Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be thuto 1 leq. 83-leq. 85 ser. 3
  • Ho Bala ka Nepo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bala ka Nepo
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ikitlaelletse ho Bala
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Khefu e Loketseng
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Rua Molemo ka ho Bala Bibele Letsatsi le Letsatsi
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Ho Bala Bibele—Ho Molemo Ebile ho Monate
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be thuto 1 leq. 83-leq. 85 ser. 3

Thuto 1

Ho Bala ka Nepo

Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

Bala se hatisitsoeng ka nepo ka lentsoe le phahameng. U se ke ua tlōla mantsoe, kapa ua hlokomoloha likarolo tse itseng tsa mantsoe, kapa ho ikenyetsa mantsoe asele. Bitsa mantsoe ka nepo. Ela hloko matšoao a puo le matšoao a khethollang ho bitsoa ha mantsoe.

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?

Ho bala ka hloko le ka nepo ke karolo ea bohlokoa ea ho fetisa tsebo e nepahetseng ea ’nete ea Bibele.

MANGOLO a bolela hore thato ea Molimo ke hore batho ba mefuta eohle “ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.” (1 Tim. 2:4) Tumellanong le hoo, ha re bala se tsoang ka Bibeleng ka lentsoe le phahameng, takatso ea rōna ea ho fetisa tsebo e nepahetseng e lokela ho susumetsa tsela eo re balang ka eona.

Tsebo ea ho bala ka lentsoe le phahameng se tsoang ka Bibeleng le likhatisong tse hlalosang Bibele ke ea bohlokoa ho bacha le ho batho ba baholo ka ho tšoanang. Joaloka Lipaki tsa Jehova, re na le boikarabelo ba ho arolelana le ba bang tsebo ea Jehova le litsela tsa hae. Hangata seo se akarelletsa ho balla motho a le mong kapa sehlotšoana se senyenyane. Re boetse re etsa ’malo o joalo ka lelapeng. Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ho ba le menyetla e loketseng ea hore bara le barali babo rōna, ba banyenyane le ba baholo, ba fumane keletso ka sepheo sa ho ntlafatsa ho bala ha bona ka lentsoe le phahameng.

Ho bala Bibele phatlalatsa, ebang ke ho balla motho a le mong kapa phutheho, ke ntho e lokelang ho nkoa ka botebo. Bibele e bululetsoe ke Molimo. Ho phaella moo, “lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla . . . ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.” (Baheb. 4:12) Lentsoe la Molimo le fupere tsebo ea bohlokoahali e sa fumaneheng mohloling leha e le ofe. Le ka thusa motho ho tseba Molimo a le mong feela oa ’nete le ho hlaolela kamano e ntle le eena, hammoho le ho sebetsana ka katleho le mathata a bophelo. Le hlalosa tsela e isang bophelong bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo. Pakane ea rōna ke hore re bale Bibele ka hohle kamoo re ka khonang.—Pes. 119:140; Jer. 26:2.

Kamoo U ka Balang ka Nepo Kateng. Ho na le lintho tse ngata tse ka thusang motho ho bala ka mokhoa o atlehang, empa bohato ba pele ke ho bala ka nepo. Seo se bolela ho leka ka matla ho bala ka nepo se hatisitsoeng. Hlokomela hore u se ke ua tlōla mantsoe, ua koenya mantsoe, kapa ua bala mantsoe hampe kahobane a tšoana le mantsoe a mang.

Hore u bale mantsoe ka nepo, ho hlokahala hore u utloisise moelelo oa taba. Seo se hloka ho lokisetsa ka hloko. Hamorao, ha u ntse u hōlisa tsebo ea ho talimela pele ’me u hlokomela tatellano ea mohopolo, ho bala ha hao ka nepo ho tla ntlafala.

Matšoao a puo le matšoao a khethollang ho bitsoa ha mantsoe ke likarolo tsa bohlokoa tsa puo e ngoloang. Matšoao a puo a ka ’na a bontša hore na u etse khefu hokae, u etse khefu e bolelele bo bokae mohlomong le tlhokahalo ea ho teba le ho phahama ha lentsoe. Lipuong tse ling, ho se fetole molumo oa lentsoe ha letšoao la puo le hloka hore u etse joalo ho ka fetola potso ha e etsa polelo, kapa ho ka fetola moelelo ka ho feletseng. Ho hlakile hore ka linako tse ling, ho sebetsa ha matšoao a puo ho amana haholo le melao ea puo. Lipuong tse ngata ho ke ke ha etsahala hore u bale ka nepo ntle le hore u ele hloko ka ho fetisisa matšoao a khethollang ho bitsoa ha mantsoe—a ngotsoeng le a utloisisoang ho ea ka moelelo oa taba. Matšoao ana a ama molumo oa litlhaku tse amanang le ’ona. Tiisa hore u tloaelana le tsela eo matšoao a puo kapa matšoao a khethollang ho bitsoa ha mantsoe a sebelisoang ka eona puong ea hao. Sena ke sona senotlolo sa ho bala ka tsela e utloahalang. Hopola hore sepheo sa hao ke ho fetisa mehopolo, eseng ho bua mantsoe feela.

Ho hlokahala boitlhakiso hore u hlaolele bokhoni ba ho bala ka nepo. Bala serapa se le seng feela ebe u etsa joalo khafetsa ho fihlela u khona ho se bala u sa etse liphoso. Ebe u fetela serapeng se latelang. Qetellong, leka ho bala maqephe a ’maloa a boitsebiso u sa tlōle mantsoe leha e le afe, u sa a pheta-phete, kapa ho a bala hampe. Ha u se u nkile mehato eo, kōpa motho e mong hore a shebe hore na u bala joang ’me a u hlokomelise liphoso leha e le life tseo u ka li etsang.

Likarolong tse ling tsa lefatše, ho se bone hantle mahlong le khanya e fokolang li tlatsetsa bothateng ba ho bala. Haeba ho ka khoneha ho hlōla maemo ana, ntle ho pelaelo ho bala ho tla ntlafala.

Ka mor’a nako e itseng, barab’abo rōna ba balang hantle ba ka kōptjoa hore ba kopanele ho baleng phatlalatsa boitsebiso bo ithutoang Thutong ea Buka ea Phutheho le Thutong ea Molula-Qhooa. Empa e le hore u hlokomele tokelo eo hantle, ho hlokahala ho fetang feela ho bitsa mantsoe ka nepo. Hore u be sebali se atlehang sa phatlalatsa ka phuthehong, ho tla hlokahala hore u hlaolele mekhoa e metle ha u bala u le mong. Sena se akarelletsa ho ela hloko hore lentsoe le leng le le leng le hlahang poleloaneng le phetha karolo e itseng. U ke ke ua hlokomoloha a mang a ’ona eaba u utloisisa ka ho hlaka se boleloang. Haeba u sa bale mantsoe hantle, esita leha u ipalla, moelelo oa poleloana eo o tla sotheha. Ho se bale hantle ho ka bakoa ke ho hlōleha ho hlokomela matšoao a khethollang ho bitsoa ha mantsoe kapa moelelo oa taba eo mantsoe ao a sebelisitsoeng ho eona. Etsa boiteko ba ho utloisisa se boleloang ke lentsoe ka leng boemong boo le hlahang ho bona. Hape, hlokomela kamoo matšoao a puo a amang moelelo oa polelo kateng. Hopola hore hangata mehopolo e fetisoa ke lihlopha tsa mantsoe. Ela hloko lintho tsena e le hore ha u bala ka lentsoe le phahameng u bale lihlopha tsa mantsoe—lipoleloana le lirapa—ho e-na le ho bala mantsoe feela. Ho utloisisa ka ho hlaka seo u se balang ke bohato ba bohlokoa ba hore u khone ho fetisetsa tsebo e nepahetseng ho ba bang ka ho bala phatlalatsa.

Moapostola Pauluse o ne a bua le moholo ea nang le phihlelo oa Mokreste ha a ne a ngola ho re: “U tsoele pele ho ikitlaetsa ho baleng phatlalatsa.” (1 Tim. 4:13) Ho hlakile hore ena ke karolo eo kaofela ha rōna re ka ntlafatsang ho eona.

KAMOO U KA HO FINYELLANG KATENG

Itlhakise! Itlhakise! Itlhakise! ’Me u etse joalo ka lentsoe le phahameng.

Kōpa motho e mong hore a shebe hore na u bala joang ’me a u hlokomelise liphoso.

Ha u ithuta boinotšing, itloaetse hore u bale ka hloko.

Ho e-na le ho bala mantsoe feela, ithute ho bala lihlopha tsa mantsoe.

BOITLHAKISO: Ha u se u lokiselitse hantle, kōpa motsoalle kapa setho sa lelapa hore se tsamaisane le uena Bibeleng ha u ntse u bala ka lentsoe le phahameng karolo e itseng e tsoang ho Matheu khaolo ea 5 ho ea ho ea 7. Mo kōpe hore a u emise neng kapa neng ha (1) u tlōla lentsoe, (2) u sa bale lentsoe hantle kapa u fetola tatellano ea mantsoe, kapa (3) ha u hlokomoloha letšoao le khethollang ho bitsoa ha lentsoe kapa letšoao le itseng la puo le hlokang hore u etse khefu kapa u fetole molumo oa lentsoe. Ho ka ba molemo hore u etse sena bonyane ka metsotso e leshome ka makhetlo a mabeli kapa a mararo.

[Lebokose le leqepheng la 84]

MATŠOAO A PUO

Khutlo (.) e bontša hore polelo e feletse.

Feheloane (,) hangata e hloka hore u etse khefu e nyenyane, kaha ho sa ntse ho latela taba e eketsehileng.

Fehelo (;) ke letšoao le bontšang khefu e seng matla joaloka khutlo empa e le matla ho feta feheloane.

Khutloana (:) e kenyelletsa lethathamo kapa mantsoe a qotsoang; e hloka hore u etse khefu empa u sa fetole molumo oa lentsoe.

Makalo (!) e bontša molumo o nang le maikutlo a matla.

Potso (?) hangata e hloka hore polelo e baloe ka molumo o batlang o phahame.

Lia-bula le Lia-koala (“ “ kapa ‘ ’) li ka ’na tsa bontša hore mantsoe a kentsoeng ka har’a matšoao ana a lokela ho totobatsoa ka ho etsa likhefu (tse nyenyane haholo haeba e le karolo ea taba e ngotsoeng; li be teletsana haeba e le polelo e feletseng).

Mela e mekhutšoanyane e bohareng ba mantsoe (—), ha e sebelisitsoe ho arola mantsoe, hangata e hloka hore u fetole molumo kapa lebelo hanyenyane.

Masakana ( ) le masakana a sekoere [ ] a ka ’na a khetholla mantsoe a lokelang ho baloa ka molumo o batlang o le tlaase. Mehloli ea litšupiso e leng ka har’a masakana ha ea lokela ho baloa ’me mantsoe a kentsoeng ka har’a masakana a sekoere a hlokahalang bakeng sa ho qetella mohopolo oa se baloang ha a hloke hore u fetole molumo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela