Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 7/1 maq. 4-7
  • Jesu a ka Fetola Bophelo ba Hao Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu a ka Fetola Bophelo ba Hao Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lithuto Tsa Hae
  • Liketso Tsa Hae
  • Sehlabelo sa Hae
  • Jesu Kreste—Ke Mang?
    Jesu Kreste—Ke Mang?
  • O ne a Rata Batho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rna?
  • Jesu Kreste ke Mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2005
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 7/1 maq. 4-7

Jesu a ka Fetola Bophelo ba Hao Joang?

JESU KRESTE e ne e le Mosuoe e Moholo ea neng a phela Palestina lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng. Ho tsejoa ho ho honyenyane haholo ka bongoana ba hae. Leha ho le joalo, ho na le bopaki bo tiileng ba hore ha a le lilemo li 30, o ile a qala tšebeletso ea hae ea ‘ho pakela ’nete.’ (Johanne 18:37; Luka 3:21-23) Barutuoa ba bane ba ngotseng litlaleho tsa bophelo ba hae ba lebisa tlhokomelo ea bona lilemong tse tharo le halofo tse ileng tsa latela.

Nakong ea tšebeletso ea hae, Jesu Kreste o ile a fa barutuoa ba hae taelo e neng e ka ba pheko ea mathata a mangata a lefatše. E ne e le efe? Jesu o ile a re: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; feela joalokaha ke le ratile, hore le lōna le ratane.” (Johanne 13:34) E, tharollo ea mathata a mangata a moloko oa batho ke lerato. Ka lekhetlo le leng ha Jesu a ne a botsoa hore na taelo e khōlō ho tsohle ke efe, o ile a arabela: “‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka soule ea hao eohle le ka kelello ea hao eohle.’ Ena ke eona taelo e khōlō ka ho fetisisa le ea pele. Ea bobeli, e joaloka eona, ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’”—Matheu 22:37-40.

Jesu o ile a re bontša ka mantsoe le ka liketso tsa hae hore na re ka rata Molimo le batho ba bang joang. A re ke re hlahlobeng mehlala e ’maloa ’me re bone hore na re ka ithuta eng ho eena.

Lithuto Tsa Hae

Ho e ’ngoe ea lithuto tse tsebahalang ka ho fetisisa historing, Jesu Kreste o ile a bolella balateli ba hae: “Ha ho le ea mong ea ka sebeletsang benghali ba babeli joaloka lekhoba; kaha lintho li peli, o tla hloea e mong ’me a rate e mong, kapa o tla khomarela e mong ’me a nyelise e mong. Le ke ke la sebeletsa Molimo le Maruo joaloka makhoba.” (Matheu 6:24) Na thuto ea Jesu ea ho beha Molimo pele bophelong ba rōna e sa sebetsa le kajeno, ha batho ba bangata hakaale ba lumela hore chelete e rarolla mathata ’ohle? Ke ’nete hore re hloka chelete hore re khone ho phela. (Moeklesia 7:12) Empa, haeba re lumella “Maruo” hore e be monghali oa rōna, “lerato la chelete” le tla re laola, le buse bophelo bohle ba rōna. (1 Timothea 6:9, 10) Ba bangata ba oetseng lerabeng lena ba qeteletse ba lahlehetsoe ke malapa a bona, bophelo ba bona bo botle ba ’mele esita le bophelo ba bona ka bobona.

Ka lehlakoreng le leng, ho talima Molimo e le eena Monghali oa rōna ho fana ka morero bophelong. Kaha ke ’Mōpi, ke eena Mohloli oa bophelo, ka hona, ke eena feela ea tšoaneloang ke borapeli ba rōna. (Pesaleme ea 36:9; Tšenolo 4:11) Ba ithutang botho ba hae le ho mo rata ba susumelletseha ho mamela litaelo tsa hae. (Moeklesia 12:13; 1 Johanne 5:3) Ka ho etsa joalo, re itsoela molemo.—Esaia 48:17.

Thutong ea Thabeng, Jesu o ile a boela a ruta barutuoa ba hae hore na ba ka bontša lerato joang ho batho ba bang. O itse: “Ka hona lintho tsohle, tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) Lentsoe leo Jesu a le sebelisitseng mona la “batho,” le akarelletsa le lira tsa motho. Thutong eona eo, o ile a re: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang.” (Matheu 5:43, 44) Na lerato le joalo le ke ke la rarolla mathata a mangata ao re tobanang le ’ona kajeno? Moeta-pele oa Mohindu, Mohandas Gandhi o ne a nahana joalo. O qotsitsoe moo a neng a re: “Mohla [re] ka kopanngoang hammoho ke lithuto tse fanoeng ke Kreste Thutong ena ea Thabeng, re tla be re rarolotse mathata . . . a lefatše lohle.” Haeba lithuto tsa Jesu mabapi le lerato li sebelisoa, li ka rarolla mathata a mangata a batho.

Liketso Tsa Hae

Jesu ha aa ka a ruta ’nete e tebileng feela ea hore na lerato le ka bontšoa joang, empa o ile a boela a etsa seo a se rutang. Ka mohlala, o ne a beha lithahasello tsa ba bang ka pele ho tsa hae. Ka letsatsi le leng Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba phathahane ka ho thusa batho hoo ba ileng ba hloka le nako ea ho ja. Jesu o ile a bona tlhokahalo ea hore barutuoa ba hae ba phomole hanyenyane, ’me o ile a ba nkela sebakeng se khutsitseng. Empa ha ba fihla moo, ba ile ba fumana letšoele le ba emetse. U ne u tla itšoara joang ha u bona bongata ba batho ba lebeletseng hore u sebetse ha uena u utloa hore u hloka phomolo e itseng? Bonneteng, Jesu o ile “a susumetsoa ke khauho bakeng sa bona” ’me “a qala ho bo ruta lintho tse ngata.” (Mareka 6:34) Ho ameha hona ha Jesu ka batho ba bang ho ile ha mo susumetsa hore a lule a ba thusa kamehla.

Jesu o ile a etsetsa batho ho hongata ho feta ho ba ruta. O ile a boela a fana ka thuso e hlokahalang. Ka mohlala, ketsahalong e ’ngoe o ile a fepa batho ba fetang 5 000 ba neng ba ile ba mo mamela ho fihlela mantsiboea. Kapele ka mor’a moo, o ile a boela a fepa letšoele le leng—lekhetlong lena e le la batho ba fetang 4 000—ba neng ba mo mametse ka matsatsi a mararo ’me ba se ba se na letho leo ba ka le jang. Ketsahalong ea pele, o ile a sebelisa mahobe a mahlano le litlhapi tse peli, ’me ketsahalong ea morao, a sebelisa mahobe a supileng le litlhapi tse seng kae. (Matheu 14:14-22; 15:32-38) Na e ne e le mehlolo? E, e ne e le moetsi oa mehlolo.

Jesu o ile a boela a folisa ba kulang. O ile a folisa lifofu, liritsa, balepera le lithōlō. O bile a tsosa le bafu! (Luka 7:22; Johanne 11:30-45) Ka lekhetlo le leng molepera o ile a mo kōpa ka tieo: “Haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.” Jesu o ile a arabela joang? “Eaba o susumetsoa ke khauho, ’me o otlolla letsoho la hae ’me oa mo ama, ’me o re ho eena: ‘Kea batla. Hloeka.’” (Mareka 1:40, 41) Ka mehlolo e joalo, Jesu o ile a bontša lerato la hae ho ba kulang.

Na u fumana ho le thata ho lumela mehlolo ea Jesu? Ba bang ba ho fumana ho le thata. Leha ho le joalo, hopola hore Jesu o ile a etsa mehlolo ea hae pepenene. Esita le bahanyetsi ba hae, ba neng ba leka ho fumana molato ho eena ketsahalong e ’ngoe le e ’ngoe, ba ne ba sitoa ho hana hore ke moetsi oa mehlolo. (Johanne 9:1-34) Ho feta moo, mehlolo ea hae e ne e e-na le morero. E ile ea thusa batho hore ba mo tsebe e le Ea rometsoeng ke Molimo.—Johanne 6:14.

Ka ho etsa mehlolo, Jesu o ne a sa ipatlele thoriso. Ho e-na le hoo, o ile a tlotlisa Molimo, Mohloli oa matla a hae. Ka nako e ’ngoe ha a le Kapernauma, o ile a ba ka har’a ntlo e neng e tletse batho. Monna e mong ea neng a shoele litho o ne a batla ho folisoa empa a sitoa ho kena ka hare. Kahoo, metsoalle ea hae e ile ea mo theolela ka tlung le marulelong, e mo behile lempareng. Ha Jesu a bona tumelo ea bona, o ile a folisa monna eo ea neng a shoele litho. Ka lebaka leo, batho ba ile ba “tlotlisa Molimo” ’me ba re: “Le ka mohla ha re e-s’o bone ho kang hona.” (Mareka 2:1-4, 11, 12) Mehlolo ea Jesu e ile ea etsa hore Jehova, Molimo oa hae, a rorisoe, ’me e ile ea thusa ba hlokang.

Leha ho le joalo, ho folisa ba kulang ka mohlolo e ne e se eona ntho ea sehlooho tšebeletsong ea Jesu. E mong oa ba ngotseng tlaleho ea bophelo ba Jesu o hlalositse: “Tsena li ngotsoe fatše e le hore le ka lumela hore Jesu ke Kreste Mora oa Molimo, le hore, ka lebaka la ho lumela, le ka ba le bophelo ka lebitso la hae.” (Johanne 20:31) E, Jesu o ile a tla lefatšeng e le hore batho ba lumelang ba ka ba le bophelo.

Sehlabelo sa Hae

U ka ’na ua botsa, ‘Jesu a tla lefatšeng? O ne a tsoa hokae?’ Jesu ka boeena o itse: “Ke theohile leholimong ho tla etsa, eseng thato ea ka, empa thato ea ea nthomileng.” (Johanne 6:38) O ne a kile a phela pele e le Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo. Joale thato ea Ea mo romileng lefatšeng e ne e le efe? Johanne, e mong oa bangoli ba Kosepele o re: “Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea sebelisang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:16) See se ne se ka etsahala joang?

Bibele e senola kamoo lefu le ileng la e-ba ntho eo batho ba ke keng ba e qoba kateng. Molimo o ile a fa banyalani ba pele bophelo ka tebello ea ho phela ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, ba ile ba khetha ho ba khahlanong le Moetsi oa bona. (Genese 3:1-19) Ka lebaka la ketso ena ea sebe sa batho ba pele, bana ba Adama le Eva ba ruile lefa le sa rateheng la lefu. (Baroma 5:12) E le hore moloko oa batho o ka fuoa bophelo ba sebele, ho lokela ho felisoe sebe le lefu.

Ha ho rasaense ea ka felisang lefu ka mofuta o itseng oa ho iphetola ha liphatsa tsa lefutso. Leha ho le joalo, ’Mōpi oa batho o na le mokhoa oa ho khutlisetsa batho ba mamelang phethehong e le hore ba ka phela ka ho sa feleng. Ka Bibeleng, tokisetso ena e bitsoa thekollo. Banyalani ba pele ba ile ba ithekisa bona hammoho le bana ba bona bokhobeng ba sebe le lefu. Ba ile ba fana ka bophelo ba ho ba batho ba phethahetseng ba mamelang Molimo bakeng sa bophelo bo lokolohileng ho Molimo, ba iketsetsa liqeto tsa hore na ke eng se nepahetseng le se fosahetseng. E le ho rekolla bophelo bo phethahetseng ba botho, ho ne ho tlameha ho lefshoe ka theko e lekanang le ea bophelo bo phethahetseng ba botho boo batsoali ba rōna ba pele ba neng ba bo lahlile. Kaha batho ba futsitse ho se phethahale, ba ne ba sa tšoanelehe bakeng sa ho lefa theko eo.—Pesaleme ea 49:7.

Ka lebaka leo, Jehova Molimo o ile a kenella hore a fane ka thuso. O ile a fetisetsa bophelo bo phethahetseng ba Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši pōpelong ea moroetsana ea ileng a tsoala Jesu. E ka ’na eaba lilemong tse mashome tse fetileng u ’nile ua hana khopolo ea moroetsana ea tsoalang ngoana. Leha ho le joalo, kajeno bo-rasaense ba entse hore lianyesi tse tšehali li ikemarise ’me ba kentse liphatsa tsa lefutso tsa phoofolo e ’ngoe phoofolong e ’ngoe. Joale, ke mang eo ka nepo a ka belaellang matla a ’Mōpi a ho se sebelise tsela e tloaelehileng ea ho ba le bana?

Ka ho ba teng ha bophelo bo phethahetseng ba botho, theko ea ho rekolla batho sebeng le lefung e ile ea fumaneha. Leha ho le joalo, ngoana ea neng a tsoetsoe lefatšeng e le Jesu o ne a tlameha ho hōla hore e be “ngaka” e tla khona ho fana ka “setlhare” se phekolang mathata a moloko oa batho. O ile a etsa sena ka ho phela bophelo bo phethahetseng, bo se nang sebe. Jesu ha aa ka a bona feela mahlomola a moloko oa batho tlas’a sebe, empa o ile a ba le phihlelo ea ho ba le meeli eo motho oa nama a nang le eona. Sena se ile sa etsa hore e be ngaka e nang le kutloelo-bohloko le ho feta. (Baheberu 4:15) Liphekolo tsa mohlolo tseo a ileng a li etsa ha a phela lefatšeng li ile tsa paka hore o ikemiselitse ebile o na le matla a ho folisa ba kulang.—Matheu 4:23.

Ka mor’a tšebeletso ea lilemo tse tharo le halofo mona lefatšeng, Jesu o ile a bolaoa ke bahanyetsi ba hae. O ile a bontša hore motho ea phethahetseng a ka mamela ’Mōpi ho sa tsotellehe esita le liteko tse matla ka ho fetisisa. (1 Petrose 2:22) Sehlabelo sa hae sa bophelo bo phethahetseng ba botho se ile sa e-ba thekollo, sa khona ho rekolla batho sebeng le lefung. Jesu Kreste o itse: “Ha ho le ea mong ea nang le lerato le leholo ho feta lena, hore motho a nehelane ka soule ea hae molemong oa metsoalle ea hae.” (Johanne 15:13) Letsatsing la boraro ka mor’a lefu la hae, Jesu o ile a tsosetsoa bophelong ba moea, ’me libeke tse seng kae hamorao o ile a nyolohela leholimong ho ea hlahisa thekollo ea hae ho Jehova Molimo. (1 Bakorinthe 15:3, 4; Baheberu 9:11-14) Ka ho etsa joalo, Jesu o ile a khona ho sebelisa bohlokoa ba sehlabelo sa hae sa thekollo ho ba mo latelang.

Na u ka rata ho fumana molemo mokhoeng oo oa ho folisoa moeeng, maikutlong le maloetseng a ’mele? Ho fumana molemo oo ho hloka hore u be le tumelo ho Jesu Kreste. Ke hobane’ng ha u sa itlise Ngakeng? U ka etsa seo ka ho ithuta ka Jesu Kreste le karolo eo a e phethang ho pholoseng batho ba tšepahalang. Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Jesu o ikemiselitse ebile o na le matla a ho folisa ba kulang

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Lefu la Jesu le u ama joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela