Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w91 6/15 maq. 3-5
  • Ntoa Khahlanong le ho Kula le Lefu—Na ea Hlōloa?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntoa Khahlanong le ho Kula le Lefu—Na ea Hlōloa?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mafu a “Macha”
  • Pheko ha e Bonahale
  • Mafu a Seoa Lekholong la Bo20 la Lilemo
    Tsoha!—1997
  • Pheko ea Mafu ’Ohle na ke Toro Feela?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Bongaka ba Kajeno—Bo ka Finyella ho Hokae?
    Tsoha!—2001
  • Hase Joale ho Loaneloa Bophelo bo botle ba ’Mele
    Tsoha!—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
w91 6/15 maq. 3-5

Ntoa Khahlanong le ho Kula le Lefu—Na ea Hlōloa?

HO KULA ha ho sa le eo, lefu ha le sa le eo! Ho batho ba bangata sena se ka ’na sa utloahala joalokaha eka ke takatso e inahaneloang feela. Etsoe, joalokaha Wade W. Oliver eo e leng ngaka ea meriana le moprofesa oa thuto ea likokoana-hloko a ngotse: “Ho tloha historing e tlalehiloeng pele-pele, boloetse bo ’nile ba laola qetello ea bophelo ba batho ka tsela e ke keng ea lekanngoa . . . Mafu a seoa a maholo a hlasetse motho ka lebelo le tšosang . . . Ho kula ho ’nile ha mo sala morao ho sa khaotse.”

Na ho na le lebaka la ho lumela hore phetoho e khōlō e tla tloha e etsahala? Na saense ea meriana e haufi le ho felisa maloetse ’ohle ’me mohlomong esita le lona lefu ka bolona?

Ntle ho pelaelo, lingaka le bafuputsi ba entse mosebetsi o babatsehang oa ho loantša boloetse. Ha ho motho ea tsebang sena ea ka sitoang ho bontša kananelo bakeng sa ho atleha ha phekolo ea letšollo, ho ileng ha qetella ho finyelletsoe qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo, kapa bakeng sa ntlafatso ea ente e thibelang sekholopane se tšabehang? Ente ena e ile ea etsoa ka selemo sa 1796 ke Edward Jenner ka lero le seng kotsi haholo le tsoang sesong sa sekholopane sa khomo. Ka selemo sa 1806, mopresidente oa United States Thomas Jefferson o ile a bolela maikutlo a ba bangata ha a ne a ngolla Jenner: “Mosebetsi oo u o entseng ke pontšo e khothatsang ea hore batho le ka mohla ba ke ke ba lebala hore u kile ua phela; lichaba tse tlang li tla tseba ka histori feela hore sekholopane se nyonyehang se kile sa e-ba teng.”

Ho feta moo, ho atleha ha phuputso ea bongaka e etsoang ka maloetse a kang ’metso o mosoeu le polio ho tlameha hore ho buuoe ka hona ka hlompho le ka teboho. Ke batho ba ’maloa kajeno ba sa thoholetseng tsoelo-pele ea morao-rao phekolong ea lefu la pelo le kankere. Leha ho le joalo, batho ba ntse ba bolaoa ke lefu la pelo le kankere. Pakane ea ho felisa maloetse ’ohle le ho kula e ipakile e le eo ho leng thata ho e finyella.

Mafu a “Macha”

Ho bonahala ho makatsa hore ebe mehleng ea kajeno eo ho eona ho nang le litlhahlobo tsa litho tsa ’mele tsa CAT le tšebetso ea ho buuoa e etsoang ka morero oa ho haha bocha litho tsa ’mele ho boetse ho hlaha maloetse a mangata a “macha,” a joaloka lefu la Legionnaires, toxic shock syndrome, le ’molai ea tsebahalang haholo ea bitsoang AIDS.

Ke ho utloahalang hore ebe ba bangata ba ipotsa hore na mafu ana a macha hakae. Sehlooho se makasineng oa U.S.News & World Report se bolela hore, maemong a mang, maloetse a bileng teng ka nako e telele ke feela hore a se a tsejoa ka tsela e nepahetseng haholoanyane ’me a fuoa mabitso a macha. Ka mohlala, boloetse ba Legionnaires, bo ile ba tsejoa pele ka 1976, empa e ka ’na eaba ka phoso bo ile ba tsebahala e le viral pneumonia. Ka mokhoa o tšoanang, toxic shock syndrome e ka ’na eaba ka phoso ho ile ha lumeloa hore ke feberu ea scarlet.

Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore maloetse a mangata a bonahala a le macha. Ha ho tika-tiko hore AIDS ke bo tsebahalang haholo ho ana. Lefu lena le holofatsang le le bolaeang le ile la tsejoa pele la ba la fuoa lebitso ka 1981. Boloetse bo bong bo “bocha” le bo sa tsebahaleng haholo ke feberu ea Brazilian purpuric. Bo ile ba bonoa Brazil ka 1984 ’me ho hakanngoa hore bo bolaea batho ka tekanyo ea 50 lekholong.

Pheko ha e Bonahale

Kahoo, ho sa tsotellehe boiteko bo matla ba batho, pheko e felletseng le ea ka ho sa feleng ea ho kula ha batho ha e bonahale. Ke ’nete hore lenane le lebelletsoeng le tloaelehileng la bolelele ba bophelo ba motho le eketsehile ka lilemo tse 25 ho tloha ka selemo sa 1900. Empa phetoho ena e tlisitsoe ke mekhoa ea phekolo e fokolitseng kotsi ea ho shoa nakong ea bosea le bongoana. Bolelele ba bophelo ba motho hantle-ntle bo batla bo atamela ho bo boleloang ke Bibele e leng “lilemo tse mashome a supileng.”—Pesaleme ea 90:10.

Ho shoa ha Anna Williams ka December 1987 a le lilemo li 114 e ile ea e-ba sehlooho sa litaba. Ha a bua ka lefu la Mofumahatsana Williams, moqolotsi oa litaba o ngotse: “Bo-rasaense ba nahana hore lilemo tse 115 ho ea ho tse 120 mohlomong ke tekanyo e ka holimo ea bolelele ba bophelo ba motho. Empa hobane’ng ho lokela ho ba joalo? Ke hobane’ng ha ’mele oa motho o khathala ka mor’a lilemo tse 70, 80, kapa esita le tse 115?”

Lilemong tsa bo-1960, bo-rasaense ba bongaka ba fumane hore lisele tsa motho li bonahala li e-na le matla a ho ikarola feela ka makhetlo a 50. Hang ha li fihlile tekanyong ena, ho bonahala ho se letho le ka etsoang ho boloka lisele tsena li phela. Sena se bonahala se hanyetsana le khopolo ea pejana ea saense ea hore lisele tsa motho li ne li ka phela ka ho sa feleng haeba li le tlas’a maemo a loketseng.

Kopanya seo le kutloisiso ea hore mahlomola a mangata a motho ke a entsoeng ke motho. Joalokaha mofuputsi e mong a ile a etsa qeto e nahannoeng hantle: “Maloetse ha aa hlōloa feela ka liphekolo tsa saense ea bongaka. Histori ea maloetse e tlamahane haufi-ufi le litšusumetso tsa likamano pakeng tsa batho le tsa boitšoaro.”

Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle o ile oa hlokomela: “Re na le maqeba ao re a ntšitsoeng ’meleng ea rōna, ka baka la tumelo ea hore saense, lingaka le lipetlele li tla fumana pheko, ho e-na le hore re qale pele ka ho thibela tsona lisosa tsa ho kula. Ha e le hantle re ke ke ra phela ka ntle ho tlhokomelo ea lisebelisoa tsa bongaka tse hlileng li bolokang bophelo, empa re lokela ho hlakeloa hore ha li re ekelletse ‘bophelo bo botle’—li re thibela ho shoa. . . . Ho phehella ho itimetsa ha motho ea tsubang le ea noang, liphello tsa ho hloka mosebetsi tse amang kelello le ’mele—ana ke a mang a ‘mafu a macha.’ Ke hobane’ng ha re lumella ‘seoa sa likotsi tsa mebileng,’ tse felisang bophelo le ho senya lichelete tsa rōna?”

Boloetse, ho kula, ho utloa bohloko, le lefu li ntse li le teng. Leha ho le joalo, re na le lebaka la ho talima pele ka tšepo nakong eo ho eona ho sa tl’o hlola ho e-ba le ho kula le lefu. Ho molemo ka ho fetisisa, ho na le mabaka ’ohle a ho lumela hore nako eo e haufi haholo.

[Lebokose le leqepheng la 4]

“MAFU A EGEPETA”

Taba ea hore motho o hlōlehile ho loantša ho kula ho tloha linakong tsa pele-pele e ngotsoe le ka har’a Bibele. Ka mohlala, Moshe, o ile a fana ka tlhaloso e thahasellisang ea “maloetse ’ohle a mabe a Egepeta.”—Deuteronoma 7:15, NW.

Ho bonahala hore a ne a akarelletsa elephantiasis, letšollo le lefubelu, sekholopane, seoa sa bubonic, le lefu la ho ruruha ha thaka ea leihlo. Sechaba se neng se etelletsoe pele ke Moshe se ile sa pholoha maloetse a joalo haholo-holo hobane se ne se sebelisa boipaballo ba ’mele bo tsoetseng pele bo neng bo laeloa ke Molao oa selekane.

Leha ho le joalo, tlhahlobo e hlokolosi ea litopo tsa Egepeta tse tšetsoeng ka linōko hore li se ke tsa bola, e felletse ka ho fumanoa ha “mafu a Egepeta” a mang a mangata. Ana a ne a akarelletsa lefu la ho ruruha ha manonyello a masapo a ’mele, spondylitis, mafu a meno le mehlahare, appendicitis, le gout. Lingoliloeng tsa pele-pele tsa lefatše tsa bongaka, tse tsebahalang e le Ebers Papyrus, li bua le ka maloetse a kang boshoa, bohloko ba ka maleng le ba sebete, lefu la tsoekere, lepera, conjunctivitis, le bothōlō.

Lingaka tsa Egepeta ea boholo-holo li ile tsa etsa sohle seo li ka se khonang ho loantša maloetse ana, ba bang ba ile ba e-ba le tsebo e khethehileng karolong ea bona ea bongaka. Rahistori oa Mogerike Herodotus o ngotse: “Naha [Egepeta] e tletse ka lingaka; e ’ngoe e phekola feela mafu a mahlo; e ’ngoe a hlooho, meno, mpa, kapa litho tse ka har’a ’mele.” Leha ho le joalo, boholo ba “bongaka” ba Egepeta e ne e hlile e le ba meetlo ’me e se ba saense ho hang.

Lingaka tsa kajeno li thabetse ho ba le katleho e khōlō tabeng ea ho loantša maloetse. Ho ntse ho le joalo, mofuputsi oa bongaka Jessie Dobson o ile a etsa qeto ena e etsang hore motho a inahane: “Ka hona, ke’ng se ka ithutoang ka mafu a linako tse fetileng? Qeto e akaretsang e tsoang patlisisong ea bopaki bona e bonahala e le hore maloetse le bohloko tsa khale-khale ha lia fapana hakaalo le tse teng hona joale . . . Ho bonahala eka mahlale ’ohle le boiteko ba ho fuputsa ka mamello li entse ho honyenyane ho felisa boloetse.”—Boloetse ho Motho oa Boholo-holo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela