Thuto 39
Sephetho se Sebetsang
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Lipolelong tsa hao tse phethang, bua ho hong ho ka susumelletsang bamameli ho nka khato ka seo ba se utloileng.
Ke Hobane’ng ha e le sa Bohlokoa?
Hangata ntho e boleloang sephethong ke eona e tla hopoloa ka nako e telele. Ke eona e laolang hore na puo eohle ea hao e tla atleha hakae.
MOHLOMONG u entse lipatlisiso ka hloko le ho hlophisa boitsebiso bakeng sa ’mele oa puo ea hao. Mohlomong u lokiselitse le kenyelletso e tsosang thahasello. Ho ntse ho le joalo, ho sa ntse ho hlokahala ntho e ’ngoe hape—sephetho se sebetsang. U se ke ua nyenyefatsa bohlokoa ba sona. Hangata seo u se buang qetellong ke sona se tla hopoloa ka nako e telele. Haeba sephetho se fokola, esita le boitsebiso bo fanoeng pele ho sona bo ka ’na ba se ke ba e-ba matla haholo.
Nahana ka se latelang: Ho elella qetellong ea bophelo ba hae, Joshua o ile a fana ka puo e sa lebaleheng ho banna ba hōlileng ba sechaba sa Iseraele. Ka mor’a ho bua ka litšebelisano tsa Jehova le Iseraele ho tloha mehleng ea Abrahama, na Joshua o ile a pheta lintlha tse khōlō ka ho li akaretsa feela? Che. Ho e-na le hoo, ka boikutlo bo tebileng o ile a phehella sechaba: “Tšabang Jehova ’me le mo sebeletse ka ho hloka molato le ka ’nete.” Ipalle sephetho sa Joshua, se tlalehiloeng ho Joshua 24:14, 15.
Puo e ’ngoe ea bohlokoa, e fumanoang ho Liketso 2:14-36, ke eo moapostola Petrose a ileng a fana ka eona ho letšoele Jerusalema Moketeng oa Pentekonta ea 33 C.E. Pele o ile a hlalosa hore ba ne ba bona ho phethahala ha boprofeta ba Joele bo mabapi le ho tšolloa ha moea oa Molimo. A ntan’o bontša kamoo sena se neng se amana kateng le boprofeta ba Bomesia bo ho Lipesaleme bo neng bo bolela esale pele ka tsoho ea Jesu Kreste le ho phahamisetsoa ha hae ka letsohong le letona la Molimo. Joale, sephethong sa hae, Petrose o ile a bolela ka ho hlaka taba eo e mong le e mong oa bamameli ba hae a neng a lokela ho talimana le eona. O ile a re: “Ka hona ntlo eohle ea Iseraele e ke e tsebe kannete-nete hore Molimo o mo entse Morena le Kreste, Jesu enoa eo le ileng la mo khokhothela thupeng.” Ba neng ba le teng ba ile ba botsa: “Banna, barab’abo rōna, re tla etsa joang?” Petrose a araba: “Bakang, ’me e mong le e mong oa lōna a ke a kolobetsoe ka lebitso la Jesu Kreste.” (Lik. 2:37, 38) Letsatsing leo batho ba ka bang 3 000 har’a bamameli ba hae, ba anngoe ka ho teba ke seo ba se utloileng, ba ile ba amohela ’nete e mabapi le Jesu Kreste.
Lintlha Tseo U Lokelang ho li Hopola. Ntho eo u e buang sephethong sa hao e lokela ho amana ka ho toba le sehlooho sa puo ea hao. E lokela ho ba sephetho se utloahalang sa lintlha tsa sehlooho tseo u li hōlisitseng. Le hoja u ka ’na ua batla ho akarelletsa mantsoe a mang a bohlokoa a sehlooho sa hao, ho tla tsoa ho uena hore na u a pheta ka ho toba kapa che.
Ka tloaelo, morero oa hao oa ho bua ke ho khothalletsa ba bang ho nka khato e itseng motheong oa boitsebiso boo u nehelanang ka bona. O mong oa merero e ka sehloohong ea sephetho ke ho ba bontša hore na ba lokela ho etsa’ng. Ha u ne u khetha sehlooho sa hao le lintlha tse khōlō, na u ile ua nahana ka hloko ka hore na ke hobane’ng ha boitsebiso boo e tla ba ba bohlokoa ho bamameli ba hao le hore na pakane ea hao e tla ba efe ha u nehelana ka bona? Haeba u entse joalo, u tseba khato eo u lakatsang hore ba e nke. Joale u lokela ho hlalosa hore na khato eo ke efe le hore na mohlomong ba ka e finyella joang.
Ho phaella tabeng ea ho bontša bamameli ba hao seo ba lokelang ho se etsa, sephetho sa hao se lokela ho fana ka tšusumetso. Se lokela ho akarelletsa mabaka a utloahalang a ho nka khato eo ’me mohlomong le melemo e ka tlisoang ke ho etsa joalo. Haeba polelo ea ho qetela e nahannoe ka hloko le ho behoa hantle, e tla etsa hore puo ea hao kaofela e be le tšusumetso e matla.
Hopola hore puo e fihlile sephethong. Seo u se buang se lokela ho bontša hoo. Lebelo la hao le lona e lokela ho ba le loketseng. U se ke ua bua ka potlako ho fihlela qetellong ebe joale u ema ka tšohanyetso. Ka lehlakoreng le leng, u se ke ua lumella lentsoe la hao hore le theohe. Molumo oa hao e lokela ho ba o itekanetseng empa e se ke ea e-ba o feteletseng. Lipolelo tsa hao tse ’maloa tsa ho qetela li lokela ho bontša hore u fihlile qetellong. Ha u nehelana ka tsona u lokela ho bontša ho tiiseha le kholiseho. Ha u lokisetsa puo ea hao, u se ke ua lebala ho itlhakisetsa sephetho sa hao.
Sephetho se lokela ho ba selelele hakae? Eo hase ntho e ka lekanyetsoang ke nako feela. Sephetho ha sea lokela ho ba selelele haholo. Bolelele ba sona bo loketseng bo ka lekanyetsoa ke liphello tsa sona ho bamameli. Sephetho se bonolo, se tobileng le se khothatsang se ananeloa ka linako tsohle. Se batlang se le selelele ’me se akarelletsa papiso e khutšoanyane le sona se ka atleha haeba se lokiselitsoe ka hloko. Bapisa sephetho se sekhutšoanyane sa buka eohle ea Moeklesia, se fumanoang ho Moeklesia 12:13, 14, le sa Thuto ea Thabeng e khutšoanyane le ho feta, se tlalehiloeng ho Matheu 7:24-27.
Tšebeletsong ea Tšimo. Ha ho moo u tla tobana le tlhokahalo ea ho etsa sephetho khafetsa ho feta ha u le tšebeletsong ea tšimo. Ka ho lokisetsa le ka ho ba le thahasello e lerato ho batho, u ka finyella molemo o moholo. Keletso e fanoeng maqepheng a fetileng e ka sebelisoa hamolemo esita leha e sebelisoa moqoqong o pakeng tsa hao le motho e mong.
Moqoqo o ka ’na oa e-ba mokhutšoanyane haholo. Mohlomong motho eo o phathahane. Ketelo eohle ea hao e ka ’na ea nka motsotso feela. Haeba ho loketse, mohlomong u ka bua mantsoe a kang ana: “Kea utloisisa. Empa e-re ke u siee ka mohopolo o le mong o khothatsang. Bibele e bontša hore ’Mōpi oa rōna o na le morero o hlollang—ho etsa lefatše lena sebaka seo batho ba ka thabelang bophelo ho sona ka ho sa feleng. Re ka ba Paradeiseng eo, empa re lokela ho ithuta litlhokahalo tsa Molimo.” Kapa u ka ’na ua ithaopela ho khutla ka nako e loketseng.
Haeba ketelo e khaoletsoa ke hobane mong’a ntlo a se na botsoalle—a bile a le bohale—ho sa ntse ho ka finyelloa molemo o moholo. Hopola keletso e fumanoang ho Matheu 10:12, 13 le Baroma 12:17, 18. Karabelo ea hao e bonolo e ka ’na ea fetola maikutlo a hae ka Lipaki tsa Jehova. U tla be u finyeletse ntho e ntle haholo.
Ka lehlakoreng le leng, mohlomong u bile le moqoqo o monate le mong’a ntlo. Ke hobane’ng ha u sa phete ntlha ea bohlokoa eo u batlang hore a e hopole? Hape mo khothalletse hore a etse ho hong ka eona.
Haeba u bona monyetla oa ho ntšetsa puisano pele ka nako e ’ngoe, etsa hore motho eo a bone lebaka la ho letela nako eo ka thabo. Botsa potso—mohlomong e tšohliloeng bukeng ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo kapa khatisong eo ho khannoang lithuto tsa mahae tsa Bibele ka eona. Hopola pakane ea hao, e boletsoeng ke Jesu ’me e tlalehiloe ho Matheu 28:19, 20.
Na u phetha thuto ea lehae ea Bibele? Ho pheta sehlooho ho tla thusa seithuti ho hopola seo ho neng ho buisanoa ka sona. Ho sebelisa lipotso tsa tlhahlobo ho tla thusa ho hatisa lintlha tsa bohlokoa kelellong ea seithuti, haholo-holo haeba tlhahlobo eo e sa etsoe ka lepotlapotla. Ho botsa potso mabapi le kamoo boitsebiso boo bo ka ruisang seithuti molemo kateng kapa kamoo se ka bo arolelanang le ba bang kateng ho ka se thusa hore se nahane ka ho sebelisa seo se ithutileng sona hamolemo.—Liprov. 4:7.
Hopola—sephetho sa hao se na le tšusumetso ho atleheng ha puisano ea hao kaofela.
KAMOO U KA HO ETSANG KATENG
Tiisa hore sephetho sa hao se amana ka ho toba le mehopolo eo u seng u nehelane ka eona.
Bontša bamameli seo ba lokelang ho se etsa ka seo ba se utloileng.
Susumetsa bamameli ba hao ka seo u se buang le ka tsela eo u se buang ka eona.
BOITLHAKISO: Lokisetsa liphetho tse peli bakeng sa tšebeletso ea tšimo: (1) seo u lokelang ho se bua ha mong’a ntlo a se na botsoalle ’me nako ea ho bua e le khutšoanyane le (2) taba e tobileng bakeng sa ketelo ea hao e latelang.