Thuto ea 12
Ho Bontša Tlhompho Bakeng sa Bophelo le Mali
Re lokela ho talima bophelo joang? (1) ho ntša mpa? (1)
Bakreste ba bontša joang hore ba lutse ba amehile ka tšireletso? (2)
Na ho bolaea liphoofolo ke phoso? (3)
Ke mekhoa efe e meng e sa bontšeng tlhompho bakeng sa bophelo? (4)
Molao oa Molimo ke ofe ka mali? (5)
Na see se akarelletsa tšelo ea mali? (6)
1. Jehova ke Mohloli oa bophelo. Lintho tsohle tse phelang li fumane bophelo ba tsona ho Molimo. (Pesaleme ea 36:9) Bophelo boa halalela ho Molimo. Esita le bophelo ba ngoana ea e-song ho hlahe ea ka hare ho ’m’ae ke ba bohlokoa ho Jehova. Ho bolaea ngoana ea ntseng a hōla joalo ka boomo ho fosahetse mahlong a Molimo.—Exoda 21:22, 23; Pesaleme ea 127:3.
2. Bakreste ba ’nete ba lula ba amehile ka tšireletso. Ba etsa bonnete ba hore makoloi a bona le mahae a bona a sireletsehile. (Deuteronoma 22:8) Bahlanka ba Molimo ha ba behe bophelo ba bona kotsing ho sa hlokahale molemong oa boithabiso feela kapa monyaka. Kahoo ha ba kopanele lipapaling tse mabifi tseo ka boomo li utloisang batho ba bang bohloko. Ba qoba boithabiso bo khothalletsang pefo.—Pesaleme ea 11:5, NW; Johanne 13:35.
3. Bophelo ba liphoofolo le bona boa halalela ho ’Mōpi. Mokreste a ka ’na a bolaea liphoofolo bakeng sa ho etsa lijo le liaparo kapa hore a itšireletse boloetseng le kotsing. (Genese 3:21; 9:3; Exoda 21:28) Empa ho fosahetse ho tšoara liphoofolo hampe kapa ho li bolaea bakeng sa lipapali feela kapa monyaka.—Liproverbia 12:10.
4. Ho tsuba, ho hlafuna betel nut le ho sebelisa lithethefatsi bakeng sa ho ithabisa ha lia lokela Bakreste. Mekhoa ena e fosahetse hobane (1) e re etsa makhoba a eona, (2) e ntša ’mele ea rōna kotsi le hore (3) e silafetse. (Baroma 6:19; 12:1; 2 Bakorinthe 7:1) Ho ka ba thata haholo ho tlohela litloaelo tsena. Empa re tlameha ho etsa joalo hore re khahlise Jehova.
5. Mali le ’ona aa halalela mahlong a Molimo. Molimo o bolela hore soule, kapa bophelo, e maling. Kahoo ho ja mali ke phoso. Hape ke phoso ho ja nama ea phoofolo e sa ntšoang mali hantle. Haeba phoofolo e fenethoa kapa e shoela lerabeng, ha ea lokela ho jeoa. Haeba e hlajoa ka lerumo kapa e thunngoa, e tlameha ho ntšoa mali kapele-pele haeba e tla jeoa.—Genese 9:3, 4; Levitike 17:13, 14; Liketso 15:28, 29.
6. Na ke phoso ho amohela tšelo ea mali? Hopola, Jehova o hloka hore re ile mali. Sena se bolela hore ho hang ka tsela leha e le efe ha rea tlameha ho kenya mali a batho ba bang ’meleng ea rōna kapa esita le mali a rōna a neng a bolokiloe. (Liketso 21:25) Kahoo Bakreste ba ’nete ha ba na ho amohela tšelo ea mali. Ba tla amohela mefuta e meng ea phekolo ea meriana, e kang ho kenngoa lihlahisoa tse se nang mali ’meleng. Ba batla ho phela, empa ba ke ke ba leka ho pholosa bophelo ba bona ka ho tlōla melao ea Molimo.—Matheu 16:25.
[Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Hore re thabise Molimo, re tlameha ho qoba tšelo ea mali, litloaelo tse litšila le ho ipeha kotsing ho sa hlokahale