Seo “Molimo a le Mong Feela oa ’Nete” a se Tšepisang
JEHOVA MOLIMO o ile a beha banyalani ba pele paradeiseng lefatšeng—serapeng sa Edene. O ile a ba fa taelo ea hore ba be le bana ’me ba ‘buse lefatše,’ e leng ho neng ho tla bolela ho atolosa lehae la bona la Paradeise ha lelapa la bona le ntse le hōla. (Genese 1:26-28; 2:15) Na morero oa Molimo oa hore batho ba phele paradeiseng lefatšeng o tla ke o phethahale?
Ka sebele o tla phethahala! Ho latela boprofeta ba Bibele, “[Jehova] o tla metsa lefu ka ho sa feleng” ’me ka sebele “o tla hlakola meokho lifahlehong tsohle.” Ha sena se etsahala, “E mong o tla re: ‘Bonang! Enoa ke Molimo oa rōna. Re mo tšepile, ’me o tla re pholosa. Enoa ke Jehova. Re mo tšepile. A re thabeng ’me re nyakallele poloko e tsoang ho eena.’”—Esaia 25:8, 9.
Buka ea ho qetela ea Bibele e hlalosa boemo lefatšeng ka mor’a hore ho felisoe lefatše la hona joale, kapa tsamaiso ea lintho e tlas’a puso ea Satane. Mabapi le “lefatše le lecha” le entsoeng ka batho ba ratang Molimo, Bibele e re: “Tente ea Molimo e ho moloko oa batho, o tla lula le bona, ’me e tla ba batho ba hae. Molimo o tla ba le bona. O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng.”—Tšenolo 21:1-4.
Ke tšepiso e babatsehang hakaakang! Na re ka lumela hore e tla phethahala? Nahana kamoo lefu la sehlabelo la Jesu le mehlolo eo a e entseng e leng motheo oa ho ba le tšepo kateng ea hore ntho leha e le efe eo Molimo a e tšepisang, O tla e phethahatsa.—2 Bakorinthe 1:20.
Bophelo ba Jesu e le Thekollo
Ha Satane a susumelletsa Adama hore a se ke a mamela Molimo ’me a etse sebe, bana bohle ba Adama ba ile ba futsa sebe seo. Bibele e re: ‘Feela joalokaha sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, lefu le nametse bathong bohle hobane kaofela ba entse sebe.’ Leha ho le joalo, tlaleho ea Bibele e tsoela pele: “Ka ho mamela ha motho a le mong [Jesu ea phethahetseng] ba bangata ba tla etsoa ba lokileng.” (Baroma 5:12, 19) Joalokaha ho boletsoe sehloohong sa pele letotong lena la lihlooho, Jesu ke “Adama oa ho qetela,”—ea “tsoang leholimong”—ea faneng ka bophelo ba hae hore e be “thekollo e le phapanyetsano bakeng sa ba bangata.”—1 Bakorinthe 15:45, 47; Matheu 20:28.
Kahoo bohle ba bontšang tumelo ho Jesu ba ka fumana “tokollo [sebeng] ka thekollo” ’me ba ka thabela bophelo bo sa feleng. (Baefese 1:7; Johanne 3:36) Ka sebele re ka thaba hore ebe Jehova Molimo o ratile lefatše la moloko oa batho hoo a bileng a le fa Mora oa hae hore e be Mopholosi! (Luka 2:10-12; Johanne 3:16) Ho hlahloba seo Jesu a ileng a se etsa molemong oa batho ba utloang bohloko lekholong la pele la lilemo ho fana ka leseli la hore na bokamoso bo tla ba joang. Ka sebele seo Jesu a ileng a se etsa se ne se tsoteha!
Lipontšo Tsa Hore na ho Tla ba Joang Lefatšeng le Lecha
Jesu o ne a ka folisa motho e mong le e mong ea kulang ea tlisoang ho eena. Ha ho le ea mong eo a ileng a hlōleha ho mo phekola, ho sa tsotellehe hore na bokuli ba hae e ne e le bofe. Ho feta moo, o ile a fepa ka mohlolo ba likete ka litlhapi le mahobe a ’maloa, ’me seo ha aa se etsa hanngoe feela.—Matheu 14:14-22; 15:30-38.
Ha Jesu a etsa hore monna ea tsoetsoeng e le sefofu a bone, baahelani le metsoalle ba ile ba lemoha mohlolo oo, empa baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ne ba belaela. Kahoo, monna eo ea butsoeng mahlo o ile a behelana mabaka le bona, a re: “Ho tloha khale ha ho e-s’o ka ho utloahala hore leha e le mang o kile a bula mahlo a ea tsoetsoeng a foufetse. Haeba monna enoa a ne a sa tsoe ho Molimo, ho hang o ne a ke ke a etsa letho.”—Johanne 9:32, 33.
Nakong ea tšebeletso ea Jesu, ngoan’abo ka malapa, Johanne Mokolobetsi, ea neng a le teronkong, o ile a romela manģosa ho ea netefatsa lintho tseo a li utloileng ka Jesu. Bibele e re “ka hora eo” Jesu “a phekola ba bangata maloetse le mafu a bohloko le meea e khopo, ’me a fa batho ba bangata ba foufetseng mohau oa ho bona.” Joale Jesu a bolella manģosa ao: “Tsamaeang, le tlalehele Johanne seo le se boneng le seo le se utloileng: ba foufetseng baa bona, ba holofetseng baa tsamaea, balepera ba ntse ba hloekisoa ’me ba sa utloeng litsebeng baa utloa, bafu ba ntse ba tsosoa.”—Luka 7:18-22.
Nahana ka sena: Haeba ntho e molemo joalo e ile ea etsahala nakong e fetileng, na seo se ke ke sa u tiisetsa hore se tla etsahala hape? Ka mehlolo ea hae, Jesu o ile a bontša ka tekanyo e nyenyane hore na o tla etsa eng ka tekanyo e khōlō pusong ea hae ha e se e le Morena oa ’Muso oa Molimo. Mehlolo ea hae e ile ea fana ka bopaki ba hore o ne a ronngoe ke Molimo le hore ka sebele e ne e le Mora oa Molimo.
Nakong ea puso ea ’Muso oa Molimo, ho tla ba le phethahatso ea sebele ea boprofeta bo buang ka lintho tse babatsehang. Joalokaha li boletsoe esale pele, lifofu li tla tutubolloa, litsebe tsa litholo li tla kibolloa, ba holofetseng ba tla tlōla joaloka khama, ’me ha ho ea tla kula. Hape ho tla ba le khotso le tšireletseho hohle lefatšeng. Esita le liphoofolo tseo hona joale li leng kotsi li tla lula ka khotso le batho.—Esaia 9:6, 7; 11:6-9; 33:24; 35:5, 6; 65:17-25.
Na u ka rata ho phela ka ho sa feleng tlas’a puso ea ’Muso oa Molimo, moo ho tla rena maemo a joalo? Jesu o bontšitse hore na u lokela ho etsa eng thapelong ho ntate oa hae ha a ne a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba rua tsebo ka uena, Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3) E se eka u ka se lumelle letho ho u thibela ho tsoela pele u rua tsebo e joalo e fanang ka bophelo.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Sena ke seo Molimo a se tšepisang ka lefatše