Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • hb maq. 3-7
  • Mali—Aa Hlokahala Bakeng sa Bophelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mali—Aa Hlokahala Bakeng sa Bophelo
  • Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • MALI LE BAKRESTE BA ’NETE
  • HO THOE’NG KA HO SEBELISA MALI E LE MORIANA?
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ka Nepo Nka Mpho ea Hao ea Bophelo e le ea Bohlokoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Tlhompho ea Bomolimo bakeng sa Mali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Kamoo Molimo a Talimang Bophelo Kateng
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
hb maq. 3-7

Mali—Aa Hlokahala Bakeng sa Bophelo

Mali a ka boloka bophelo ba hao joang? Ha ho pelaelo hore u thahasella sena hobane mali a amana le bophelo ba hao. Mali a tsamaisa moea o hloekileng (oxygen) hohle ’meleng oa hao, a tlosa moea o litšila (carbon dioxide), a u thusa ho lumellana le maemo a feto-fetohang a mocheso, ’me a u thusa ho loantša mafu.

Kamano ea bophelo le mali e ile ea hlokomeloa khale haholo pele William Harvey a etsa setšoantšo sa tsamaiso ea mali ’meleng oa motho ka 1628. Litekanyetso tsa motheo tse amoheloang tsa boitšoaro tsa malumeli a maholo li lebisa tlhokomelo ho Monei-Bophelo, ea hlalosang maikutlo a hae ka bophelo le mali. ’Muelli oa molao eo e neng e le Mojode e bile e le Mokreste o ile a re ka eena: “Eena ka boeena o fa batho bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle. Hobane ka eena re na le bophelo ’me rea tsamaea ebile re teng.”a

Batho ba lumelang ho Monei-Bophelo ea joalo ba kholisehile hore litaelo tsa hae li re tlisetsa molemo o sa feleng. Moprofeta e mong oa Moheberu o ile a mo hlalosa e le “Ea u rutang hore u ithuise molemo, Ea etsang hore u tsamaee tseleng eo u lokelang ho tsamaea ho eona.”

Khothatso eo e tiileng, e ho Esaia 48:17 (NW), ke karolo ea Bibele, buka e hlonepshoang ka lebaka la litekanyetso tse amoheloang tsa boitšoaro tse ka re tsoelang molemo kaofela ha rōna. E re’ng ka ho sebelisa ha batho mali? Na e bontša kamoo mali a ka bolokang bophelo ba batho ka teng? Ha e le hantle, Bibele e bontša ka ho hlaka hore mali hase feela lero le rarahaneng la bophelo. E bua ka mali ka makhetlo a fetang 400, ’me tse ling tsa litšupiso tsena li akarelletsa ho boloka bophelo.

Tšupisong e ’ngoe e fanoeng qalong, ’Mōpi o ile a phatlalatsa: “Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phelang le e tsamaeang e tla ba lijo tsa lōna. . . . Empa le se ke la ja nama e sa ntsaneng e e-na le mali a eona a bophelo.” O ile a phaella: “Hobane ruri ke tla batla boikarabello bakeng sa mali a lōna a bophelo,” ’me ka mor’a moo o ile a bolela hore o nyatsa ho bolaea. (Genese 9:3-6, New International Version) O ile a bolella Noe hoo, ntate-moholo oa bohle eo Bajode, Mamosleme, le Bakreste ba mo hlomphang haholo. Ka hona moloko oohle oa batho o ile oa tsebisoa hore ponong ea ’Mōpi, mali a emela bophelo. Ena e ne e se thibelo ea lijo feela. Ka ho hlakileng ho ne ho ameha molao-motheo oa se nepahetseng kapa se fosahetseng. Mali a motho ke a bohlokoa haholo ’me ha aa lokela ho sebelisoa hampe. Hamorao ’Mōpi o ile a eketsa lintlha tseo ho tsona re ka bonang habonolo litaba tse amang se nepahetseng kapa se fosahetseng tseo a li amahanyang le mali a bophelo.

O ile a boela a bua ka mali ha a fa Iseraele ea boholo-holo lethathamo la litaelo tsa Molao. Le hoja batho ba bangata ba hlompha bohlale le litekanyetso tse amoheloang tsa boitšoaro tse lethathamong leo la litaelo tsa molao, ke ba seng bakae feela ba hlokomelang melao ea lona e tebileng ka mali. Ka mohlala: “Haeba ofe kapa ofe oa ntlo ea Iseraele kapa oa balichaba ba ahileng har’a bona a ja mali afe kapa afe, Ke tla tjamela motho eo ea jang mali, ’me ke tla mo timetsa har’a ba habo. Hobane bophelo ba nama bo maling.” (Levitike 17:10, 11, Tanakh) Ka mor’a moo Molimo o ile oa hlalosa seo setsomi se neng se lokela ho se etsa ka phoofolo e shoeleng: “Se tla tšolla mali a eona ’me se a koahele ka mobu. . . . U ke ke ua ja mali a nama efe kapa efe, hobane bophelo ba nama eohle ke mali a eona. Mang kapa mang ea a jang o tla timetsoa.”—Levitike 17:13, 14, Ta.

Hona joale bo-rasaense baa tseba hore Molao oa Bajode o neng o entsoe ka lethathamo la litaelo o ile oa ntlafatsa bophelo bo botle ba ’mele. Ka mohlala, o ne o hloka hore mantle a epeloe ka ntle ho kampo ’me a koaheloe le hore batho ba se ke ba ja nama eo ho neng ho ka etsahala hore e be e na le mafu. (Levitike 11:4-8, 13, Bibele ea Sesotho; 17:15; Deuteronoma 23:12, 13) Le hoja molao oa mali o ne o e-na le litšobotsi tse amang bophelo bo botle ba ’mele, ho ne ho ameha ho hongata haholo ho feta hoo. Mali a ne a e-na le moelelo oa tšoantšetso. A ne a emela bophelo boo ’Mōpi a faneng ka bona. Ka ho tšoara mali joaloka ntho e khethehileng, batho ba ne ba bontša hore ba itšetlehile ka eena bakeng sa bophelo. E, lebaka la sehlooho leo ka lona ba neng ba sa lokela ho ja mali e ne e se hore a kotsi bakeng sa bophelo bo botle ba ’mele, empa e ne e le hore a na le moelelo o khethehileng ho Molimo.

Khafetsa Molao o ile oa bolela thibelo ea ’Mōpi ea ho ja mali bakeng sa ho matlafatsa bophelo. “U se ke ua ja mali; u a tšollele fatše joaloka metsi. U se ke ua a ja, e le hore litaba tsa hao li tle li tsamaee hantle uena le bana ba hao ba tlang ka mor’a hao, hobane u tla be u etsa se nepahetseng.”—Deuteronoma 12:23-25, NIV; 15:23; Levitike 7:26, 27; Ezekiele 33:25.b

Ho fapana le tsela eo ba bang ba behang mabaka ka eona kajeno, molao oa Molimo tabeng ea mali o ne o sa lokela ho hlokomolohuoa hobane feela ho hlahile boemo ba tšohanyetso. Nakong ea tlokotsi ea ntoa, masole a mang a Baiseraele a ile a bolaea liphoofolo ’me a “li jelella hammoho le mali.” Ka lebaka la boemo boo ba tšohanyetso, na a ile a lumelloa hore a matlafatse bophelo ba ’ona ka mali? Che. Molaoli oa ’ona o ile a bontša hore tsela eo a e nkileng e ne e ntse e le phoso e tebileng. (1 Samuele 14:31-35) Kahoo, le hoja bophelo e le ba bohlokoahali, ha ho mohla Monei-Bophelo oa rōna a kileng a re litekanyetso tsa hae li ka hlokomolohuoa boemong ba tšohanyetso.

MALI LE BAKRESTE BA ’NETE

Bokreste bo eme hokae tabeng ea ho boloka bophelo ba motho ka mali?

Jesu e ne e le monna ea tšepahalang, ’me leo ke lona lebaka leo ka lona a neng a hlonepshoa hakana. O ne a tseba hore ’Mōpi o boletse hore ho ja mali ho fosahetse le hore molao ona ke o tlamang. Kahoo, ho na le lebaka le letle la ho lumela hore Jesu o ne a tla tšehetsa molao o mabapi le mali esita le haeba a ne a le tlas’a khatello ea ho etsa se fapaneng. Jesu “ha aa ka a etsa letho le fosahetseng, [’me] ha ho thetso e ileng ea fumanoa molomong oa hae.” (1 Petrose 2:22, Knox) Ka hona o ile a behela balateli ba hae mohlala, o akarelletsang mohlala oa ho hlompha bophelo le mali. (Hamorao re tla hlahloba hore na mali a Jesu ka boeena a ameha joang tabeng ena ea bohlokoahali e amang bophelo ba hao.)

Hlokomela se ileng sa etsahala, lilemo ka mor’a lefu la Jesu, ha ho hlaha potso ea hore na ho ne ho hlokahala hore motho ea fetohang Mokreste a boloke melao eohle ea Iseraele. Sena se ile sa tšohloa sebokeng sa sehlopha se busang sa Bakreste, se neng se akarelletsa baapostola. Jakobo ngoan’abo Jesu ka ’m’a bona o ile a bua ka mangolo a nang le litaelo tse buang ka mali tse ileng tsa bolelloa Noe le sechaba sa Iseraele. Na litaelo tse joalo e ne e tla ba tse tlamang Bakreste?—Liketso 15:1-21.

Seboka seo se ile sa romela qeto ea sona liphuthehong tsohle: Ha ho hlokahale hore Bakreste ba boloke molao o fuoeng Moshe, empa ho ‘hlokahala’ hore ba ‘ile tse hlabetsoeng melimo ea bohata, le mali, le lintho tse fenethiloeng [nama e sa ntšoang mali], le bohlola.’ (Liketso 15:22-29, Bibele Phetolelo e Ncha) Baapostola ba ne ba sa fane ka taelo feela ea moetlo kapa e amanang le lijo. Taelo eo e ile ea hlakisa litekanyetso tsa motheo tse amoheloang tsa boitšoaro, tseo Bakreste ba pele ba neng ba li latela. Hoo e ka bang lilemo tse leshome hamorao ba ile ba bolela hore ba sa ntsane ba lokela hore ba “ile tse hlabetsoeng melimo ea bohata, le mali . . . le bohlola.”—Liketso 21:25, BPN.

Ua tseba hore batho ba limillione ba kena kereke. Mohlomong boholo ba bona ba ne ba tla lumela hore litekanyetso tse amoheloang tsa boitšoaro tsa Bokreste li akarelletsa ho se rapele melimo ea litšoantšo le ho se kopanele boitšoarong bo bobe bo tebileng. Leha ho le joalo, re lokela ho hlokomela hore baapostola ba ile ba beha ho qoba mali boemong bo phahameng ka ho tšoanang ba litekanyetso tsa se nepahetseng le se fosahetseng joaloka ho qoba lintho tseo tse fosahetseng. Taelo ea bona e ile ea qetella ka hore: “Haeba ka hloko le qoba lintho tsena, le tla atleha. Bophelo bo botle ho lōna!”—Liketso 15:29, NW.

Ke khale haholo ho utloisisoa hore taelo ena ea baapostola ke e tlamang. Eusebius o bolela ka mosali e mong e mocha oa nakong e qetellang ea lekholo la bobeli la lilemo eo, pele a bolaoa ka ho hlokofatsoa, a ileng a bolela hore Bakreste “ha baa lumelloa ho ja mali esita le a liphoofolo tse se nang kelello.” O ne a sa ikhethela hore o batla ho shoa kahobane a e-na le tokelo eo. O ne a batla ho phela, empa o ne a ke ke a sekisetsa melao-motheo eo a phelang ka eona. Na ha u hlomphe batho ba etelletsang molao-motheo ka pele ho molemo oa botho?

Rasaense Joseph Priestley o ile a etsa qeto ena: “Thibelo ea ho ja mali, e ileng ea fuoa Noe, e bonahala e le tlamo ho litloholo tsa hae kaofela . . . Haeba re hlalosa thibelo [eo] ea baapostola ka mokhoa oo Bakreste ba pele-pele ba neng ba o tloaetse, bao ho hang ho ke keng ha hopoloa hore ba ne ba sa utloisise hantle sebōpeho sa eona le ho pharalla ha eona, re tlameha ho fihlela qeto ea hore e ne e reretsoe ho ba e sa lekanyetsoang le ea ka ho sa feleng; hobane ka makholo a mangata a lilemo Bakreste bafe kapa bafe ba ne ba sa je mali.”

HO THOE’NG KA HO SEBELISA MALI E LE MORIANA?

Na thibelo ea Bibele mabapi le mali e akarelletsa ho sebelisoa ha ’ona phekolong ea meriana, e kang litšelo tsa mali, tseo ka sebele li neng li sa tsejoe mehleng ea Noe, Moshe, kapa baapostola?

Le hoja phekolo ea mehleng ea kajeno e sebelisang mali e ne e le sieo morao koo, ho sebelisoa ha mali e le moriana ha hoa qaleha mehleng ea kajeno. Ka lilemo tse ka bang 2 000, Egepeta le libakeng tse ling, “mali” a motho “a ne a talingoa e le pheko ea boleng bo phahameng ka ho fetisisa ea lepera.” Ngaka e ’ngoe e ile ea bolela ka phekolo e ileng ea fuoa mor’a Morena Esare-Haddone ha sechaba sa Assyria e ne e le sona se etelletseng pele theknolojing: “[Khosana] e ea hantle haholo; morena, mong’a ka, a ke a thabe. Ho qala ka letsatsi la bo22 ke (e) fa mali hore e a noe, e tla (a) noa ka matsatsi a 3. Ka matsatsi a mang a 3 ke tla (e) fa (mali) a tla sebetsa ka maleng.” Esare-Haddone o ne a sebelisana le Baiseraele. Leha ho le joalo, ka lebaka la hore Baiseraele ba ne ba fuoe Molao oa Molimo, le ka mohla ba ne ba ke ke ba noa mali e le moriana.

Na mali a ne a sebelisoa e le moriana mehleng ea Roma? Setsebi sa thuto ea naturalism Pliny (oa mehleng ea baapostola) le ngaka Aretaeus oa lekholong la bobeli la lilemo ba tlaleha hore mali a motho e ne e le phekolo ea lefu la sethoathoa. Hamorao Tertullian o ile a ngola: “Nahana ka bao, pontšong e tšoareloang lebaleng la lipapali, ka lenyora le susumetsoang ke meharo ba noang mali a macha a batlōli ba molao ba khopo . . . ’me ba tsamaea ka ’ona ho ea phekola lefu la bona la sethoathoa.” O ile a ba bapisa le Bakreste, ba “se nang esita le ’ona mali a liphoofolo lijong [tsa bona] . . . Linyeoeng tsa Bakreste u ka ba neha liboroso tse entsoeng ka mali. Ka ho hlakileng, u kholisehile hore ho bona [hoo] ke tlōlo ea molao.” Kahoo, Bakreste ba pele ba ne ba ka mpa ba ipeha kotsing ea ho shoa ho e-na le ho ja mali.

Buka Flesh and Blood ea tlaleha: “Mali sebōpehong sa ’ona se tloaelehileng ha aa ka . . . a khaotsa ho sebelisoa e le motsoako oa meriana le tšebeliso ea matla a mohlolo. Ka mohlala, ka 1483 Louis XI oa Fora o ne a le lekhatheng la ho shoa. ‘Letsatsi le leng le le leng boemo ba hae bo ne bo ntse bo mpefala, ’me meriana e ne e sa mo thuse ka letho, le hoja meriana eo e ne e le e sa tloaelehang; hobane o ne a e-na le tšepo e matla ea hore o tla hlaphoheloa ka lebaka la mali a batho ao a neng a a noa a bile a a koenya a a fumane ho bana ba itseng.’”

Ho thoe’ng ka ho tšeloa mali? Liteko tsa sena li qalile ho ella mathoasong a lekholo la bo16 la lilemo. Thomas Bartholin (1616-80), moprofesa oa thuto ea ho qanolloa ha lintho tse phelang Univesithing ea Copenhagen, o ile a pheha khang: ‘Ho bonahala ba kenelletseng tšebelisong ea mali a motho bakeng sa lipheko tsa ka maleng tsa mafu ba a sebelisa hampe ba bile ba etsa sebe se tebileng. Malimo aa ahloloa. Ke hobane’ng ha re sa nyonye ba silafatsang ’metso ea bona ka mali a motho? Ho hong ho tšoanang le hoo ke ho amohela mali a motho e mong a tsoang mothapong o phuntsoeng, e-bang ke ho a amohela ka molomo kapa ka lintho tse sebelisoang bakeng sa tšelo ea mali. Baqapi ba tšebetso ena ba tšosoa ke molao oa Molimo, o thibelang ho ja mali.’

Kahoo, batho ba nahanang ba makholong a fetileng a lilemo ba ’nile ba hlokomela hore molao oa Bibele oa sebetsa tabeng ea ho ja mali ka methapo feela joalokaha o sebetsa tabeng ea ho a ja ka molomo. Bartholin o ile a fihlela qeto ena: “Ofe kapa ofe oa mekhoa eo e ’meli ea ho ja [mali] o phetha morero o le mong feela, oa hore ’mele o kulang o matlafatsoe kapa o folisoe ke mali ana.”

Phuputso ena e akaretsang e ka ’na ea u thusa ho utloisisa khato ea bolumeli eo Lipaki tsa Jehova li e nkang e ke keng ea fetoloa. Li nka bophelo e le ba bohlokoa haholo, ’me li batla tlhokomelo e ntle ea phekolo ea meriana. Empa li ikemiselitse hore li ke ke tsa tlōla tekanyetso ea Molimo, e lutseng e sa fetohe: Ba hlomphang bophelo joaloka mpho e tsoang ho ’Mōpi ha ba leke ho boloka bophelo ka ho ja mali.

Ho ntse ho le joalo, ka lilemo-lemo ho ’nile ha boleloa hore mali a boloka bophelo. Lingaka li ka bolela liketsahalo tse ngata tseo ho tsona motho e mong a ileng a lahleheloa ke mali ka tšohanyetso empa eare ha a tšeloa mali a hlaphoheloa ka potlako. Kahoo u ka ’na ua ipotsa, ‘See se bohlale kapa se booatla hakae phekolong ea meriana?’ Ho hlahisoa bopaki ba phekolo ea meriana ho tšehetsa phekolo ea mali. Ka hona, ho molemong oa hao hore u fumane linnete e le hore u etse khetho mabapi le mali u e-na le tsebo.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Pauluse, ho Liketso 17:25, 28, New World Translation of the Holy Scriptures.

b Hamorao lithibelo tse tšoanang li ile tsa ngoloa ho Qur’ān.

[Lebokose le leqepheng la 4]

“Melao-motheo e fanoeng mona ka mokhoa o tobileng le o hlophisitsoeng [ho Liketso 15] e hlalosoa e le e ke keng ea hlokomolohuoa, e leng ho fanang ka bopaki bo matla ka ho fetisisa ba hore mehopolong ea baapostola ena e ne e se tokisetso ea nakoana, kapa mohato o nkiloeng bakeng sa nako e itseng feela.”—Moprofesa Édouard Reuss, Univesithi ea Strasbourg.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]

Martin Luther o ile a bontša hore na taelo ea baapostola e ne e akarelletsa lintho life: “Joale haeba re batla ho ba le kereke e latelang lekhotla lena, . . . re tlameha ho ruta le ho tsitlallela hore ho tloha hona joale ho ea pele ho se be khosana, morena, motho ea boemong bo phahameng, kapa motho ea boemong bo tlaase ea jang likhantši, khama e tšehali kapa e tona, kapa nama ea kolobe e phehiloeng ka mali . . . ’Me batho ba maemong a phahameng le batho ba maemong a tlaase ba tlameha hore ka ho khetheha ba ile boroso e khubelu le boroso e entsoeng ka mali.”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Woodcut by Lucas Cranach

[Lebokose le leqepheng la 6]

“Molimo le batho ba talima lintho ka litsela tse fapaneng haholo. Hangata se bonahalang e le sa bohlokoa mahlong a rōna hase sa bohlokoa ba letho tekanyong ea bohlale bo ke keng ba lekanngoa; ’me hangata se bonahalang e se sa bohlokoa ho rōna ke sa bohlokoa haholo ho Molimo. Ho bile joalo ho tloha tšimolohong.”—“An Enquiry Into the Lawfulness of Eating Blood,” Alexander Pirie, 1787.

[Setšoantšo se leqepheng la 3]

Medicine and the Artist by Carl Zigrosser/Dover Publications

[Setšoantšo se leqepheng la 4]

Sebokeng se tsebahalang historing, sehlopha se busang sa Bakreste se ile sa tiisa hore molao oa Molimo tabeng ea mali e sa ntsane e le o tlamang

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ho sa tsotellehe liphello, Bakreste ba pele ba ile ba hana ho tlōla molao oa Molimo tabeng ea mali

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Painting by Gérôme, 1883, courtesy of Walters Art Gallery, Baltimore

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela