Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be thuto 24 leq. 160-leq. 165 ser. 1
  • Ho Khetha Mantsoe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Khetha Mantsoe
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bua se “Molemo Bakeng sa ho Haha”
    “Le Ipoloke Leratong la Molimo”
  • Nehelano e Phollatsi
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Mokhoa oa ho Qoqa
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Mantsoe a Bitsitsoe ka ho Hlaka
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be thuto 24 leq. 160-leq. 165 ser. 1

Thuto 24

Ho Khetha Mantsoe

Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

Sebelisa mantsoe a bontšang tlhompho le a bontšang mosa, a utloisisehang habonolo, a bontšang ho tenyetseha ha puo ea hao le a fetisang sefutho se loketseng le boikutlo. Sebelisa mantsoe ka tsela e lumellanang le melao ea sebōpeho-puo.

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?

Ho bontša hore u hlompha molaetsa oo u fanang ka oona ’me ho senola ho hoholo ka boikutlo ba hao ka batho bao u buang le bona. Ho ama tsela eo ba bang ba arabelang ka eona ho seo u se buang.

MANTSOE ke lisebelisoa tse matla tsa puisano. Empa, e le hore mantsoe a rōna a finyelle morero o itseng, re lokela ho a khetha ka hloko. Lentsoe le loketseng boemong bo itseng le ka ’na la e-ba le phello e seng ntle maemong a fapaneng. Haeba e sebelisoa ka tsela e fosahetseng, polelo e thahasellisang e ka fetoha “lentsoe le utloisang bohloko.” Ho sebelisa lipolelo tse joalo ho ka bontša ho se nahane, ha bontša ho se nahanele. Mantsoe a mang a na le meelelo e ’meli, moelelo o mong ke o sa rateheng kapa o phoqang. (Liprov. 12:18; 15:1) Ka lehlakoreng le leng, “lentsoe le molemo”—lentsoe le fanang ka khothatso—le tlisa thabo pelong ea motho eo le boleloang ho eena. (Liprov. 12:25) Ho fumana mantsoe a loketseng ho hloka boiteko, esita le ho motho ea bohlale. Bibele e re bolella hore Solomone o ne a tseba bohlokoa ba ho batlisisa “mantsoe a thabisang” le “mantsoe a nepahetseng a ’nete.”—Moek. 12:10.

Lipuong tse ling, ho sebelisoa mantsoe a itseng ha ho buuoa le batho ba baholo kapa balaoli, ha ka nako e tšoanang ho sebelisoa mantsoe a fapaneng ha motho a bua le lithaka tsa hae kapa batho ba banyenyane ho eena. Ho hlokomoloha mekhoa e joalo e metle ho nkoa e le ho hloka tlhompho. Hape ha hoa lokela hore motho a ipitse ka mantsoe a tlhompho ao ho ea ka tloaelo ea sebaka seo a sebelisoang ho batho ba itseng. Tabeng ea ho bontša tlhompho, Bibele e beha tekanyetso e phahameng ho feta e ka ’nang ea hlokoa ke molao kapa tloaelo ea sebaka se itseng. E khothalletsa Bakreste ho ‘hlompha batho ba mefuta eohle.’ (1 Pet. 2:17) Ba etsang sena ho tsoa pelong ba bua le batho ba lilemo tsohle ka mokhoa o bontšang tlhompho.

Ho hlakile hore batho ba bangata bao e seng Bakreste ba ’nete ba sebelisa puo e sa bontšeng tlhompho le e litšila. Ba ka ’na ba nahana hore ho sebelisa puo e tala ho hatisa seo ba se buang. Kapa mohlomong ho e sebelisa ha bona ho mpa ho bontša ho haelloa haholo ke pokello ea mantsoe. Haeba motho a ne a tloaetse ho sebelisa puo ea mofuta oo pele a ithuta litsela tsa Jehova, a ka ’na a fumana ho le thata ho lahla mokhoa oo. Empa, a ka khona ho o lahla. Moea oa Molimo o ka thusa motho ho fetola mokhoa oa ho bua. Leha ho le joalo, motho eo le eena o lokela ho ikemisetsa ho haha pokello ea mantsoe a molemo—mantsoe a fetisang lintho tse molemo, mantsoe a hahang—’me a a sebelise kamehla.—Bar. 12:2; Baef. 4:29; Bakol. 3:8.

Puo e Utloisisoang Habonolo. Tlhokahalo ea motheo ea puo e molemo ke hore e lokela ho utloisisoa habonolo. (1 Bakor. 14:9) Haeba bamameli ba hao ba sa utloisise mantsoe ao u a buang habonolo, ho bona u tšoana le motho ea buang puo esele.

Mantsoe a mang a na le moelelo o khethehileng har’a batho ba nang le tsebo e itseng ea mosebetsi. Mohlomong ba sebelisa mantsoe ao letsatsi le leng le le leng. Empa haeba u a sebelisa boemong bo fosahetseng seo se ka sitisa bokhoni ba hao ba ho buisana le ba bang. Ho feta moo, esita leha u sebelisa mantsoe a buuoang letsatsi le letsatsi, haeba u ameha ka ho sa hlokahaleng ka makolopetso, likelello tsa bamameli ba hao li ka ’na tsa lelera.

Sebui se nahanelang se khetha mantsoe a utloisisoang le ke batho ba sa rutehang. Se etsisa Jehova ka ho nahanela “ea tlaase.” (Jobo 34:19) Haeba sebui se bona ho hlokahala hore se sebelise lentsoe le sa tloaelehang, joale se lokela ho le sebelisa se le hokahantse le lipoleloana tse bonolo tse hlakisang moelelo.

Mantsoe a bonolo a khethiloeng hantle a fetisa mehopolo ka tsela e matla haholo. Ho bonolo ho utloisisa lipolelo tse khutšoanyane le lipoleloana tse sa rarahanang. Li ka tsoakoa le lipolelo tse ling tse teletsana e le hore nehelano e se ke ea utloahala e sa fella. Empa bakeng sa mehopolo eo u batlang hore bamameli ba hao ba e hopole, khetha mantsoe a bonolo le lipolelo tse khutšoanyane.

Lipolelo Tse sa Tšoaneng le Tse Nepahetseng. Ho na le mantsoe a mangata a matle. Ho e-na le ho sebelisa lipolelo tse tšoanang bakeng sa boemo bo bong le bo bong, sebelisa mantsoe a sa tšoaneng. Kahoo puo ea hao e tla ba e thahasellisang le e utloahalang. U ka hōlisa pokello ea hao ea mantsoe joang?

Ha u bala, tšoaea mantsoe leha e le afe ao u sa a utloisiseng hantle ’me u a shebe dikishinaring haeba e le teng ka puo ea hao. Khetha a seng makae a mantsoe ao ’me u etse boiteko bo hlokolosi ba ho a sebelisa ha ho loketse. E-ba seli hore u a bitse ka nepo ’me u a sebelise moelelong oa taba eo ho tla ba bonolo ho a utloisisa ho eona eseng feela bakeng sa ho hapa tlhokomelo. Ho hōlisa pokello ea hao ea mantsoe ho tla etsa hore puo ea hao e be e thahasellisang. Empa tlhokomeliso ke ena—ha motho a sa bitse mantsoe hantle kapa a a sebelisa hampe, ba bang ba ka ’na ba nahana hore ha a tsebe hantle seo a se buang.

Morero oa rōna oa ho hōlisa pokello ea rōna ea mantsoe ke ho fana ka boitsebiso, eseng ho ikhapela tlhokomelo ea bamameli ba rōna. Puo e rarahaneng le mantsoe a malelele hangata a lebisa tlhokomelo ho sebui. Takatso ea rōna e lokela hore e be ho arolelana le ba bang boitsebiso ba bohlokoa le ho etsa hore ba bo utloang ba bo thahaselle. Hopola maele ana a Bibele: “Maleme a ba bohlale a etsa se molemo ka tsebo.” (Liprov. 15:2) Ho sebelisa mantsoe a molemo, mantsoe a loketseng a utloisisoang habonolo, ho thusa ho etsa hore puo ea rōna e be e khathollang le e susumetsang ho e-na le ho etsa hore e be e sa hlakang le e sa thahaselliseng.

Ha u ntse u hōlisa pokello ea hao ea mantsoe, ela hloko ho sebelisa lentsoe le nepahetseng. Mantsoe a mabeli a ka ’na a e-ba le meelelo e batlang e tšoana e ka sebelisoang tlas’a maemo a sa tšoaneng. Haeba u hlokomela sena, u tla khona ho ntlafatsa puo ea hao hore e be e hlakileng ’me u qobe ho khopisa bamameli ba hao. Mamela ka hloko batho ba tsebang ho bua hantle. Lidikishinari tse ling li thathamisa mantsoe a hlalosang ntho e le ’ngoe (mantsoe a nang le moelelo o tšoanang, le hoja o sa tšoane hantle-ntle) le malatoli (mantsoe a batlang a e-na le moelelo o fapaneng) ka tlas’a lentsoe ka leng. Kahoo ha u fumane feela lipolelo tse sa tšoaneng bakeng sa mohopolo o tšoanang empa hape u fumana le litlhaloso tse nang le meelelo e sa tšoaneng. Sena se thusa haholo ha u batla lentsoe le nepahetseng bakeng sa boemo bo itseng. Pele u kenya lentsoe pokellong ea hao ea mantsoe, tiisa hore ua tseba hore na le bolela eng, le bitsoa joang le hore na le lokela ho sebelisoa neng.

Mantsoe a tobileng a fetisa setšoantšo se hlakileng ho feta mantsoe a akaretsang feela. Sebui se ka ’na sa re: “Ka nako eo, batho ba bangata ba ile ba kula.” Kapa se ka ’na sa re: “Ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše, ka likhoeli tse seng kae, mokakallane oa Spain o ile oa bolaea batho ba ka bang 21 000 000.” Hlokomela hore na ho ba le phapang e khōlō hakaakang ha sebui se hlalosa ka ho hlaka hore na se bolela’ng ha se re “ka nako eo,” “batho ba bangata,” le “ba ile ba kula”! Ho itlhalosa ka tsela ena ho hloka hore u tsebe lintlha tse amanang le taba ea hao le ho khetha mantsoe ka hloko.

Ho sebelisa lentsoe le nepahetseng ho ka boela ha u thusa hore u tobe taba kapele ntle le ho sebelisa mantsoe a mangata. Ho sebelisa mantsoe a mangata ho atisa ho pata mehopolo. Ho beha lintho ka tsela e bonolo ho etsa hore ho be bonolo haholoanyane hore ba bang ba utloisise lintlha tsa bohlokoa le ho li hopola. Ho thusa ho fetisa tsebo e nepahetseng. Thuto ea Jesu Kreste e ne e ikhetha ka lebaka la puo ea eona e bonolo. Ithute ho eena. (Bona mehlala e tlalehiloeng ho Matheu 5:3-12 le Mareka 10:17-21.) Itloaetse ho itlhalosa ka bokhutšoanyane ka ho sebelisa mantsoe a khethiloeng hantle.

Mantsoe a Fetisang Mafolofolo, Mofuthu le a Hlakisang Puo. Ha u ntse u hōlisa pokello ea hao ea mantsoe, u se ke ua nahana feela ka mantsoe a macha empa u nahane le ka mantsoe a ikhethang ka tsela e itseng. Ka mohlala, nahana ka maetsi a bontšang mafolofolo; mantsoe a hlakisang puo; le mantsoe a bontšang mofuthu, mosa, kapa a bontšang tieo.

Bibele e fana ka mehlala e mengata ea puo e joalo e utloahalang. Ka moprofeta Amose, Jehova o ile a phehella: “Batlang se molemo, eseng se sebe . . . Hloeang se sebe, le rate se molemo.” (Amose 5:14, 15) Moprofeta Samuele o ile a re ho Morena Saule: “Jehova o hahotse bobusi ba Iseraele ho uena kajeno.” (1 Sam. 15:28) Ha a bua le Ezekiele, Jehova o ile a sebelisa puo eo ho seng bonolo ho e lebala, a re: “Bohle ba ntlo ea Iseraele ba lihlooho li thata ’me ba lipelo li thata.” (Ezek. 3:7) Ha a hatisa ho teba ha sebe sa Iseraele, Jehova o ile a botsa: “Na motho oa lefatše a ka utsoetsa Molimo? Empa lea nkutsoetsa.” (Mal. 3:8) Ha a hlalosa teko ea tumelo Babylona, Daniele o ile a tlaleha ka ho hlaka hore ‘Nebukadnezare o ile a tlala khalefo’ kahobane Shadrake, Meshake le Abednego ba ne ba sa rapele setšoantšo sa hae, kahoo a laela hore ba tlangoe ’me ba lahleloe ka “sebōping se tukang sa mollo.” Ho re thusa ho utloisisa matla a mocheso oo, Daniele o tlalehile hore morena o ile a re banna ba hae ‘ba beseletse sebōpi ka makhetlo a supileng ho feta kamoo ho neng ho tloaelehile hore se beseletsoe kateng’—se ne se chesa hoo eitseng ha banna ba morena ba atamela sebōpi seo, ba ileng ba shoa. (Dan. 3:19-22) Ha a bua le batho Jerusalema matsatsi a seng makae pele ho lefu la hae, Jesu o ile a re ka kutloelo-bohloko e tebileng: “Ke hangata hakaakang ke ileng ka batla ho bokella bana ba hao, ka tsela eo khoho e bokellang litsuonyana tsa eona tlas’a mapheo a eona! Empa le ne le sa batle. Bonang! Ntlo ea lōna e tlohetsoe ho lōna.”—Mat. 23:37, 38.

Mantsoe a khethiloeng hantle a ka fetisa litšoantšo tse hlakileng hantle likelellong tsa bamameli ba hao. Haeba u sebelisa mantsoe a ipiletsang maikutlong, bamameli ba hao ba tla “bona” ’me ba “tšoare” lintho tseo u buang ka tsona, ba “latsoe” le ho “fofonela” lijo tseo u buang ka tsona le ho “utloa” melumo eo u e hlalosang le batho bao u ba qotsang. Bamameli ba tla tsepamisa mehopolo ho seo u se buang kahobane u ba thusa ho etsa hore lintho tseo e be tsa sebele ho bona.

Mantsoe a fetisang mehopolo ka ho hlaka a ka etsa hore batho ba tšehe kapa ba lle. A ka susumetsa tšepo, a ka etsa hore motho ea nyahameng a be le takatso ea ho phela le ho etsa hore a rate ’Mōpi oa hae. Batho lefatšeng lohle ba ’nile ba angoa haholo ke tšepo e fanoang ke mantsoe a leng litemaneng tsa Bibele tse kang Pesaleme ea 37:10, 11, 34; Johanne 3:16; le Tšenolo 21:4, 5.

Ha u ntse u bala Bibele le likhatiso tsa “lekhoba le tšepahalang le le masene,” u tla hlokomela mantsoe a mangata le lipoleloana tse sa tšoaneng. (Mat. 24:45) U se ke ua a hlokomoloha. Khetha ao u a ratang ’me u a kenye pokellong ea hao ea mantsoe.

Puo e Lumellanang le Melao ea Sebōpeho-puo. Batho ba bang ba hlokometse hore hase kamehla puo ea bona e lumellanang le melao ea sebōpeho-puo. Empa ba ka etsa’ng ka boemo boo?

Haeba u ntse u le sekolong, sebelisa monyetla oo hamolemo hona joale bakeng sa ho ithuta sebōpeho-puo se setle le ho khetha mantsoe ka hloko. Haeba u sa tsebe hantle lebaka la molao o itseng oa sebōpeho-puo, botsa tichere ea hao. U se ke ua ithutela ho pasa feela. U na le lebaka leo mohlomong liithuti tse ling li se nang lona. U batla ho ba mosebeletsi ea atlehang oa litaba tse molemo.

Ho thoe’ng haeba u se u le motho ea hōlileng ’me u hōlile u bua puo eo u sa e bueng hona joale? Kapa mohlomong ha ua ka ua ba le monyetla oa ho kena sekolo haholo u sebelisa puo ea hao. U se ke ua nyahama. Ho e-na le hoo, etsa boiteko ba sebele ba ho ntlafatsa, u etse joalo molemong oa litaba tse molemo. Lintho tse ngata tseo re li tsebang ka sebōpeho-puo re ithuta tsona ka ho mamela ha ba bang ba bua. Kahoo mamela ka hloko ha libui tse nang le phihlelo li fana ka lipuo tsa tsona. Ha u bala Bibele le likhatiso tse thehiloeng Bibeleng, hlokomela tsela eo lipolelo li behiloeng ka eona, mantsoe a sebelisitsoeng hammoho le moelelo oa taba eo a sebelisitsoeng ho eona. Etsa hore ho bua ha hao ho iphaphathe le mehlala ena e metle.

Batho ba tummeng ba lokisetsang boithabiso le libini ba ka ’na ba sebelisa lipolelo le mekhoa ea ho bua e sa lumellaneng le sebōpeho-puo. Batho ba rata ho etsisa batho ba joalo. Hangata barekisi ba lithethefatsi le ba bang bao mokhoa oohle oa bona oa bophelo o leng khahlanong le molao kapa e leng oa boitšoaro bo bobe ba na le puo ea bona, ba sebelisa mantsoe ka tsela e fapaneng haholo le ka tsela eo a tloaelehileng ka eona. Ha ho bohlale hore Bakreste ba etsise leha e le ofe oa batho bana. Ho etsa joalo ho tla etsa hore re tšoane le batho bao ba lefatše le tsela ea bona ea bophelo.—Joh. 17:16.

Itloaetse ho bua ka mokhoa o nepahetseng letsatsi le leng le le leng. Haeba u lumella hore puo ea hao e be bohlasoa moqoqong oa letsatsi le letsatsi, u se ke ua lebella hore u tla khona ho bua hantle maemong a khethehileng. Empa haeba u sebelisa puo ea boleng bo botle maemong a tloaelehileng a bophelo, e tla itlela habonolo le ka mokhoa oa tlhaho ha u le sethaleng kapa ha u pakela ba bang ’nete.

KAMOO U KA NTLAFATSANG KATENG

Ho tsoa litlhahisong tse fanoeng thutong ena, khetha ntlha e le ’ngoe feela eo u batlang ho sebeletsa ho eona. E etse pakane ea hao bakeng sa khoeli e le ’ngoe kapa ho feta.

Hopola pakane ea hao ha u bala. E hopole ha u mamela libui tse hloahloa. Ngola mantsoe ao u batlang ho a kenyelletsa ha u bua. Ka letsatsi le le leng kapa a mabeli, sebelisa lentsoe ka leng leo u le ngolang.

BOITLHAKISO: Ha u ntse u lokisetsa Thuto ea Molula-Qhooa kapa Thuto ea Buka ea Phutheho bekeng ena, khetha mantsoe a seng makae ao u sa tsebeng ho a hlalosa habonolo. A shebe dikishinaring haeba u e-na le eona, kapa u buisane le motho e mong ea tsebang mantsoe hantle ka moelelo oa ’ona.

Mantsoe ao ke batlang ho a kenya pokellong ea ka ea mantsoe ao ke a sebelisang

Lipolelo tse sa tšoanenghammoho Bakeng sa ho bontša mafolofolo,

le tse nepahetseng mofuthu kapa ho hlakisa puo

․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela