Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 6/15 maq. 5-7
  • Haufinyane ha ho sa Tla ba le ho Kula Kapa Lefu!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Haufinyane ha ho sa Tla ba le ho Kula Kapa Lefu!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšimoloho ea ho Kula le Lefu
  • Lefatšeng Kapa Leholimong?
  • Hobane’ng ha ho Thoe Haufinyane?
  • Bophelo bo Botle ba ’Mele Bakeng sa Bohle—Bo Haufi!
    Tsoha!—2001
  • Ha ho Kula ho se ho le Sieo!
    Tsoha!—2007
  • Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Jesu oa Pholosa—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 6/15 maq. 5-7

Haufinyane ha ho sa Tla ba le ho Kula Kapa Lefu!

HA HO motho ea thabelang ho kula, kapa hona hore batho ba batla ho shoa. Moprofesa oa thuto ea bongaka e mabapi le likamano le tlhophiso ea batho oa tiisa: “Ho batla bophelo bo bolelele haholoanyane ho bonahala e batlile e e-ba taba e amang lefatše lohle ho theosa le histori le e amang lichaba tse ngata. E amana le tšusumetso ea motheo bakeng sa ho ipoloka ha botho . . . Ponce de Leon ke eena feela har’a banna ba bangata ba tummeng ka ho fetisisa ba sebelisitseng nako ea bophelo ba bona bakeng sa ho batla bophelo bo bolelele haholoanyane. Boholo ba saense ea bongaka bo inehetse ho boloka bophelo bo bolelele haholoanyane ka ho loantša maloetse le lefu.”

Ka tlhaho lefu le utloisa bohloko hoo nakong eo le felisang bophelo ba metsoalle le litho tsa lelapa, ka tlhaho re leka ka hohle ho bebofatsa liphello tsa lona. Buka Funeral Customs the World Over ea hlokomela: “Ha ho sehlopha, ho sa tsotellehe hore na ka lehlakoreng le leng ke sa boholo-holo hakae kapa ka ho le leng se tsoetse pele hakae, seo haeba se tloheloa hore se etse kamoo se ratang ka teng, ’me se khona se ke keng sa epela litopo tsa litho tsa sona ka ho etsa mokete. . . . Sena se khotsofatsa litšusumetso tse tebileng tse teng lefatšeng lohle. Ho ho etsa ho bonahala ho ‘nepahetse,’ ’me ho se ho etse, haholo-holo bakeng sa bao ba amanang haufi-ufi ka malapa, boikutlo, ho lula ’moho, phihlelo e tšoanang kapa likamano tse ling, ho bonahala ho ‘fosahetse,’ e le ntho eo eseng ea tlhaho, taba eo motho a lokelang ho ikōpela tšoarelo bakeng sa eona kapa ho e soabela. . . . [Motho] ke sebōpuoa se etsang mokete ha se epela bafu ba sona.”

Tšimoloho ea ho Kula le Lefu

Khopolo ea hore ho kula le lefu li tla felisoa ka letsatsi le leng ke e ipiletsang ka matla, empa na ho na le motheo bakeng sa tumelo e joalo? Ka sebele o teng, ’me oa utloahala, oa tšepahala, ebile ha o fose. Ke Lentsoe le bululetsoeng la ’Mōpi oa rōna—Bibele e Halalelang.

Buka eo e hlalosa ka mokhoa o hlakileng tšimoloho ea bomalimabe ba batho. E re bolella hore motho oa pele, Adama, o ile a bōptjoa ke Molimo ’me a behoa lehaeng la serapa sa paradeise le neng le le sebakeng se itseng Bochabela bo Hare. Adama o ile a bōptjoa a phethahetse; o ne a sa tsebe ho kula le lefu. Kapele o ile a ba le mosali ea phethahetseng joaloka eena, ’me ba ile ba thabela tebello ea bophelo bo sa feleng hammoho.—Genese 2:15-17, 21-24.

Boemo bona ba khotsofalo le khotso ha boa ka ba e-ba teng ka nako e telele. Hobane’ng? Hobane Adama ka boithati o ile a khetha tsela ea bophelo ea ho itokolla ho Molimo. Liphello e bile ho sebetsa ka thata, bohloko, ho kula, ’me qetellong ea e-ba lefu. (Genese 3:17-19) Bana ba hae ba jele lefa la bophelo bo se nang thabo boo Adama a ileng a bo khetha. Ba-Roma 5:12 ea hlalosa: “Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.” Ba-Roma 8:22 ea eketsa: “Rea tseba hore tse bōpiloeng tsohle li ntse li feheloa, li bile li tsietsing hammoho, ho fihlela joale.”

Lefatšeng Kapa Leholimong?

Leha ho le joalo, Bibele e re tiisetsa hore haufinyane Molimo o tla khutlisetsa batho ba o utloang boemong ba ho thaba boo Adama le Eva ba bo sentseng. Tšenolo 21:3, 4 e re: “Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” Moprofeta oa boholo-holo ka mokhoa o tšoanang o ile a bonela pele nako eo ho sa tl’o hlola ho e-ba le “moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24, NW.

Na u ka nahana ka lefatše le se nang lipetlele, limoshara le mabitla? Na u ka nahana ka nako eo ka eona u seng u phela u sa khaotse, u lokolohile esita le tšabong ea bohloko le lefu? E, tšepiso ea Molimo e ama maikutlo a rōna bohle ka ho teba. Leha ho le joalo, re ka kholiseha joang hore tšepo ee e babatsehang ke ea Lefatše la rōna—eseng ea leholimo? Mamela taba e potolohileng Mangolo a seng a boletsoe. Litemana tsa pele tsa Tšenolo khaolo 21 li bua ka “leholimo le lecha le lefatše le lecha.” Li buile polelo e hlakileng ea hore Molimo o tla ba le batho le hore e tla ba sechaba sa oona. Tšepiso e leng bukeng ea Esaia ea hore ha ho ea tla kula e lateloa ke taba e buang ka “batho ba lulang naheng,” ba seng ba “tšoaretsoe phoso ea bona.”

Kahoo litšepiso tsena tse khothatsang li bua ka bophelo lefatšeng! ’Me li lumellana le thapelo ea Jesu ho Ntat’ae: “Thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”—Mattheu 6:10.

Hobane’ng ha ho Thoe Haufinyane?

Lipaki tsa Jehova li thusitse batho ba limillione hore ba khone ho elelloa hore litšepiso tsena li tla phethahatsoa nakong e tlang e haufinyane. Leha ho le joalo, ke motheong ofe, ba ikutloang ba kholisehile hakaalo ka see? Ke motheong oa bopaki bo bongata haholo ba hore re phela “matsatsing a ho qetela” a tsamaiso ena, kapa tlhophiso ea lintho lefatšeng. (2 Timothea 3:1-5, NW) Barutuoa ba Jesu ba ile ba mo kōpa pontšo e tšoaeang nako ea bofelo ba tsamaiso ena ea lintho. Ha a ba arabela Jesu o ile a bolela esale pele makolopetso a liketsahalo tsa lefatše tse ntseng li eketseha tse etsahetseng ho tloha Ntoeng ea I ea Lefatše ka 1914.a Eaba oa eketsa: “Ha le bona tseo tsohle, le tsebe hoba Mor’a motho o haufi, o monyako. Ka ’nete ke re ho lōna: Moloko ona o ke ke oa feta, tseo tsohle li e-so ho etsahale.” Kahoo ba bang ba moloko o neng o phela ka 1914 ba tla phelela ho bona bofelo ba tsamaiso ea hona joale ea lintho.—Mattheu 24:33, 34.

Ka nako eo Jehova Molimo o tla laela Mora oa hae, Kreste Jesu, hore a tsoele pele ho felisa lisosa tsohle tsa bohloko le mahlomola naletsaneng ena e ntle e leng Lefatše. Bibele e bua ka ho felisoa ha bokhopo joaloka “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle” Armageddone.—Tšenolo 16:14, 16.

Bongata bo boholo ba batho ba tšabang Molimo bo tla pholoha ketsahalo ena e khōlōhali ’me bo phelele ho bona qaleho ea puso ea Kreste Jesu. (Tšenolo 7:9, 14; 20:4) Le hoja a tla busa a le leholimong, liphello tse molemo tsa puso ea hae li tla thabeloa ke bohle ba phelang lefatšeng—bapholohi ba ntoa ea Armageddone le limillione tsa limillione tseo hamorao li tla tsosoa bafung. Joale tšepiso ena e tla fetoha ntho ea sebele: “O [Kreste] tlameha ho busa joaloka morena ho fihlela ha Molimo o beile lira tsohle tlas’a maoto a hae. Joaloka sera sa ho qetela, lefu le tla felisoa.”—1 Ba-Korinthe 15:25, 26, NW.

Ka kholiseho re ka re: “Haufinyane ha ho sa tla ba le ho kula kapa lefu!” Ena hase tšepo e theiloeng torong, kapa hona hore ke takatso feela e fetang. Ke tšepiso e tiileng ea Jehova Molimo, “o ke keng oa bua leshano.” Na u tla beha tšepo ea hao tšepisong ee? E ka u fumantša molemo oa ka ho sa feleng!—Tite 1:2, NW.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa bopaki bo eketsehileng ba hore motho o phela matsatsing a ho qetela, bona khaolo 18 ea buka U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Ho kula le lefu haufinyane li tla nkeloa sebaka ke bophelo bo botle le bophelo bo sa feleng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela