Khaolo ea 16
Kamoo U ka Atamelang Haufi le Molimo
1. Ke ho tšoana hofe ho totobalang malumeling a mangata?
MOHAHLAULI e mong ea neng a etetse naha e ’ngoe ea Bochabela o ile a makatsoa ke litšebeletso tsa bolumeli tseo a ileng a li bona tempeleng ea Buddha. Le hoja litšoantšo e ne e se tsa Maria kapa Kreste, boholo ba litšebeletso bo ne bo tšoana le ba kereke ea hae ha habo. Ka mohlala, o ile a hlokomela ho sebelisoa ha lirosari le ho bina lithapelo. Ba bang le bona ba ile ba etsa papiso e joalo. Bochabela kapa Bophirimela, litsela tseo ka tsona batho ba inehetseng, ba lekang ho atamela haufi le Molimo kapa linthong tseo ba li rapelang, li tšoana ka tsela e makatsang.
2. Thapelo e ’nile ea hlalosoa joang, hona ke hobane’ng ha batho ba bangata ba rapela?
2 Ba bangata ka ho khetheha ba leka ho atamela haufi le Molimo ka ho mo rapela. Thapelo e ’nile ea hlalosoa e le “bohato ba ho buisana ha motho le ea halalelang—Molimo, melimo, sebaka se sa fihleloeng, kapa matla a phahametseng a tlhaho.” (The New Encyclopædia Britannica) Leha ho le joalo, ha ba atamela Molimo ka thapelo, ba bang ba nahana feela ka seo ba ka se fumanang. Ka mohlala, monna e mong o kile a botsa e mong oa Lipaki tsa Jehova: “Haeba u nthapella, na mathata ao ke nang le ’ona lapeng la ka, mosebetsing, le bophelong ba ka ’meleng a tla rarolleha?” Ho bonahala monna eo a ile a nahana joalo, empa ba bangata baa rapela ’me ba fumane hore mathata a bona a ntse a tsoela pele. Kahoo re ka ’na ra botsa, ‘Feela ke hobane’ng ha re lokela ho atamela haufi le Molimo?’
LEBAKA LA HO ATAMELA HAUFI LE MOLIMO
3. Lithapelo tsa rōna li lokela ho lebisoa ho mang, hona hobane’ng?
3 Thapelo hase ntho feela e etsoang ka tloaelo e sa reng letho, leha e le hore e mpa e le tsela ea ho fumana ho hong. Lebaka le ka sehloohong la ho atamela Molimo ke ho ba le kamano e haufi le eena. Ka hona lithapelo tsa rōna li lokela ho lebisoa ho Jehova Molimo. Mopesaleme Davida o ile a re: “Jehova o haufi le bohle ba mo rapelang.” (Pesaleme ea 145:18) Jehova o re memela hore re be kamanong ea khotso le eena. (Esaia 1:18) Ba arabelang memo ena ba lumellana le mopesaleme ea ileng a re: “Ha e le ’na, ho ba haufi le Molimo, ke molemo ho ’na.” Hobane’ng? Hobane ba atamelang haufi le Jehova Molimo ba tla latsoa thabo ea ’nete le khotso ea kelello.—Pesaleme ea 73:28.
4, 5. (a) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho rapela Molimo? (b) Ke kamano ea mofuta ofe eo re ka e hahang le Molimo ka thapelo?
4 Ke hobane’ng ha re lokela ho rapela Molimo haeba a ‘tseba seo re se hlokang le pele re se kōpa ho eena’? (Matheu 6:8; Pesaleme ea 139:4) Thapelo e bontša hore re na le tumelo ho Molimo le hore re mo talima e le Mohloli oa “mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng.” (Jakobo 1:17; Baheberu 11:6) Jehova o thabela lithapelo tsa rōna. (Liproverbia 15:8) O thabela ho utloa lipolelo tsa rōna tse nang le moelelo tsa kananelo le thoriso, feela joalokaha ntate a thabela ho utloa ha ngoana oa hae e monyenyane a bua mantsoe a tiileng a teboho. (Pesaleme ea 119:108) Moo ho nang le kamano e ntle ea ntate le ngoana, ho na le puisano e mofuthu. Ngoana ea ratoang o batla ho bua le ntate oa hae. Ke ’nete le ha ho tluoa kamanong ea rōna le Molimo. Haeba re hlile re ananela seo re ithutang sona ka Jehova le lerato leo a re bontšitseng lona, re tla ba le takatso e matla ea ho itlhalosa ho eena ka thapelo.—1 Johanne 4:16-18.
5 Ha re atamela Molimo Ea Holimo-limo, re lokela ho bontša tlhompho, le hoja ho sa hlokahale hore re khathatsehe ka ho fetisisa ka mantsoe a khethehileng ao re a sebelisang. (Baheberu 4:16) Kamehla re ka khona ho buisana le Jehova. ’Me ke tokelo e kaakang hore re ka ‘tšollela lipelo tsa rōna’ ho Molimo ka thapelo! (Pesaleme ea 62:8) Ho ananela Jehova ho lebisa kamanong e mofuthu le eena, e kang eo Abrahama a ileng a e thabela e le motsoalle oa Molimo. (Jakobo 2:23) Empa ha re rapela Morena ’Musi oa bokahohleng, re tlameha ho lumellana le litlhokahalo tsa hae bakeng sa ho mo atamela.
LITLHOKAHALO BAKENG SA HO ATAMELA HAUFI LE MOLIMO
6, 7. Le hoja Molimo a sa batle tefo bakeng sa ho utloa lithapelo tsa rōna, o hloka eng ho rōna ha re rapela?
6 Na chelete e-ea hlokahala bakeng sa ho atamela Molimo? Batho ba bangata ba lefa baruti hore ba ba rapelle. Ba bang ba bile ba lumela hore lithapelo tsa bona li tla utluoa ho latela boholo ba monehelo oo ba o ntšang. Leha ho le joalo, Lentsoe la Molimo ha le bolele hore ho hlokahala nyehelo ea chelete ho rōna hore re atamele Jehova ka thapelo. Litokisetso tsa hae tsa moea le mahlohonolo a ho ba le kamano le eena ka thapelo li fumaneha ka ntle ho theko.—Esaia 55:1, 2.
7 Joale, ho hlokahala eng? Boikutlo bo nepahetseng ba pelo ke tlhokahalo e ’ngoe. (2 Likronike 6:29, 30; Liproverbia 15:11) Lipelong tsa rōna re tlameha ho ba le tumelo ho Jehova Molimo joaloka “ea utloang merapelo” le “moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” (Pesaleme ea 65:2; Baheberu 11:6) Hape re tlameha ho ba le pelo e ikokobelitseng. (2 Marena 22:19; Pesaleme ea 51:17) Ho e ’ngoe ea lipapiso tsa hae, Jesu Kreste o ile a bontša hore ha ’mokelli e mong oa lekhetho ea ikokobelitseng a ne a atamela Molimo ka boikutlo ba pelo e robehileng o ile a pakoa a lokile haholoanyane ho feta Mofarisi ea ikhohomosang. (Luka 18:10-14) Ha re atamela Molimo ka thapelo, a re hopoleng hore “motho ka mong ea ikhohomosang ka pelong, ke manyala ho Jehova.”—Liproverbia 16:5.
8. Haeba re lakatsa hore Molimo a arabele lithapelo tsa rōna, re tlameha ho itlhoekisa eng?
8 Haeba re lakatsa hore Molimo a arabele lithapelo tsa rōna, re lokela ho itlhoekisa boitšoarong ba boetsalibe. Ha morutuoa Jakobo a ne a khothalletsa ba bang hore ba atamele haufi le Molimo, o ile a phaella: “Hloekisang matsoho a lōna, lōna baetsalibe, ’me le hloekise lipelo tsa lōna, lōna ba hlōlehang ho etsa qeto.” (Jakobo 4:8) Esita le bafosi ba ka ba kamanong ea khotso le Jehova haeba ba baka ’me ba tlohela tsela ea bona ea pele ea bophelo. (Liproverbia 28:13) Jehova a ke ke a re mamela haeba feela re etsa eka re hloekisitse litsela tsa rōna. Lentsoe la Molimo le re: “Mahlo a Jehova a ho ba lokileng, ’me o sekehela litsebe tsa hae thapeli ea bona; empa sefahleho sa Jehova se khahlanong le ba etsang lintho tse mpe.”—1 Petrose 3:12.
9. Re lokela ho atamela Jehova ka mang, hona hobane’ng?
9 Bibele e re: “Ha ho motho ea lokileng lefatšeng ea ntseng a etsa hantle, a sa tšohe a etsa sebe.” (Moeklesia 7:20) Ka hona u ka ’na ua botsa: ‘Joale, re ka atamela Jehova Molimo joang?’ Bibele e-ea arabela: “Haeba mang kapa mang a fela a etsa sebe, re na le mothusi ho Ntate, Jesu Kreste, ea lokileng.” (1 Johanne 2:1) Le hoja re le baetsalibe, re ka atamela Molimo ka bolokolohi ba puo ka Jesu Kreste, ea shoeleng e le thekollo bakeng sa rōna. (Matheu 20:28) Ke eena feela mocha oo re ka atamelang Jehova Molimo ka oona. (Johanne 14:6) Ha rea tlameha ho nka bohlokoa ba sehlabelo sa topollo sa Jesu habobebe e be re etsa sebe ka boomo. (Baheberu 10:26) Leha ho le joalo, haeba re etsa sohle se matleng a rōna ho ithiba bobeng ’me leha ho le joalo re etsa phoso ka linako tse ling, re ka baka ’me ra kōpa tšoarelo ho Molimo. Ha re mo atamela ka lipelo tse ikokobelitseng, o tla re utloa.—Luka 11:4.
MENYETLA EA HO BUA LE MOLIMO
10. Ha re bua ka thapelo, re ka etsisa Jesu joang, ’me ke linako life tse loketseng thapelo ea boinotšing?
10 Jesu Kreste o ne a nka kamano ea hae le Jehova e le ea bohlokoa haholo. Ka hona, Jesu o ile a ipha nako ea ho bua le Molimo boinotšing ka thapelo. (Mareka 1:35; Luka 22:40-46) Re etsa hantle ha re etsisa mohlala oa Jesu ’me re rapela Molimo kamehla. (Baroma 12:12) Ho loketse ho qala letsatsi ka mantsoe a thapelo, ’me pele re il’o robala, ka nepo re ka leboha Jehova bakeng sa mosebetsi oa letsatsi leo. Motšehare, etsa bonnete ba hore u atamela Molimo “nako e ’ngoe le e ’ngoe.” (Baefese 6:18) Re ka rapella le ka pelong re khutsitse, re tseba hore Jehova a ka re utloa. Ho bua le Molimo boinotšing ho re thusa ho tiisa kamano ea rōna le eena, ’me ho rapela Jehova letsatsi le letsatsi ho re thusa ho atamela haufi-ufi le eena.
11. (a) Ke hobane’ng ha malapa a lokela ho rapela hammoho? (b) Ho bolela eng ha u re “Amen” qetellong ea thapelo?
11 Jehova o boetse o mamela lithapelo tse etsoang molemong oa lihlopha tsa batho. (1 Marena 8:22-53) Re ka atamela haufi le Molimo re le lelapa, hlooho ea lelapa e etella pele. Hona ho matlafatsa tlamo ea lelapa, ’me Jehova e ba oa sebele ho ba banyenyane ha ba utloa batsoali ba bona ba rapela Molimo ka boikokobetso. Ho thoe’ng haeba e mong a emela sehlopha ka thapelo, mohlomong sebokeng sa Lipaki tsa Jehova? Haeba re le har’a bamameli, a re mameleng ka hloko e le hore qetellong ea thapelo, ka pelo eohle re ka re, “Amen,” e bolelang, “Ha ho be joalo.”—1 Bakorinthe 14:16.
LITHAPELO TSEO JEHOVA A LI UTLOANG
12. (a) Ke hobane’ng ha Molimo a sa arabele lithapelo tse ling? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tsepamisa mohopolo feela litlhokong tsa botho ha re rapela?
12 Ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore Molimo ha a arabele lithapelo tsa bona le hoja ba mo rapela ka Kreste. Leha ho le joalo, moapostola Johanne o ile a re: “Ho sa tsotellehe hore na ke eng eo re e kōpang ho ea ka thato [ea Molimo], oa re utloa.” (1 Johanne 5:14) Joale, kahoo ho hlokahala re kōpe ho ea ka thato ea Molimo. Kaha o thahasella bophelo ba rōna ba moea, eng kapa eng e amang bomoea ba rōna ke taba e loketseng bakeng sa thapelo. Re tlameha ho hanela teko ea ho tsepamisa mohopolo ka ho feletseng litlhokong tsa nama. Ka mohlala, le hoja ho loketse ho rapella temohisiso le ho matlafatsoa ho sebetsana le bokuli, ho tšoenyeha ka bophelo ha hoa lokela ho kupetsa lithahasello tsa moea. (Pesaleme ea 41:1-3) Hoba a hlokomele hore o ne a tšoenyehile haholo ka bophelo ba hae, mosali e mong oa Mokreste o ile a kōpa Jehova thuso hore a be le pono e ntle ka bokuli ba hae. Ka lebaka leo, mathata a bophelo ba hae e ile ea e-ba taba e nyenyane eo a tšoenyehileng ka eona, ’me a ikutloa hore o filoe “matla a ka ’nģane ho se tloaelehileng.” (2 Bakorinthe 4:7) Takatso ea hae ea ho thusa ba bang moeeng e ile ea matlafala, ’me e ile ea e-ba ’moleli oa ’Muso oa nako e tletseng.
13. Joalokaha ho bontšitsoe ho Matheu 6:9-13, ke lintlha life tse loketseng tseo re ka li akarelletsang lithapelong tsa rōna?
13 Re ka akarelletsa eng lithapelong tsa rōna e le hore Jehova a tle a thabele ho utloa lithapelo tsa rōna? Jesu Kreste o ile a ruta balateli ba hae mokhoa oa ho rapela. Thapelong ea mohlala e tlalehiloeng ho Matheu 6:9-13, o ile a thathamisa mehlala ea lintho tseo ka nepo re ka li rapellang. Lithapelong tsa rōna re lokela ho ameha ka eng haholo-holo? Lebitso la Jehova Molimo le ’Muso e lokela ho ba lintho tse ka sehloohong. Ho kōpa lintho tse bonahalang tseo re li hlokang ho loketse. Ho boetse ke habohlokoa ho kōpa tšoarelo ea libe tsa rōna le bakeng sa topollo litekong le ho e mobe, Satane Diabolose. Jesu o ne a sa batle hore re bine thapelo ena kapa ho e pheta-pheta, re e pheta re sa nahane ka seo e se bolelang. (Matheu 6:7) E ne e tla ba kamano ea mofuta ofe haeba ngoana a sebelisa mantsoe a tšoanang nako e ’ngoe le e ’ngoe ha a bua le ntate oa hae?
14. Ka ntle ho likōpo tse matla, re lokela ho etsa lithapelo life?
14 Ka ntle ho likōpo tse matla le lithapeli tse tlohang botebong ba pelo, re lokela ho etsa lithapelo tsa thoriso le teboho. (Pesaleme ea 34:1; 92:1; 1 Bathesalonika 5:18) Re ka boetse ra rapella ba bang. Lithapelo tse mabapi le baena ba rōna le bo-khaitseli ba hlōphehileng kapa ba hlorisoang li bontša hore rea ba thahasella, ’me Jehova o thabela ho utloa re bontša kameho e joalo. (Luka 22:32; Johanne 17:20; 1 Bathesalonika 5:25) Ha e le hantle, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Le se ke la tšoenyeha ka ntho leha e le efe, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla a li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.”—Bafilippi 4:6, 7.
TIISETSA THAPELONG
15. Re lokela ho hopola eng haeba lithapelo tsa rōna ho bonahala li sa arabeloe?
15 Le hoja u fumana tsebo ka Molimo, u ka ’na ua ikutloa eka lithapelo tsa hao ka linako tse ling ha li arabeloe. Ho ka ba joalo hobane e ka ’na eaba hase nako ea Molimo ea ho arabela thapelo e tobileng. (Moeklesia 3:1-9) Jehova a ka ’na a lumella boemo hore bo tsoele pele ka nakoana, empa o arabela lithapelo ’me o tseba nako e molemohali ea ho etsa joalo.—2 Bakorinthe 12:7-9.
16. Ke hobane’ng ha re lokela ho phehella thapelong, hona ho etsa joalo ho ka ama kamano ea rōna le Molimo joang?
16 Ho phehella ha rōna thapelong ho senola thahasello ea rōna e tlohang botebong ba pelo ho seo re se buang le Molimo. (Luka 18:1-8) Ka mohlala, re ka ’na ra kōpa Jehova hore a re thuse re hlōle bofokoli bo itseng. Ka ho tiisetsa thapelong le ho nka bohato tumellanong le likōpo tsa rōna tse matla, re bontša ho tiea ha rōna. Re lokela ho toba le ho tšepahala likōpong tsa rōna tse matla. Ke habohlokoa haholo-holo ho rapela ka tieo ha re le tekong. (Matheu 6:13) Ha re ntse re tsoela pele ho rapela ha re leka ho laola litšusumetso tsa rōna tsa boetsalibe, re tla bona hore na Jehova o re thusa joang. Hona ho tla haha tumelo ea rōna ’me ho matlafatse kamano ea rōna le eena.—1 Bakorinthe 10:13; Bafilippi 4:13.
17. Re tla rua molemo joang boikutlong ba thapelo ka ho sebeletsa Molimo?
17 Ka ho hlaolela boikutlo ba thapelo ha re etsetsa Jehova Molimo tšebeletso e halalelang, re tla hlokomela hore ha re mo sebeletse ka matla a rōna. Ke Jehova ea etsang hore lintho li phethoe. (1 Bakorinthe 4:7) Ho hlokomela sena ho tla re thusa hore re be ba ikokobelitseng ’me ho tla matlafatsa kamano ea rōna le eena. (1 Petrose 5:5, 6) E, re na le mabaka a utloahalang a ho tiisetsa thapelong. Lithapelo tsa rōna tse tiileng le tsebo ea bohlokoa ea kamoo re ka atamelang haufi le Ntate oa rōna oa leholimo li tla etsa hore bophelo ba rōna e be bo thabileng e le kannete.
PUISANO LE JEHOVA HA E-EA SEKAMELA LEHLAKORENG LE LE LENG
18. Re ka mamela Molimo joang?
18 Haeba re batla hore Molimo a utloe lithapelo tsa rōna, re tlameha ho mamela seo a se buang. (Zakaria 7:13) Ha a sa hlola a romella melaetsa ea hae ka baprofeta ba bululetsoeng ke Molimo ’me ha ho pelaelo hore ha a sebelise mekhoa ea tšebelisano le meea. (Deuteronoma 18:10-12) Empa re ka mamela Molimo ka ho ithuta Lentsoe la hae, Bibele. (Baroma 15:4; 2 Timothea 3:16, 17) Feela joalokaha re ne re ka hloka ho ba le tatso ea lijo tsa nama tse molemo ho rōna, re khothalletsoa hore re “hlaolele taba-tabelo ea lebese le sa tsoakoang la lentsoe.” Re hlaolele tatso bakeng sa lijo tsa moea ka ho bala Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi.—1 Petrose 2:2, 3; Liketso 17:11.
19. Molemo oa ho thuisa ka seo u se balang Bibeleng ke ofe?
19 Thuisa ka seo u se balang ka Bibeleng. (Pesaleme ea 1:1-3; 77:11, 12) Hoo ho bolela ho nahanisisa ka taba eo. U ka ’na ua tšoantša hona le ho thuisa lijo. U ka thuisa lijo tsa moea ka ho amahanya seo u se balang le lintho tseo u seng u li tseba. Nahana hore na boitsebiso boo bo ama bophelo ba hao joang, kapa nahana ka seo bo se senolang ka litšoaneleho tsa Jehova le litšebelisano tsa hae. Kahoo ka thuto ea botho, u ka iphepa ka lijo tsa moea tseo Jehova a fanang ka tsona. Sena se tla u atametsa haufi-ufi le Molimo ’me se tla u thusa ho sebetsana le mathata a letsatsi le letsatsi.
20. Ho ba teng libokeng tsa Bokreste ho re thusa ho atamela haufi le Molimo joang?
20 U ka boetse ua atamela haufi le Molimo ka ho mamela ha ho tšohloa Lentsoe la hae libokeng tsa Bokreste, feela joalokaha Baiseraele ba ile ba mamela ka hloko ha ba ne ba bokane ho ea utloa ha ho baloa Molao oa Molimo phatlalatsa. Barupeli ba mehleng eo ba ne ba hlalosa seo ba se balang Molaong, kahoo ba thusa bamameli ba bona ho utloisisa le ho susumelletseha ho sebelisa seo ba se utloang. Sena se ile sa lebisa thabong e khōlō. (Nehemia 8:8, 12) Kahoo itloaetse ho ba teng libokeng tsa Lipaki tsa Jehova. (Baheberu 10:24, 25) Sena se tla u thusa hore u utloisise ebe joale u sebelisa tsebo ea Molimo bophelong ba hao ’me se tla u tlisetsa thabo. Ho ba karolo ea boena ba Bokreste ba lefatšeng ka bophara ho tla u thusa ho lula haufi le Jehova. ’Me joalokaha re tla bona, u ka fumana tšireletseho ea ’nete har’a batho ba Molimo.
LEKA TSEBO EA HAO
Ke hobane’ng ha u lokela ho atamela haufi le Jehova?
Ho hlokahala eng bakeng sa ho atamela haufi le Molimo?
U ka akarelletsa eng lithapelong tsa hao?
Ke hobane’ng ha u lokela ho tiisetsa thapelong?
U ka mamela Jehova joang kajeno?
[Setšoantšo se tletseng leqephe la 157]