Thuto 25
Ho Sebelisa Kemiso
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Ha u fana ka puo, sebelisa kemiso eo u iketselitseng eona ka hloohong kapa u ingolle eona, ho e-na le ho bala lentsoe ka lentsoe puong ka boeona.
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
Ho iketsetsa kemiso ho u thusa ho hlophisa mehopolo ea hao. Ho e sebelisa ha u fana ka puo ho u nolofalletsa ho bua ka mokhoa oa ho qoqa le ho bua ho tsoa pelong.
BATHO ba bangata baa tšoha ha ba nahana ka ho sebelisa kemiso ha ba bua. Ba ikutloa ba sireletsehile haholoanyane ha ba ngotse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba tla e bua pampiring kapa ba e tšoere ka hlooho.
Empa, bonneteng, letsatsi le leng le le leng kaofela ha rōna re bua re sa sebelise taba e ngotsoeng. Re etsa joalo ha re qoqa le malapa le metsoalle. Re etsa joalo ha re kopanetse tšebeletsong ea tšimo. ’Me re etsa joalo ha re etsa lithapelo tse tsoang pelong, ho sa tsotellehe hore na rea ithapella kapa re rapella sehlopha.
Ha u fana ka puo, na ho etsa phapang hore na u sebelisa puo e ngotsoeng kapa kemiso? Le hoja ho bala puo e ngotsoeng ho ka thusa ho tiisa ho nepahala ha taba le tšebeliso ea mantsoe a nepahetseng, ho na le moo e haelloang teng tabeng ea ho finyella lipelo. Ha u bala lipolelo tse ngatanyana, hangata lebelo le ho phahama le ho teba ha lentsoe tseo u li sebelisang e tla ba tse fapaneng le mokhoa oa hao oa tlhaho oa ho qoqa. Haeba u lebisitse tlhokomelo ea hao haholo lipampiring tsa hao ho feta ho bamameli ba hao, ba bangata ba ka ’na ba se ke ba mamela ka hloko ho tšoana le kamoo ba neng ba ka etsa kateng haeba ba ne ba nahana hore u hlile u nahana ka bona le hore u fetola boitsebiso ba hao hore bo tšoanele maemo a bona. Hore puo e susumetse e le kannete, ho molemo ka ho fetisisa ho fana ka eona u sa bale kemiso e ngotsoeng.
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se etselitsoe ho re thusa bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi. Ha re kopana le metsoalle, ha re ntše sekhechana sa pampiri ebe re e balla mehopolo ea rōna ho tiisa hore re sebelisa mantsoe a molemohali. Tšebeletsong ea tšimo, ha re tsamaee re nkile ntho e ngotsoeng eo re tla e bala kahobane re tšaba hore mohlomong re ka ’na ra lebala lintlha tse ling tseo re batlang ho li arolelana le batho. Ha u etsa pontšo sekolong mabapi le kamoo u ka pakang tlas’a maemo a joalo, itloaetse ho bua ka mokhoa oa tlhaho kamoo ho ka khonehang kateng. Ha u lokiselitse hantle, u tla fumana hore hangata kemiso eo u iketselitseng eona ka hloohong kapa eo u e ngotseng, e lekane bakeng sa ho u hopotsa lintlha tsa sehlooho tseo u batlang ho li tšohla. Empa u ka etsa joang hore u be le kholiseho e hlokahalang ea ho e sebelisa?
Hlophisa Mehopolo ea Hao. E le hore u sebelise kemiso ha u bua, ho hlokahala hore u hlophise mehopolo ea hao. Sena hase bolele ho khetha mantsoe ao u rerang ho a sebelisa. Se bolela feela hore u lokela ho nahana pele u bua.
Bophelong ba letsatsi le letsatsi, motho ea phasolohang feela a ka ’na a iphumana a bua lintho tseo a ikoahlaelang tsona hamorao. Motho e mong eena a ka ipuela feela a sa nahane, a tloha khopolong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe kantle ho sepheo. Ho ka sebetsanoa ka katleho le litšekamelo tsena ka bobeli ka hore motho a eme ho se hokae ’me a iketsetse kemiso e bonolo ka hloohong pele a qala ho bua. Pele, etsa hore sepheo sa hao se tsitse ka kelellong, u ntan’o khetha mehato eo ho hlokahalang hore u e nke bakeng sa ho se finyella ’me e be hona u qalang ho bua.
Na u lokisetsa tšebeletso ea tšimo? U se ke ua paka mokotla oa hao oa tšimo feela empa u hlophise le mehopolo ea hao. Haeba u etsa qeto ea ho sebelisa e ’ngoe ea linehelano tse hlahisitsoeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, e bale ka makhetlo a seng makae e le hore lintlha tse khōlō li hlake ka kelellong. Bolela moko-taba oa eona ka polelo e le ’ngoe kapa tse peli tse khutšoanyane. Fetola mantsoe a eona hore a tšoanele botho ba hao le maemo a leng tšimong ea lōna. Ho iketsetsa kemiso ka hloohong ho tla u thusa. E ka akarelletsa eng? (1) Bakeng sa kenyelletso, u ka ’na ua bolela ntho e itseng eo batho ba bangata motseng oa lōna ba amehileng ka eona. Kōpa mong’a ntlo hore a bue. (2) Hopola ntho e itseng e tobileng eo u ka e buang ka taba eo, u akarelletse lengolo le le leng kapa a mabeli a bontšang seo Molimo a tšepisitseng ho se etsa bakeng sa ho tlisa topollo. Ha u fuoa monyetla, hatisa taba ea hore Jehova o tla etsa sena ka ’Muso oa hae, puso ea hae ea leholimo. (3) Khothalletsa motho eo hore a nke khato e itseng ka seo u se buileng. U ka ’na ua fana ka khatiso e itseng kapa thuto ea Bibele le ho etsa litokisetso tse tiileng tsa ho ntšetsa pele puisano eo.
Bakeng sa nehelano e joalo mohlomong u tla hloka feela kemiso eo u iketselitseng eona ka hloohong. Haeba u batla ho sheba kemiso e ngotsoeng pele ho ketelo ea hao ea pele, mohlomong kemiso eo e tla ba le mantsoe a seng makae feela ao u tla a sebelisa ha u etsa kenyelletso ea hao, lengolo le le leng kapa a mabeli le tlhaloso e khutšoanyane ea seo u batlang ho se akarelletsa sephethong sa hao. Ho lokisetsa kemiso e joalo le ho e sebelisa ho re thibela hore re se ke ra ea lolololo, ho re thusa ho fana ka molaetsa o hlakileng le oo ho leng bonolo ho o hopola.
Haeba ho na le potso kapa khanyetso e atisang ho hlaha tšimong ea lōna, ho ka ba molemo hore u e etsetse lipatlisiso. Hangata, u hloka feela lintlha tse peli kapa tse tharo tsa motheo hammoho le mangolo a li tšehetsang. “Lihlooho Tsa Bibele Tsa Puisano” kapa lihloohoana tse ngotsoeng ka mongolo o motenya bukeng ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo li ka fana ka kemiso eo u e hlokang hantle. U ka ’na ua fumana mantsoe a qotsitsoeng a loketseng a tsoang mohloling o mong ao u ka a akarelletsang. Ngola kemiso e khutšoanyane hammoho le mantsoe ao a qotsitsoeng ’me u e boloke hammoho le lintho tseo u eang tšimong ka tsona. Ha mong’a ntlo a hlahisa potso kapa khanyetso, mo bolelle hore u thabela monyetla oa ho fana ka lebaka la seo u se lumelang. (1 Pet. 3:15) Sebelisa kemiso eo e le motheo oa karabo ea hao.
Ha u rapela bakeng sa lelapa la hao, bakeng sa sehlopha sa thuto ea buka, kapa bakeng sa phutheho, ho boetse ke habohlokoa hore u hlophise mehopolo ea hao. Ho ea ka Luka 11:2-4, Jesu o ile a neha barutuoa ba hae kemiso e bonolo bakeng sa thapelo e nang le moelelo. Ha ho neheloa tempele Jerusalema, Solomone o ile a etsa thapelo e telele. Ho hlakile hore o ile a nahana esale pele ka seo a neng a tla se bua. O ile a lebisa tlhokomelo pele ho Jehova le ho tšepiso ea Hae ho Davida; joale ea ntan’o ba tempele; ’me a bua ka tatellano ka maemo a tobileng le ka lihlopha tsa batho. (1 Mar. 8:22-53) Re ka rua molemo mehlaleng ena.
Boloka Kemiso ea Hao ea Puo e le Bonolo. Na kemiso ea hao ke ea ho fana ka puo? E lokela ho akarelletsa boitsebiso bo bokae?
Hopola hore morero oa kemiso ke ho u thusa ho hopola mehopolo. U ka ’na ua nahana hore ho tla ba molemo hore u ngole lipolelo tse seng kae tseo u ka li sebelisang e le kenyelletso. Empa ka mor’a moo, lebisa tlhokomelo mehopolong, eseng mantsoeng. Haeba u ngola mehopolo eo e le boemong ba lipolelo, sebelisa lipolelo tse khutšoanyane. Lintlha tse seng kae tse khōlō tseo u rerang ho li hōlisa li lokela ho totobala hantle kemisong ea hao. Sena se ka etsoa ka ho li ngola ka litlhaku tse khōlō, ho thalla lintlha tseo mola kapa ka ho li tšoaea ka mebala. Ka tlas’a ntlha ka ’ngoe e khōlō, thathamisa mehopolo eo u batlang ho e sebelisa ha u e hōlisa. Ngola mangolo ao u rerang ho a bala. Ka tloaelo ho molemo haholo ho a bala ka ho toba Bibeleng. Ngola lipapiso tseo u batlang ho li sebelisa. Mohlomong u ka ’na ua ba le mantsoe a loketseng a bohlokoa a qotsitsoeng khatisong ea lefatše. Etsa hore lintlha tsa hao e be tse pharaletseng ka ho lekaneng hore li fane ka lintlha tse tobileng. Ho tla ba bonolo ho sebelisa kemiso eo haeba e ngotsoe ka makhethe.
Ba bang ba sebelisa likemiso tse bonolo haholo. Kemiso e ka ’na ea e-ba le mantsoe a seng makae a sehlooho, mangolo ao sebui se tla a bua ka hlooho le litšoantšo tse se thusang ho hopola mehopolo. Ka ho sebelisa lintlha tsena tse bonolo, sebui se tla khona ho fana ka boitsebiso ba sona ka tatellano e utloahalang le ka mokhoa oa ho qoqa. Eo ke eona pakane ea thuto ena.
Leqepheng la 39 ho ea ho la 42 la buka ena, u tla fumana moo ho tšohloang taba ea “Ho Etsa Kemiso ea Puo.” Ho tla ba molemo haholo ho bala boitsebiso boo ha u sebeletsa thutong ena e reng, “Ho Sebelisa Kemiso.”
Kamoo U ka Sebelisang Kemiso Kateng. Leha ho le joalo, ntlheng ena, pakane ea hao hase feela ho lokisetsa puo ea hao e le boemong ba kemiso. Ke ho sebelisa kemiso eo ka katleho.
Bohato ba pele tabeng ea ho sebelisa kemiso ea hao ke ho lokisetsa ho fana ka puo. Sheba sehlooho, bala ntlha ka ’ngoe e khōlō ’me u ipolelle kamoo e ’ngoe le e ’ngoe ea lintlha tseo tse khōlō e amanang le sehlooho kateng. Ngola nako e ka sebelisoang ntlheng ka ’ngoe e khōlō. Joale khutlela morao ’me u ithute ntlha ea pele e khōlō. Hlahloba mabaka, mangolo, lipapiso le mehlala eo u rerang ho e sebelisa bakeng sa ho hōlisa ntlha eo. Pheta boitsebiso boo ka makhetlo a ’maloa ho fihlela karolo eo ea puo ea hao e hlakile hantle ka kelellong. Etsa se tšoanang le ka lintlha tse ling tse khōlō. Nahana ka boitsebiso boo u ka bo tlohelang, haeba ho hlokahala, e le hore u qete ka nako. Joale hlahloba puo kaofela. Lebisa tlhokomelo mehopolong, eseng mantsoeng. U se ke ua tšoara lentsoe le leng le le leng la puo ka hlooho.
Ha u fana ka puo, u lokela ho lula u talimile bamameli ba hao. Ka mor’a ho bala lengolo, ka tloaelo u lokela ho beha mabaka ka lona u sebelisa Bibele ea hao empa u sa khutlele morao ho sheba lintlha tsa hao. Ka ho tšoanang, haeba u sebelisa papiso, e phete ka tsela eo u neng u tla e phetela metsoalle ea hao ka eona ho e-na le ho e bala pampiring. Ha u ntse u bua, u se ke ua sheba lintlha tsa hao bakeng sa polelo e ’ngoe le e ’ngoe. Bua ho tsoa pelong ’me u tla finyella lipelo tsa batho ba u mametseng.
Ha u se u tseba hantle bokhoni ba ho bua u sebelisa kemiso, u tla be u nkile bohato ba bohlokoa ka ho fetisisa ba ho ba sebui sa phatlalatsa se atlehang.
KAMOO U KA HO ETSANG KATENG
Hatisa ka kelellong ea hao melemo ea ho bua u sebelisa kemiso.
Moqoqong oa letsatsi le letsatsi, hlophisa mehopolo ea hao pele u bua.
E le hore u be le kholiseho e hlokahalang ea ho bua u sebelisa kemiso, rapela Jehova ’me u itloaetse ho araba ka bolokolohi libokeng tsa phutheho.
Etsa hore kemiso ea hao e be bonolo, ho be bobebe ho e bala ha u e habanya feela.
Lokisetsa ho fana ka puo ka ho hlahloba mehopolo, eseng ho tšoara lentsoe le leng le le leng ka hlooho.
BOITLHAKISO: Pele u e-ea tšebeletsong ea tšimo bekeng ena, lokisetsa kemiso ka hloohong mabapi le ntho e itseng e tobileng eo u batlang ho e bua. (Bona leqephe la 167, serapeng sa 3.) Ha u le tšebeletsong ea tšimo, hlokomela hore na ke ka makhetlo a makae u khonang ho sebelisa nehelano eo u e lokiselitseng kapa bonyane ho pheta moko-taba oa molaetsa oo.