Na Bophelo bo Botle ka ho Phethahetseng ke Toro Feela?
NA U kile ua kula hampe kapa ua buuoa ka ho tebileng? Haeba ho joalo, mohlomong hona joale u ananela bophelo haholoanyane. Empa ho sa tsotellehe hore na ’mele oa hao o boemong bofe, na u lumela hore ho ka etsahala hore u thabele bophelo bo botle ka ho phethahetseng? Ena e ka ’na ea bonahala e le ntho e ke keng ea etsahala ha u talima ho ata ha maloetse a fokolisang a kang kankere kapa lefu la pelo. Ka sebele, bongata ba rōna re kula nako le nako. Empa, ho phela hantle ka ho feletseng hase toro feela.
Ho e-na le ho loana le ho kula le lefu, motho o ne a bōpetsoe ho thabela bophelo bo botle haholo. Kahoo, ho thibela ho kula le lefu, Jehova o ile a fana ka motheo oa bophelo bo botle ka ho phethahetseng le bophelo bo sa feleng ka sehlabelo sa thekollo sa Kreste Jesu. “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) Ba tla phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha leo Molimo a le tšepisitseng ba ke ke ba loana le ho kula kapa botsofali. Ha ho le joalo, ho tla etsahala’ng ka ho kula?”
Ho Lokoloha ho Kuleng
Tsela eo ka eona Jesu Kreste a neng a folisa bakuli e fana ka mohlala. Ka liphekolo tse joalo ho itsoe: “Ba foufetseng ba boetse baa bona, le ba holofetseng baa tsamaea, balepera ba ntse ba hloekisoa ’me bo-tsebe-tutu baa utloa, le bafu ba ntse ba tsosoa, ’me mafutsana a bolelloa litaba tse molemo.” (Matheu 11:3-5) E, bohle ba holofetseng ba neng ba atamela Jesu ba ne “ba folisoa ka ho feletseng.” (Matheu 14:36) Ka lebaka leo, ‘bongata bo ile ba ikutloa bo maketse ha bo bona limumu li bua le ba holofetseng ba tsamaea le lifofu li bona, ’me ba tlotlisa Molimo oa Iseraele.’—Matheu 15:31.
Ka sebele, le hoja kajeno ho se motho ea ka folisang ka tsela ena, re ka kholiseha hore tlas’a ’muso oa Molimo moloko oa batho o tla phahamisetsoa phethehong, o folisoe maloetse ’ohle a kelello le a ’mele. Tšepiso ea Molimo e tlalehiloe ho Tšenolo 21:3, 4: “Bonang! Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, ’me o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. ’Me Molimo ka boeena o tla ba le bona. ’Me o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”
Nahana ka lefatše leo ho lona ho sa hlokahaleng indasteri ea meriana kapa lipetlele, ho buoa kapa ho phekola! Ho feta moo, Paradeiseng e tsosolositsoeng, ho tepella maikutlo le maloetse a kelello e tla ba lintho tsa nako e fetileng. Bophelo bo tla khotsofatsa e le kannete; ’me thabo e be boikutlo bo sa feleng. Ka sebele, Molimo ka matla a hae a ke keng a lekanngoa o tla etsa hore ’mele o inchafatse, ’me melemo ea thekollo e tla felisa phello ea sebe e fokolisang. “Ha ho na moahi ea tla re: ‘Kea kula.’”—Esaia 33:24, NW.
Ke tšepo e tsotehang hakaakang—ho thabela bophelo bo phethahetseng ba ’mele le moea tlas’a ’Muso oa Molimo! Ha u ntse u phela ka tsela e itekanetseng le e kolekelang bophelong bo botle hona joale, lebella litlhohonolofatso tsa lefatše le lecha la Molimo. E se eka Jehova a ka ‘khorisa molomo oa hao ka tse molemo, ’me bocha ba hao bo nchafale joaloka ntsu’!—Pesaleme ea 103:5.