoalle oa Bohata oa Bibele
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Kahlolo ea Jehova Khahlanong le Matichere a Bohata
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Bala Tse Ling
Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
pr karolo 4 maq. 16-19

Karolo 4

Bokreste-’mōtoana bo Tsoile Molimo le Bibele Tlaase

1, 2. Ke hobane’ng ha batho ba bang ba haelloa ke tlhompho bakeng sa Bibele, empa Bibele e re’ng?

1 Batho linaheng tse ngata ba ’nile ba qoba Bibele ’me ba ’nile ba haelloa ke tlhompho bakeng sa eona ka baka la boitšoaro bo bobe ba batho ba ipolelang hore baa e latela. Linaheng tse ling ho ’nile ha boleloa hore Bibele ke buka e lebisang ntoeng, hore ke buka ea makhooa, le hore ke buka e tšehetsang tsamaiso ea likolone. Empa tseo ke likhopolo tse fosahetseng.

2 Bibele, e ngoletsoeng Bochabela bo Hare, ha e tšehetse lintoa tsa likolone le tlatlapo e meharo e ’nileng ea tsoela pele ka lebitso la Bokreste ka nako e telele hakana. Ka ho fapaneng, ka ho bala Bibele le ho ithuta lithuto tsa Bokreste ba ’nete tse rutiloeng ke Jesu, u tla bona hore Bibele e nyatsa ka matla ntoa, boitšoaro bo bobe, le ho tlatlapa ba bang. Phoso ke ea batho ba meharo, hase ea Bibele. (1 Ba-Korinthe 13:1-6; Jakobo 4:1-3; 5:1-6; 1 Johanne 4:7, 8) Kahoo u se ke ua lumella boitšoaro bo fosahetseng ba batho ba baithati ba phelang khahlanong le keletso e molemo ea Bibele ho u thibela ho rua molemo matlotlong a eona.

3. Linnete tsa histori li bontša eng ka Bokreste-’mōtoana?

3 Ba akareletsoang har’a ba sa lateleng keletso ea Bibele ke batho le lichaba tsa Bokreste-’mōtoana. “Bokreste-’mōtoana” bo hlalosoa e le karolo ea lefatše eo ho eona Bokreste bo atileng. Haholo-holo ke lefatše le ka Bophirimela hammoho le litsamaiso tsa lona tsa likereke, tseo ho tloha lekholong la bone la lilemo C.E. e ileng ea e-ba tse hlaheletseng. Bokreste-’mōtoana bo ’nile ba ba le Bibele ka lilemo tse makholo, ’me baruti ba bona ba ipolela hore baa e ruta le hore ke baemeli ba Molimo. Empa na baruti le baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba ruta ’nete? Na kannete liketso tsa bona li emela Molimo le Bibele? Na kannete Bokreste bo atile ho Bokreste-’mōtoana? Che. Ho tloha ha bolumeli ba bona bo hlahella lekholong la bone la lilemo, Bokreste-’mōtoana bo ’nile ba ipaka e le sera sa Molimo le sa Bibele. E, linnete tsa histori li bontša hore Bokreste-’mōtoana bo tsoile Molimo le Bibele tlaase.

Lithuto Tseo e Seng tsa Bibele

4, 5. Ke lithuto life tseo e seng tsa Bibele tse rutoang ke likereke?

4 Lithuto tsa motheo tsa Bokreste-’mōtoana ha lia thehoa Bibeleng empa li thehiloe litšōmong tsa boholo-holo—tsa Greece, Egepeta, Babylona, le tse ling. Lithuto tse kang ho se shoe ha sephefumolohi sa motho, tlhokofatso ea ka ho sa feleng mollong oa lihele, pelekatori, le Boraro-bo-bong (batho ba bararo ho Molimo a le mong) ha li fumanehe ka Bibeleng.

5 Ka mohlala, nahana ka thuto ea hore batho ba babe ba tla hlokofatsoa ka ho sa feleng liheleng tsa mollo. U ikutloa joang ka khopolo ee? Ba bangata baa e nyatsa. Ba fumana e le ho sa utloahaleng hore ebe Molimo a ka hlokofatsa batho ka ho sa feleng, a ba boloka bohlokong ba mahlomola. Khopolo e sehlōhō joalo e khahlanong le Molimo oa Bibele, hobane “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8, NW) Bibele e bolela ka ho hlaka hore thuto e joalo ‘ha ea ka ea hlaha pelong’ ea Molimo ea Matla ’Ohle.—Jeremia 7:31; 19:5; 32:35.

6. Bibele e bontša joang hore thuto ea sephefumolohi se sa shoeng e fosahetse?

6 Kajeno malumeli a mangata, ho akarelletsa le likereke tsa Bokreste-’mōtoana, a ruta hore batho ba na le sephefumolohi se sa shoeng, se eang leholimong kapa liheleng ha motho a e-shoa. Thuto ena hase ea Bibele. Ho e-na le hoo, Bibele e bolela ka ho hlaka hore: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng, . . . hobane nģalong ea bafu [lebitleng] moo u eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.” (Moeklesia 9:5, 10) ’Me mopesaleme o bolela hore ha motho a e-shoa o “khutlela lerōleng la [hae]; ka tsatsi lona leo, merero ea [hae] e felile.”—Pesaleme ea 146:4.

7. Kotlo ea Adama le Eva e bile efe bakeng sa ho tlōla molao oa Molimo?

7 Hape, hopola hore ha Adama le Eva ba tlōla molao oa Molimo, kotlo ha ea ka ea e-ba ho se shoe. Hoo e ne e tla ba moputso, eseng kotlo! Ho e-na le hoo, ba ile ba bolelloa hore ba tla “[khutlela] mobung oo [ba] ntšitsoeng ho oona.” Molimo o ile a hatisa sena ho Adama: “Hobane u lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:19) Ka hona, thuto ea ho se shoe ha sephefumolohi ha e eo ka Bibeleng empa Bokreste-’mōtoana bo e alimile ho batho bao e seng Bakreste ba phetseng pele ho bona.

8. Bibele e bontša joang hore thuto ea Bokreste-’mōtoana ea Boraro-bo-bong e fosahetse?

8 Hape, thuto ea Bokreste-’mōtoana ea Boraro-bo-bong e hlahisa Molimo e le Molimo ea itseng oa sephiri eo e leng batho ba bararo ho a le mong. Empa thuto eo le eona ha e fumanehe ka Bibeleng. Ka mohlala, ho Esaia 40:25 (NW), Molimo o bolela ka ho hlaka: “Le ka ntšoantša le mang e le hore nka lekanngoa le eena?” Karabo e totobetse: Ha ho ea ka lekanngoang le eena. Hape, Pesaleme ea 83:18 (NW), e bolela ka ho hlaka hore: “Uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, ke uena feela Ea Holimo-limo lefatšeng lohle.”—Bona le Esaia 45:5; 46:9; Johanne 5:19; 6:38; 7:16.

9. Re ka re’ng ka lithuto tsa Bibele le ka lithuto tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana?

9 Lithuto tsa Bibele ka Molimo le merero ea hae li hlakile, ho bonolo ho li utloisisa, ’me lia utloahala. Empa ha ho joalo ka lithuto tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana. Ho hobe le ho feta, li khahlanong le Bibele.

Liketso Tseo e Seng tsa Bomolimo

10, 11. Ke ka litsela life lithuto tsa Bibele li leng khahlanong le tsa likereke tsa Bokreste-’mōtoana?

10 Ho phaella ho ruteng lithuto tsa bohata, Bokreste-’mōtoana bo tsoile Molimo le Bibele tlaase ka liketso tsa bona. Seo baruti le likereke li se entseng lilemong tse makholo tse fetileng, le seo li ntseng li tsoela pele ho se etsa mehleng ea rōna, se khahlanong le seo Molimo oa Bibele a se hlokang ’me se khahlanong le seo Mothehi oa Bokreste, Jesu Kreste, a se rutileng le ho se etsa.

11 Ka mohlala, Jesu o rutile balateli ba hae hore ba se ke ba itšunya litabeng tsa lipolotiki tsa lefatše lena leha e le ho kenella lintoeng tsa lona. Hape o ile a ba ruta hore e be ba ratang khotso, ba bolokang molao, ba nang le lerato bakeng sa batho ba bang, le se nang lehloeo leha e le lefe, esita le ho ikemisetsa ho tela bophelo ba bona ho fapana le ho felisa bophelo ba ba bang.—Johanne 15:13; Liketso 10:34, 35; 1 Johanne 4:20, 21.

12. Jesu o itse ke eng se tla khetholla Bakreste ba ’nete?

12 Ka sebele, Jesu o rutile hore lerato bakeng sa batho ba bang e ne e tla ba letšoao le tla khetholla Bakreste ba ’nete ho Bakreste ba bohata, ba baikaketsi. O ile a re ho ba neng ba tla mo latela: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.”—Johanne 13:34, 35; 15:12.

13, 14. Ke eng se bontšang hore likereke tsa Bokreste-’mōtoana ha li emele Molimo?

13 Leha ho le joalo, ka lilemo tse makholo-kholo, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ’nile ba itšunya lipolotiking ’me ba tšehetsa lintoa tsa lichaba tsa bona. Ba bile ba tšehetsa mahlakore a loantšanang lintoeng ka har’a Bokreste-’mōtoana, joaloka lintoa tse peli tsa lefatše tsa lekholo lena la lilemo. Lintoeng tseo baruti ka lehlakoreng ka leng ba ileng ba rapella tlhōlo, ’me litho tsa bolumeli bo le bong ho tsoa naheng e ’ngoe li ne li bolaea litho tsa bolumeli bona boo tse tsoang naheng e ’ngoe esele. Empa ke sona seo Bibele e bolelang hore se etsoa ke bana ba Satane, eseng ba Molimo. (1 Johanne 3:10-12, 15) Ka hona, le hoja baruti le balateli ba bona ba ’nile ba ipolela hore ke Bakreste, ba ’nile ba hanyetsa lithuto tsa Jesu Kreste, ea ileng a bolella balateli ba hae hore ba ‘khutlise sabole.’—Mattheu 26:51, 52.

14 Ka lilemo tse makholo likereke li ’nile tsa sebelisana ’moho le linaha tsa Bokreste-’mōtoana tse tlas’a puso ea lipolotiki ha linaha tseo li hapa batho ba bang, li ba etsa makhoba, li bile li ba hobosa mehleng ea puso ea tlatlapo. Ho bile joalo ka lilemo tse makholo Afrika. Chaena le eona e ile ea hlaheloa ke sena, ha linaha tsa Bophirimela ka likhoka li e-ba le tšusumetso, joaloka nakong ea Lintoa tsa Opium le Bofetoheli ba Mokhatlo oa Sekhukhu oa Chaena o Qobellang Basokolohi ho Latola Bokreste.

15. Ke lintho life tse mpe tse ’nileng tsa hlohleletsoa ke Bokreste-’mōtoana?

15 Hape malumeli a Bokreste-’mōtoana a ’nile a etella pele ho hlorisoeng, ho hlokofatsoeng, esita le ho bolaoeng ha batho ba neng ba hanana le ’ona makholong ao a lilemo a mehla ea histori e bitsoang Mehla e Lefifi. Nakong ea Lekhotla le Otlang Bakhelohi, le ileng la ba teng ka lilemo tse makholo, liketso tse sehlōhō, tse kang tlhokofatso le polao, li ile tsa lumelloa le ho ntšetsoa pele khahlanong le batho ba khabane, ba se nang molato. Bahlohleletsi e ne e le baruti le balateli ba bona, bao kaofela ha bona ba neng ba ipolela hore ke Bakreste. Ba bile ba leka ho felisa Bibele e le hore batho feela ba tloaelehileng ba se ke ba e bala.

Hase tsa Bokreste

16, 17. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore likereke hase tsa Bokreste?

16 Che, linaha le likereke tsa Bokreste-’mōtoana e ne e se tsa Bokreste, ebile e ntse e se tsona. Hase bahlanka ba Molimo. Lentsoe la hae le bululetsoeng le re ka bona: “Ka molomo ba bolela hore ba tseba Molimo, empa ba o latola ka liketso; ke ba manyala le ba hanang ho utloa, ’me ba sitoa ke ho etsa mosebetsi o motle leha o le mong.”—Tite 1:16.

17 Jesu o itse bolumeli ba bohata bo ne bo ka khetholloa ka seo bo se hlahisang, litholoana tsa bona. O itse: “Phemang baprofeta ba bohata, ba tlang ho lōna ba apere kobo ea nku, empa kahare e le liphiri tse hapakang. Le tla ba tseba ka ho bea [“litholoana,” NW] ha bona. . . . Sefate ka seng se monate se bea litholoana tse monate; le sefate ka seng se sebe se bea litholoana tse mpe. Sefate se monate se ka sitoa ho bea litholoana tse mpe, ’me sefate se sebe se ka sitoa ho bea litholoana tse monate. Sefate se seng le se seng se sa beeng litholoana tse monate, se tla rengoa, se lahleloe mollong. Ke moo ke reng: [Baprofeta bao ba bohata] le tla ba tseba ka ho bea [“litholoana,” NW] ha bona.”—Mattheu 7:15-20.

18. Phello ea lithuto le liketso tsa Bokreste-’mōtoana e bile efe?

18 Ka hona, ho ea ka seo a se rutileng le seo a se entseng, malumeli a Bokreste-’mōtoana a bontšitse hore ho ipolela ha oona hore a lumela Bibeleng le hore a tšaba Molimo le hore ke a Bokreste ke leshano. A tsoile Molimo le Bibele tlaase. Ka ho etsa joalo, a entse hore batho ba limillione ba tenehe ’me a entse hore ba furalle tumelo ho Motho ea Phahameng.

19. Na ho hlōleha ha Bokreste-’mōtoana ho bolela hore Molimo o hlōlehile le hore Bibele e hlōlehile?

19 Leha ho le joalo, ho hlōleha ha baruti le likereke tsa Bokreste-’mōtoana, hammoho le ho hlōleha ha malumeli a mang ka ntle ho Bokreste-’mōtoana, ha ho bolele ho hlōleha ha Bibele. Ebile ha ho bolele hore Molimo o hlōlehile. Ho fapana le hoo, Bibele e re bolella ka Motho ea Phahameng ea leng teng le ea re tsotellang hammoho le bokamoso ba rōna. E bontša kamoo a tla putsa batho ba lipelo li tšepahalang ba batlang ho etsa se nepahetseng, ba batlang ho bona toka le khotso li atile ho pholletsa le lefatše. Hape e bontša lebaka leo ka lona Molimo a lumeletseng bokhopo le ho utloa bohloko ho ba teng le kamoo a tla lokolla lefatše bathong ba ntšang ba bang kotsi, hammoho le ba ipolelang hore baa mo sebeletsa empa ho se joalo.

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

“Inferno” ea Dante

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Doré’s illustration of Barrators—Giampolo for Dante’s Divine Comedy

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Boraro-bo-bong ba Bokreste-’mōtoana

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Boraro-bo-bong ba Hindu

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy of The British Museum

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Boraro-bo-bong ba Egepeta

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Museo Egizio, Turin

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Ka ho fapaneng le lithuto tsa Jesu, baruti ka mahlakoreng a mabeli ba ’nile ba tšehetsa lintoa

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

U.S. Army photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela