Thuto 38
Kenyelletso e Tsosang Thahasello
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Lipolelong tsa hao tsa pele, bua ntho e itseng e loketseng e tla hapa tlhokomelo ea bamameli ba hao le e tla tlatsetsa ka ho toba sepheong seo u batlang ho se finyella.
Ke Hobane’ng ha e le ea Bohlokoa?
Kenyelletso ea hao e ka rera hore na ebe batho ba bang ba tla mamela le hore na ba tla mamelisisa hakae.
KENYELLETSO ke karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa ea puo leha e le efe. Haeba ka sebele u ka tsosa thahasello ea bamameli ba hao, ba tla sekamela haholoanyane ho mamelisiseng se latelang. Tšebeletsong ea tšimo, haeba kenyelletso ea hao e hlōleha ho tsosa thahasello, ho ka ’na ha e-ba thata hore u tsoele pele ka nehelano ea hao. Ha u fana ka puo Holong ea ’Muso, hase hore bamameli ba tla tsoa ba u siee, empa batho ka bomong ba ka ’na ba qala ho inahanela lintho tse ling haeba u sa hapa thahasello ea bona.
Ha u lokisetsa kenyelletso ea hao, hopola lipakane tse latelang: (1) ho hapa tlhokomelo ea bamameli ba hao, (2) ho hlalosa taba ea hao ka mokhoa o hlakileng le (3) ho bontša hore na ke hobane’ng ha taba eo e le ea bohlokoa ho bamameli ba hao. Maemong a mang, lipakane tsena tse tharo li ka finyelloa hoo e ka bang ka nako e le ’ngoe. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, li ka fuoa tlhokomelo ka bonngoe ’me tatellano ea tsona e ka ’na ea fapana.
Kamoo U ka Hapang Tlhokomelo ea Bamameli ba Hao Kateng. Taba ea hore batho ba bokane ho tla utloa puo ha e bolele hore ba se ba loketse ho lebisa tlhokomelo e feletseng tabeng ea hao. Hobane’ng? Bophelo ba bona bo tletse lintho tse ngata tse batlang tlhokomelo ea bona. Mohlomong ba amehile ka bothata bo itseng lapeng kapa ba tšoenyehile ka ntho e itseng bophelong. Uena joaloka sebui u talimane le phephetso ea hore u lule u hapile tlhokomelo ea bamameli. Ho na le litsela tse ngata tsa ho etsa sena.
E ’ngoe ea lipuo tse tummeng haholo tse kileng tsa fanoa e ne e le Thuto ea Thabeng. E ne e qala ka ho re’ng? Ho ea ka tlaleho ea Luka, Jesu o ile a re: “Ho thaba lōna mafutsana, . . . ho thaba lōna ba lapileng hona joale, . . . ho thaba lōna ba llang hona joale, . . . ho thaba lōna neng kapa neng ha batho ba le hloea.” (Luka 6:20-22) Ke hobane’ng ha seo se ile sa tsosa thahasello? Ka mantsoe a seng makae, Jesu o ile a bontša hore o ela hloko a mang a mathata a tebileng ao bamameli ba hae ba neng ba talimane le ’ona. Joale, ho e-na le ho bua haholo ka mathata ao, o ile a bontša hore batho ba neng ba e-na le mathata a joalo ba ne ba ka thaba ’me o ile a etsa hoo ka tsela e ileng ea etsa hore bamameli ba hae ba batle ho mo mamela haholoanyane.
Lipotso li ka sebelisoa ka katleho ho tsosa thahasello, empa e lokela ho ba tse loketseng. Haeba lipotso tsa hao li bontša hore u il’o bua feela ka lintho tseo bamameli ba kileng ba li utloa, thahasello e ka ’na ea fela kapele. U se ke ua botsa lipotso tse hlabisang bamameli ba hao lihlong kapa tse ba behang ka mosing. Ho e-na le hoo, leka ho botsa lipotso tsa hao ka mokhoa o tla susumetsa monahano. Etsa khefu e khutšoanyane ka mor’a potso ka ’ngoe e le hore bamameli ba hao ba ka ba le nako ea ho nahana karabo hantle ka kelellong. Ha ba ikutloa hore ba kopanetse le uena puisanong ka likelellong tsa bona, u tla be u hapile tlhokomelo ea bona.
Ho sebelisa phihlelo ea sebele ke tsela e ’ngoe e molemo ea ho hapa tlhokomelo. Empa ho pheta pale feela ho ka ’na ha se ke ha finyella morero oa hao haeba phihlelo eo e etsa hore e mong har’a bamameli ba hao a hlajoe ke lihlong. Haeba ho hopoloa pale ea hao empa ho lebaloa thuto ea eona, ha ua finyella pakane ea hao. Ha kenyelletso e qala ka phihlelo, e lokela ho rala motheo bakeng sa karolo e itseng ea bohlokoa ea puo ea hao. Le hoja ho ka ’na ha hlokahala makolopetso a itseng ho phelisa pale eo, hlokomela hore u se ke ua etsa hore liphihlelo li be telele ho sa hlokahale.
Libui tse ling li qala puo ka ho bua ka ntho e itseng e sa tsoa hlaha litabeng, mantsoe a itseng a qotsitsoeng koranteng ea sebaka seo kapa mantsoe a boletsoeng ke motho ea tsebahalang ea boholong. Lintho tsena le tsona li ka atleha haeba li tšoanela taba hantle ’me li loketse bamameli.
Haeba puo ea hao ke karolo ea neheletsano kapa ke karolo ea Seboka sa Tšebeletso, hangata ho molemo hore u khutsufatse kenyelletso ea hao ’me u kene tabeng ka ho toba. Haeba u fana ka puo ea phatlalatsa, khomarela ka hloko nako e bontšitsoeng bakeng sa kenyelletso. Ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa ho bamameli ba hao ke ’mele oa puo o tla fana ka boitsebiso.
Ka linako tse ling u ka ’na ua iphumana u bua ka pel’a bamameli ba tletseng lipelaelo kapa ba se nang botsoalle. U ka hapa tlhokomelo ea bona joang? Setefane, Mokreste oa mehleng ea pele eo ho hlalosoang hore o ne a ‘tletse moea le bohlale,’ o ile a tlisoa ka pel’a Sanhedrine ea Bajuda ka likhoka. Ha a le moo o ile a sireletsa Bokreste ka tsela e tsotehang. O ile a qala joang? O ile a bua ka tlhompho ’me a bua ka ho hong hoo ba neng ba lumellana ka hona. “Banna, barab’eso le bo-ntate, utloang. Molimo oa khanya o ile a bonahala ho moholo-holo oa rōna Abrahama.” (Lik. 6:3; 7:2) Ha a le Areopago Athene, moapostola Pauluse o ile a fetola kenyelletso ea hae hore e tšoanele bamameli ba neng ba fapane haholo, a re: “Banna ba Athene, kea bona hore linthong tsohle le bonahala le ineheletse tšabo ea melimo ho feta kamoo ba bang ba ineheletseng eona kateng.” (Lik. 17:22) Ka lebaka la likenyelletso tse atlehang, bamameli bao makhetlong ao ka bobeli ba ne ba ikemiselitse ho utloa ho eketsehileng.
Ha u le tšebeletsong ea tšimo, u boetse u lokela ho hapa tlhokomelo ea batho. Haeba ketelo ea hao e sa hlophisoa esale pele, u ka fumana mong’a ntlo a tšoarehile ka lintho tse ling. Likarolong tse ling tsa lefatše, ho lebeletsoe hore baeti ba sa lebelloang ba bolele morero oa ketelo ea bona kapele. Libakeng tse ling, tloaelo ea sebaka seo e hloka hore u latele mekhoa e itseng pele u bolela morero oa ketelo ea hao.—Luka 10:5.
Boemong leha e le bofe, ho bontša botsoalle ba sebele ho ka thusa ho etsa hore boemo e be bo loketseng ho tšoara puisano. Hangata ho molemo ho qala ka ho hong ho amanang ka ho toba le seo motho eo a se nahanneng. U ka etsa qeto joang mabapi le seo u tla se sebelisa? Ha u ne u atamela motho eo, na o ne a tšoarehile ka ho hong? Mohlomong oa lema, o hlokometse mabala a ntlo ea hae, o lokisa koloi, oa pheha, o hlatsoa liaparo kapa o hlokometse bana. Na o ne a shebeletse ho hong—koranta kapa ho hong ho etsahalang seterateng? Na lintho tse mo potolohileng li bontša hore o na le thahasello e khethehileng ea ho tšoasa litlhapi, lipapali, ’mino, ho hahlaula, lik’homphieutha kapa ho hong? Hangata batho ba ameha ka seo ba sa tsoa se utloa seea-le-moeeng kapa seo ba se boneng thelevisheneng. Ho botsa potso kapa ho bua hakhutšoanyane ka e ’ngoe ea litaba tse joalo ho ka lebisa moqoqong o botsoalle.
Ketsahalo ea ha Jesu a ne a bua le mosali oa Mosamaria selibeng haufi le Sikare ke mohlala o motle oa kamoo ho ka qalisoang moqoqo kateng ka sepheo sa ho fana ka bopaki.—Joh. 4:5-26.
U lokela ho lokisetsa kenyelletso ea hao ka hloko, haholo-holo haeba phutheho ea heno e sebetsa tšimo ea eona khafetsa. Ho seng joalo, u ka ’na ua hlōleha ho fana ka bopaki.
Totobatsa Sehlooho sa Hao. Ka phuthehong ea Bokreste, ka tloaelo molula-setulo kapa motho e mong ea tlang pele ho uena lenaneong o tla bolela sehlooho sa puo ea hao le ho u rōla. Leha ho le joalo, ho ka ba molemo hore u hopotse bamameli ba hao sehlooho sa hao litlhalosong tsa hao tse qalang. Sena se ka etsoa ka tsela ea hore u bolele sehlooho lentsoe ka lentsoe, le hoja e se tlamo. Boemong leha e le bofe, sehlooho se lokela ho utloahala butle-butle ha puo e ntse e tsoela pele. Ka tsela e itseng kenyelletsong, u lokela ho lebisa tlhokomelo sehloohong sa hao.
Ha a roma barutuoa ba hae ho ea bolela, Jesu o ile a bolela ka ho hlaka molaetsa oo ba neng ba lokela ho o bolela. “Ha le ntse le e-ea, le bolele, le re, ‘’Muso oa maholimo o atametse.’” (Mat. 10:7) Mabapi le mehla ea rōna, Jesu o itse: “Litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa.” (Mat. 24:14) Re khothalletsoa ho ‘bolela lentsoe,’ ke hore, re itšetlehe ka Bibele ha re fana ka bopaki. (2 Tim. 4:2) Leha ho le joalo, pele u phetla Bibele kapa u lebisa tlhokomelo ’Musong, hangata ho hlokahala hore u bue ka taba e itseng eo batho ba amehileng ka eona ka nako eo. U ka ’na ua bua ka bonokoane, ho hloka mosebetsi, ho hloka toka, ntoa, kamoo bacha ba ka thusoang kateng, boloetse kapa lefu. Empa u se ke ua bua halelele ka litaba tse bohloko; molaetsa oa hao oa khothatsa. Leka ho lebisa moqoqo Lentsoeng la Molimo le tšepong ea ’Muso.
Bontša Hore na ke Hobane’ng ha Taba eo e le ea Bohlokoa ho Bamameli ba Hao. Haeba u tla be u fana ka puo phuthehong, u ka kholiseha hore ka kakaretso bamameli ba hao ba tla thahasella seo u se buang. Empa na ba tla mamela ho tšoana le kamoo motho a mamelang kateng ha a ithuta ntho e ’ngoe e mo amang ka ho toba? Na ba tla mamela kahobane ba hlokomela hore seo ba se utloang se ama boemo ba bona bophelong le kahobane u tsosa takatso ea bona ea hore ba etse ho hong ka sona? Seo se tla etsahala hafeela u ile ua nahana ka bamameli ba hao ka hloko—maemo a bona, lintho tseo ba amehileng ka tsona, maikutlo a bona—ha u lokisetsa puo ea hao. Haeba u entse joalo, joale kenyelletsong ea hao u ka akarelletsa ho hong ho bontšang hoo.
Ho sa tsotellehe hore na u bua u le sethaleng kapa u pakela motho a le mong, e ’ngoe ea litsela tse molemohali tsa ho tsosa thahasello tabeng ke ho akarelletsa bamameli ba hao ho eona. Bontša kamoo mathata a bona, litlhoko tsa bona kapa lipotso tseo ba li nahanang li amanang kateng le taba eo u e tšohlang. Haeba u bontša ka ho hlaka hore ha u na ho hlahlathela empa u il’o tšohla likarolo tse tobileng tsa taba eo, ba tla mamela ka hloko. Hore u etse seo, u lokela ho lokisetsa hantle.
Tsela eo U e Nehelang ka Eona. Seo u se buang kenyelletsong ea hao ke sa bohlokoa haholo, empa tsela eo u se buang ka eona le eona e ka tsosa thahasello. Ka lebaka lena tokisetso ea hao ha ea lokela ho akarelletsa feela seo u tla se bua empa hape e lokela ho akarelletsa le tsela eo u tla se bua ka eona.
Ke habohlokoa hore u khethe mantsoe ha u batla ho finyella pakane ea hao, kahoo ho ka ba molemo hore u lokisetse lipolelo tse peli kapa tse tharo tsa pele ka hloko haholo. Hangata lipolelo tse khutšoanyane tse bonolo li molemo haholo. Bakeng sa puo e fanoang phuthehong, u ka ’na ua li ngola lintlheng tsa hao kapa u ka ’na ua khetha ho li tšoara ka hlooho e le hore mantsoe a hao a pele a ka ba le matla a hlokahalang. Ho nehelana ka kenyelletso e atlehang u sa potlaka ho ka u thusa hore u khone ho phutholoha hantle bakeng sa ho fana ka puo eohle ea hao.
Nako ea ho e Lokisetsa. Maikutlo aa fapa-fapana tabeng ena. Libui tse ling tse nang le phihlelo li lumela hore ho lokisetsoa ha puo ho lokela ho qala ka kenyelletso. Ba bang ba ithutileng ho bua phatlalatsa ba na le maikutlo a hore kenyelletso e lokela ho lokisetsoa ka mor’a ho lokisetsa ’mele oa puo.
Ho hlakile hore u lokela ho tseba taba ea hao le lintlha tse khōlō tseo u rerang ho li hōlisa pele u ka sebetsana le makolopetso a kenyelletso e loketseng. Empa ho thoe’ng haeba u lokisetsa puo ea hao ho tsoa kemisong e hatisitsoeng? Ka mor’a ho bala kemiso, haeba u tleloa ke mohopolo o itseng oo u ka o sebelisang bakeng sa kenyelletso, ka sebele ha ho phoso ho o ngola fatše. Hape, hopola hore, e le hore kenyelletso ea hao e atlehe, u lokela ho nahana ka bamameli ba hao le ka boitsebiso bo leng kemisong eo.
KAMOO U KA HO ETSANG KATENG
Nahana ka bamameli ba hao—maemo a bona, lintho tseo ba amehileng ka tsona, maikutlo a bona, seo ba seng ba se tseba ka taba ea hao.
Fumana hantle hore na ke ntho efe tabeng ea hao eo ba tla e thahasella ka ho khethehileng le e tla ba tsoela molemo.
BOITLHAKISO: (1) Pele u kopanela tšebeletsong ea ntlo le ntlo, lokisetsa kenyelletso e tšoanelang molaetsa oa hao le ketsahalo e itseng e sa tsoa etsahala tšimong ea heno. (2) Hlahloba serapa sa pele lihloohong tse hlano kapa tse tšeletseng tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ipotse hore na ke eng e etsang hore kenyelletso ka ’ngoe e atlehe.