Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • gf thuto 6 maq. 10-11
  • Paradeise e Haufi!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Paradeise e Haufi!
  • U ka ba Motsoalle oa Molimo!
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bophelo bo Molemo—Haufinyane!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Paradeise e Tla Tla Neng?
    Mamela Molimo ’me U Phele ka ho sa Feleng
  • Na re Phela “Matsatsing a ho Qetela”?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • ’Muso oa Molimo o Tla Busa Lefatše Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2020
Bala Tse Ling
U ka ba Motsoalle oa Molimo!
gf thuto 6 maq. 10-11

Thuto ea 6

Paradeise e Haufi!

Lintho tse mpe tse etsahalang hona joale lefatšeng li bontša hore Paradeise e haufi. Bibele e boletse hore re ne re tla bona linako tse tšabehang nakoana pele Paradeise e e-tla. Re phela linakong tseo hona joale! Tse ling tsa lintho tseo Bibele e itseng li tla etsahala ke tsena:

Lintoa tse khōlō. “Sechaba se tla tsohela sechaba matla le ’muso o tla tsohela ’muso matla.” (Matheu 24:7) Boprofeta bona bo phethahetse. Ho tloha ka selemo sa 1914, ho bile le lintoa tse peli tsa lefatše le lintoa tse nyenyane tse ngata. Ho shoele batho ba limilione ho tsona.

Mafu a tletseng hohle. Ho ne ho tla ba le “mafu a seoa . . . sebakeng se seng ka mor’a se seng.” (Luka 21:11) Na see se etsahetse? E. Kankere, lefu la pelo, lefuba, malaria, AIDS le mafu a mang li bolaile batho ba limilione.

Khaello ea lijo. Lefatšeng lohle ho na le batho ba haelloang ke lijo. Selemo se seng le se seng batho ba limilione ba bolaoa ke tlala. Ena ke pontšo e ’ngoe ea hore Paradeise e tla tloha e fihla. Bibele e re: “Ho tla ba le likhaello tsa lijo.”—Mareka 13:8.

Litšisinyeho tsa lefatše. “Ho tla ba le . . . litšisinyeho tsa lefatše sebakeng se seng ka mor’a se seng.” (Matheu 24:7) Sena le sona sea etsahala mehleng ea rōna. Ho shoele batho ba fetang milione litšisinyehong tsa lefatše haesale ho tloha ka 1914.

Batho ba khopo. Batho e ne e tla ba “ba ratang chelete” le “baithati.” E ne e tla ba “ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo.” Bana e ne e tla ba “ba sa mameleng batsoali.” (2 Timothea 3:1-5) Na ua lumela hore ho na le batho ba bangata ba joalo kajeno? Ha ba hlomphe Molimo, ’me ba tšoenya ba lekang ho ithuta ka Molimo.

Tlōlo ea molao. Hape ho ne ho tla ba le “ho eketseha ha tlōlo ea molao.” (Matheu 24:12) Ho ka ’na ha etsahala hore u lumele hore tlōlo ea molao e mpe ho feta kamoo e neng e le kateng lilemong tse fetileng. Hohle batho ba kotsing ea ho amohuoa lintho, ho qhekelloa kapa ho ntšoa kotsi.

Lintho tsena kaofela li bontša hore ’Muso oa Molimo o haufi. Bibele e re: “Ha le bona lintho tsena li etsahala, le tsebe hore ’muso oa Molimo o haufi.” (Luka 21:31) ’Muso oa Molimo ke eng? Ke ’muso oa Molimo oa leholimo o tla tlisa Paradeise lefatšeng lena. ’Muso oa Molimo o tla nka sebaka sa mebuso ea batho.—Daniele 2:44.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela