Sekolo se Atlehileng se Leng Lefatšeng ka Bophara
SENA hase sekolo se itseng sa praefete se bitsang chelete e ngata kapa univesithi e tummeng eo ho eona ho kenang ba seng ba kae ba khethiloeng. Che, sekolo sena se sebeletsa liithuti tsa sona ntle ho tefello. Mohlomong mananeo a sona a tšoareloa sebakeng se haufi le uena. Se bitsoa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ’me se tsamaisetsoa libakeng tseo Lipaki tsa Jehova li kopanelang ho tsona. Batho ba ka bang limilione tse hlano lefatšeng ka bophara ba kena sekolo sena.
U ka ’na ua ipotsa, ‘Ebe lintho tse hlokahalang ke life bakeng sa ho ngolisa? Ho rutoa eng sekolong see? Se tsamaisoa joang? ’Me batho ba rua molemo joang ho sona?’
Lintho Tse Hlokahalang
Le hoja batho bohle ba lumelloa hore ba ka ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ba ngolisang ba tlameha ho lumellana le lithuto tsa buka e ka sehloohong ea ho ithuta, Bibele. Ba hlokoa hore ba phele bophelo bo finyellang litlhokahalo tsa boitšoaro tsa Bibele. Kahoo liithuti li ke ke tsa phela bophelo ba boitšoaro bo bobe. E ke ke ea e-ba masholu, matahoa, lihlola, ba sebelisang koae le tse ling tse joalo.—1 Ba-Korinthe 6:9-11.
Kajeno likolo tse ngata li tlohetse melao e amanang le moaparo, empa liithuti tse ngolisitseng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo li lebeletsoe ho apara ka mokhoa o itekanetseng ka liaparo tse hloekileng. (1 Timothea 2:9, 10) Ha ho na lilemo tse hlokoang bakeng sa sekolo sena. Bana ba banyenyane ba nang le lilemo tse ’nè kapa tse hlano ba tsebang ho bala baa ngolisa ebile kamehla ba ba le likabelo, joalokaha ho etsa joalo banna le basali ba lilemong tsa bo-90.
Tlhophiso le Lenaneo la Thuto
Ho etsa hore batho ba be teng habonolo, mananeo a bolelele ba metsotso e 45 a Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo a tšoaroa har’a beke hoo e batlang e le mantsiboea kamehla. Ka mor’a mantsoe a makhutšoaane a kamohelo ka morupeli oa sekolo, sebui sa pele mantsiboeeng ao se fana ka puo ea metsotso e 10 ho ea ho e 15 e thehiloeng ho e ’ngoe ea libuka tsa ho ithuta tsa sekolo. Joale, hangata o etsa tlhahlobo ea molomo e nkang metsotso e meraro ho isa ho e mehlano ea boitsebiso boo a bo akarelitseng.
Ka mor’a moo, tichere e tšoanelehang e akaretsa lintlha tse khōlō tsa kabelo ea ’malo oa beke le beke oa Bibele, eo ka kakaretso e entsoeng ka likhaolo tse peli ho isa ho tse ’nè ka Bibeleng. Tlhahlobo ena e etsoa ka metsotso e tšeletseng. Liithuti tse iphaphathang le kabelo ena ea beke le beke ea mosebetsi oa sekolo o etsetsoang lapeng li tla bala Bibele eohle ka mor’a nako e itseng.
Ka mor’a lintlha tse khōlō tsa Bibele, ho fanoa ka lipuo tse tharo tsa liithuti, tseo ka ’ngoe li lekanyelitsoeng metsotsong e mehlano. E ’ngoe ke ’malo oa Bibele o tsoang karolong ea kabelo ea mosebetsi oa sekolo o etsetsoang hae. Lipuo tse ling tse peli li thehiloe boitsebisong ba taba e ngotsoeng ea sekolo boo liithuti tsohle li khothaletsoang hore li bo bale ha li lokisetsa tlelase. Ka mor’a kabelo ea seithuti ka seng, morupeli oa sekolo o fana ka pabatso ’me, hangata, le litlhahiso bakeng sa ho ntlafatsa.
Keletso ea morupeli oa sekolo e thehiloe khatisong ea Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo, eo seithuti ka seng se lebeletsoeng hore se ithute eona ka hloko. E le ho ntlafatsa tšobotsing e itseng ea ho bua bakeng sa kabelo e hlahlamang, seithuti se ka ’na sa kōptjoa hore se hlahlobe khaolo e itseng bukeng ea tataiso, e kang “Ho Talima Bamameli le Tšebeliso ea se Ngotsoeng,” “Lipapiso tse Lokelang,” “Tšebeliso ea Pheta-phetane le Boitšisinyo” le “Ho Hatisoa ha Mohopolo le ho Phahama le ho Teba ha Lentsoe.”
Lichabeng tse ling Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se na le katoloso ea tlelase ea ho ithuta ho bala le ho ngola le ho intlafatsa ho baleng. Ba likete tse mashome ba ithutile ho bala kapa ho ntlafatsa ho bala ha bona litlelaseng tse joalo tsa ho ithuta ho bala le ho ngola. Ka mohlala, pakeng tsa 1946 le 1994 Mexico, ba fetang 127 000 ba ile ba thusoa hore ba tsebe ho bala le ho ngola.
Ho Thusa ba Limilione
Ho pholletsa le lefatše Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se tšehetsa boiteko ba batsoali ba ho fana ka thuto e ntle ho bana ba bona. Moriah ea lilemo li 16 o ile a re: “Ke ithutile ho etsa patlisiso ka boitsebiso le ho itlhakisa bakeng sa linehelano tsa ka. Hona joale kabelo e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e fumanang sekolong se phahameng e bonolo haholo.”
Matthew ea lilemo li 15, ea ileng a ngolisa Sekolong sa Tšebeletso ha a ne a le lilemo li supileng, o hlokometse: “Ke na le monyetla o moholo ho feta oa lithaka tsa ka mabapi le katleho lithutong tsa sekolo. Ke fumane mahlale a ho ithuta le ho mamela le bokhoni ba ho fana ka lipuo ka katleho.” Moholoane oa hae ea lilemo li 17, Phil, o ile a phaella: “Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se entse hore ke be sebete haholoanyane. Kea tseba hore haeba ke fuoe kabelo, nka khona ho e etsa.”
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se boetse se rutile batho ba baholo. Michael, ea ileng a finyella lipakane tse kang ho fana ka lipuo ho sehlopha sa batsamaisi ba khoebo, o ile a hlalosa: “Ke ne ke le boi haholo ha ke qala ho kopanela Sekolong sa Tšebeletso. Ha ke sa le lihlong. Sekolo se ile sa fana ka tikoloho e sireletsehileng, tsebo, mahlale le khothatso ea botho tseo ke neng ke li hloka ho hlōla lihlong tsa ka.” Motsoali e mong o ile a hlokomela: “Ke ikutloa hore ke lefelelitse menyetla ea ho ithuta e ileng ea senyeha ha ke sa le mocha.”
Motseng o monyenyane oa Latin America, litho tsa Lefapha la Thuto li ile tsa ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ka mor’a ho mamela sebui sa sebakeng seo, e mong oa baeti, hlooho ea sekolo, o ile a khotsa: “Ke ntho e makatsang hore ebe monna enoa eo kamehla re mo tsebileng a sa tsebe ho bala le ho ngola o khona ho qoqa ka Sepanishe [ho fapana le puo ea hae ea tsoalo] re se re sa re letho ka ho buisana le bamameli, empa ke mona o buisana le bona.”
Ka sebele, Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ke se seng sa likolo tse molemo ka ho fetisisa lefatšeng! Se ka thusa ba bacha le ba hōlileng hore ba fumane thuto e ntle. Joalokaha mocha e mong a ile a bolela, “ke khothaletsa hore mang kapa mang ea nahanang ka ho kena sekolo a hle a kene ho sona kapele-pele.”
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se thusa ba limilione ho fumana thuto e ntle