Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be thuto 37 leq. 212-leq. 214 ser. 5
  • Lintlha Tse Khōlō li Totobalitsoe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintlha Tse Khōlō li Totobalitsoe
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hatisa Lintlha Tsa Sehlooho
    Ikitlaetse ho Bala le ho Ruta
  • Ho Etsa Kemiso ea Puo
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ikhopotse Lintlha Tsa Sehlooho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Ho Sebelisa Boitsebiso bo Fanoeng
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be thuto 37 leq. 212-leq. 214 ser. 5

Thuto 37

Lintlha Tse Khōlō li Totobalitsoe

Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

Hlophisa boitsebiso ba hao le ho nehelana ka bona e le hore ho lebisoe tlhokomelo e khethehileng lintlheng tse khōlō.

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?

Ho u thusa ho hopola lintho, kahoo ho u thusa ho thuisa le ho sebelisa se boletsoeng.

LINTLHA tse khōlō tsa puo ke eng? Tsena hase lintlha feela tse thahasellisang tse otloang mabalankoe. Ke mehopolo ea bohlokoa e hōlisoang ka ho pharaletseng. Ke mehopolo ea bohlokoa ka ho fetisisa bakeng sa ho finyella pakane ea hao.

Senotlolo sa ho etsa hore lintlha tse khōlō li totobale ke hore u khethe boitsebiso le ho bo hlophisa ka bohlale. Hangata lipatlisiso tse etsoang bakeng sa puo li hlahisa boitsebiso bo bongata ho feta bo ka sebelisoang. U tla tseba joang hore na u lokela ho sebelisa bofe?

Taba ea pele, nahana ka bamameli ba hao. Na ba tloaelane le taba ea hao, kapa ha baa tloaelana le eona? Na boholo ba bona bo lumellana le seo Bibele e se buang ka eona, kapa na ho na le ba sekametseng ho belaelleng lintho? Ke liphephetso life tseo ba talimanang le tsona bophelong ba letsatsi le letsatsi ha ba leka ho sebelisa seo Bibele e se buang ka taba eo? Taba ea bobeli, tiisa hore sepheo sa hao sa ho bua le bamameli bao ka taba eo u rerileng ho e sebelisa se hlakile hantle ka kelellong ea hao. U sebelisa lintlha tsena tse peli tse tataisang, hlahlobisisa boitsebiso boo ’me u boloke feela bo tšoanelang taba hantle.

Haeba u filoe kemiso ea motheo e nang le sehlooho le lintlha tse khōlō, u lokela ho e khomarela. Leha ho le joalo, molemo oa seo u nehelanang ka sona o tla ba moholo haholo haeba u ka hopola lintlha tse ka holimo ha u hōlisa ntlha ka ’ngoe e khōlō. Ha u sa fuoa kemiso, ke uena ea tla ikhethela lintlha tseo tse khōlō.

Ha lintlha tsa hao tse khōlō li hlakile ka kelellong ea hao ’me u hlophisitse makolopetso ka tlas’a tsona, ho tla ba bonolo haholoanyane hore u fane ka puo. Bamameli ba hao le bona ba tla rua molemo o moholo ho eona.

Litsela Tse sa Tšoaneng Tsa ho Hlophisa Boitsebiso ba Hao. Ho na le mekhoa e sa tšoaneng eo u ka e sebelisang ho hlophisa ’mele oa puo ea hao. Ha u ntse u e tloaela, u tla fumana hore ho na le e ’maloa e ka sebetsang, ho itšetlehile ka hore na sepheo sa hao ke sefe.

Mokhoa o tenyetsehang o akarelletsa ho aro-arola taba ka lihlooho. (Ntlha ka ’ngoe e khōlō ea hlokahala hobane e eketsa kutloisiso ea bamameli ba hao tabeng eo kapa e thusa ho finyella sepheo sa puo ea hao.) Mokhoa o mong ke tatellano ea liketsahalo ho ea ka nako ea tsona. (Ka mohlala, liketsahalo tsa pele ho Moroallo, li ka lateloa ke liketsahalo tsa pele Jerusalema e timetsoa ka 70 C.E., ’me tsona tsa lateloa ke liketsahalo tsa mehleng ea rōna.) Mokhoa oa boraro ke oa sesosa le phello. (O ka hōlisoa ka tatellano e sa tšoaneng. Ka mohlala, u ka qala ka boemo bo teng hona joale, e leng phello ’me u bontše sesosa.) Mokhoa oa bone o akarelletsa ho bapisa. (U ka bapisa ntho e ntle le e mpe kapa e nepahetseng le e fosahetseng.) Ka linako tse ling puo e tla akarelletsa mekhoa e mengata.

Ha Setefane a ne a qosoa ka bohata ka pel’a Sanhedrine ea Bajuda, o ile a fana ka puo e matla e neng e pheta tatellano ea liketsahalo ho ea ka nako ea tsona. Ha u ntse u e bala ho Liketso 7:2-53, hlokomela hore lintlha li khethiloe ka morero. Pele Setefane o ile a hlakisa hore o ne a pheta histori eo bamameli ba hae ba neng ba ke ke ba e latola. Eaba o bontša hore le hoja Josefa a ile a lahloa ke barab’abo, Molimo o ile a mo sebelisa ho fana ka topollo. Hape, o ile a bontša hore Bajuda ba ne ba sa mamele Moshe, eo Molimo a neng a mo sebelisa. O ile a phetha ka ho hatisa hore moea o tšoanang le o bonahalitsoeng ke Bajuda ba meloko e fetileng o ile oa bonahatsoa ke ba ileng ba etsa hore Jesu Kreste a bolaoe.

U se ke Ua Sebelisa Lintlha Tse Khōlō Tse Ngata Haholo. Ho hlokahala lintho tse seng kae feela bakeng sa ho hōlisa sehlooho leha e le sefe. Mabakeng a mangata, lintlha tsena ha li ka holimo ho tse hlano. Sena ke ’nete ho sa tsotellehe hore na u tla be u bua ka metsotso e 5, metsotso e 10, metsotso e 30 kapa ho feta moo. U se ke ua leka ho totobatsa lintlha tse khōlō tse ngata haholo. Bamameli ba ka khona ho utloisisa hantle mehopolo e seng mekae feela e sa tšoaneng puong e le ’ngoe. ’Me ha puo e le telele, lintlha tsa sehlooho li lokela ho ba matla ’me li hlake haholoanyane.

Ho sa tsotellehe hore na u sebelisa lintlha tse ngata hakae, tiisa hore u hōlisa ntlha ka ’ngoe ka ho lekaneng. Neha bamameli nako e lekaneng ea ho hlahloba ntlha ka ’ngoe e khōlō e le hore e hatisehe ka matla likelellong tsa bona.

Puo ea hao e lokela ho utloahala e le bonolo. Hase kamehla sena se itšetlehileng ka bongata ba boitsebiso boo ho nehelanoang ka bona. Haeba mehopolo ea hao e hlophisitsoe hantle ka tlas’a lihlooho tse seng kae feela tse khōlō ’me u ntse u li hōlisa ka bonngoe, ho tla ba bonolo ho utloisisa puo ea hao ’me ha e na ho lebaleha habonolo.

Totobatsa Lintlha Tsa Hao Tse Khōlō. Haeba boitsebiso ba hao bo hlophisitsoe hantle, ho ke ke ha e-ba thata ho hatisa bohlokoa ba lintlha tsa hao tse khōlō ka nehelano ea hao.

Tsela e ka sehloohong ea ho totobatsa ntlha e khōlō ke ho nehelana ka lintlha tse fanang ka bopaki, mangolo le boitsebiso bo bong ka mokhoa o etsang hore li lebise tlhokomelo mohopolong o ka sehloohong le ho o hōlisa. Lintlha tse latelang kaofela li lokela ho hlakisa, ho tiisa kapa ho hōlisa ntlha e khōlō. U se ke ua kenya mehopolo e sa hlokahaleng kahobane feela e thahasellisa. Ha u ntse u hōlisa lintlha tse latelang, bontša ka ho hlaka kamoo li amanang kateng le ntlha e khōlō eo li e tšehetsang. U se ke ua tlohella sena ho bamameli. U ka bontša ho amana hona ka ho pheta mantsoe a bohlokoa a hlalosang mohopolo o ka sehloohong kapa ka ho pheta moko-taba oa ntlha e khōlō ka boeona nako le nako.

Libui tse ling li totobatsa lintlha tse khōlō ka ho li ngola linomoro. Le hoja eo e le tsela e ’ngoe ea ho totobatsa lintlha tse khōlō, ha ea lokela ho nka sebaka sa ho khetha boitsebiso ka hloko le ka tatellano e utloahalang.

U ka ’na ua khetha ho bolela ntlha ea hao e khōlō qalong feela pele u hlahisa mabaka a e tšehetsang. Sena se tla thusa bamameli ho utloisisa bohlokoa ba se tla latela ’me hape se tla hatisa ntlha eo e khōlō. U ka ’na ua hatisa ntlha ka ho e akaretsa ka mor’a hore e hōlisoe ka botlalo.

Tšebeletsong ea Tšimo. Melao-motheo e boletsoeng ka holimo ha e sebetse feela lipuong tse fanoang sethaleng empa e boetse e sebetsa le meqoqong eo u bang le eona tšebeletsong ea tšimo. Ha u lokisetsa, nahanela boemo leha e le bofe bo tebileng boo batho ba sebaka seo ba bo nahanang. Khetha sehlooho se u fang monyetla oa ho bontša kamoo tšepo e fanoang ke Bibele e tla rarolla boemo boo kateng. Mohlomong u ka khetha lintlha tse peli tse khōlō bakeng sa ho hōlisa sehlooho seo. Etsa qeto ea hore na ke mangolo afe ao u tla a sebelisa bakeng sa ho tšehetsa lintlha tseo. Joale rera kamoo u tla qala puisano ea hao kateng. Tokisetso e joalo e u lumella hore u bontše ho tenyetseha ho hlokahalang puisanong. E boetse e u thusa ho bua ntho eo beng ba matlo ba tla e hopola.

KAMOO U KA HO ETSANG KATENG

Pele u khetha lintlha tse khōlō, nahana ka seo bamameli ba hao ba se tsebang ka taba eo ’me u etse qeto ea hore na sepheo sa hao e tla ba sefe. Hlophisa boitsebiso ba hao u nahanne ka lintlha tseo.

Bontša ka ho hlaka kamano pakeng tsa lintlha tse fanang ka bopaki, mangolo le boitsebiso bo bong hammoho le mohopolo o ka sehloohong oo li o tšehetsang.

Lebisa tlhokomelo ntlheng ka ’ngoe e khōlō. U ka etsa sena ka ho li ngola linomoro, ka ho bolela ntlha ka ’ngoe e khōlō pele u hlahisa boitsebiso bo e tšehetsang kapa ka ho pheta ntlha eo ka mor’a hore e hōlisoe.

BOITLHAKISO: Hlahloba sehlooho sa Thuto ea Molula-Qhooa ea beke ena. U sebelisa lihloohoana tse ngotsoeng ka mongolo o motenya le lipotso tse lebokoseng le rutang, leka ho khetha lintlha tse khōlō. Ho ka ba molemo hore u etse sena beke e ’ngoe le e ’ngoe.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela