Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be thuto 18 leq. 143-leq. 144 ser. 4
  • Ho Sebelisa Bibele ha U Araba

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebelisa Bibele ha U Araba
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na u Bea Mabaka ka Mangolo ka Mokhoa o Molemo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Mangolo a Sebelisitsoe Hantle
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Sebelisa Lentsoe la Molimo ho Thusa Batho ba Bang le ho Ithusa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • “Lentsoe la Molimo . . . le Fana ka Matla”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be thuto 18 leq. 143-leq. 144 ser. 4

Thuto 18

Ho Sebelisa Bibele ha U Araba

Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

Sebelisa Bibele ka ho toba ha u araba lipotso.

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?

Thōmo ea rōna ke ‘ho bolela lentsoe.’ Jesu o behile mohlala, ha a re: ‘Ha ke bue ka ho iqalla.’—2 Tim. 4:2; Joh. 14:10.

HA RE botsoa ka litumelo tsa rōna, ka tsela ea rōna ea bophelo, ka maikutlo a rōna mabapi le lintho tse etsahalang hona joale, ka tšepo ea rōna ka bokamoso, re leka ho sebelisa Bibele ha re araba. Hobane’ng? Kahobane ke Lentsoe la Molimo. Litumelo tsa rōna li thehiloe Bibeleng. Re theha tsela ea rōna ea bophelo Bibeleng. E bōpa pono ea rōna ka liketsahalo tsa lefatše. Tšepo ea rōna ea bokamoso e thehiloe ka tieo litšepisong tsa Bibele tse bululetsoeng.—2 Tim. 3:16, 17.

Re tseba hantle boikarabelo bo tsamaisanang le lebitso la rōna. Re Lipaki tsa Jehova. (Esa. 43:12) Kahoo ha re arabe lipotso re itšetlehile ka filosofi ea batho, empa re itšetlehile ka seo Jehova a se bolelang Lentsoeng la hae le bululetsoeng. Ke ’nete hore re le batho ka bomong re na le maikutlo a rōna ka litaba tse itseng, empa re lumella Lentsoe la Molimo hore le bōpe maikutlo a rōna kahobane re kholisehile ka tieo hore ke ’nete. Ntle ho pelaelo, Bibele e re fa bolokolohi ba ho ikhethela litabeng tse ngata. Ho e-na le ho qobella ba bang ho rata lintho tseo re li ratang, re lakatsa ho ruta melao-motheo e behiloeng ka Mangolong, ka ho etsa joalo re lumella bamameli ba rōna ho ba le bolokolohi ba ho ikhethela joaloka rōna. Joaloka moapostola Pauluse, re batla “ho ntšetsa pele ho mamela ka tumelo.”—Bar. 16:26.

Ho Tšenolo 3:14, Jesu Kreste o hlalosoa e le “paki e tšepahalang le ea ’nete.” O ile a araba lipotso le ho sebetsana le maemo a neng a mo hlahela joang? Ka linako tse ling o ne a sebelisa lipapiso tse neng li etsa hore batho ba nahane. Ka linako tse ling o ne a botsa motho ea botsang hore na o utloisisa lengolo leo joang. Khafetsa o ne a araba ka ho qotsa mangolo, ka ho akaretsa lintlha tsa ’ona feela kapa ka ho bua ka ’ona ka mokhoa o sa tobang. (Mat. 4:3-10; 12:1-8; Luka 10:25-28; 17:32) Lekholong la pele la lilemo, ka tloaelo meqolo ea Mangolo e ne e bolokoa ka lisynagogeng. Ha ho na bopaki ba hore Jesu o ne a e-na le pokello ea hae ea meqolo eo, empa o ne a tseba Mangolo hantle ’me o ne a bua ka ’ona hangata ha a ruta ba bang. (Luka 24:27, 44-47) O ne a ka bolela ka botšepehi hore seo a neng a se ruta o ne a sa iqalle sona. O ne a bua seo a neng a se utloile ho Ntat’ae.—Joh. 8:26.

Re lakatsa ho latela mohlala oa Jesu. Ha re e-s’o utloe Molimo a bua, joalokaha Jesu a ile a mo utloa. Empa Bibele ke Lentsoe la Molimo. Ha re le sebelisa e le motheo oa likarabo tsa rōna, re qoba ho ikhulela tlhokomelo. Re bontša hore ho e-na le ho hlahisa maikutlo a motho ea sa phethahalang, re ikemiselitse ka tieo ho lumella Molimo hore a re bolelle hore na ’nete ke eng.—Joh. 7:18; Bar. 3:4.

Ho hlakile hore takatso ea rōna hase ho sebelisa Bibele feela empa ke ho e sebelisa ka tsela e tla tsoela motho ea re mametseng molemo o moholo. Re batla hore a mamele ka kelello e se nang leeme. Ho itšetlehile ka boikutlo ba motho eo, u ka kenyelletsa mehopolo ea Bibele ka ho re: “Na ua lumela hore seo ehlileng e leng sona sa bohlokoa ke hore na Molimo o re’ng?” Kapa u ka ’na ua re: “Na u ne u tseba hore Bibele e bua ka taba eo?” Ha u bua le motho ea sa hlompheng Bibele, ho ka ’na ha hlokahala hore u sebelise kenyelletso e fapaneng hanyenyane. U ka ’na ua re: “E-re ke u bolelle boprofeta bona ba boholo-holo.” Kapa u ka ’na ua re: “Buka e abiloeng haholo historing ea batho e re . . . ”

Maemong a mang, u ka ’na ua khetha ho akaretsa lintlha tsa temana feela. Leha ho le joalo, haeba ho khoneha, ho molemo haholo ho phetla Bibele ka boeona ’me u bale seo e se bolelang. Bontša motho eo lengolo Bibeleng ea hae neng le neng ha sena se hlokahala. Ho sebelisa Bibele ka mokhoa o tobileng joalo hangata ho ba le tšusumetso e matla ho batho.—Baheb. 4:12.

Baholo ba Bakreste ba na le boikarabelo bo khethehileng ba ho sebelisa Bibele ha ba araba lipotso. E ’ngoe ea litšoaneleho tsa hore motho a sebeletse e le moholo ke hore mor’abo rōna a ‘tšoarelle ka tieo lentsoeng le tšepahalang mabapi le tsebo ea hae ea ho ruta.’ (Tite 1:9) Setho sa phutheho se ka ’na sa etsa qeto e tebileng bophelong ka mor’a ho eletsoa ke moholo. Ho bohlokoa hakaakang hore keletso ee e thehoe ka tieo Mangolong! Mohlala oo moholo a o behang ka ho etsa sena o ka susumetsa ba bang ba bangata mokhoeng oa bona oa ho ruta.

KAMOO U KA ATLEHANG HAHOLOANYANE KATENG

Bala Bibele letsatsi le leng le le leng. E-ba le lenaneo le letle la thuto ea botho.

Itloaetse ho akarelletsa mangolo ha u arabela libokeng tsa phutheho.

Ha u talimane le lipotso kapa maemo a itseng, pele u araba kapa u etsa qeto, kamehla ipotse, ‘Bibele e re’ng?’

Ha u sa tsebe hore na Bibele e re’ng ka taba e itseng, u se ke ua hakanya karabo kapa ua fana ka maikutlo a hao. Ithaopele ho etsa lipatlisiso.

BOITLHAKISO: Ngola potso e le ’ngoe kapa tse peli tseo u li botsitsoeng (1) tšebeletsong ea tšimo, (2) ka taba e itseng e sa tsoa hlaha litabeng le (3) ka ho kopanela mosebetsing o itseng o tloaelehileng. Bakeng sa potso ka ’ngoe, bonyane khetha lengolo le le leng le loketseng bakeng sa ho araba potso eo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela