Ho Etsa Kemiso ea Puo
BA BANGATA ha ba abetsoe ho fana ka puo, ba ipha mosebetsi oa ho e ngola kaofela, ho qala ka kenyelletso ho ea fihla sephethong. Pele ba qeta ho lokisetsa puo eo, ba tla be ba e ngotse hangata. Mosebetsi oo o ka nka lihora.
Na le uena u lokisetsa lipuo tsa hao joalo? Na u lakatsa ho ithuta tsela e bonolonyana? Ha u ka ithuta ho hlophisa kemiso ea puo, u ke ke ua hlola u ngola ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Sena se tla u fa nako e eketsehileng ea ho itlhakisetsa ho fana ka puo. U ke ke ua nolofalloa feela ke ho fana ka lipuo tsa hao empa ho tla ba monate haholo ho li mamela ’me li tla susumetsa bamameli ba hao haholo.
Joalokaha u ka lebella, ho fanoa ka kemiso ea puo bakeng sa lipuo tsa phatlalatsa tse neheloang phuthehong. Leha ho le joalo, bakeng sa lipuo tse ling tse ngata ha ho etsoe joalo. U ka ’na ua abeloa taba kapa sehlooho feela. Kapa u ka ’na ua kōptjoa ho akaretsa boitsebiso bo tobileng bo hatisitsoeng. Ka linako tse ling u ka ’na ua fuoa litaelo tse seng kae feela. Bakeng sa likabelo tseo kaofela, u lokela ho iketsetsa kemiso ea hao.
Sampole e leqepheng la 41 e tla u bontša kamoo kemiso e khutšoanyane e ka hlophisoang kateng. Hlokomela hore ntlha ka ’ngoe e khōlō e qala ka lehlakoreng le letšehali la leqephe ’me e ngotsoe ka litlhaku tse khōlō. Ka tlas’a ntlha ka ’ngoe e khōlō ho thathamisitsoe likhopolo tse e tšehetsang. Lintlha tse eketsehileng tse tla sebelisoa ho hōlisa likhopolo tseo li thathamisitsoe ka tlas’a tsona ’me li keneletse hare hanyenyane ho tloha ka lehlakoreng le letšehali la leqephe. Hlahloba kemiso ena ka hloko. Hlokomela hore lintlha tseo tse peli tse khōlō li amana le sehlooho ka ho toba. Hape, hlokomela hore lintlha tse ka tlaasana ho tse khōlō hase feela boitsebiso bo thahasellisang. Ho e-na le hoo, ntlha ka ’ngoe e tšehetsa ntlha e khōlō eo e hlahang ka tlas’a eona.
Ha u lokisetsa kemiso ea puo, ho ka ’na ha etsahala hore e se ke ea tšoana hantle le sampole ena. Empa haeba u utloisisa melao-motheo e amehang, e tla u thusa ho hlophisa boitsebiso ba hao le ho lokisetsa puo e monate ka nako e batlang e le khutšoanyane. U lokela ho qala joang?
Hlahlobisisa, Khetha le ho Hlophisa
U lokela ho ba le sehlooho. Sehlooho sa hao hase taba feela e pharaletseng e ka ’nang ea emeloa ke lentsoe le le leng. Ke khopolo e ka sehloohong eo u batlang ho e fetisa ’me se bontša mokhoa oo u rerang ho tšohla taba ea hao ka oona. Haeba u abetsoe sehlooho, hlahloba lentsoe ka leng la sehlooho ka hloko. Haeba u il’o hōlisa sehlooho seo u se abetsoeng ka boitsebiso bo hatisitsoeng, ithute boitsebiso boo u hopotse sehlooho seo. Haeba u abetsoe taba feela, joale u tla ikhethela sehlooho. Leha ho le joalo, pele u etsa joalo, u tla fumana ho le molemo ho etsa lipatlisiso tse itseng. Ha u boloka kelello ea hao e bulehile, hangata u tla fumana likhopolo tse ncha.
Ha u ntse u sebelisa mehato ena, u ’ne u ipotse: ‘Ke hobane’ng ha boitsebiso boo bo le bohlokoa ho bamameli ba ka? Sepheo sa ka ke sefe?’ Ha ea lokela ho ba feela ho akaretsa boitsebiso kapa ho fana ka puo e monate, empa e lokela hore e be ho finyella ho hong ho tla tsoela bamameli ba hao molemo. Ha sepheo sa hao se qala ho hlaka, se ngole. U ’ne u ikhopotse sona ha u ntse u lokisetsa.
Ha u se u fumane hantle sepheo sa hao ’me u khethile sehlooho se lumellanang le sona (kapa u hlahlobisisitse kamoo sehlooho seo u se abetsoeng se lumellanang le sepheo seo kateng), u ka etsa lipatlisiso tse tobileng. Batla boitsebiso bo tla tsoela bamameli ba hao molemo ka ho khetheha. U se ke ua khotsofalla boitsebiso bo akaretsang feela, empa batla lintlha tse tobileng tse rutang le tse molemo e le kannete. Lekanyetsa boholo ba lipatlisiso tseo u li etsang. Maemong a mangata u tla ba le boitsebiso bo bongata haholo ho feta boo u ka bo sebelisang, kahoo u lokela hore u hloaee.
Qoolla lintlha tsa sehlooho tseo u lokelang ho li tšohla e le hore u hōlise sehlooho sa hao le ho finyella sepheo sa hao. Tsena e tla ba moralo oa hao, motheo oa kemiso ea hao. Ho lokela hore ho be le lintlha tse kae tsa sehlooho? Mohlomong tse peli li lekane bakeng sa puisano e khutšoanyane ’me ka tloaelo, tse hlano li lekane bakeng sa puo e nkang hora. Ha lintlha tsa sehlooho li le ’maloa, ho tla ba bonolo hore bamameli ba hao ba li hopole.
Hang ha u se u tseba sehlooho sa hao le lintlha tsa sehlooho, hlophisa boitsebiso boo u bo batlisisitseng. Khetha bo amanang ka ho toba le lintlha tsa hao tsa sehlooho. Khetha boitsebiso bo tla etsa hore nehelano ea hao e utloahale e le ncha. Ha u khetha mangolo bakeng sa ho tšehetsa lintlha tsa sehlooho, hlokomela likhopolo tse tla u thusa ho beha mabaka a utloahalang ka litemana tseo. Beha taba ka ’ngoe ka tlas’a ntlha ea eona ea sehlooho. Haeba boitsebiso bo bong bo sa tšoanele lintlha leha e le life tsa hao tsa sehlooho, bo lahle—esita leha bo thahasellisa haholo—kapa u bo kenye faeleng e le hore u bo sebelise ka nako e ’ngoe. Boloka feela boitsebiso bo molemohali. Haeba u leka ho akaretsa bo bongata haholo, u tla tlameha ho bua ka potlako haholo ’me boitsebiso ba hao e tla ba bo okōlang litaba ka holimo feela. Ho molemo ho bua lintlha tse seng kae tsa bohlokoa tse tla tsoela bamameli molemo le ho etsa joalo hantle. U se ke ua ja nako.
Mothating ona, haeba u sa etsa joalo pejana, hlophisa boitsebiso ba hao ka tatellano e hlophisehileng. Mongoli oa Kosepele, Luka, o ile a etsa joalo. Ha a se a bokeletse lintlha tse ngata tse amanang le taba ea hae, o ile a li beha “ka tatellano e hlophisehileng.” (Luka 1:3) U ka ’na ua hlophisa boitsebiso ba hao ka tatellano ea liketsahalo kapa ho ea ka lihlooho, mohlomong ho ea ka ketso le phello ea eona kapa bothata le tharollo, ho itšetlehile ka hore na ke hofe ho tla atleha bakeng sa hore u finyelle sepheo sa hao. Ha ua lokela ho tloha khopolong e ’ngoe ebe u hlahisa e ’ngoe lesumatha. U lokela ho tataisa bamameli ba hao hantle ho tloha khopolong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, ho se likheo tseo ba thatafalloang ke ho li koala. Bopaki bo fanoang bo lokela ho lebisa bamameli sephethong se utloahalang. Ha u ntse u hlophisa lintlha tsa hao, nahana ka hore na nehelano e tla utloahala joang ho bamameli ba hao. Na ba tla utloa kapele hore na u re’ng? Na ba tla susumelletseha ho sebelisa seo ba se utloang, tumellanong le sepheo seo u se nahanneng?
Ho latelang, lokisetsa kenyelletso e tsosang thahasello tabeng ea hao le e bontšang bamameli ba hao hore seo u tla se bua se tla ba tsoela molemo haholo. Ho ka ’na ha e-ba molemo ho ngola lipolelo tsa hao tsa pele tse seng kae. Qetellong, lokisetsa sephetho se susumetsang se lumellanang le sepheo sa hao.
Ha u lokisetsa kemiso ea hao ea puo nako e sa le teng, u tla ba le nako ea ho e ntlafatsa pele u fana ka puo eo. Mohlomong u ka bona ho hlokahala ho tšehetsa lintlha tse itseng ka lipalo-palo tse seng kae, papiso kapa phihlelo. Ho sebelisa ketsahalo ea morao-rao kapa taba e itseng ea sebaka seo e thahasellisang ho ka thusa bamameli ba hao hore ba nolofalloe ho bona bohlokoa ba boitsebiso boo. Ha u ntse u pheta puo ea hao, u ka ’na ua hlokomela menyetla e eketsehileng ea ho fetola boitsebiso hore bo tšoanele bamameli ba hao. Mohato ona oa ho hlahlobisisa le ho ntlafatsa ke oa bohlokoa bakeng sa ho hlophisa boitsebiso bo molemo hore e be puo e atlehileng.
Libui tse ling li ka ’na tsa hloka lintlha tse ngata tse ngotsoeng ho feta tse ling. Empa haeba u hlophisa boitsebiso ba hao ka tlas’a lintlha tse seng kae feela tsa sehlooho, u tlosa boitsebiso bo sa li tšehetseng hantle ’me u beha likhopolo tsa hao ka tatellano e hlophisehileng, u tla hlokomela hore ha u ntse u tloaela, u ke ke ua hlola u ngola ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Seo se tla u bolokela nako hakaakang! ’Me boleng ba lipuo tsa hao bo tla ntlafala. Ho tla totobala hore ka sebele u rua molemo thutong ea hao ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.
[Lebokose le leqepheng la 40]
MOKHOA OA HO LOKISETSA KEMISO EA PUO
• Fumana hantle hore na ke hobane’ng ha taba ea hao e le ea bohlokoa ho bamameli ba hao le hore na sepheo sa hao ke sefe
• Khetha sehlooho; haeba u se abetsoe, se hlahlobisise
• Bokella boitsebiso bo rutang, le bo thusang
• Qoolla lintlha tsa hao tsa sehlooho
• Hlophisa boitsebiso ba hao; boloka feela bo molemohali
• Lokisetsa kenyelletso e tsosang thahasello
• Lokisetsa sephetho se susumetsang
• Itlhakisetse puo ea hao; e ntlafatse
[Lebokose le leqepheng la 41]
MORERO OA MOLIMO KE OFE KA LEFATŠE?
MORERO OA MOLIMO OA MATHOMO E NE E LE HORE LEFATŠE E BE PARADEISE
Molimo o ile a qala paradeise Edene (Gen. 2:8, 15)
Adama le Eva le bana ba bona ba ne ba lokela ho atolosetsa Paradeise lefatšeng lohle (Gen. 1:28)
MOLIMO HA AA KA A LAHLA MORERO OA HAE OA HO ETSA LEFATŠE PARADEISE
Boitšoaro bo se nang molao ba batho ba pele ka tlas’a tšusumetso ea Satane ha boa ka ba fetola morero oa Molimo
Ka nako ea Molimo e behiloeng, Molimo o tla timetsa batho ba khopo (Liprov. 2:22)
Satane o tla lahleloa ka mohohlong (Tšen. 20:1-3)
Kreste o tla phethahatsa morero oa Molimo ka lefatše Pusong ea Lilemo tse Sekete
Boloetse le lefu li ke ke tsa hlola li e-ba teng (Tšen. 21:3, 4)
Bafu ba tla tsosetsoa bophelong lefatšeng
Ka tlas’a puso ea leholimo, batho ba tšepahalang ba tla kopanela ho etseng lefatše lohle paradeise (Esa. 65:17, 21-25)