Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be leq. 52-leq. 54 ser. 4
  • Ho Lokisetsa Lipuo Tsa Phatlalatsa

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Lokisetsa Lipuo Tsa Phatlalatsa
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ithute Kemiso ea Puo
  • Ho Sebelisa Mangolo
  • Liqeto Tsa Sebui
  • Ho Etsa Kemiso ea Puo
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Sebelisa Kemiso
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Hatisa Lintlha Tsa Sehlooho
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Lintlha Tse Khōlō li Totobalitsoe
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be leq. 52-leq. 54 ser. 4

Ho Lokisetsa Lipuo Tsa Phatlalatsa

BEKE le beke, liphutheho tse ngata tsa Lipaki tsa Jehova li lokisetsa hore ho be le puo ea phatlalatsa e thehiloeng tabeng e itseng ea Mangolo. Haeba u moholo kapa mohlanka ea sebeletsang, na u iponahatsa u le sebui sa phatlalatsa se atlehang, u le mosuoe? Haeba ho joalo, u ka ’na ua kōptjoa hore u fane ka puo ea phatlalatsa. Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se thusitse barab’abo rōna ba likete tse mashome ho tšoanelehela tokelo ena ea tšebeletso. Ha u abetsoe ho fana ka puo ea phatlalatsa, u lokela ho qala ka ho etsa’ng?

Ithute Kemiso ea Puo

Pele u etsa lipatlisiso leha e le life, bala kemiso ea puo ’me u thuise ka eona ho fihlela u e utloisisa. Tebisa moko-taba oa eona ka kelellong, e leng sehlooho sa puo. U il’o ruta bamameli ba hao eng? Sepheo sa hao ke sefe?

Tloaelana le lihlooho tse khōlō. Hlahlobisisa lintlha tseo tse khōlō. Ntlha ka ’ngoe e hokahana le sehlooho joang? Ka tlas’a ntlha ka ’ngoe e khōlō, ho thathamisitsoe lintlha tse nyenyane tse ngata. Lintlha tse tšehetsang lintlha tseo tse nyenyane li thathamisitsoe ka tlas’a tsona. Hlokomela kamoo karolo ka ’ngoe ea kemiso ea puo e tlatsetsang kateng ho e tlang pele ho eona, kamoo e u lebisang ho e latelang le ho thusa ho finyella sepheo sa puo kateng. Hang ha u utloisisa moko-taba, sepheo sa puo le kamoo lintlha tse khōlō li finyellang morero oo kateng, joale u se u loketse ho hōlisa boitsebiso boo.

Qalong u ka ’na ua fumana ho le molemo ho nahana ka puo ea hao e le lipuo tse khutšoanyane tse ’nè kapa tse hlano, puo ka ’ngoe e e-na le ntlha e khōlō. Li lokisetse ka bonngoe.

Kemiso e fanoeng ke thulusi ea ho lokisetsa. Ha ea etsetsoa hore u fane puo ea hao ka eona e le joalo. E joaloka masapo a ’mele. U lokela ho a kenya linama, ka tsela ea tšoantšetso, u a fe pelo ’me u a phelise.

Ho Sebelisa Mangolo

Jesu Kreste le barutuoa ba hae ba ile ba theha thuto ea bona Mangolong. (Luka 4:16-21; 24:27; Lik. 17:2, 3) Le uena u ka etsa joalo. Mangolo e lokela ho ba ’ona motheo oa puo ea hao. Ho e-na le ho hlalosa le ho sebelisa lipolelo tse boletsoeng kemisong e fanoeng, hlokomela kamoo Mangolo a tšehetsang lipolelo tseo kateng, ’me u rute ka ho sebelisa Mangolo.

Ha u ntse u lokisetsa puo ea hao, hlahloba temana ka ’ngoe e bontšitsoeng kemisong ea puo. Ela hloko litemana tse e potolohileng. Litemana tse ling li ka fana ka boitsebiso feela bo thusang. Ha ho hlokahale hore li baloe kapa li hlalosoe kaofela ha u fana ka puo ea hao. Khetha tse tšoanelang bamameli ba hao hantle. Ha u ka lebisa tlhokomelo mangolong a bontšitsoeng kemisong ea puo e hatisitsoeng, mohlomong ho ke ke ha hlokahala hore u sebelise Mangolo a eketsehileng.

Ho atleha ha puo ea hao ho itšetlehile ka boleng ba ho ruta, eseng ka bongata ba mangolo a sebelisitsoeng. Ha u kenyelletsa mangolo, bontša hore na ke hobane’ng ha a sebelisoa. Iphe nako ea ho hlalosa hore na a sebetsa joang. Ha u qeta ho bala lengolo, lula u phetlile Bibele ea hao ha u ntse u tšohla temana eo. Bamameli ba hao ba tla etsa se tšoanang. Ke joang u ka tsosang thahasello ea bamameli ba hao le ho ba thusa ho rua molemo ka botlalo Lentsoeng la Molimo? (Neh. 8:8, 12) U ka etsa sena ka ho hlalosa, ka papiso le ka tšebeliso ea taba.

Ho hlalosa. Ha u lokisetsa ho hlalosa temana ea bohlokoa, ipotse: ‘E bolela’ng? Ke hobane’ng ha ke e sebelisa puong ea ka? E tlameha ebe bamameli ba ipotsa’ng ka temana ee?’ Mohlomong ho tla hlokahala hore u hlahlobe litemana tse e potolohileng, semelo, boemo, sefutho sa mantsoe ao, morero oa mongoli eo ea bululetsoeng. Sena se hloka hore u etse lipatlisiso. U tla fumana boitsebiso bo bongata ba bohlokoa likhatisong tse lokiselitsoeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Mat. 24:45-47) U se ke ua leka ho hlalosa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka temana eo, empa hlalosa hore na ke hobane’ng ha u itse bamameli ba hao ba e bale mabapi le ntlha e ntseng e tšohloa.

Papiso. Morero oa lipapiso ke ho lebisa bamameli ba hao kutloisisong e tebileng kapa ho ba thusa ho hopola ntlha kapa molao-motheo oo u o boletseng. Lipapiso li thusa batho ho utloisisa seo u ba boleletseng sona le ho se amahanya le seo ba seng ba se tseba. Jesu le eena o ile a etsa joalo ha a ne a fana ka Thuto ea hae ea Thabeng e tsebahalang. “Linonyana tsa leholimo,” “likhahla tsa naha,” “heke e moqotetsane,” ‘ntlo e holim’a lefika,’ le lipolelo tse joalo tse ngata li ile tsa etsa hore thuto ea hae e be e matla, e hlakileng le e sa lebaleheng.—Mat., likhao. 5–7.

Tšebeliso ea taba. Ho hlalosa le ho etsa papiso ka lengolo ho tla fana ka tsebo, empa ho sebelisa tsebo eo ke hona ho tlisang litholoana. Ke ’nete hore ke boikarabelo ba batho ba u mametseng ho nka khato ka molaetsa oa Bibele, empa u ka ba thusa ho lemoha seo ba lokelang ho se etsa. Hang feela ha u kholisehile hore batho ba u mametseng ba utloisisa temana e ntseng e tšohloa le hore ba bona kamoo e amanang kateng le ntlha e boletsoeng, iphe nako ho ba bontša tšusumetso ea eona tumelong le boitšoarong. Totobatsa melemo ea ho tlohela mehopolo e fosahetseng kapa boitšoaro bo sa lumellaneng le ’nete e ntseng e tšohloa.

Ha u ntse u nahana kamoo u ka sebelisang mangolo kateng, u hopole hore batho ba u mametseng ba tsoa limelong tse sa tšoaneng ’me ba tobana le maemo a mangata a fapa-fapaneng. E ka ’na eaba ke batho ba sa tsoa thahasella, bacha, batho ba hōlileng kapa batho ba loantšanang le mathata a sa tšoaneng a botho. Etsa hore puo ea hao e be e sebetsang le ea sebele. Qoba ho fana ka keletso e utloahalang eka u nahanne ka batho ba seng bakae feela.

Liqeto Tsa Sebui

U se u etselitsoe liqeto tse itseng mabapi le puo ea hao. Lintlha tse khōlō li bontšitsoe ka ho hlaka, le nako eo u lokelang ho e sebelisa ha u tšohla sehlooho ka seng se seholo e bontšitsoe ka ho hlaka. Liqeto tse ling u lokela ho iketsetsa tsona. U ka ’na ua khetha ho sebelisa nako e ngata kapa e nyenyane lintlheng tse itseng tse nyenyane. U se ke ua nka hore u lokela ho akaretsa ntlha e ’ngoe le e ’ngoe e nyenyane ka tekanyo e tšoanang. Ho etsa joalo ho ka etsa hore u fane ka boitsebiso u potlakile ’me ho ferekanye bamameli ba hao. U ka tseba joang hore na ke bofe boo u ka bo hōlisang haholoanyane le hore na ke bofe boo u ka bo bolelang ka bokhutšoanyane, kapa hanyenyane feela? Ipotse: ‘Ke lintlha life tse ka nthusang ho fetisa mohopolo o ka sehloohong oa puo? Ke life tse bonahalang li e-na le monyetla o moholohali oa ho ruisa batho ba ’mametseng molemo? Na ho siea lengolo le itseng le bontšitsoeng le ntlha e amanang le lona ho ka senya tatellano ea bopaki bo fanoang?’

Ela hloko hore u qobe ho kenya khopolo-taba kapa maikutlo a hao. Esita le Mor’a Molimo, Jesu Kreste, o ile a qoba ho bua ‘ka ho iqalla.’ (Joh. 14:10) Utloisisa hore lebaka leo batho ba tlang libokeng tsa Lipaki tsa Jehova ka lona ke ho tla utloa ha ho tšohloa Bibele. Haeba u tsejoa u le sebui se hloahloa, mohlomong ke hobane u itloaelitse ho lebisa tlhokomelo Lentsoeng la Molimo, eseng ho uena. Lebaka lena ke lona le etsang hore ho thabeloe lipuo tsa hao.—Bafil. 1:10, 11.

Ha e le mona u se u entse hore kemiso e bonolo e fetohe tlaleho e matla ea Mangolo, joale u lokela ho itlhakisetsa puo ea hao. Ho molemo ho etsa joalo ka lentsoe le phahameng. Ntho ea bohlokoa ke ho tiisa hore u hopola lintlha kaofela hantle. U lokela ho fana ka puo ea hao ka kholiseho, u etse hore boitsebiso boo bo phele ’me u nehelane ka ’nete ka cheseho. Pele u fana ka puo ea hao, ipotse: ‘Ke rerile ho finyella eng? Na lintlha tse khōlō li totobetse? Na ka sebele ke entse hore Mangolo e be ’ona motheo oa puo ea ka? Na ntlha ka ’ngoe e khōlō e hokahana hantle le e latelang? Na puo e haha kananelo bakeng sa Jehova le litokisetso tsa hae? Na sephetho se amana ka ho toba le sehlooho, se bontša bamameli hore na ba etse’ng le ho ba susumelletsa ho etsa feela joalo?’ Haeba u ka khona ho arabela lipotso tsena ka e, joale u tla be u loketse ‘ho etsa se molemo ka tsebo,’ molemong oa phutheho le bakeng sa tlotliso ea Jehova!—Liprov. 15:2.

[Lebokose le leqepheng la 55]

HA U FANA KA PUO EA HAO U SEBELISA MOFETOLELI

Ho atisa ho ba le lipuo tse ngata ka har’a naha, kahoo libui tsa phatlalatsa li ka ’na ka tsa kōptjoa hore li fane ka lipuo tsa Bibele li sebelisa bafetoleli. Haeba u kōptjoa ho fana ka puo boemong bo joalo, lintlha tse latelang tse tataisang li tla thusa uena le mofetoleli oa hao.

• Ho atleha ha puo ea hao ho tla itšetleha haholo ka mosebetsi o etsoang ke mofetoleli. Esita le motho ea nang le phihlelo mosebetsing oa ho fetolela o tla etsa mosebetsi o motle ha u mo thusa ho lokisetsa.

• Ka tloaelo, u tlameha ho fokotsa puo ea hao bonyane ka kotara bakeng sa ho fana ka sebaka sa ho fetolela. (Mokhelo ke puo ea matsoho, kaha eona e ka fanoa hoo e batlang e le ka nako e tšoanang.)

• Pele u fana ka puo, hlahloba hammoho le mofetoleli oa hao lintlha tse akaretsang tsa puo ea hao le sepheo sa eona. Haeba kabelo ea hao ke puo e baloang kopanong, e-re mofetoleli a bone kopi ea eona esale pele.

• Buisana le mofetoleli oa hao ka mangolo ao u tla a sebelisa. Tiisa hore Bibele ea puo ea hae e fetisa mohopolo o tšoanang le o leng Bibeleng ea hao. Bontša mofetoleli hore na u il’o hatisa le ho hlalosa mantsoe afe mangolong ao.

• Etsa qeto ea hore na mangolo a tla baloa ka lipuo ka bobeli kapa ka puo e le ’ngoe feela. Ho a bala ka puo eo ho fetoleloang ka eona mohlomong ho lekane.

• Ho bitsa matsatsi, lipalo le mangolo ka potlako ho ka baka mathata. Sebelisa khefu e thusang, hape ho ka ba hotle ha u ka sebelisa lipalo tse feletseng ha u bua ka lipalo-palo.

• Buisanang ka lipapiso, maele le lipolelo leha e le life tse sa tloaelehang tseo u rerileng ho li sebelisa. Tiisa hore mofetoleli oa hao oa li utloisisa le hore na o tla khona ho fetisa mehopolo eo ka puo ea hae.

• Ha u bua, sebelisa lipolelo tse khutšoanyane. Bolela mehopolo e feletseng pele u etsa khefu bakeng sa mofetoleli. (Eena o fetisa mehopolo, eseng hakaalo mantsoe kaofela.) Bakeng sa phetolelo e etsoang ka ho letana, lumella mofetoleli hore a qete pele u tsoela pele.

• Mofetoleli o itšetlehile ka ho sebelisa ha hao molumo o utloahalang le ho bitsa mantsoe ka mokhoa o hlakileng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela