Ha ho Kula ho se ho le Sieo!
BATHO ba bangata ba tšepa hore ba tla imoloha bohlokong le ho kuleng ha ba se ba shoele ’me ba phela leholimong. Leha ho le joalo, Bibele e tšepisa se fapaneng le seo batho ba bangata ba se lumelang, e tšepisa hore ha e le hantle batho ka kakaretso ba tla phela paradeiseng lefatšeng. (Pesaleme ea 37:11; 115:16) Bokamoso bona bo tšepisitsoeng bo akarelletsa ho phela hantle ’meleng, ho thaba le ho phela ka ho sa feleng.
Ke hobane’ng ha re kula re bile re e-shoa? Hona lefatše le se nang ho kula le tla ba teng joang? Bibele e araba lipotso tseo.
◼ Mohloli o ka sehloohong oa ho kula Adama le Eva, e leng batsoali ba rōna ba pele ba batho ba ne ba bōpiloe ba e-na le ’mele e phethahetseng. (Genese 1:31; Deuteronoma 32:4) Ba ne ba etselitsoe ho phela ka ho sa feleng lefatšeng. ’Mele ea bona e qalile ho hlaseloa ke maloetse ka mor’a hore ba fetohele Molimo ka boomo. (Genese 3:17-19) Ba ile ba khaola maqhama le ’Mōpi, eo e neng e le Mohloli oa bophelo ba bona bo phethahetseng ha ba hana bolaoli ba Molimo. Ba ile ba e-ba le sepha. Ka hona ba ile ba kula ’me ba shoa, feela joalokaha Molimo a ne a ba lemositse.—Genese 2:16, 17; 5:5.
Ka mor’a hore Adama le Eva e be marabele, ho ne ho se na hore ba ka qoba ho fetisetsa ho se phethahale baneng ba bona. (Baroma 5:12) Joalokaha ho boletsoe sehloohong se fetileng, bo-rasaense kajeno baa hlokomela hore ho na le mefokolo e itseng e futsitsoeng e tlatsetsang ho kuleng le lefung. Ka mor’a hore bo-rasaense ba bang ba etse lipatlisiso, ba ile ba fihlela qeto ea hore: “Ke ’nete e ke keng ea latoloa ho tsa baeloji hore hang ha enjene ea bophelo e qala ho sebetsa, ha ho potang hore e se e le ha ’mele o qalile tsela e eang timelong.”
◼ Hase ka boiteko ba batho Saense e atleha ho loantša maloetse ka tsela e babatsehang. Empa sesosa sa ho kula se bonahala se rarahane haholo hore saense e ka khona ho rarolla boemo boo ka ho feletseng. Sena hase makatse liithuti tsa Bibele tse tloaelaneng le mantsoe a Molimo a bululetsoeng: “Le se ke la tšepa bahlomphehi, kapa mora oa motho oa lefatše, eo ho seng poloko ho eena.”—Pesaleme ea 146:3.
Leha ho le joalo, joalokaha Bibele e bolela, “lintho tse ke keng tsa khoneha ho batho lia khoneha ho Molimo.” (Luka 18:27) Jehova Molimo a ka felisa sesosa sa ho kula. O tla folisa maloetse ’ohle a rōna. (Pesaleme ea 103:3) Lentsoe la Hae le bululetsoeng lea tšepisa: “Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.
◼ Seo u lokelang ho se etsa Jesu Kreste o ile a qaqisa seo re lokelang ho se etsa e le hore re thabele ho phela lefatšeng le tlang le se nang ho kula. O ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.”—Johanne 17:3.
Tsebo ea Molimo le lithuto tsa Mora oa hae, Jesu, li ka Bibeleng. Tsebo eo e akarelletsa keletso e sebetsang e ka ntlafatsang bophelo ba hao hona joale. Ho feta moo, Molimo o tšepisa ho fa barapeli ba hae ba mamelang, lefatše le se nang bohloko. Ha e le hantle, Molimo o u tšepisa bokamoso boo ho se nang “moahi ea tla re: ‘Kea kula’”!—Esaia 33:24.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 11]
Pono e Leka-lekaneng ka Bophelo bo Botle
Bibele e khothalletsa batho hore ba hlomphe bophelo. Lipaki Tsa Jehova li bontša hore lia bo hlompha ka ho leka ka matla ho itlhokomela ’meleng. Li qoba mekhoa e kotsi, e kang ho sebelisa lithethefatsi le ho tsuba. Molimo o lebeletse hore barapeli ba hae ba je le ho noa ka tsela e itekanetseng. (Liproverbia 23:20; Tite 2:2, 3) Ho nka mehato eo e thusang hammoho le ho phomola ka ho lekaneng le ho ikoetlisa ho ka liehisa kapa ha thibela maloetse a mangata. Ba kulang ba ka ’na ba hloka thuso ea litsebi tse tšepahalang tsa tlhokomelo ea bophelo.
Bibele e khothalletsa batho ho ba le kahlolo e molemo le “ho hlaphoheloa kelellong.” (Tite 2:12; Bafilipi 4:5) Batho ba bangata kajeno ba etsa lintho ka tsela e sa leka-lekanang ’me ba nkehile ka ho batla litsela tsa phekolo, hoo ba bileng ba hlokomolohang bomoea ba bona. Ba bang ba sebelisa mekhoa e belaetsang ea phekolo e ka ba ntšang kotsi. Ba bang ba senya chelete le nako ka mekhoa ea phekolo le ka litlhare tse sa sebetseng kapa tse bileng li ka ba ntšang kotsi.
’Nete ke hore hona joale ha ho khonehe hore batho ba phele hantle ka ho feletseng ’meleng. Ha u ntse u letetse bokamoso ba ha ho kula ho tla be ho se ho le sieo, keletso e bohlale le e utloahalang e tsoang Bibeleng e ka u thusa hore u lule u e-na le pono e leka-lekaneng ha u ntse u hahamalla ho phela hantle ’meleng.