Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • T-24 maq. 2-6
  • Jesu Kreste—Ke Mang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jesu Kreste—Ke Mang?
  • Jesu Kreste—Ke Mang?
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lerato—Taelo ea Hae
  • Lerato la Hae ka Liketso
  • Jesu a ka Fetola Bophelo ba Hao Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Lumela ho Jesu
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Na U Tla Arabela Leratong la Jesu?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Jesu o ne a Etsa’ng ha a le Lefatšeng?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
Bala Tse Ling
Jesu Kreste—Ke Mang?
T-24 maq. 2-6

Jesu Kreste—Ke Mang?

“ESITA le batho ba bangata bao e seng Bakreste ba lumela hore E ne e le mosuoe e moholo le ea bohlale. Ka sebele e ne e le e mong oa batho ba nang le tšusumetso e khōlōhali ba kileng ba phela.” (The World Book Encyclopedia) Ke mang? Jesu Kreste, mothehi oa Bokreste. Na ua tseba hore na ke mang? Na o ama bophelo ba hao ka tsela leha e le efe?

Liketsahalo tsa tšebeletso ea Jesu li tlalehiloe ka Bibeleng libukeng tse ’nè tsa histori tse bitsoang Likosepele. Litlaleho tsee ke tsa ’nete hakae? Ka mor’a hore a li hlahlobe, rahistori ea tsebahalang haholo Will Durant o ile a ngola: “Taba ea hore molokong o le mong batho ba seng bakae ba sa rutehang ba iqapetse botho bo matla le bo ipiletsang hakaalo, tekanyetso ea boitšoaro e phahameng hakaalo le pono ea ho ipōpa joaloka bara ba motho e susumetsang hakaalo, e ne e tla ba mohlolo oo ho neng ho tla ba thata ho o lumela ho feta mohlolo leha e le ofe o tlalehiloeng ka Likosepeleng.”

Leha ho le joalo, batho ba limilione linaheng tsa Bochabela le libakeng tse ling, ha ba tsebe Jesu Kreste. Ba ka ’na ba lumela hore o ile a ba teng, empa ha ba nahane hore o na le moo a amehang teng bophelong ba bona. Ba bang ba hlokomoloha Jesu ba re ha aa lokela ho eloa hloko ka lebaka la seo ba ipolelang hore ke balateli ba hae, ba se entseng. Ba bang Japane ba ne ba tla re: ‘Ba ile ba lahlela bomo ea athomo Nagasaki, motse o nang le Bakreste ba bangata ho feta metse e mengata ea Japane.’

Empa, na u ne u tla beha ngaka molato bakeng sa boloetse ba mokuli haeba mokuli a hana ho khomarela litaelo tsa ngaka? Ka ho totobetseng u ke ke. Batho ba Bokreste-’mōtoana ke khale ba hlokomolohile litaelo tsa Jesu bakeng sa ho hlōla mathata a bona a letsatsi le letsatsi. Kahoo ho e-na le ho qhelela Jesu ka thōko ka lebaka la ba bitsoang Bakreste, ba sa lateleng litaelo tsa hae, ke hobane’ng ha u sa ithute ho hong ka eena ka bouena? Ichebele ka Bibeleng, ’me u bone hore na hantle-ntle Jesu ke mang le hore na a ka fetola bophelo ba hao joang.

Lerato—Taelo ea Hae

Jesu Kreste e ne e le mosuoe e moholo ea phetseng Palestina hoo e ka bang lilemong tse 2 000 tse fetileng. Ho tsejoa ho fokolang haholo ka bongoana ba hae. (Matheu, khaolo ea 1 le ea 2; Luka, khaolo ea 1 le ea 2) Ha a le lilemo li 30, Jesu o ile a qala tšebeletso ea hae ea ho ‘pakela ’nete.’ (Johanne 18:37; Luka 3:21-23) Batlalehi ba bane ba histori ea bophelo ba Jesu ba ne ba tsepamisitse mohopolo tšebeletsong ea hae ea phatlalatsa, lilemo tsa ho qetela tse tharo le halofo tsa ho lula ha hae ka nakoana lefatšeng.

Nakong ea tšebeletso ea hae, Jesu o ile a fa barutuoa ba hae senotlolo sa ho sebetsa ka katleho mathata a sa tšoaneng bophelong ba bona. Senotlolo seo e ne e le eng? E ne e le lerato. Ho e ’ngoe ea lithuto tsa hae tse tsebahalang haholo historing, e bitsoang Thuto ea Thabeng, Jesu o ile a ruta barutuoa ba hae mokhoa oa ho bontša batho ba bang lerato. O ile a re: “Ka hona. lintho tsohle, tseo le batlang hore batho ba le etse tsona, le lōna ka ho tšoanang le ba etse tsona.” (Matheu 7:12) Molao-motheo ona o bitsoa Molao oa Khauta. “Batho” bao Jesu a neng a bua ka bona mona ba akarelletsa esita le lira tsa motho. Hona thutong eo o ile a re: “Tsoelang pele ho rata lira tsa lōna le ho rapella ba le hlorisang.” (Matheu 5:44) Na lerato le joalo le ne le ke ke la rarolla mathata a mangata ao re tobanang le ’ona kajeno? Moeta-pele oa Mohindu Mohandas Gandhi o ile a nahana joalo. O qotsitsoe a re: “Mohla [re] ka kopanngoang hammoho ke lithuto tse fanoeng ke Kreste Thutong ena ea Thabeng, re tla be re [rarolotse] mathata . . . a lefatše lohle.” Lithuto tsa Jesu tsa lerato, haeba li sebelisoa, li ka phekola mathata a moloko oa batho.

Lerato la Hae ka Liketso

Jesu o ne a etsa seo a se rutang. O ne a beha lithahasello tsa ba bang ka pel’a tsa hae ’me o ile a bonahatsa lerato ka liketso. Ka letsatsi le leng, Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba sebeletsa batho ba bangata, ntle le hore ba khefutse hore ba je lijo. Jesu o ile a bona hore ho hlokahala hore barutuoa ba hae ba “phomole hanyenyane,” kahoo ba leba sebakeng se khutsitseng. Empa letšoele la ba etella pele ’me le ne le emetse hore ba fihle. U ka be u ile ua etsa joang haeba u ne u le boemong ba Jesu? Jesu o ile a “susumetsoa ke khauho bakeng sa bona” ’me “a qala ho [ba] ruta lintho tse ngata.” (Mareka 6:30-34) Boikutlo bona bo matla ba khauho bo ile ba mo susumelletsa ho thusa ba bang.

Seo Jesu a ileng a se etsa molemong oa ba bang se ne se sa lekanyetsoa thutong ea moea. O bile a ba thusa ka tsela e sebetsang. Ka mohlala, o ile a fepa banna ba 5 000 (ntle ho basali le bana) ba neng ba ntse ba mo mametse ka letsatsi le leng ho fihlela letsatsi le ile haholo. O ile a fepa ba bang ba 4 000 ketsahalong e ’ngoe hamorao. Ketsahalong ea pejana, o ile a sebelisa lilofo tse hlano tsa bohobe le litlhapi tse peli ’me ho ea morao, lilofo tse supileng le litlhapi tse seng kae tse nyenyane. (Matheu 14:14-21; 15:32-38; Mareka 6:35-44; 8:1-9) Mehlolo? E, o ne a etsa mehlolo.

Jesu o boetse a folisa ba bangata ba kulang. O ile a folisa lifofu, lihole, balepera le lithōlō. O bile a tsosa le bafu! (Luka 7:22; Johanne 11:30-45) Ka lekhetlo le leng molepera o ile a mo kōpa ka tieo: “Haeba feela u batla, u ka ntlhoekisa.” Jesu o ile a arabela joang? ‘A otlolla letsoho la hae ’me a mo ama, ’me a re ho eena: “Kea batla. Hloeka.”’ (Mareka 1:40, 41) Jesu o ile a susumetsoa ke takatso e matla ea ho ba thusa. Ka mehlolo e joalo, o ile a bontša lerato la hae ho ba mahlomoleng.

Na ho thata ho kholoa see? Empa Jesu o ne a etsa mehlolo ea hae e mengata phatlalatsa. Esita le bahanyetsi ba hae, ba lekileng ho fumana phoso ho eena ketsahalong e ’ngoe le e ’ngoe, ba ne ba ke ke ba latola ’nete ea hore o entse mehlolo. (Johanne 9:1-34) Ho feta moo, mehlolo ea hae e ne e e-na le morero. E ile ea thusa batho hore ba khetholle Jesu e le ea rometsoeng ke Molimo.—Johanne 6:14.

Ho nahana ka lithuto tsa Jesu le bophelo ba hae ka bokhutšoanyane ho mo etsa ea ratehang ho rōna ’me ho re susumelletsa ho batla ho mo etsisa. Leha ho le joalo, eo hase eona feela tsela eo Jesu a ka amang bophelo ba hao ka eona. E ne e se feela mosuoe e moholo ea rutileng lerato. O ile a bontša hore o bile teng e le Mora oa Molimo ea tsoetsoeng a ’notši pele e e-ba motho oa nama. (Johanne 1:14; 3:16; 8:58; 17:5; 1 Johanne 4:9) Hape o bile teng le ka mor’a hore e be motho oa nama, e leng ho mo etsang oa bohlokoa le ho feta ho uena. Bibele e bontša hore Jesu o ile a tsosoa ’me hona joale o behiloe teroneng e le Morena oa ’Muso oa Molimo. (Tšenolo 11:15) Jesu o ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba ithuisa tsebo ka uena, Molimo eo e leng eena feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:3; 20:31) Ka sebele, ho ithuisa tsebo ka Jesu Kreste ho ka bolela bophelo bo sa feleng Paradeiseng! Hoo ho ka ba joalo joang? Ke hobane’ng ha u sa ithute ho eketsehileng ka Jesu ’me u bone kamoo ‘lerato la Kreste le re qobellang’ kateng ho mo etsisa? (2 Bakorinthe 5:14) Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u thusa.—Johanne 13:34, 35.

Ntle le ha ho bontšitsoe ka hosele, mangolo a Bibele pampitšaneng ena a qotsitsoe ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Segerike a Bakreste.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela