Tlhompho ea Bomolimo bakeng sa Mali
“Ke le pakela kajeno hobane ha ke na molato maling a lōna bohle.”—LIKETSO 20:26.
1. Mantsoe a Pauluse ho Liketso 20:26 a bontša pono ea Jehova joang ka mali?
MANTSOE ao a moapostola Pauluse e le Mokreste a bontša tlhompho ea hae e ntle bakeng sa mali, lero la bophelo. Ha puisano ena e ntse e tsoela pele, re tla hlahloba hore na Pauluse o ne a bolela eng ka polelo eo. Empa pele a re nahaneng ka seo ’Mōpi oa meea ea liphoofolo le batho a se buang ka mali. Re se re hlokometse hore Jehova Molimo o nka mali, e le a emelang bophelo, a halalela. Bao ba tšollang mali ka sehlōhō kapa ka bohlasoa, ’me haholo-holo mali a batho, ba fetoha ba molato oa mali ka pel’a Molimo. Leha ho le joalo, na ha ho na litsela tseo ka tsona mali a ka ’nang a sebelisoa molemong oa batho?
2. (a) Ke hobane’ng ha ho ja mali Iseraeleng e ne e le tlōlo e otloang ka lefu? (b) Baiseraele ba ile ba rua molemo joang ka ho boloka molao oo?
2 Molao oa Molimo ho Iseraele mabapi le mali o boletse ka ho tiea hore: “Le ke ke la ja mali a nama efe le efe, hobane moea [bophelo, King James Version; American Standard Version] oa linama tsohle ke mali a tsona; mang le mang ea tlang ho a ja, a tlosoe.” E ne e le tlōlo eo kahlolo ea eona e leng lefu ho Baiseraele kapa balichaba ba har’a bona hore ba je mali, esita le bakeng sa ho matlafala ho hlokahalang. Pele ba e-ja nama, ba tlameha ho tšollela mali fatše ’me ba a koahele ka mobu, kahoo ka tšoantšetso ba khutlisetsa bophelo ho Molimo. (Levitike 17:13, 14) Oo e ne e le molao oa bomolimo. Ka ho o boloka, Baiseraele bao ba ile ba boloka kamano e phetseng hantle ea moea le Jehova, Mohloli oa bophelo. ’Me ba boetse ba thabela poloko ea bophelo bo botle ’meleng, e le molemo o latelang oo.
Mali a Kreste
3. (a) Ke hobane’ng ha mali a Jesu e le a “bohlokoa” ka ho khethehileng? (b) Mangolo a Seheberu a supa sehlabelong sa Jesu joang?
3 Leha ho le joalo, Jehova o ne a hopotse ka tšebeliso e le ’ngoe e ikhethang ea mali. Ena e ne e le ho lokolla batho sebeng le lefung ka “mali a bohlokoa” a Kreste Jesu. Le pele ‘lefatše le theoa’ (ka hore Adama le Eva ba baetsalibe ba tsoale bana ba ka lopolloang), Jehova o ile a tseba esale pele hore na o ne a tla lokolla batho joang. (1 Petrose 1:18-20; Ba-Roma 6:22, 23) Ke “mali a Jesu Kreste, Mora oa oona, a re [hlatsoang] libe tsohle.” (1 Johanne 1:7) Tšebeliso ena ea mali ke ea bohlokoa haholo hoo Molimo o entseng hore ho tlalehoe Mangolong a Seheberu mehlala e mengata le liriti tse ngata tse supang sehlabelong se phethahetseng sa Jesu.—Ba-Heberu 8:1, 4, 5; Ba-Roma 15:4.
4. Ke khanya efe e fanoeng esale pele tšoantšisong e tlalehiloeng ho Genese khaolo ea 22?
4 Makholo a lilemo pele a fa Iseraele Molao, Jehova o ile a laela Abrahama ho etsa Isaaka sehlabelo Thabeng ea Moria. Kahoo Molimo oa bontša kamoo o neng o tla etsa sehlabelo ka Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši, Jesu. Ho ikokobetsa hoa Isaaka ketsahalong ena e tšoantšetsang ho ne ho tšoantšetsa ho mamela hoa Jesu thato ea Ntate oa hae ka ho tšolla mali a hae a phelisang sehlabelong.—Genese 22:1-3, 9-14; Ba-Heberu 11:17-19; Ba-Filippi 2:8.
5. Mahlabelo a Molao oa Moshe a ne a hlalosa lintho tsa moea tse tebileng hakae?
5 Molao oa Moshe o ne o boetse o fana ka “seriti sa tse tlang ho tla,” o supa sehlabelong sa Jesu molemong oa batho. Molao o ne o lumella tšebeliso e le ’ngoe feela ea mali—mahlabelong a liphoofolo ho Jehova. Mahlabelo ao e ne e se litšebeletso feela tjee. A ne a hlalosa lintho tse tebileng tsa moea. Ka boitsebiso bo qaqileng hanyenyane, a ne a tšoantšetsa sehlabelo sa Jesu le sohle se neng se tla finyelloa ka sona.—Ba-Heberu 10:1; Ba-Kolosse 2:16, 17.
6. Mahlabelo a Letsatsi la Lipheko a tšoantšetsa topollo bakeng sa lihlopha life tse peli? Ka tsela efe?
6 Ka mohlala, ho etsa hoa Aarone mahlabelo a Letsatsi la Lipheko ho ne ho tšoantšetsa kamoo Moprista e Moholo, Jesu, a sebelisang molemo oa mali a hae a phelisang a bohlokoa bakeng sa ho fana ka poloko, bakeng sa “ntlo” ea hae ea boprista ea Bakreste ba tlotsitsoeng ba 144 000 pele e le hore ba ka fuoa ho loka ’me ba fumana lefa e le marena le baprista le eena maholimong. Hape, sehlabelo molemong oa “sechaba” se ne se tšoantšetsa ho lopolla hoa Jesu batho bohle ba tlang ho ja lefa la bophelo bo sa feleng mona lefatšeng. Le hona joale, “bongata bo boholo ba batho” bana ba boleloa ba lokile bakeng sa ho pholoha mahlomola a maholo a tlang a potlakile. Hona ke hobane ba “hlatsoitse liaparo tse telele tsa bona, ba li soeufalitse maling a Konyana,” ’me ba bontša tumelo ea bona ka ho etsetsa Molimo tšebeletso e halalelang.—Levitike 16:6, 15, 18-22; Ba-Heberu 9:11, 12; Tšenolo 14:1, 4; 7:4, 9, 14, 15.
7. Ke hobane’ng ha re ka thaba phethahatsong ea litšoantšetso tseo tsa boholoholo?
7 ‘Bophelo bo maling.’ Mali a Jesu a ne a phethahetse, e le hore sehlabelo sa hae se ka fella ka ho fana ka bophelo bo phethahetseng ho bohle ba lumelang. Re ka thaba hakaakang hore ebe litšoantšetso tseo tsa boholo-holo li phethahalitsoe sehlabelong se lerato sa Jesu!—Levitike 17:14; Liketso 20:28.
Mali—Taba ea Tšebeliso e Ntle ea Oona
8, 9. (a) E meng ea mesebetsi e babatsehang ea mali ke efe? (b) Joaloka Davida, re ka bontša tlhompho ea bomolimo joang ka tsela eo re entsoeng ka eona?
8 Bohlale bo hlollang bo ka bonoa ka tsela eo mali a entsoeng ka eona. Bo-rathuto ea ho iphetola hoa lintho, ba sa ntse ba sa tsebe ho hlalosa tšimoloho ea bophelo, ba tla leka ho re bolella hore mali a phelisang a rōna a ile a iphetola ka tsela e ’ngoe. Ntho e sa kholeheng hakaakang!
9 Mali a rōna a rarahaneng a etsa mesebetsi e babatsehang ka sebele. A tsamaisa moea o hloekileng o phelisang le metsoako e phelisang likarolong tsohle tsa ’mele ea rōna. A tlosa litšila. A na le masole a loantšang mafu le likaroloana tse lokisang likotsi tse nyenyane le tse khōlō. A thusa ho laola mocheso le mohatsela oa ’mele. Mali a rōna a ikhetha ho a e mong le e mong oa rōna; litsebi tsa liphatsa tsa lefutso England li bileng li buang ka ho sebelisa lipaterone tse ikhethang tse fumanehang maling a motho ka mong ho fumana likebekoa. Mali ke setho se seng har’a likarolo tse ngata tsa ’mele tse entseng hore Morena Davida a bue tjena: “Jehova, u ntekile, ’me u ntsebile. Ke u boka ka baka la mohlolo oa pōpeho ea ka”!—Pesaleme ea 139:1, 13.
10. (a) Ke mang ea lokelang ho rera hore na mali a ka sebelisoa joang? (b) Ke tataiso efe e hlakileng eo Molimo o faneng ka eona ho Noe le ho Iseraele? (c) Ke mohlala ofe o bontšang hore mali a halalela esita leha maemo a tšohanyetso a hlaha?
10 Na ’Mōpi ea lokileng oa batho le Moqapi oa mali a rōna, hase Eena ea lokelang ho rera hore na molatsoana oo oa bophelo o lokela ho sebelisoa ka nepo joang? (Jobo 36:3) Hoo o ho entse ka tsela e sa belaetseng. O boleletse ntat’a rōna moholo Noe: “Le se ke la ja nama e nang le bophelo ba eona, ke ho re, mali a eona.” (Genese 9:4) ’Me ha a pheta Molao oa hae ho Iseraele, ka ho hlakileng o itse: “Feela u iponele, u se ke ua ja mali: hobane mali ke moea; ha u na ho ja moea hammoho le nama; u se ke ua a ja, empa u a tšollele fatše joale ka metsi.” (Deuteronoma 12:23, 24) Ha ho pelaelo hore Davida o ne a hopotse taelo ena ha bahlabani ba hae ba bararo ba bea bophelo ba bona kotsing e le hore ba ka mo tlisetsa metsi a nooang selibeng sa Bethlehema. A “a tšollela Jehova” joaloka a emelang mali a ba phelisang. (2 Samuele 23:15-17) Esita le kotsing ea tšohanyetso khalalelo ea mali ha e’a lokela ho hlokomolohuoa.—Bona le 1 Samuele 14:31-34.
Ka Phuthehong ea Bokreste
11, 12. (a) Ke sehlopha sefe se neng se tataisoa ka moea se ileng sa etsa qeto lipotsong tsa thuto lekholong la pele la lilemo? (b) Sehlopha see se ile sa bea ho ja mali sebakeng sefe sa bolumeli? (c) Ke hobane’ng ha litšelo tsa mali li ka lekanngoa le ho ja mali ka molomo?
11 Na u ka bona ka mahlo a kelello phaposi e khōlō Jerusalema lekholong la pele la lilemo? Ba bokaneng moo ke baapostola ba Jesu le baholo ba bang ba phutheho ea Bokreste. Sehlooho sa puisano ea bona ke sefe? Pauluse le Barnabase ba nyoloha Antioke ho tla teka ka pel’a bona bothata bo phahameng moo mabapi le lebollo. Seboka seo se etsa qeto ea hore Bakreste ba sa tsoa sokolloa ha ho hlokahale hore ba bolotsoe nameng.—Liketso 15:1, 2, 6, 13, 14, 19, 20.
12 Ha sehlopha se busang sa morao koo se bolela qeto ena, se ile sa akarelletsa litlhokahalo tse ntseng li lutse ho Bakreste. Ba re: “Ho hopotsoe ke Moea o Halalelang le ke rōna, hore re se ke ra le jarisa boima bo fetisang, ha e se ba litaba tsena tse tšoanelang, e leng ho tela tse hlabetsoeng melimo, le mali, le tse fenethiloeng [e le ho boloka mali], le bofebe; ha le itima ntho tseo, etlaba le etsa hantle. Salang ka khotso!” (Liketso 15:28, 29) Kahoo borapeli ba litšoantšo, ho ja mali le bofebe li beoa sebakeng se le seng sa bolumeli. Bakreste ba lokela ho ipoloka ho tsena tsohle bakeng sa ho boloka bophelo bo botle ba moea ’me ba kopanele phethahatsong ea litšepiso tsa Molimo. Mabapi le mali, ha ho tsotellehe hore na a jeoa ka molomo kapa a tšeloa ka methatsoana. Morero o’a tšoana, ho boloka le ho matlafatsa ’mele. Joalokaha sehlopha se busang se bontšitse ka ho hlaka, ho hlōleha ho itima mali ke tlōlo ea molao oa Molimo.
13. (a) Ho tela mali ho felletse ka tšireletso efe e eketsehileng bakeng sa Lipaki tsa Jehova? (b) Melao e meng ea bomolimo e sebelelitse ho sireletsa batho ba Molimo joang?
13 Ho ata hoa AIDS, lefu la sebete le mafu a mang hona joale ka litšelo tsa mali ho bontša hore bophelo bo botle ba ’mele hangata bo boetse bo akarelletsa ho boloka melao ea Molimo. Mehleng ea Bibele, Molimo o ile oa fa Iseraele melao e tobileng ka lijo, ho koalla batho kantle ho liahelo, bohloeki le ka ho ea mohlabeng, e neng e tšoanela leeto la bona la lefeelleng. (Levitike 11:2-8; 13:2-5; Deuteronoma 23:10-13) Ka ho boloka melao eo, Iseraele ha e’a ka ea boloka kamano ea moea e haufi feela le Molimo oa bona empa ba ne ba boetse ba sirelelitsoe mafung a neng a hlasetse baahelani ba bona. E bile feela lekholong le fetileng la lilemo banna ba lingaka ba qalileng ho utloisisa bohlale bo sebetsang bo hlohlellelitseng e meng ea melao eo. Hape ba bang baa hlokomela hore molao oa Molimo ka mali oa utloahala.
14. Ha Baiseraele ba ne ba utloa, ke pheko le mahlohonolo life tseo ba neng ba li fumana?
14 Ha Iseraele e ne e utloa, Molimo oa phethahatsa tšepiso ena ho bona: “Ekare ha u mamelisisa Lentsoe la Jehova, Molimo oa hao, u etsa se lokileng mahlong a hae, u sekehela taelong ea hae tsebe, u boloka melao eohle ea hae, etlaba mafu kaofela ao ke a tlisitseng holim’a ba-Egepeta, ha ke sa a tlisa holim’a hao, hobane ke ’na Jehova, mooki oa hao.” Hoa bohlokoa le ho feta, kutlo e ile ea boloka Iseraele e loketse bakeng sa mahlohonolo a ’Muso a kamoso.—Exoda 15:26; 19:5, 6.
15. Ke mehlala efe ea morao tjee e bontšang kamoo re ka hlohonolofatsoang kateng ka ho utloa litaelo tsa Molimo?
15 Lipaki tsa Jehova li ananela melemo e mengata e fanoang ke bongaka ba kajeno. Ka mohlala, ha Holo ea ’Muso haufi le Sydney, Australia, e ne e senngoa ke bomo ea boferekanyi selemong se fetileng ’me Lipaki tse fetang 50 li potlakisetsoa sepetleleng se haufi, li ile tsa leboha hore e be lingaka li ne li e-na le maro a mangata ao e seng mali ao li ka a tšeloang. Bohle ba tsoileng likotsi ba ile ba phela. Ba ne ba ka leboha bakeng sa litšelo tsena tse neng li le tumellanong le litaelo tsa Jehova. Ho phaella moo, ha ho le e ’ngoe ea tsona e neng e le kotsing ea ho hlaseloa ke mafu a ka fetisoang ka mali.
‘Ha Ke Na Molato Maling a Batho Bohle’
16. Joaloka Pauluse, re lokela ho bontša boikutlo bofe ka tšebeletso e halalelang?
16 Leha ho le joalo, a re ke re khutleleng hape lekholong la pele la lilemo. Lilemo tse ka bang tse supileng li fetile hoba Pauluse le Barnabase ba utloe Jakobo a phatlalatsa thibelo holim’a borapeli ba litšoantšo, mali le bofebe. Nakong eo Pauluse o se a entse maeto a mabeli a boromuoa ho pholletsa le Asia Minor ’me a leba Europe e ka Bochabela. Joale, ha a khutla ka la Mileta, o khona ho bua le baholo ba Efese, ba tlang ho eena ho tla kopana le eena moo. O ba hopotsa hore ha a ka a ipaballa har’a bona “kamoo [a] sebelelitseng Morena ka boikokobetso bohle, le ka meokho e mengata, le ka meleko.” Na le rōna kajeno re itela kaofela hoa rōna tšebeletsong ea Jehova? Re lokela ho etsa joalo.—Liketso 20:17-19.
17. Joaloka Pauluse, re lokela ho etsa tšebeletso ea rōna joang?
17 Pauluse o entse tšebeletso eo joang? O ne a paka hohle moo a neng a fumana batho, haholo-holo malapeng a bona, ’me a sa tsotelle semelo sa bolumeli ba bona. Ha a ka a khaotsa ho ruta baholo bano, ’me ha ho pelaelo ba ile ba tsamaea le eena ha a ntse a “ruta . . . pontšeng le ka matlung.” E ne e se bona feela ba ruang molemo tšebeletsong e chesehang ea Pauluse, hobane ‘o paketse ba-Jode le ba-Gerike ka ho phethahetseng hore ba sokolohele ho Molimo le ho lumela ho Jesu Kreste, Morena oa rōna.’ Hlokomela mantsoe ao ‘ka ho phethahetseng.’ Na rōna kajeno ka ho phethahetseng re bona hore mefuta eohle ea batho, lihlopha tsohle tsa batho, li fumana bopaki?—Liketso 20:20, 21, NW; Tšenolo 14:6, 7.
18. (a) Joaloka Pauluse, re lokela ho akarelletsa moea oa rōna tšebeletsong ea Molimo joang? (b) Joaloka Pauluse, re lokela ho tsoela pele joang likhatellong tse ntseng li eketseha?
18 Mantsoe ao ‘ka ho phethahetseng’ a boetse a hlaha polelong e latelang ea Pauluse: “Empa ha ke re letho ka tsona, le bophelo ba ka ha ke bo hlokomele, ke re, ke mpe ke qete leeto la ka ka thabo, le tšebetso eo ke e laetsoeng ke Morena Jesu, e leng ho paka ka ho phethahetseng litaba tse molemo tsa mohau oa Molimo.” (Liketso 20:24, NW) Moea oa hae, kapa bophelo ba hae, o ne o ke ke oa ba le molemo, haeba a ne a sa phethe tšebeletso ea hae. Na re ikutloa ka tsela e tšoanang ka tšebeletso ea rōna? Ha mehla ee ea qetello e e-ea pheletsong, ’me likhatello, mahloriso, ho kula, kapa ho hōla lilemong ho re imela, na re sa ntse re bontša moea o kang oa Pauluse oa ho fuputsa ka ho teba matlo a ‘nang le tšoanelo.’—Matheu 10:12, 13; 2 Timothea 2:3, 4; 4:5, 7.
19. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a ka re, “Ha ke na molato maling a . . . bohle”?
19 Pauluse o ne a sa lebella ho boela a bona baholo bao ba Efese. Leha ho le joalo, ka tšepo eohle o ne a ka re ho bona: “Ka baka leo, ke le pakela kajeno hobane ha ke na molato maling a . . . bohle.” Joang? Pauluse ha a ka a tšolla mali ntoeng. O ne a sa ka a ja mali. Empa o ’nile a thahasella bophelo ba ba bang haholo, joalokaha bo emeloa ke mali a bona. O ne a sa batle ho ba bona ba lahleheloa ke bophelo ba bona Letsatsing la Kahlolo ea Molimo ka lebaka la ho hlōleha hoa hae ho fana ka bopaki ka ho phetheha. Ha a ka a checha ho bolella baholo bao le ba bang “morero oohle oa Molimo.”—Liketso 20:26, 27.
20. (a) Tumellanong le temoso ea Jehova e phetiloeng ho Ezekiele, ke boikarabelo bofe boo re lokelang ho bo phethahatsa kajeno? (b) Liphello e tla ba life ho rōna le ho ba re mamelang?
20 Ha ‘mahlomola a maholo’ a ntse a atamela, tlhokahalo ea ho bolela keletso tsohle tsa Molimo e potlakile ho feta leha e le neng pele. Boemo bona bo tšoana le ba lilemo tse ka bang 2 600 tse fetileng ha timetso ea Jerusalema e ne e atamela. Lentsoe la Jehova la tla ho moprofeta oa hae Ezekiele, le re: “Mor’a motho, ke u beile seboholi sa ntlo ea Iseraele. U tle u mamele lentsoe le tsoang molomong oa ka, u ba tšose, u re: Ke ’na ke buang le bona. Ha nka re ho molotsana: Ka ’nete u tla shoa! . . . ha u sa mo tšose, u sa bue ho tsosa molotsana, hore a khelohe tsela ea hae e khopo, u tle u mo pholose, molotsana eo o tla shoa ka bokhopo ba hae, empa mali a hae ke tla a batla letsohong la hao.” (Ezekiele 3:17-21; 33:7-9) Bahlanka ba tlotsitsoeng ba Jehova le “bongata bo boholo ba batho” ba metsoalle ea bona ba na le boikarabelo bo tšoanang kajeno. Bopaki ba rōna bo lokela hore e be bo phethahetseng. Ka baka leo, letsatsing la phetetso ea Molimo re ka bolokoa hammoho le ba re mamelang.—Esaia 26:20, 21; 1 Timothea 4:16; Tšenolo 7:9, 14, 15.
21. Ke ka litsela life re ka bontšang tlhompho ea bomolimo bakeng sa mali, hona e le ka liphello life?
21 Litabeng tsa ho se nke lehlakore hoa Bokreste, ho tela mali, ho fana ka bopaki bo phethahetseng, le ho sebelisa tumelo sehlabelong sa bohlokoa sa Jesu, e se e ka e mong le e mong oa rōna a ka ikemisetsa ho utloa likeletso tsohle tsa Molimo. Kahoo re ka thabela ho kopanela phethahatsong e thabisang ea Pesaleme ea 33:10-12: “Jehova o etsa merero ea batho ntho feela; o tšoephola mehopolo ea lichaba. Merero ea Jehova e tiile ka ho sa feleng, . . . Ho lehlohonolo sechaba seo Jehova e leng Molimo oa sona.”
U Ne U Tla Arabela Joang?
◻ Ke tšebeliso efe ele ’ngoe ea mali e tlisang mahlohonolo a sa feleng?
◻ Re rua molemo joang ka ho tela mali?
◻ Re ka ipoloka re ‘hloka molato maling a batho bohle’ joang?
◻ Ke mohlala ofe oa ho phethahala oo re lokelang ho o latela?
[Ntlha e qolotsoeng e leqepheng la 26]
The Wall Street Journal ea la 20 Tlhakubele, 1986, e ne e e-na le sehlooho se reng: “Libanka tsa Mali Ha Lia Sireletseha Ho AIDS.” Serapa se qalang se baleha tjena: “Phepelo ea mali ea U.S. ha e’a sireletseha ho feta kamoo mekhatlo ea libanka tsa mali e neng e ka re kholisa kateng. Litšelo ke litsela tse ka sehloohong bakeng sa ho jala Bohloko bo Sitisang ’Mele oa motho ho Itšireletsa Mafung hore bo fetele ka nģa’ane ho lihlopha tse kotsing e khōlō ea bona hona joale ho ea sechabeng ka kakaretso. Teko ea ho fumana matšoao a AIDS ’meleng e sebelisoang ho hlahloba mali a fanoeng e ke ke ea tlisa hore lintho tsohle tse qaphalelitsoeng li ka fumanoa. Ho hobe le ho feta, bo-ralibanka tsa mali ba leqe ho nka mehato e ka ntlafatsang ho sireletseha hoa litšelo.”