Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 6/15 maq. 8-13
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boemo ba Molimo bo Tiileng ka Mali
  • Ho Sebelisa Mali Phekolong ea Meriana Kapa ho a Sebelisa e le Meriana
  • Na a Boloka Bophelo Tabeng ea Phekolo ea Meriana?
  • Na ho na le Mekhoa Leha e le Efe ea Phekolo e ka Sebelisoang ka Ntle ho Mali?
  • Mali a Bohlokoa ka ho Fetisisa
  • Mali—Aa Hlokahala Bakeng sa Bophelo
    Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
  • Lipotso Tsa Thuto ea Bukana Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Mali a Hlileng a Bolokang Bophelo ba batho
    Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
  • Litšelo Tsa Mali—Li Sireletsehile Hakae?
    Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 6/15 maq. 8-13

Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?

“Ikhethele bophelo . . . u utloe lentsoe [la Molimo] . . . hobane ke eena bophelo ba hao, le bolelele ba matsatsi a hao.”—DEUTERONOMA 30:19, 20.

1. Bakreste ba ’nete ba ikhethile joang ka ho hlompha ha bona mali?

BATHO ba bangata ba re ba hlompha bophelo, ba fana ka bopaki ba kamoo ba talimang taba ea ho ahloleloa lefu, ho ntšoa ha limpa, kapa ho tsoma. Leha ho le joalo, ho na le tsela e khethehileng eo ka eona Bakreste ba ’nete ba bontšang tlhompho bakeng sa bophelo. Pesaleme ea 36:9 e re: “Hobane seliba sa bophelo se ho uena [Molimo].” Kaha bophelo ke mpho e tsoang ho Molimo, Bakreste ba amohela pono ea oona ka mali a bophelo.

2, 3. Ke hobane’ng ha re lokela ho ameha ka Molimo mabapi le mali? (Liketso 17:25, 28)

2 Bophelo ba rōna bo itšetlehile ka mali, kaha a tsamaisa moea o hloekileng (oxygen) hohle ’meleng ea rōna, a tlosa moea o litšila (carbon dioxide), a etsa hore re ikamahanye le liphetoho tsa mocheso le mohatsela, ’me a re thusa ho loantša maloetse. Ea re fileng bophelo o ile a boela a qapa le ho fana ka mokeli-keli o tsotehang le o bolokang bophelo o bitsoang mali. Sena se bontša thahasello ea hae e sa khaotseng ea ho boloka bophelo ba batho.—Genese 45:5; Deuteronoma 28:66; 30:15, 16.

3 Bakreste le batho ka kakaretso ba lokela ho ipotsa: ‘Na mali a ka boloka bophelo ba ka ka tšebetso ea ’ona ea tlhaho, kapa na mali a ka boloka bophelo ka tsela e pharalletseng haholoanyane?’ Le hoja batho ba bangata ba hlokomela kamano e teng pakeng tsa bophelo le tšebetso e tloaelehileng ea mali, ha e le hantle ho na le ho hongata haholo ho amehang. Litekanyetso tse amoheloang ke Bakreste, Mamosleme, le Bajode, kaofela li lebisa tlhokomelo ho Monei-Bophelo ea hlalositseng maikutlo a hae ka bophelo le mali. E, ’Mōpi oa rōna o bua ho hongata ka mali.

Boemo ba Molimo bo Tiileng ka Mali

4. Mathoasong a histori ea batho, Molimo o ile oa re’ng ka mali?

4 Mali a boleloa ka makhetlo a fetang 400 ka hare ho Lentsoe la Molimo, Bibele. E ’ngoe ea litaelo tsa pele tsa Jehova ke e reng: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang le e tsamaeang e tla ba lijo tsa lōna. . . . Empa le se ke la ja nama e ntseng e e-na le mali a eona a bophelo.” O ile a phaella: “Hobane ka sebele ke tla batla boikarabello bakeng sa mali a lōna a bophelo.” (Genese 9:3-5, New International Version) Jehova o ile a rialo ho Noe, ntate-moholo oa lelapa la batho. Ka hona, batho bohle ba ile ba hlokomelisoa hore ’Mōpi o talima mali a emela bophelo. E mong le e mong ea ipolelang hore o amohela Molimo e le Monei-Bophelo o tšoanela ho hlokomela hore boemo ba Hae ke bo tiileng ka ho sebelisa mali.

5. Lebaka la sehlooho leo ka lona Baiseraele ba neng ba sa je mali ke lefe?

5 Molimo o ile oa boela oa bua ka mali ha o fa Iseraele lethathamo la litaelo tsa Molao. Levitike 17:10, 11, ho latela phetolelo ea Tanakh ea Sejode, e baleha tjena: “Haeba ofe kapa ofe oa ntlo ea Iseraele kapa oa balichaba ba lulang har’a bona a ka ja mali afe kapa afe, Ke tla tjamela motho eo ea jang mali, ’me ke tla mo timetsa har’a batho ba habo. Hobane bophelo ba nama bo maling.” Molao oo o ne o ka ba le melemo bophelong bo botle, empa ho ne ho ameha ho hongata haholo. Ka hore Baiseraele ba nke mali e le a khethehileng, ba ne ba tla bontša hore ba itšetlehile ka Molimo bakeng sa bophelo. (Deuteronoma 30:19, 20) E, lebaka le leholo la hore ba se ke ba ja mali e ne e se hore a ne a ka etsa hore ba se ke ba phela hantle ’meleng, empa e ne e le hore mali ke ntho e khethehileng ho Molimo.

6. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Jesu o ile a tšehetsa boemo ba Molimo ka mali?

6 Bokreste bo eme hokae mabapi le ho boloka bophelo ka mali? Jesu o ne a tseba seo Ntate oa hae a se buileng mabapi le ho sebelisa mali. Jesu “ha aa ka a etsa phoso, [’me] thetso ha ea ka ea fumanoa molomong oa hae.” Hoo ho bolela hore o ne a boloka Molao ka ho phethahetseng, ho akarelletsa le molao o buang ka mali. (1 Petrose 2:22, Knox) Ka ho etsa joalo o ile a behela balateli ba hae mohlala, ho akarelletsa le mohlala oa ho bontša tlhompho bakeng sa bophelo le mali.

7, 8. Ho ile ha hlaka joang hore molao oa Molimo ka mali oa sebetsa ho Bakreste?

7 Histori e re bontša se ileng sa etsahala hamorao ha seboka sa sehlopha se busang sa Bakreste se ne se etsa qeto ea hore na Bakreste ba lokela ho boloka melao eohle ea Iseraele kapa che. Tlas’a tataiso ea Molimo, se ile sa re Bakreste ha baa tlameha ho boloka molao oa Moshe empa ho ‘hlokahala’ hore ba “tsoele pele ho tela lintho tse hlabetsoeng melimo ea litšoantšo le mali le lintho tse fenethiloeng [nama e sa ntšoang mali] le bohlola.” (Liketso 15:22-29, NW) Ka hona se ile sa hlakisa hore ho qoba mali ke habohlokoa boitšoarong joaloka ho qoba borapeli ba melimo ea litšoantšo le boitšoaro bo bobe bo fetelletseng.a

8 Bakreste ba pele ba ile ba tšehetsa thibelo eo e neng e tsoa ho Molimo. Ha seithuti sa Brithani Joseph Benson se hlalosa taba ena se itse: “Thibelo ena ea ho ja mali, e ileng ea fuoa Noe le bana bohle ba hae, le e ileng ea phetoa ho Baiseraele . . . ha ho mohla e kileng ea hlakoloa, empa, ho fapana le hoo, e ’nile ea tiisoa tlas’a Testamente e Ncha, Liketso xv.; ’me ka tsela eo e ile ea fetoloa e tlamang ka ho tsoelang pele.” Leha ho le joalo, na seo Bibele e se buang ka mali se hanela litšebeliso tsa ’ona tsa kajeno phekolong ea meriana, tse kang litšelo tsa mali, tseo ka ho hlakileng li neng li sa sebelisoe mehleng ea Noe kapa mehleng ea baapostola?

Ho Sebelisa Mali Phekolong ea Meriana Kapa ho a Sebelisa e le Meriana

9. Mali a ne a sebelisoa joang phekolong ea meriana mehleng ea boholo-holo, ’me hoo ho ne ho fapane le boemo bofe ba Bakreste?

9 Ho sebelisoa ha mali merianeng hase ntho e qalileng mehleng ea kajeno. Buka Flesh and Blood, ea Reay Tannahill, e bontša hore hoo e ka bang ka lilemo tse 2 000, Egepeta le libakeng tse ling, “mali a ne a nkoa e le phekolo e phahameng haholo ea lepera.” Baroma ba ne ba lumela hore sethoathoa se ka phekoloa ka ho noa mali a motho. Tertullian o ile a ngola ka tšebeliso ena ea “meriana” ea mali: “Nahana ka bao ka lenyora le susumetsoang ke meharo, ba noang mali a batlōli ba molao ba khopo pontšong e tšoaretsoeng lebaleng la lipapali . . . ’me ba a nkela ho ea phekola lefu la bona la sethoathoa.” Sena se ne se fapane haholo le seo Bakreste ba neng ba se etsa: “Esita le mali a liphoofolo feela ha re be le ’ona lijong tsa rōna . . . Ha le leka Bakreste le ba neha liboroso tse entsoeng ka mali. Ka ho hlakileng, le kholisehile hore ho bona, [hoo] ke tlōlo ea molao.” Nahana ka tlhaloso ena: Ho fapana le hore ba je mali, a emelang bophelo, Bakreste ba pele ba ne ba ikemiselitse ho tobana le lefu.—Bapisa le 2 Samuele 23:15-17.

10, 11. Ke hobane’ng ha ho ka tiisoa hore tekanyetso ea Molimo ka mali e hanela ho amohela litšelo tsa mali?

10 Ha e le hantle, morao koo mali a ne a sa tšeloe ’meleng, hobane liteko tsa litšelo tsa mali li qalile mathoasong a lekholo la bo16 la lilemo feela. Leha ho le joalo, lekholong la bo17 la lilemo, moprofesa e mong oa saense ea kaheho ea lintho tse phelang (anatomy) Univesithing ea Copenhagen, o ile a hanyetsa: ‘Ho bonahala ba kenelletseng tšebelisong ea mali a batho bakeng sa phekolo ea ka maleng ea mafu ba a sebelisa hampe ’me ba etsa sebe se tebileng. Malimo aa ahloloa. Ke hobane’ng ha re sa nyonye ba silafatsang ’metso ea bona ka mali a batho? Ho hong ho tšoanang le hoo ke ho amohela mali a motho e mong a tsoang mothapong o phuntsoeng, e-bang ke ka ho a ja ka molomo kapa ka lintho tse sebelisoang bakeng sa tšelo ea mali. Baqapi ba mosebetsi ona ba tšosoa ke molao oa Molimo.’

11 E, esita le makholong a fetileng a lilemo, batho ba ile ba hlokomela hore molao oa Molimo o thibela ho tšeloa mali methapong esita le ho a ja ka molomo. Haeba kajeno batho ba ka hlokomela sena ba tla thusoa ho utloisisa boemo boo Lipaki tsa Jehova li bo nkang, bo lumellanang le boemo ba Molimo. Le hoja Bakreste ba ’nete ba nka bophelo e le ba bohlokoa haholo ba bile ba ananela tlhokomelo ea meriana, ba hlompha bophelo joaloka mpho e tsoang ho ’Mōpi, kahoo ha ba leke ho boloka bophelo ka ho ja mali.—1 Samuele 25:29.

Na a Boloka Bophelo Tabeng ea Phekolo ea Meriana?

12. Ka ho utloahalang batho ba nahanang ba ka hlahloba eng ka litšelo tsa mali?

12 Ka lilemo-lemo litsebi li ’nile tsa bolela hore mali a boloka bophelo. Lingaka li ka ’na tsa bolela hore motho ea lahlehetsoeng ke mali ka tšohanyetso o ile a tšeloa mali ’me a hlaphoheloa. Kahoo batho ba ka ’na ba ipotsa, ‘Boemo ba Bokreste bo bohlale hakae kapa bo booatla hakae phekolong ea meriana?’ Pele motho ea nahanang a nahana ka mokhoa ofe kapa ofe o tebileng oa phekolo ea meriana, o tla hlahloba melemo e ka ’nang ea fumaneha le likotsi tse ka ’nang tsa hlaha. Ho thoe’ng ka litšelo tsa mali? ’Nete ke hore litšelo tsa mali li tletse likotsi tse ngata. Li ka bolaea.

13, 14. (a) Litsela tse ling tseo ka tsona litšelo tsa mali li ipakileng li le kotsi ke life? (b) Phihlelo ea mopapa e ile ea bontša joang hore mali a na le likotsi bophelong bo botle?

13 Morao-rao tjena, Lingaka L. T. Goodnough le J. M. Shuck li hlokometse tjena: “Ke khale sehlopha sa basebetsi ba phekolo ea meriana se hlokometse hore le hoja tšebeliso ea mali e sireletsehile ho latela kamoo re tsebang ho e etsa hore e sireletsehe ka teng, ka mehla ho tšeloa mali ho ’nile ha ba kotsi. Bothata bo tloaelehileng ka ho fetisisa ba ho tšeloa mali e ntse e le lefu la sebete leo eseng la mofuta oa A, kapa oa B (NANBH [non-A, non-B hepatitis]); mathata a mang a ka ’nang a hlaha a akarelletsa lefu la sebete la mofuta oa B, ho loantšana ha likarolo tsa mali tse loantšang lefu tseo ’mele oa motho o li hlahisang le li-antigen tsa motho ea faneng ka mali, ho loantšana ha ’mele oa motho le tšelo ea mali, ho hatelloa ha tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung, le ho ba le iron e ngata haholo.” Ha e etsa khakanyo ‘ka hlokolosi’ ka e ’ngoe ea likotsi tse tebileng ka ho fetisisa, tlaleho ena e ile ea phaella: “Ho lebelletsoe hore hoo e ka bang batho ba 40 000 [United States feela] ba tla tšoaroa ke NANBH selemo se seng le se seng le hore batho ba ka etsang karolo ea 10 lekholong ho bona ba tla ba le cirrhosis le/kapa hepatoma [kankere ea sebete].”—The American Journal of Surgery, June 1990.

14 Kaha kotsi ea ho tšoaetsoa lefu ka mali a tšetsoeng ’meleng e se e fetohile e tsejoang haholo, batho ba ntse ba hlahlobisisa pono ea bona ka litšelo tsa mali. Ka mohlala, ka mor’a hore mopapa a thunngoe ka 1981, o ile a phekoloa sepetlele a ba a lokolloa. Hamorao o ile a khutlisetsoa sepetlele bakeng sa kalafo ka nako ea likhoeli tse peli, ’me o ne a kula haholo hoo ho neng ho se ho bile ho buuoa ka hore o tla lokela ho ea phomolong joaloka seqhoala. Hobane’ng? O ne a tšoaelitsoe lefu la cytomegalovirus le tsoang maling ao a ileng a a fuoa. Ba bang ba ka ’na ba ipotsa, ‘Haeba esita le mali a fuoang mopapa a sa sireletseha, ho thoe’ng ka mali a fuoang batho feela tjee ba kang rōna?’

15, 16. Ke hobane’ng ha litšelo tsa mali li sa sireletseha esita leha ho hlahlobisisitsoe hore na mali a na le mafu?

15 E mong a ka ’na a botsa, ‘Empa ke hobane’ng ha ba sa hlahlobe hore na mali a na le mafu?’ Ka mohlala nahana ka ho hlahlobjoa ha lefu la sebete la mofuta oa B. Patient Care (February 28, 1990) e ile ea bontša: “Tekanyo ea ho ba le lefu la sebete le hlahang ka mor’a ho tšeloa mali e ’nile ea theoha ka mor’a ho hlahlobisisoa ho akaretsang ha mali bakeng sa [lona], empa karolo ea 5 ho ea ho ea 10 lekholong ea liketsahalo tsa ho ba le lefu la sebete ka mor’a ho tšeloa mali e sa ntsane e bakoa ke lefu la sebete la mofuta oa B.”

16 Hore tlhahlobo e joalo e ntse e e-ba le liphoso ho boetse ho bonoa kotsing e ’ngoe e hlahang maling—AIDS. Ka kotlo e loketseng, seoa sa AIDS se entse hore batho ba falimehele kotsi ea mafu a tšoaetsanoang ka mali. Bonneteng, hona joale ho se ho e-na le litsela tsa ho hlahlobisisa mali ho bona bopaki ba ho ba teng ha kokoana-hloko ena. Leha ho le joalo, mali ha a hlahlobisisoe libakeng tsohle, ’me ho bonahala eka batho ba ka ’na ba jara kokoana-hloko ea AIDS maling a bona ka lilemo-lemo empa litlhahlobo tse etsoang hona joale li sa e fumane. Kahoo bakuli ba ka fumana AIDS—ebile ba se ba ’nile ba fumana AIDS—maling a hlahlobisisitsoeng ’me a fumanoe a se na letho!

17. Ke joang litšelo tsa mali li ka bakang tšenyo e ka ’nang ea se ke ea bonahala hang-hang?

17 Lingaka Goodnough le Shuck li ile tsa boela tsa bua ka “ho hatelloa ha tšebetso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung.” E, ho na le bopaki bo bongata ba hore esita le mali ao ho hlahlobisisitsoeng ka mokhoa o nepahetseng hore na aa lumellana a ka senya tšebetso ea ’mele oa mokuli ea ho itšireletsa mafung, a ka ’meha kotsing ea kankere le lefu. Ka hona, phuputso e ’ngoe ea Canada ea “bakuli ba nang le kankere ea hlooho le ea molala e ile ea bontša hore tšebetso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ea batho ba ileng ba amohela mali nakong ea ha ho ntšoa hlahala e ile ea theohela boemong bo tlaase haholo ka mor’a moo.” (The Medical Post, July 10, 1990) Lingaka tsa Univesithi ea California Boroa li tlalehile: “Lenane la liketsahalo tseo ho tsona kankere ea kolu e ileng ea boela ea hlaha e bile karolo ea 14 lekholong ho ba sa kang ba amohela mali le karolo ea 65 lekholong ho ba ileng ba a amohela. Bakeng sa kankere ea ka hanong, ea ’metso, le ea linko kapa ea mahanana, lenane la liketsahalo tseo ho tsona kankere e ileng ea boela ea hlaha e ile ea ba karolo ea 31 lekholong ho ba sa kang ba tšeloa mali le karolo ea 71 lekholong ho ba ileng ba tšeloa mali.” (Annals of Otology, Rhinology & Laryngology, March 1989) Hape ho bonahala eka ho hatelloa ha tšebetso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung ke oona motheo oa hore ho na le monyetla o moholo haholo oa hore batho ba fuoang mali nakong ea ho buuoa ba tšoaetsoe mafu.—Sheba lebokose, leqepheng 10.

Na ho na le Mekhoa Leha e le Efe ea Phekolo e ka Sebelisoang ka Ntle ho Mali?

18. (a) Likotsi tse amehang litšelong tsa mali li etsa hore lingaka li retelehele ho eng? (b) Ke boitsebiso bofe bo buang ka mekhoa e meng ea phekolo e ka sebelisoang boo u ka bo arolelanang le ngaka ea hao?

18 Ba bang ba ka ’na ba ikutloa hore, ‘Litšelo tsa mali li kotsi, empa na ho na le mekhoa leha e le efe e meng ea phekolo e ka sebelisoang?’ Ka sebele re batla tlhokomelo ea meriana e atlehang ea boleng bo phahameng, kahoo na ho na le litsela tse loketseng le tse atlehang tsa ho rarolla mathata a tebileng a phekolo ea meriana ka ntle le ho sebelisa mali? Ka thabo, karabo ke e. The New England Journal of Medicine (June 7, 1990) e tlalehile: “Kaha lingaka li hlokometse ka ho eketsehileng likotsi tsa [AIDS] le mafu a mang a tšoaetsanoang a fetisoang ka ho tšeloa mali, li ntse li hlahlobisisa likotsi le melemo ea litšelo tsa mali ’me li khetha ho sebelisa mekhoa e meng, ho akarelletsa le ea ho qoba litšelo tsa mali ka ho felletseng.”b

19. Ke hobane’ng ha u ka kholiseha hore u ka hana mali ’me ua ’na ua fumana phekolo ea meriana e atlehileng?

19 Ke khale Lipaki tsa Jehova li hana litšelo tsa mali, eseng hakaalo ka baka la likotsi tsa tsona bophelong bo botle, empa ka baka la ho utloa molao oa Molimo ka mali. (Liketso 15:28, 29) Leha ho le joalo, lingaka tsa litsebi li ’nile tsa phekola bakuli ba Lipaki ka katleho li sa sebelise mali, hammoho le likotsi tse tlisoang ke ’ona. Joaloka mohlala o le mong feela ho e mengata o tlalehiloeng ho lingoliloeng tsa phekolo ea meriana, Archives of Surgery (November 1990) e ile ea bua ka tšebetso ea ho kenngoa pelo ea motho e mong e ileng ea etsoa ho bakuli ba Lipaki bao letsoalo la bona le neng le ba lumella ho amohela mokhoa o joalo ka ntle ho tšebeliso ea mali. Tlaleho ena e itse: “Phihlelo ea lilemo tse fetang 25 ea tšebetso ea ho buoa pelo ho Lipaki tsa Jehova e fihlile sehlohlolong ka ho fetisetsoa ha pelo ea motho e mong ho e mong ka katleho ho sa sebelisoe lihlahisoa tsa mali . . . Ha ho bakuli ba ileng ba shoa ha ba ntse ba le sepetlele pele ho tšebetso ea ho buuoa kapa ka mor’a eona, ’me lipatlisiso tsa pele tse ileng tsa etsoa ka mor’a moo li bontšitse hore bakuli bana ha baa ka ba khathatsoa hakaalo ke liketsahalo tse phahameng tsa hore ’mele ea bona e hane litho tse fetiselitsoeng ho bona.”

Mali a Bohlokoa ka ho Fetisisa

20, 21. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho ba seli hore ba se ke ba ba le boikutlo ba hore “Mali ke moriana o mobe”?

20 Leha ho le joalo, ho na le potso eo ho hlokahalang hore e mong le e mong oa rōna a itlhahlobe ka ho ipotsa eona. ‘Haeba ke entse qeto ea ho se amohele litšelo tsa mali, ke hobane’ng ha ke entse qeto eo? Ha e le hantle, lebaka la ka la sehlooho, la motheo ke lefe?’

21 Re se re boletse hore ho na le mekhoa ea phekolo e ka sebelisoang ka ntle ho mali e sa pepesetseng motho likotsi tse ngata tse amanang le litšelo tsa mali. Likotsi tse kang lefu la sebete kapa AIDS li bile li susumellelitse batho ba bangata hore ba hane mali ka mabaka ao e seng a bolumeli. Batho ba bang ba hlile ba bua phatlalatsa ka sena, joalokaha eka ba tsamaea ba entse mokoloko ba jere lematjana la phatlalatso le reng, “Mali ke Moriana o Mobe.” Ho ka etsahala hore Bakreste ba bang ba hoheloe ke mokoloko ona. Empa ke mokoloko o se nang thuso. Joang?

22. Re tlameha ho ba le pono efe e talimang lintho ka tsela ea sebele mabapi le bophelo le lefu? (Moeklesia 7:2)

22 Bakreste ba ’nete baa hlokomela hore esita leha ho e-na le phekolo ea meriana e molemohali lipetleleng tse ntle ka ho fetisisa, neng-neng batho baa shoa. E-bang ba tšetsoe mali kapa ha baa a tšeloa, batho baa shoa. Ho rialo hase ho ba le boikutlo ba hore bokamoso ba rōna bo se bo ntse bo hlotsoe ’me re ke ke ra etsa letho ho bo fetola. Ke ho talima litaba ka tsela ea sebele. Lefu ke ntho e teng bophelong eo re tlamehang ho talimana le eona kajeno. Batho ba sa natseng molao oa Molimo ka mali ba hlaheloa ke kotsi hang-hang kapa ka mor’a nako ka baka la mali. Ba bang ba bile ba bolaoa ke ho tšeloa mali. Ho sa le joalo, joalokaha re tlameha ho hlokomela kaofela ha rōna, ba tsoelang pele ba phela ka mor’a litšelo tsa mali ha baa fumana bophelo bo sa feleng, kahoo mali ha a ipake a bolokile bophelo ba bona ka ho sa feleng. Ka lehlakoreng le leng, batho ba bangata ba hanang mali, ka mabaka a bolumeli le mabaka a phekolo ea meriana kapa ka mabaka a phekolo ea meriana feela, empa ba amohela mokhoa o mong oa phekolo ea meriana ba atleha haholo phekolong eo. Ka hona ba ka lelefatsa bophelo ba bona ka lilemo-lemo—empa eseng ka ho sa feleng.

23. Melao ea Molimo ka mali e amana joang le boetsalibe ba rōna le tlhokahalo ea topollo?

23 Taba ea hore kajeno batho bohle ba phelang ha baa phethahala ’me butle-butle baa shoa e re lebisa ’neteng e ka sehloohong eo Bibele e e bolelang ka mali. Molimo o ile oa bolella batho bohle hore ba se ke ba ja mali. Hobane’ng? Hobane a emela bophelo. (Genese 9:3-6) Lethathamong la litaelo tsa Molao, o ile oa thathamisa melao e amanang le hore batho bohle ke baetsalibe. Molimo o ile oa bolella Baiseraele hore ka ho nyehela mahlabelo a liphoofolo, ba ne ba ka bontša hore ho hlokahala hore libe tsa bona li lefelloe. (Levitike 4:4-7, 13-18, 22-30, NW) Le hoja e se seo o se hlokang ho rōna kajeno, ke sa bohlokoa hona joale. Molimo o ne o rerile ho fana ka sehlabelo se neng se tla lefella libe tsa balumeli bohle ka ho felletseng: e leng topollo. (Mattheu 20:28) Ke ka lebaka leo ho hlokahalang hore re be le pono ea Molimo ka mali.

24. (a) Ke hobane’ng ha e ka ba phoso ho nka likotsi tsa bophelo bo botle e le eona ntlha ea sehlooho ka mali? (b) Ha e le hantle ke eng seo e lokelang ho ba motheo oa pono ea rōna ka ho sebelisa mali?

24 E ne e tla ba phoso ho hatella haholo-holo likotsi tseo phekolo ea mali e ka bang le tsona, hobane seo e ne e se sona seo Molimo o lebisitseng tlhokomelo ho sona. E ka ’na eaba Baiseraele ba ile ba fumana melemo e itseng ea bophelo bo botle ka ho se je mali, feela joalokaha e ka ’na eaba ba ile ba fumana molemo ka ho se je nama ea likolobe kapa ea liphoofolo tse jang libolu. (Deuteronoma 12:15, 16; 14:7, 8, 11, 12) Leha ho le joalo, hopola hore ha Molimo o fa Noe tokelo ea ho ja nama, ha oa ka oa thibela ho jeoa ha nama ea liphoofolo tse joalo. Empa o ile oa fana ka taelo ea hore batho ba se ke ba ja mali. Molimo o ne o sa lebisa tlhokomelo haholo-holo likotsing tsa bophelo bo botle tse ka ’nang tsa hlaha. Eo e ne e se eona ntlha ea bohlokoa taelong ea oona ka mali. Barapeli ba oona ba ne ba lokela ho hana ho boloka bophelo ba bona ka mali, eseng hakaalo hobane ho etsa joalo ho ka etsa hore ba se ke ba phela hantle ’meleng, empa hobane e ne e le ho hloka khalalelo. Ba ne ba hana mali, eseng hobane a silafetse, empa hobane e le a bohlokoa. Ke ka mali a sehlabelo feela ba neng ba ka fumana tšoarelo.

25. Ke joang mali a ka bolokang bophelo ka mehla eohle?

25 Ho joalo le ho rōna. Ho Ba-Efese 1:7, (BPN) moapostola Pauluse o ile a hlalosa: “Ke ka eena [Kreste], ka mali a hae, re lopolotsoeng, ra tšoareloa libe, ka baka la boholo ba mohau oa hae.” Haeba Molimo o tšoarela motho libe ’me o talima motho ea joalo a lokile, motho eo o ba le tebello ea bophelo bo sa feleng. Kahoo mali a Jesu a topollo a ka boloka bophelo—ka mehla, ha e le hantle, ka ho sa feleng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Taelo eo e ile ea qetella ka ho re: “Haeba ka hloko le qoba lintho tsena, le tla atleha. Bophelo bo botle ho lōna!” (Liketso 15:29, NW) Tlhaloso e reng “Bophelo bo botle ho lōna” e ne e se tšepiso e reng, ‘Haeba le tela mali kapa bohlola, le tla phela hantle ’meleng.’ E ne e mpa e le qetello ea lengolo, e kang e reng, ‘Salang Hantle.’

b Mekhoa e mengata ea phekolo e atlehang ka ntle ho tšelo ea mali e tšohloa bukaneng e lekanang le makasine ea Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?, e hatisitsoeng ka 1990 ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania.

Na U ka Hlalosa?

◻ Lebaka la sehlooho leo ka lona Lipaki tsa Jehova li hanang litšelo tsa mali ke lefe?

◻ Ke bopaki bofe bo tiisang hore boemo ba Bibele ka mali hase bo sa utloahaleng phekolong ea meriana?

◻ Topollo e amana joang le molao oa Bibele ka mali?

◻ Tsela e le ’ngoe feela eo mali a ka bolokang bophelo ka eona ka ho sa feleng ke efe?

[Lebokose le leqepheng la 10]

TŠELO EA MALI LE HO TŠOAETSOA MAFU

Ka mor’a tlhahlobisiso e pharalletseng ea hore na litšelo tsa mali li ka etsa hore mokuli a tšoaetsoe mafu habonolo kapa che, Dr. Neil Blumberg o ile a phetha ka ho re: “Liphuputsong tse 12 tsa bakuli [tabeng ena], tse 10 li fumane hore tšelo ea mali e ne e amahanngoa haholo-holo le kotsi e phahameng ea ho tšoaetsoa mafu a bakoang ke bacteria le hore e ne e le eona ka ho khetheha e amahanngoang le kotsi eo . . . Ho phaella moo, nako e telele pele mokuli a buuoa, tšelo ea mali e ka ’na ea ama matla a hae a ho loantša mafu ao a ka a tšoaetsoang haeba liphello tsa tšelo ea mali tšebetsong ea ’mele oa hae ea ho itšireletsa mafung e le tsa nako e telele joalokaha liphuputso tse ling li bontša . . . Haeba boitsebiso bona bo ka atolosoa ba ba ba tiisoa, hoa bonahala hore mafu ao mokuli a ka a tšoaetsoang hang-hang ka mor’a tšebetso ea ho buuoa e ka ba bona bothata bo le bong bo tloaelehileng le bo boholo ka ho fetisisa bo amahanngoang le ho tšeloa mali a motho e mong.”—Transfusion Medicine Reviews, October 1990.

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Lisele tse khubelu tsa mali tse hōlisitsoeng. “‘Microliter’ (karolo ea 0.00003 ea ‘ounce’) e ’ngoe le e ’ngoe ea mali e na le lisele tse khubelu tsa mali tse limillione tse 4 ho ea ho tse 6.”—“The World Book Encyclopedia”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Kunkel-CNRI/PHOTOTAKE NYC

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela