Sekolo se re Hlomellang Bakeng sa Lintho Tsa Bohlokoa ka ho Fetisisa
1 Batho ba ea sekolong hore ba fumane thupelo e tla ba thusa ho finyella lipakane tsa bona bophelong. Leha ho le joalo, ke pakane efe e ka bang ea bohlokoa ho feta ho rorisa Mofani oa bophelo ka boeena le ho thusa ba bang ho ithuta ka merero ea hae le litsela tsa hae? Ha e eo. Morero oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ke ho re hlomella hore re rute ba bang ka tumelo ea rōna. Kahoo, ha re e-ba teng sekolong sena beke le beke, re fumana tsebo e re hlomellang bakeng sa lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong.
2 Tokollong ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea khoeli e fetileng re ile ra fumana “Kemiso ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo Bakeng sa 2003.” Kemiso ena e akarelletsa makolopetso a kamoo sekolo sena se tla tsamaisoa kateng. Ho ka ba molemo hore u boloke kemiso ena ka har’a buka ea hao ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, eo u lokelang ho tla le eona beke le beke Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Hlahloba tse ling tsa lintlha tse totobatsoang Sekolong sena sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa 2003.
3 Tšobotsi ea Puo: Ho qala ka January, seboka ka seng se tla qala ka puo ea metsotso e mehlano e buang ka tšobotsi ea puo kapa tšobotsi e itseng ea ho bala, ho ithuta, kapa ho ruta. Molebeli oa sekolo o tla fana ka lipuo tsena tsa selelekela, kapa a ka ’na a abela moholo e mong ea tšoanelehang hore a fane ka puo ena. Sebui se ka ’na sa tšohla tlhaloso le bohlokoa ba tšobotsi eo ea puo. Joale se lokela ho hōlisa boitsebiso boo ka ho tšohla mehlala ea Mangolo le ho bontša kamoo tšobotsi ena e ka sebelisoang kateng, se lebisa tlhokomelo e khethehileng tabeng ea hore na ho etsa joalo ho ka ntlafatsa tšebeletso ea rōna ea tšimo joang.
4 Puo ea 1: Barab’abo rōna ba abetsoeng ho fana ka puo ea taeo ba boetse ba hlokomelisoa “ho lebisa tlhokomelo molemong o sebetsang oa taba eo ho buisanoang ka eona.” Sena se bolela ho bontša phutheho kamoo e ka sebelisang boitsebiso bona kateng. Haeba u fuoa puo ena, e-ea leqepheng la 48-9 la buka ea Sekolo sa Tšebeletso bakeng sa litlhahiso tsa kamoo u ka lokisetsang kateng, ’me u ithute litšupiso tse bontšitsoeng tlas’a “Tšebeliso e utloahalang ea taba” tse leqepheng la index ea buka.
5 Kemiso ea ’Malo oa Bibele: Haeba nakong e fetileng, u ’nile ua hlōleha ho tsamaisana le ’malo oa Bibele oa beke le beke, ke hobane’ng ha u sa ikemisetse ho tsamaisana le kemiso ee selemong see? Ba tsamaisanang le kemiso ena ba tla qeta Mangolo a Segerike a Bakreste ha selemo se fela. Leqepheng la 10 serapeng sa 4 bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso ho tšohloa melemo ea ho qalisa lenaneo la ’malo oa Bibele ka Mangolo a Segerike a Bakreste.
6 Lintlha Tse Khōlō Tsa ’Malo oa Bibele: Puo ena e ekelitsoe hore e be ea metsotso e leshome e le hore bamameli ba ka fana ka litlhaloso ’malong oa beke eo. Ba abetsoeng puo ena ba lokela ho khomarela nako e behiloeng. E tla fanoa beke e ’ngoe le e ’ngoe, ho akarelletsa le bekeng ea tlhahlobo. Ha le ntse le bala likhaolo tse abetsoeng beke eo, batlang lintlha tse tla le ruisa molemo thutong ea lōna ea lelapa, tšebeletsong ea lōna ea tšimo, kapa mokhoeng oa lōna oa bophelo. Ke litšoaneleho life tsa Jehova tse ileng tsa bonahatsoa litšebelisanong tsa hae le batho le lichaba? Le ithutile eng e ileng ea matlafatsa tumelo ea lōna le ho haha kananelo ea lōna bakeng sa Jehova? Ikutloeng le lokolohile ho fana ka litlhaloso ntlheng leha e le efe e likhaolong tse abetsoeng beke eo, esita le litemaneng tse tla baloa Puong ea 2, kaha mor’abo rōna ea tla etsa ’malo a ke ke a fana ka litlhaloso litemaneng tseo.
7 Puo ea 2: Kabelo e fanoang ke seithuti sa pele bekeng ka ’ngoe e tla ba ho etsa boitlhakiso ba ho bala phatlalatsa. ’Malo o tla nkoa ’malong oa Bibele oa beke le beke ntle ho ’malo oa ho qetela oa khoeli ka ’ngoe. ’Malo oa ho qetela khoeling o tla nkoa Molula-Qhooeng. Seithuti se lokela ho bala boitsebiso boo se bo abetsoeng se sa etse kenyelletso kapa sephetho. Ka tsela ena, se ka lebisa tlhokomelo ea sona e khōlō tsebong ea sona ea ho bala.—1 Tim. 4:13.
8 Puo ea 3 le ea 4: Tse ling tsa lipuo tsena li na le boitsebiso bo bongata bo tsoang bukeng ea Ho Bea Mabaka ho feta tse ling; tse ling li na le sehlooho feela. Ba filoeng lipuo tse nang le boitsebiso bo fokolang kapa tse nang le sehlooho feela ba tla ba le monyetla oa ho hōlisa linehelano tsa bona ka ho etsa lipatlisiso likhatisong tsa rōna tsa Bokreste. Sena se ka nolofalletsa baralib’abo rōna ho etsa hore litlhaloso tsa bona li tšoanele bathusi ba bona.
9 Maemo ao Puo e Fanoang Tlas’a ’Ona: Joalokaha ho bontšitsoe leqepheng la 45 la buka ea Sekolo sa Tšebeletso, molebeli oa sekolo a ka ’na a u abela boemo ba puo. Haeba a sa etse joalo, joale baralib’abo rōna ba ka ’na ba khetha boemo ba puo lethathamong le leqepheng la 82. Haeba morali’abo rōna a fana ka puo ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse peli, maemo a sa tšoaneng a puo a 30 a tla mo nka lilemo tse hlano. Baralib’abo rōna ba khethang boemo ba bo30 ba puo, e leng, “Boemo bo bong bo loketseng sebaka sa heno,” ba lokela ho ngola boemo boo ba puo botlaaseng ba leqephe kapa ka morao leqetšoaneng la bona la kabelo ea puo (S-89). Molebeli oa sekolo o tla ngola letsatsi la puo ea seithuti leqepheng la 82 la buka ea seithuti haufi le boemo ba puo boo se bo sebelisitseng. A ka etsa sena nakong eo a tšoaeang foromo ea seithuti ea keletso.
10 Foromo ea Keletso: Foromo ea hao ea keletso e ka har’a buka ea hao. E hlaha leqepheng la 79-81. Kahoo, u lokela ho neha molebeli oa sekolo buka ea hao ka mor’a puo ka ’ngoe eo u fanang ka eona. Molebeli oa sekolo o lokela ho boloka tlaleho ea lintlha tsa keletso tseo liithuti li sebeletsang ho tsona.
11 Tlhahlobo: Tlhahlobo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo e tla ba tlhahlobo e sa ngoloeng. E tla etsoa hanngoe ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse peli ’me e tla nka metsotso e 30. Lipotso tse tla tšohloa nakong ea tlhahlobo li tla ’ne li hlahe Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Haeba beke ea tlhahlobo e thulana le beke ea kopano ea potoloho kapa ketelo ea molebeli oa potoloho, joale lipuo tsa beke e latelang li lokela ho fanoa beke esale pele ’me tlhahlobo e lokela ho etsoa bekeng e latelang.
12 Litlelase Tse Eketsehileng: Liphuthehong tseo ho nang le liithuti tse fetang 50 tse ngolisitseng sekolong, baholo ba ka ’na ba nahanela hore ho be le litlelase tse eketsehileng. “Ho ka sebelisoa tokisetso ena bakeng sa linehelano tsohle tsa liithuti kapa bakeng sa lipuo tse peli tsa ho qetela.” (Sekolo sa Tšebeletso, leq. 285) Tlhahiso ena e entsoe ho nahanetsoe liphutheho tseo ho tsona ho nang le baralib’abo rōna ba bangata empa ho e-na le barab’abo rōna ba seng bakae feela ba ka fanang ka lipuo tsa ’malo. Baholo ba lokela ho khetha barab’abo rōna ba tšoanelehang ho tsamaisa litlelase tsena.
13 Motlatsi oa Molebeli oa Sekolo: Joalokaha ho bontšitsoe kemisong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, sehlopha sa baholo se lokela ho khetha motlatsi oa molebeli oa sekolo hore a fane ka keletso e ka thōko ho baholo le bahlanka ba sebeletsang ba fanang ka lintlha tse khōlō tsa Bibele le lipuo tsa taeo. Mor’abo rōna ea abetsoeng ho etsa sena e lokela ho ba motho ea nang le phihlelo, eo baholo ba bang ba ka hlomphang keletso ea hae. Keletso ea hae e lokela ho ba e hahang, a babatse mekhoa e metle ea ho bua le ea ho ruta ’me a buelle ntlha e le ’ngoe kapa tse peli tseo ba ka ntlafatsang ho tsona. Ha ho hlokahale hore a fane ka keletso ka mor’a puo e ’ngoe le e ’ngoe ea mor’abo rōna ea fanang ka lipuo khafetsa. Leha ho le joalo, mor’abo rōna ea abetsoeng ho fana ka keletso o lokela ho lemoha le ho utloisisa hore esita le barab’abo rōna bao hona joale ba fanang ka lipuo tsa phatlalatsa ba ka thusoa ho etsa khatelo-pele e eketsehileng.—1 Tim. 4:15.
14 Seo Moeletsi a Lokelang ho se Mamela: Ke’ng se ka thusang moeletsi ho sekaseka nehelano? Lebokoseng la boraro likhaolong tse ngata tse nomoriloeng tse 53 tsa buka ea Sekolo sa Tšebeletso ho na le kakaretso e khutšoanyane ea seo a ka se mamelang. Molebeli oa sekolo o boetse o lokela ho ela hloko likhopotso kapa litlhahiso tse ling tse bukeng tse ka mo thusang ho hlahloba kapele momahano le katleho ea nehelano. Ka mohlala, hlokomela letoto la lipotso tse ka holimo leqepheng la 55 le litlhahiso tse fanoeng serapeng sa ho qetela leqepheng la 163.
15 Tlatsa Likheo: Ntle ho likarolo tse sephara tse ka thōko ho maqephe, buka ea Sekolo sa Tšebeletso e na le likheo tse ngata tse etselitsoeng hore u ngole lintlha ho tsona ha u ntse u etsa thuto ea hao ea botho le ha u le Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. (Bona leqephe la 77, 92, 165, 243, 246 le la 250.) Tiisa hore u tla le buka ea hao beke e ’ngoe le e ’ngoe. Tsamaisana le sebui ha se fana ka puo ea selelekela. Lula u phetlile buka ea hao karolong e setseng ea sekolo. Hlokomela litlhahiso tseo molebeli oa sekolo a fanang ka tsona. Ela hloko mekhoa ea ho ruta eo libui li e sebelisitseng, lipotso, mehlala, mokhabo-puo, lipapiso, lithuso tse bonahalang tsa ho ruta le ho bontša phapang pakeng tsa lintho. Ka ho ngola lintlha tse molemo, u tla khona ho hopola le ho sebelisa lintlha tse ngata tse ntle tseo u li fumaneng sekolong.
16 Jesu Kreste o ne a tseba hore ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ke tokelo e khōlō ka ho fetisisa e ka fuoang motho leha e le ofe. E ne e le thōmo ea hae e ka sehloohong. (Mar. 1:38) O ile a re: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo le metseng e meng, hobane ke rometsoe sena.” (Luka 4:43) Joalokaha re amohetse memo ea ho mo latela, le rōna re tšoarehile ka matla haholo ho boleleng litaba tse molemo, ’me ka linako tsohle re loanela ho ntlafatsa boleng ba ‘sehlabelo sa rōna sa thoriso.’ (Baheb. 13:15) Ho finyella seo, e se eka re ka ikemisetsa ho kopanela kamehla Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, e leng sekolo se tla thusa ho re hlomella bakeng sa lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa bophelong.