Thuto 2
Mantsoe a Bitsitsoe ka ho Hlaka
Ke eng seo u lokelang ho se etsa?
Bua mantsoe ka tsela eo bamameli ba hao ba ka a utloisisang habonolo. Sena se akarelletsa (1) ho sebelisa hantle litho tsa ho bua le (2) ho utloisisa sebōpeho sa mantsoe.
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?
Ha u bua ka mokhoa o hlakileng, ba bang ba ka utloisisa seo u se bolelang. Mantsoe a bitsitsoeng ka mokhoa o hlakileng ho tla ba bonolo hore a nkoe ka botebo.
E LE hore u fetise boitsebiso ka katleho, u lokela ho bua ka mokhoa o hlakileng. Mohlomong seo u se buang sea thahasellisa, ebile ke sa bohlokoa, empa karolo e khōlō ea sona e tla lahleha haeba ho le thata ho utloisisa mantsoe a hao.
Batho ha ba susumetsoe ke puo eo ba sa e utloisiseng hantle. Esita leha motho a e-na le lentsoe le matla ’me le utloahala habonolo, haeba mantsoe a hae a sa hlaka, a ke ke a susumetsa ba bang hore ba nke khato. Ho joalokaha eka o bua puo esele, eo momameli a sa e utloisiseng. (Jer. 5:15) Bibele ea re hopotsa: “Haeba terompeta e ntša molumo o sa hlakang, ke mang ea tla itokisetsa ntoa? Ka tsela e tšoanang hape, ntle leha lōna ka leleme le bua puo e utloisisoang habonolo, ho tla tsejoa joang se ntseng se buuoa? Ha e le hantle, le tla be le buela moeeng.”—1 Bakor. 14:8, 9.
Ke Eng e Etsang Hore Puo e se ke ea Hlaka? E ka ’na ea e-ba ho se bule molomo ka ho lekaneng. Ho satalla ha mesifa ea mohlahare le ho bula molomo hanyenyane ho ka etsa hore puo e se ke ea hlaka.
Ho bua ka potlako le hona ho ka fella ka puo eo ho leng ho thata ho e utloisisa. Hoo ho tšoana le ho bapala puo e rekotiloeng ka lebelo le fetang leo mochini o hatisang o neng o etselitsoe ho bapala ka lona. Mantsoe ’ona a teng, empa molemo o moholo o lahlehile.
Mabakeng a mang, ho bua ka mokhoa o sa hlakang ho tsamaisana le bofokoli bo itseng bo leng kahehong ea litho tsa ho bua. Empa esita le batho ba lokelang ho sebetsana le bothata bo joalo ba ka etsa ho hoholo hore ba ntlafatse ka ho sebelisa litlhahiso tse fanoeng thutong ena.
Leha ho le joalo, hangata ho bua ka mokhoa o sa hlakang ho bakoa ke ho koenya mantsoe—ho a kopanya hoo ho ka bang thata ho a utloisisa. Bothata bona bo ka akarelletsa ho koenya linoko tsa mantsoe kapa litlhaku tsa bohlokoa kapa ho koenya litlhaku tse qetellang tsa mantsoe. Ha motho a kopanya mantsoe ka ho se natse, bamameli ba hae ba ka ’na ba utloisisa mehopolo kapa lipoleloana tse itseng empa ba tlameha ho hakanya tse ling. Ho se bue ka mokhoa o hlakileng ho ka sitisa bokhoni ba motho ba ho ruta.
Kamoo U ka Buang ka Mokhoa o Hlakileng. Se seng sa linotlolo tsa ho bua mantsoe ka mokhoa o hlakileng ke ho utloisisa sebōpeho sa mantsoe a puo ea hao. Lipuong tse ngata, mantsoe a bōptjoa ke linoko. Linoko li bōptjoa ke tlhaku e le ’ngoe kapa tse eketsehileng tse bitsoang e le ntho e le ’ngoe. Lipuong tse joalo, ka tloaelo senoko ka seng se tla utloahala ha u bua, le hoja li sa hatisoe kaofela ka tekanyo e tšoanang. Haeba u batla ho ntlafatsa ho hlaka ha puo ea hao, u se ke ua potlaka ’me u etse sohle se matleng a hao ho bitsa senoko se seng le se seng. Qalong sena se ka ’na sa utloahala e le mokhoa o hlokolosi ho feta tekano, empa ha u ntse u itlhakisa, butle-butle u tla qala ho bua ka mokhoa o phollatsi. Kahobane u batla ho bua ka mokhoa o phollatsi, ha ho pelaelo hore ho na le mantsoe a mang ao u tla a kopanya u sa etse khefu, empa u lokela ho qoba sena haeba ho e-na le kotsi ea hore se tla pata moelelo oa mantsoe ao.
Tlhokomeliso: E le hore u hlaolele ho bua ka mokhoa o hlakileng, u ka ’na ua itlhakisetsa ho bua le ho bala ka mokhoa o hlokolosi haholo. Empa u se ke ua lumella hoo hore e be mokhoa oa hao o tloaelehileng oa ho bua. O tla utloahala e le oa boikaketsi ebile e se oa tlhaho.
Haeba puo ea hao e utloahala eka ea khineha, ithute ho phahamisa hlooho ’me u tlose selelu sa hao sefubeng. Ha u bala Bibeleng, tšoarela buka holimo ka ho lekaneng e le hore ha u tlosa mahlo a hao ho bamameli hore u shebe Bibele ea hao u tsamaise hlooho hanyenyane feela. Sena se tla etsa hore mantsoe a hao a tsoe ntle le tšitiso.
Ho ithuta mokhoa oa ho theola khatello ea kelello le hona ho ka ntlafatsa puo ea hao. Ke ntho e tsebahalang haholo hore ho satalla ha mesifa ea sefahleho kapa e laolang ho phefumoloha ha hao ho ka ba le phello e mpe tšebetsong ea ho bua. Ho satalla ho joalo ho sitisa khokahano e lumellanang e lokelang ho ba teng pakeng tsa kelello ea hao, litho tsa lentsoe le ho laola ho phefumoloha—e leng tšebetso e lokelang ho sebetsa hantle le ka mokhoa oa tlhaho.
U se ke ua tiisa mesifa ea mohlahare e le hore e arabele kapele ha e fumana litaelo tse tsoang bokong. Molomo le oona u se ke ua o tiisa. O lokela ho itokisetsa ho otloloha le ho finahana ka potlako e le hore o qetelle melumo e mengata e hlahang ka hanong le ’metsong. Haeba mohlahare le molomo li sataletse, molomo o ke ke oa buleha hantle ’me molumo o tla qobelleha ho tsoa pakeng tsa meno. Sena se tla hlahisa puo e makherehloa, e sa utloahaleng le e sa hlakang. Leha ho le joalo, ho se tiise mohlahare le molomo ha ho bolele hore motho a ipuele feela a sa tsotelle. Sena se lokela ho leka-lekanngoa le mokhoa oa ho bōpa melumo e le hore mantsoe a ka bitsoa ka mokhoa o hlakileng.
Ha u hlahloba boemo ba hao, mohlomong ho bala ka lentsoe le phahameng ho ka u thusa. Ela hloko hore na u sebelisa litho tsena tse hlollang tsa ho bua joang. Na u bula molomo ka ho lekaneng e le hore melumo ea puo e ka tsoa ntle le tšitiso? U hopole hore leleme hase lona feela setho sa ho bua, le hoja e le lona le sebetsang haholo. Molala, mohlahare o ka tlaase, molomo, mesifa ea sefahleho le mesifa ea ’metso kaofela e phetha karolo e itseng. Ha u ntse u bua, na ho bonahala u etsa joalo ntle le ho sisinya sefahleho? Haeba ho joalo, ho ka etsahala hore puo ea hao ha ea hlaka.
Haeba u e-na le mochine oa ho rekota, rekota lentsoe la hao ha u ntse u bua ka tsela ea tlhaho, ho tšoana le kamoo u neng u ka bua kateng ha u le tšebeletsong ea tšimo. Rekota puo ea moqoqo ka metsotso e ’maloa. Ho mamela theipi eo ho ka u thusa ho qoolla bothata leha e le bofe boo mohlomong u nang le bona tabeng ea ho bitsa mantsoe a itseng ka mokhoa o hlakileng. Hlokomela mehlala ea ho koenya mantsoe, ho buela ka marameng, kapa ho poma mantsoe ’me u leke ho fumana lebaka la seo. Hangata bofokoli boo bo ka phekoloa ka ho sebeletsa lintlheng tse tšohliloeng ka holimo.
Na u na le khoreletseho ea ho bua? Itloaetse ho bula molomo oa hao ho feta kamoo u neng u etsa kateng pele ’me u leke ho bitsa mantsoe ka kelo-hloko e khōlō. Tlatsa matšoafo a hao ka moea ha u etsa khefu ’me u bue butle. Ho etsa sena ho thusitse ba bangata ba nang le khoreletseho ea ho bua hore ba bue ka mokhoa o hlakileng haholoanyane. Le hoja bothata ba hao bo ka ’na ba se rarollehe ka ho feletseng, u se ke ua nyahama. Hopola hore Jehova o ile a khetha Moshe, monna ea neng a e-na le khoreletseho ea ho bua, hore a fetisetse melaetsa ea bohlokoa haholo ho sechaba sa Iseraele le ho Faro oa Egepeta. (Ex. 4:10-12) Haeba u ikemiselitse, le uena a ka u sebelisa ’me o tla u hlohonolofatsa ka hore u atlehe tšebeletsong ea hao.
KAMOO U KA HO ETSANG KATENG
Bua le ho bala lentsoe ka leng ka mokhoa o hlakileng—u le bitse hantle, ka molumo o lekaneng le ka lebelo le loketseng.
U se ke ua koenya mantsoe kapa ua kopanya mantsoe ka tsela e tla etsa hore bamameli ba hao ba se ke ba utloisisa moelelo oa ’ona.
Phahamisa hlooho ’me u ahlamise molomo ka ho lekaneng ha u bua.
Itloaetse hore u se ke ua tiisa molala oa hao, mohlahare, molomo, mesifa ea sefahleho le mesifa ea ’metso.
BOITLHAKISO: Bua kamoo u tloaetseng ho bua kateng. U ahlamisa molomo oa hao hakae? Na u lokela ho o ahlamisa haholoanyane le ho sebelisa mesifa ea sefahleho haholoanyane? Itloaetse ho etsa joalo ha u ntse u bala Matheu 8:23-27 ka lentsoe le phahameng. Tiisa hore u phahamisa hlooho ’me u leke hore u se ke ua tiisa mesifa ea hao ea mohlahare.