Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g95 4/8 maq. 12-14
  • Bophelo bo Phethahetseng Bakeng sa Bohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bophelo bo Phethahetseng Bakeng sa Bohle
  • Tsoha!—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka la Motheo
  • Tsela ea ho Tsoa
  • Bophelo bo Phethahetseng ke Ntho ea Sebele
  • Na Bophelo bo Botle ka ho Phethahetseng ke Toro Feela?
    Tsoha!—1998
  • Thekollo ea Kreste Tsela ea Molimo ea Poloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Bophelo bo Botle ba ’Mele Bakeng sa Bohle—Bo Haufi!
    Tsoha!—2001
  • Lefatše le Lecha le Hlollang le Entsoeng ke Molimo
    Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
Bala Tse Ling
Tsoha!—1995
g95 4/8 maq. 12-14

Bophelo bo Phethahetseng Bakeng sa Bohle

JOALOKA boitšoaro, tikoloho le tlhokomelo ea bophelo, tsela eo re bōpiloeng ka eona e boetse e ama bophelo ba rōna bo botle. Sebōpeho seo se susumetsoa ke lefutso le mafu a ka re tšoarang hamorao ka lebaka la liphatsa tsa lefutso tse sekametseng ho ’ona.

Setsebi se seng sa bophelo se re: “Sebōpeho sa hao ha u hlaha se laola haholo haeba u tla phela hantle, u tla phela nako e telele, kapa u tla shoa.”

Ho sa tsotellehe tsela eo re fumanang mafu ka eona, hlooho, mesifa e sataletseng, ho khathala methapo ea kutlo, masapo a robehang habonolo, pelo e sa sebetseng hantle, le maloetse a mang letsatsi le letsatsi li re hopotsa hore bophelo ba rōna bo angoa ka tsela e kotsi ke ’mele le kelello tse holofetseng. Lebaka la motheo la mathata ana a bophelo a jeleng setsi ke lefe?

Lebaka la Motheo

Ngaka e bitsoang Luka e neng e phela lekholong la pele la lilemo C.E. e araba potso ena tlalehong e bululetsoeng eo e e ngotseng ka Jesu Kreste. Luka o ngola hore ka letsatsi le leng monna ea omeletseng litho o ile a tlisoa ho Jesu ka tšepo ea hore a phekoloe. Jesu o ile a bolella monna ea omeletseng litho: “Libe tsa hao u li tšoaretsoe.” Joale, e le ho bontša hore ka sebele o na le matla a ho tšoarela libe, Jesu o ile a laela monna enoa: “Ema, u nke liphate tsa hao, u ikele tlung ea hao.” Monna enoa o ile a etsa joalo! Ka lebaka leo, ba boneng pholiso ba ile “ba hlolloa kaofela” ’me “ba rorisa Molimo.”—Luka 5:17-26.

Ke sebe sefe seo Jesu a neng a bua ka sona? Karabo e re thusa ho utloisisa lebaka leo re kulang, re tsofalang le ho shoa ka lona. Ka ho tiisetsoa hore ‘lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo,’ re ka talima Bibeleng bakeng sa karabo. (2 Timothea 3:16; 2 Petrose 1:21) E re bolella hore motho oa pele, Adama o bōpiloe a e-na le bophelo bo phethahetseng. O ne a thabela bophelo bo sehlahlo hafeela a ne a utloa ’Mōpi oa hae.

Leha ho le joalo, Adama o ile a khetha ho tlōla molao oa Molimo. Ka ho se mamele le hore ka boomo a fetohele ’Mōpi oa hae, o ile a etsa sebe. Ka lebaka leo, o ile a fetoha ea sa phethahalang, ea hlaseloang ke ho kula habonolo, ’me ha nako e ntse e tsamaea o ile a shoa. Ka hona, sebe ebile sesosa sa ho kula le ho shoa ha Adama.

Feela joalokaha mafu a mang a khona ho fetisoa ho tloha ho batsoali ho ea baneng ho latela tšebetso ea melao ea liphatsa tsa lefutso, ho se phethahale le ho kula ho bakiloeng ke hona li ile tsa fetisoa ho tloha ho Adama ho ea ho bana ba hae, moloko oa batho. Ka lebaka leo, mafu ’ohle a bakiloe ke sebe sa Adama sa pele. (Genese 2:17; 3:1-19; Ba-Roma 5:12) Na ho na le tsela ea ho tsoa?

Tsela ea ho Tsoa

Phetoho ea ho tloha bophelong bo phethahetseng ho ea ho bo fokolang e tlisitsoe ke sebe—ho fetohela ha Adama molao oa Molimo. Phetoho ho tloha bophelong bo fokolang ho ea ho bo phethahetseng e ka khoneha feela ka ho tlosoa ha sebe. (Ba-Roma 5:18, 19) Joang? Motho e mong ea phethahetseng, ea leng boemong bo tšoanang le ba Adama ha a sa phethahetse, o ne a lokela ho nehelana ka bophelo ba hae e le thekollo. Molao oa Molimo ke hore “bophelo bo lefuoe ka bophelo.”—Deuteronoma 19:21.

Leha ho le joalo, ha ho le ea mong oa bana ba Adama ea neng a ka fana ka thekollo e joalo. Ka hona, Jehova ka lerato o ile a nehelana ka Mora oa hae, Jesu, e le motho ea phethahetseng bakeng sa ho nehelana ka bophelo ba hae “ho ba topollo ea ba bangata” hore re “tle re phele ka eena.”—Mattheu 20:28; 1 Johanne 4:9; Pesaleme ea 49:7.

Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a bontša hore Ntate oa hae, Jehova, o ne a mo file matla a ho tlosa libe ha a ne a bolella monna ea omeletseng litho hore, “libe tsa hao u li tšoaretsoe,” ’me a mo folisa a bile a ikela lapeng. Nako le nako Jesu o ile a sebelisa matla ana a tsoang ho Molimo hore hang-hang a phekole lifofu, lithōlo le mefuta e meng e mengata ea maloetse.

Mabapi le liphekolo tsena tsa mohlolo tsa Jesu, Bibele e re: “Matšoele a mangata a tla ho eena, a tlisa lihlotsa, le lifofu, le limumu, le lihole, le ba bang ba bangata; ba ba bea maotong a Jesu, ’me a ba folisa. Eaba bongata boo boa makala, ha bo bona limumu li bua, le lihole li e-na le ’mele o motle, le lihlotsa li tsamaea, le lifofu li bona, ’me ba rorisa Molimo oa Iseraele.” (Mattheu 15:30, 31) Ho makatsang haholoanyane ke hore Jesu o ne a khona ho tsosa bafu. Bibele e re bolella ka tse ling tsa litsoho tsena.—Luka 7:11-16; 8:49-56; Johanne 11:14, 38-44.

Liphekolo tsena tsa mohlolo li re tiisetsa hore ha ho lefu le phahametseng matla a Jesu hore a ka le folisa. Na o tla sebelisa matla ana ao a a filoeng ke Molimo hape? Na re ka rua molemo?

Bophelo bo Phethahetseng ke Ntho ea Sebele

Boprofeta ba Bibele bo bontša hore Jesu o se a ntse a busa leholimong joaloka Morena oa ’muso oa Molimo oa leholimo. Molimo o mo file matla a ho felisa mebuso eohle ea batho e leng teng hona joale le ho busa lefatše lohle. (Pesaleme ea 110:1, 2; Daniele 2:44) Ho tla phethahatsoa thapelo eo Jesu a e rutileng balateli ba hae: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joalo ka ha e etsoa leholimong.” (Mattheu 6:10) Tlas’a puso eo ea ’Muso oa leholimo, karolo ea thato ea Molimo bakeng sa lefatše e tla ba ho ntlafatsa boemo ka potlako bakeng sa lelapa la moloko oa batho.

Joale, ka tsela ea sebele le ea moea, “mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlōla joalo ka khama, leleme la semumu le tla bina.” “’Me ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24, NW; 35:5, 6.

Tlas’a ’Muso oa Molimo oa leholimo, bophelo bo phethahetseng bo tla bolela hore batho ba ke ke ba shoa joaloka rōna hona joale. Lentsoe la Molimo lea tšepisa: “E mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena o [tla] ba le bophelo bo sa feleng.” “Neo ea mohau ea Molimo ke bophelo bo sa feleng, ka Jesu Kreste, Morena oa rōna.” (Johanne 3:16, NW; Ba-Roma 6:23) E, khale mopesaleme ea bululetsoeng o ile a tšepisa: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:29) Joalokaha Jesu a ile a etsa ha a sa le lefatšeng, o tla tsosa bafu le ho ba neha monyetla oa ho rua molemo bophelong bo phethahetseng. Bibele ea tšepisa: “Tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.”—Liketso 24:15.

Lefatše ka bolona le tla matlafala tlas’a puso ea ’Muso hoo tlala, e leng eona e tlatsetsang bophelong bo fokolang, e ke keng ea hlola e e-ba teng. Boprofeta ba Bibele boa re bolella: “Sefate se naheng se tla beha litholoana tsa sona, lefatše le behe tsa lona; ba tla iketla naheng ea bona.” (Ezekiele 34:27) “Lefatše le melisitse lijo tsa lona. Molimo, Molimo oa rōna, o tla re hlohonolofatsa!” (Pesaleme ea 67:6) “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng.” (Pesaleme ea 72:16) “Naha e tšehla e tla thaba, le lona lefatše le omeletseng; mahalaopa a tla nyakalla, a mele lipalesa joalo ka leshoma.”—Esaia 35:1.

Ha e akaretsa boemo bo tla ba teng lefatšeng le lecha la Molimo, buka ea ho qetela ea boprofeta ea Bibele e re: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.

Na u re, ‘Ho thata ho lumela seo’? Joale, nahana ka sena. Pele Adama e e-ba moetsalibe, o ne a e-na le bophelo bo phethahetseng. A re lekanye hore ho ne ho le bonolo nakong eo hore motho e mong a bue le eena le ho ’molella hore ka letsatsi le leng lefatše le tla tlala batho ba utloang bohloko, ba kulang, le ba tsofetseng. Na ha u nahane hore Adama o ne a tla thatafalloa ho lumela seo? Empa ha ho joalo kajeno.

Ka ho fapaneng, bophelo bo phethahetseng e tla ba ntho ea sebele tlas’a ’Muso oa Molimo. Lentsoe la Jehova lea re tiisetsa: “Lipolelo tseo li tiile; ke tsa ’nete.” (Tšenolo 21:5) Seo Molimo a bolelang hore se tla etsahala se tla phethahala hobane ‘ho ke ke ha etsahala hore Molimo o bue leshano.’—Ba-Heberu 6:18.

Ke’ng seo u ka se etsang hona joale ho kholiseha hore u tla thabela litlhohonolofatso tsena tse tlang? Tsela e lebisang bophelong bo phethahetseng le ba ka ho sa feleng e ile ea hlakisoa ke Jesu thapelong ho Ntate oa hae oa leholimo: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng‚ ho bokella ha bona tsebo ka uena‚ Molimo o le mong oa ’nete‚ le eo u mo romileng‚ Jesu Kreste.”—Johanne 17:3, NW.

Kōpa Lipaki tsa Jehova bakeng sa thuto e sa lefelloeng ea Bibele lehaeng la hao. Li tla thabela ho u thusa ho ithuta ka ho eketsehileng ka litšepiso tsa Molimo tse babatsehang. Seo e tla ba mohato oa hao oa pele o lebisang bophelong bo phethahetseng!

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Lefatšeng le lecha la Molimo, batho bohle ba tla thabela bophelo bo phethahetseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela