Lenaneo la ho Ntlafatsa Tsebo ea ho ba Sebui le Mosuoe
HO SA tsotellehe hore na u mocha kapa u se u ile lilemong, u monna kapa u mosali, thupelo ena e ka u thusa hore u bue hamolemo haholo le ho tšoaneleha hamolemonyana joaloka mosuoe oa Lentsoe la Molimo.
Likabelo tsa ba ngolisitseng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo li etsoa ke molebeli oa sekolo. Maqepheng a latelang a mararo, u tla fumana foromo ea hao ea keletso. Linomoro tse tlang pele ho lintlha tse sa tšoaneng li tsamaisana le lithuto tse hlahang maqepheng a latelang. Lithutong tseo u tla fumana tlhaloso ea hore na ho hlokahala eng hore u tsebe hantle lintlha tsena tse mabapi le ho bua le ho ruta le hore na ke hobane’ng ha e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e le ea bohlokoa. Hape u tla fumana tataiso e thusang mabapi le kamoo u ka finyellang lintho tse buelloang.
Mebala e sa tšoaneng e leng foromong ea keletso e bontša hore na ke lintlha life tse sebetsang likabelong tse akarelletsang (1) ho balla bamameli, (2) ho etsa pontšo le batho ba babeli kapa ba eketsehileng, kapa (3) puo e tobisitsoeng phuthehong. Molebeli oa sekolo o tla u abela ntlha eo u tla sebeletsa ho eona. Ho molemo ho sebeletsa ntlheng e le ’ngoe feela ka nako. U tla rua molemo ka ho etsa boitlhakiso bo buelloang qetellong ea thuto eo u e abetsoeng. Haeba u fana ka bopaki ba hore u sebelisitse ka katleho keletso e leng thutong eo u e abetsoeng, moeletsi oa hao o tla u abela ntlha e ’ngoe.
Haeba kabelo ea hao e lokela ho fanoa e le pontšo, ho tla hlokahala hore u lokisetse boemo boo u tla e fana ho bona. Leqepheng la 82 ho na le lethathamo la maemo ao lipuo li ka fanoang ho ’ona, empa ha ua beheloa moeli oa hore u sebelise lethathamo lena feela. Moeletsi oa hao a ka ’na a buella hore u leke ho sebelisa boemo bo bong ba puo e le hore u fumane phihlelo, kapa a ka ’na a re u ikhethele bona.
Ho bala buka ena le ho etsa boitlhakiso bo bontšitsoeng esita leha u sa lokisetse likabelo tsa sekolo ho ka tlatsetsa haholo tsoelo-peleng ea hao. Mohlomong u ka akaretsa thuto e fapaneng hoo e ka bang beke le beke.
Ho sa tsotellehe hore na ke nako e kae u le sekolong kapa u kopanela tšebeletsong ea tšimo, u sa ntse u ka ntlafatsa. E se eka u ka rua molemo ka botlalo thutong e fanoang ka Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.
FOROMO EA HAO EA KELETSO
’MALO Study numbers 1-17
PONTŠO Study numbers 1-6, 8-51
PUO Study numbers 1-6, 8-17, 19-29, 31-53
LETSATSI LA HO
LETSATSI LA HO PHETHOA HA
(Nomoro ea Thuto) ABELOA THUTO BOITLHAKISO THUTO
1 Ho bala ka nepo ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
2 Mantsoe a bitsitsoe
ka ho hlaka ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
3 Ho bitsoa ha mantsoe
ka nepo ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
4 Nehelano e phollatsi ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
5 Khefu e loketseng ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
6 Ho hatisoa ho
loketseng ha mohopolo ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
7 Lintlha tsa sehlooho
li hatisitsoe ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
8 Molumo o loketseng ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
9 Ho feto-fetoha ha
molumo oa lentsoe ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
10 Cheseho ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
11 Mofuthu le boikutlo ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
12 Boitšisinyo le ponahalo
ea sefahleho ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
13 Ho talima bamameli ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
14 Ho ba ka tsela ea tlhaho ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
15 Ponahalo e ntle ea botho ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
16 Botsitso ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
17 Ho sebelisa microphone ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
18 Ho sebelisa Bibele ha
u araba ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
19 Ho sebelisoa ha Bibele
ho khothalelitsoe ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
20 Mangolo a kenyelelitsoe
hantle ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
21 Mangolo a baliloe ka
khatiso e loketseng ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
22 Mangolo a sebelisitsoe
hantle ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
23 Molemo o sebetsang oa
taba o hlakisitsoe ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
24 Ho khetha mantsoe ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
25 Ho sebelisa kemiso ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
26 Ho hōlisa boitsebiso
ka mokhoa o utloahalang ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
27 Ho bua u sa bale
kemiso e ngotsoeng ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
28 Mokhoa oa ho qoqa ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
29 Boleng ba lentsoe ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
30 Ho bontšitsoe
thahasello ho motho
e mong ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
31 Ho bontšitsoe tlhompho
ho ba bang ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
32 E fanoe ka kholiseho ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
33 Ho ba masene empa u
tiile ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
34 E-ba ea hahang le ea
khothatsang ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
35 Ho pheta-pheta bakeng
sa khatiso ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
36 Sehlooho se hōlisitsoe ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
37 Lintlha tse khōlō li
totobalitsoe ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
38 Kenyelletso e tsosang
thahasello ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
39 Sephetho se sebetsang ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
40 Ho nepahala ha polelo ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
41 Ea utloahala ho ba bang ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
42 E ruta bamameli ba hao ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
43 Ho sebelisa boitsebiso
bo fanoeng ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
44 Ho sebelisa lipotso
ka katleho ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
45 Lipapiso/mehlala e
rutang ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
46 Lipapiso tse nkiloeng
maemong a tloaelehileng ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
47 Ho sebelisa lithuso
tse bonahalang tsa ho
ruta ka katleho ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
48 Mokhoa oa ho beha mabaka ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
49 Ho fanoe ka mabaka a
utloahalang ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
50 Boiteko ba ho finyella
pelo ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
51 E bolokile nako hantle,
e arotsoe hantle ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
52 Keletso e atlehang ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
53 Bamameli ba khothalitsoe
le ho matlafatsoa ․․․․․․․․ □ ․․․․․․․․․
Sebelisa Maemo a sa Tšoaneng a Puo
U ka ’na ua sebelisa maemo ana a puo ka tatellano leha e le efe Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ha u fana ka likabelo tsa hao tsa seithuti tse leng boemong ba lipontšo. Ho ea bohōleng bo ka khonehang, leka hore u se ke ua sebelisa boemo leha e le bofe ba puo ka makhetlo a fetang a mabeli pele u sebelisa maemo a mang kaofela a loketseng tšimo ea phutheho ea heno. Moleng o lokiselitsoeng, ngola letsatsi leo u sebelisitseng boemo ka bong ka lona.
Letsatsi Leo bo
Sebelisitsoeng ka Lona
․․․․ ․․․․ 1. Ho fana ka nehelano ka ntlo le ntlo
․․․․ ․․․․ 2. Ho hlōla motho ea batlang ho khaoletsa
moqoqo
․․․․ ․․․․ 3. Ho etsa leeto la pele la ho boela ho
motho ea bontšitseng thahasello
․․․․ ․․․․ 4. Ho bontša kamoo thuto ea Bibele e ka
khannoang kateng ketelong ea pele
․․․․ ․․․․ 5. Ho khannela motho ea sa khoneng ho bala
hantle thuto
․․․․ ․․․․ 6. Ho khannela seithuti se hatetseng pele
thuto
․․․․ ․․․․ 7. Ho khothalletsa seithuti sa Bibele
ho ba teng libokeng
․․․․ ․․․․ 8. Ho phehella seithuti sa Bibele
ho sebelisa ntlha e itseng ea keletso ea Mangolo
․․․․ ․․․․ 9. Ho ikoetlisa le mohoeletsi ea sa
kolobetsoang
․․․․ ․․․․ 10. Ho khothalletsa ’malo oa Bibele
ka ho bontša kamoo o ka etsoang kateng kapa kamoo ho
bala buka e itseng ea Bibele ho ka re ruisang
molemo kateng
․․․․ ․․․․ 11. Ho paka ka thelefono kapa ka inthak’homo
․․․․ ․․․․ 12. Ho kopanela bopaking ba seterateng
․․․․ ․․․․ 13. Ho paka ’marakeng kapa sebakeng
se seng sa khoebo
․․․․ ․․․․ 14. Ho paka ka mokhoa o sa reroang ka
phaposing ea ho leta
․․․․ ․․․․ 15. Ho paka ka mokhoa o sa reroang
sepalangoeng sa batho bohle
․․․․ ․․․․ 16. Ho fana ka bopaki sebakeng se
tloaelehileng
․․․․ ․․․․ 17. Ho pakela moahelani
․․․․ ․․․․ 18. Ho hlalosetsa mong ka uena eo e seng
Paki ka bolumeli ba hao
․․․․ ․․․․ 19. Ho bolella mosebetsi-’moho le uena kapa
seithuti-’moho le uena ka tumelo ea hao
․․․․ ․․․․ 20. Ho pakela mosuoe, mohiri, kapa ofisiri ea
sebaka seo
․․․․ ․․․․ 21. Ho pakela ngaka, leqoetha, kapa setsebi
se seng
․․․․ ․․․․ 22. Ho pakela motho ea sa bueng puo ea hao
hantle
․․․․ ․․․․ 23. Ho buisana le motho ea latolang boteng
ba Molimo kapa ea belaellang boteng ba hae
․․․․ ․․․․ 24. Ho pakela motho ea lumelang hore moea o
arohana le ’mele, Mobuddha, Mok’hatholike,
Mohindu, Mojuda, Momosleme, Moprostanta, kapa
motho e mong oa bolumeli bo bong ba sebaka seo
․․․․ ․․․․ 25. Ho sebetsa le e mong lenaneong la
Bo-pula-maliboho ba Thusa ba Bang
․․․․ ․․․․ 26. Motsoali o behelana mabaka le ngoana,
kapa mocha o behelana mabaka le ngoan’abo
․․․․ ․․․․ 27. Ho fana ka khothatso ea Mangolo ho motho
ea kulang
․․․․ ․․․․ 28. Ho sebelisa Mangolo ho tšelisa motho ea
saretsoeng kapa ea tepeletseng maikutlo tšimong
․․․․ ․․․․ 29. Motho ea hōlileng o eletsa mocha
․․․․ ․․․․ 30. Boemo bo bong bo loketseng sebaka
sa heno