Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be thuto 17 leq. 139-leq. 142 ser. 1
  • Ho Sebelisa Microphone

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebelisa Microphone
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Molumo o Loketseng
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Fetoleloa ha Kopano ea Setereke ea 2020 ea “Lulang le Thabile”!
    Kamoo Menehelo e Sebelisoang Kateng
  • Seboka sa Tšebeletso Sea re Hlomella Bakeng sa Mosebetsi o Mong le o Mong o Motle
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Ruta Bana ba Hao ho Araba Libokeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be thuto 17 leq. 139-leq. 142 ser. 1

Thuto 17

Ho Sebelisa Microphone

Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

Haeba libokeng tsa lōna ho sebelisoa microphone bakeng sa ho hōlisa lentsoe, e sebelise hantle.

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?

Se boleloang se tla ruisa ba bang molemo haeba feela se utloahala hantle.

BARA le barali babo rōna ba Bakreste ba sebelisa nako e ngata le boiteko ba tlile libokeng tsa Bokreste. Hore ba rue molemo ho se boleloang, ba lokela ho utloa hantle.

Mehleng ea Iseraele ea boholo-holo, ho ne ho se na lisebelisoa tsa motlakase tsa ho hōlisa molumo. Ha Moshe a ne a bua le sechaba sa Iseraele Mahoatateng a Moabe pele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, ho ile ha khoneha joang hore batho bohle ba neng ba le teng, ba neng ba baloa ka limilione ba utloe? Mohlomong Moshe o ile a sebelisa mokhoa oo ka oona banna ba itseng ba neng ba ema libakeng tse loketseng ’me ba neheletsana boitsebiso ka ho pheta mantsoe a hae e mong ka mor’a e mong joalo ho pholletsa le liahelo. (Deut. 1:1; 31:1) Nakoana ka mor’a hore Baiseraele ba qale ho hapa naha e ka bophirimela ho Jordane, Joshua o ile a bokella sechaba ka pel’a Thaba ea Gerizime le Thaba ea Ebale, ’me ho ka etsahala hore Balevi ba ne ba eme khohlong e neng e li arola. Mono sechaba kaofela se ile sa utloa ’me sa arabela litlhohonolofatsong le lithohakong tsa bomolimo tseo se neng se li bolelloa. (Josh. 8:33-35) Ho ka etsahala hore le ketsahalong ena, ho ile ha sebelisoa mokhoa oa hore batho ba neheletsane boitsebiso ka ho bo pheta e mong ka mor’a e mong, empa ha ho pelaelo hore le tsela eo sebaka sena se neng se hahehile hantle ka eona e ne e thusa haholo tsamaisong ea molumo.

Lilemo tse ka bang 1 500 hamorao ha ‘bongata bo boholo haholo bo bokane’ Leoatleng la Galilea ho tla mamela Jesu, o ile a palama sekepe, a se sesisetsa thōkoana le lebōpo eaba o lula fatše hore a bue le bongata. (Mar. 4:1, 2) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bua a le ka sekepeng? Kahobane bopaki bo bontša hore lentsoe la motho le utloahala le hlakile ka mokhoa o makatsang ha le feta holim’a metsi a mangata.

Ho fihlela mathoasong a lekholo la bo20 la lilemo, molumo le ho hlaka ha lentsoe la sebui hangata ke tsona tse neng li lekanyetsa hore na ke ba bakae har’a bamameli ba neng ba ka khona ho utloa se boleloang. Leha ho le joalo, ho qala ka bo-1920, bahlanka ba Jehova ba ile ba khona ho sebelisa hamolemo lisebelisoa tsa motlakase tse hōlisang molumo oa lentsoe la motho likopanong tsa bona.

Thepa ea Molumo. Thepa e joalo e ka hōlisa molumo oa lentsoe la sebui ka makhetlo a mangata ’me ea ’na ea boloka boleng le molumo oa lentsoe la sona le ntse le le boemong bo loketseng. Ha ho hlokahale hore sebui se hoeletse. Bamameli ha baa lokela ho sokola ho utloa se boleloang. Ho e-na le hoo, ba ka lebisa tlhokomelo ea bona molaetseng.

Ho entsoe mosebetsi o moholo ho tiisa hore ho ba le thepa e loketseng ea molumo likopanong tse khōlō le tse nyenyane tsa Lipaki tsa Jehova. Ho feta moo, Liholo tsa ’Muso tse ngata li sebelisa thepa ea molumo ho hōlisa mantsoe a ba fanang ka lipuo, ba khannang liboka kapa ba balang sethaleng. Hape liphutheho tse ling li na le li-microphone tse sebelisoang ke bamameli ha ba arabela libokeng. Haeba phutheho ea heno e e-na le thepa e joalo, ithute ho e sebelisa hantle.

Lintlha Tse Itseng Tsa Motheo Tse Tataisang. E le hore u sebelise thepa eo hantle, hopola lintlha tse latelang: (1) Ka tloaelo molomo oa hao o lokela ho atamela microphone ka lisenthimithara tse 10 ho ea ho tse 15. Ha microphone e le haufi haholo, moelelo oa mantsoe a hao o ka ’na oa sotheha. Haeba e le hōle haholo, lentsoe la hao le ke ke la utloahala hantle. (2) Microphone e lokela ho ba ka pel’a hao, eseng ka thōko. Haeba u retelletsa hlooho ka lehlakoreng le letona kapa le letšehali, u lokela ho bua hafeela sefahleho sa hao se lebane le microphone. (3) Sebelisa molumo o eketsehileng haholoanyane le ho ba le sefutho ho feta ha u ne u iqoqela feela. Empa ha ho hlokahale hore u hoeletse. Thepa ea molumo e tla fetisa lentsoe la hao habonolo ho ea fihla le ho bamameli ba lutseng morao haholo. (4) Haeba ho hlokahala hore u thethe sekhohlela kapa u utloa hore u batla ho khohlela kapa ho thimola, tiisa hore u suthisetsa hlooho ea hao hōle le microphone.

Ha U Fana ka Puo. Ha u fihla sefaleng, ka tloaelo mor’abo rōna o tla u lokisetsa microphone. Ema ka mokhoa oa tlhaho sefahleho sa hao se shebe ho bamameli ha a ntse a etsa joalo. Beha lintlha tsa hao sefaleng ’me u tiise hore microphone ha e u sire ha u li sheba.

Ha u qala ho bua, mamela hore na lentsoe la hao le utloahala joang ha le hlaha ka har’a sebuela-hōle. Na molumo o phahame haholo, kapa na ho na le mantsoe a itseng a hlahisang melumo e matla haholo? Ho ka ’na ha hlokahala hore u suthele morao ka lisenthimithara tse peli le halofo ho isa ho tse hlano. Ha u habanya lintlha tsa hao, u hopole hore u lokela ho bua le ho bala hafeela sefahleho sa hao se lebane le microphone kapa se le ka holimonyana ho eona, eseng ka tlaase ho eona.

Ha U Bala U le Sethaleng. Ho molemo hore u tšoarele Bibele ea hao kapa khatiso e ’ngoe holingoana e le hore sefahleho sa hao se lebane le bamameli. Kaha mohlomong microphone e tla be e le ka pel’a hao ka ho toba, ho ka ’na ha hlokahala hore u tšoarele ntho eo u e balang ka thōko hanyenyane. Sena se bolela hore hlooho ea hao e lokela ho ba ka thōko hanyenyane ho microphone. Joale ha u bala, lentsoe la hao le tla kena ka ho toba ka har’a microphone.

Barab’abo rōna ba bangata ba balang Thutong ea Molula-Qhooa ba ema ka maoto ’me ba buela ka har’a microphone e emisitsoeng. Ha e emisitsoe e etsa hore ba khone ho hema hantle le ho bala ka mokhoa o utloahalang haholoanyane. Hopola hore ho bala lirapa ke karolo e khōlō ea seboka. Molemo oo bamameli ba tla o fumana o itšetlehile haholo ka hore ba utloe boitsebiso bo baloang.

Ha U Arabela Sebokeng. Haeba phutheho ea lōna e sebelisa li-microphone hore bamameli ba arabele ka tsona, hopola hore ho sa ntse ho hlokahala hore u bue ka mokhoa o hlakileng le ka molumo o lekaneng. Ha u arabela, leka ho tšoara khatiso ea hao e ithutoang kapa Bibele ka letsoho. Sena se tla u nolofalletsa ho bona boitsebiso hantle ha u ntse u buela ka har’a microphone.

Liphuthehong tse ling barab’abo rōna ba abeloa ho isa li-microphone ho ba suptjoang hore ba arabele. Haeba ho joalo phuthehong ea lōna, ha u suptjoa hore u arabele, lula u phahamisitse letsoho e le hore mor’abo rōna ea tšoereng microphone a ka bona moo u lutseng teng le ho fihla ho uena kapele. Haeba microphone e le e tšoaroang ka letsoho, itokisetse ho e nanabela. U se ke ua qala ho bua pele microphone e fihla. Ha u qetile ho arabela, khutlisetsa microphone kapele ho mor’abo rōna.

Ha U Kopanetse Pontšong. Ho sebelisa microphone nakong ea pontšo ho hloka ho nahaneloa ka ho khethehileng esale pele. Haeba microphone e hlonngoe seluloaneng sa eona, matsoho a hao ka bobeli a tla be a lokolohile hore u khone ho sebelisa Bibele ea hao le lintlha tsa hao. Ho sebelisa microphone ea letsoho ho ka u neha bolokolohi bo boholoanyane ba ho etsa lintho, empa ho ka ’na ha hlokahala hore u lokisetse hore mothusi oa hao a e tšoare. Ka tsela eo matsoho a hao a tla be a lokolohile hore u tšoare Bibele ea hao. Uena le motho ea u thusang e le mong’a ntlo le lokela ho ikoetlisetsa sena e le hore mothusi oa hao a ka tseba tsela ea ho e tšoara hantle. Hape, hopola hore ha u le sethaleng, u se ke ua furalla bamameli, haholo-holo ha u bua.

Lipontšong tsa Seboka sa Tšebeletso, ho ka ’na ha e-ba le batho ba ’maloa ba leng pontšong ’me mohlomong ba ntse ba tsama-tsamaea sethaleng. Kahoo, ho ka ’na ha hlokahala li-microphone tse ’maloa. Li lokela ho behoa libakeng tsa tsona esale pele kapa li fuoe ba leng pontšong ha ba hloella sethaleng. Ho tiisa hore li-microphone li lutse sebakeng se loketseng ka nako e loketseng ho hloka ho lokisetsoa esale pele. Ho itlhakisetsa lipontšo pele li etsoa ho fana ka monyetla oa ho ruta ba nang le karolo pontšong mekhoa e sebetsang ea ho sebelisa li-microphone. Haeba ho ke ke ha khoneha ho itlhakisetsa sethaleng, ho ka ’na ha e-ba bohlale ho tšoara ntho e nyenyane e boholo ba microphone e le hore le itlhakisetse ho e beha sebakeng se loketseng. Ka mor’a pontšo, ba neng ba le pontšong ba lokela ho beha li-microphone tse tšoaroang ka letsoho hantle, ba hlokomele hore ba se ke ba khoptjoa ke mehala ea li-microphone tse ling ha ba tloha sethaleng.

Ho hlokomela ha rōna tšebeliso ea li-microphone ho amana ka ho toba le o mong oa merero e ka sehloohong ea liboka tsa rōna, e leng, ho ruisana molemo ka ho buisana ka Lentsoe la Molimo. (Baheb. 10:24, 25) Ha re ithuta ho sebelisa li-microphone ka katleho, rōna ka borōna re ka tlatsetsa morerong ona oa bohlokoa.

KAMOO U KA HO ETSANG KATENG

Atametsa microphone molomong oa hao ka lisenthimithara tse 10 ho ea ho tse 15.

Tiisa hore u bua hafeela molomo oa hao o lebane le microphone.

Sebelisa molumo o eketsehileng haholoanyane le ho ba le sefutho ho feta ha u ne u iqoqela feela.

Haeba ho hlokahala hore u thethe sekhohlela, suthisetsa hlooho ea hao hōle le microphone.

BOITLHAKISO: Haeba ho sebelisoa li-microphone Holong ea lōna ea ’Muso, hlokomela ka ho khethehileng kamoo libui tse nang le phihlelo li sebelisang li-microphone tse sa suthisoeng le tse tšoaroang ka letsoho kateng. Hlokomela mekhoa eo u lakatsang ho e sebelisa kapa ho e qoba, hammoho le mabaka a liqeto tsa hao.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela