Karolo ea Lipotso
● Liithuti li lokela ho fumana likabelo hangata hakae Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo?
O mong oa merero e meholo ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ke ho hlahisa libui tsa phatlalatsa. Ka lebaka leo, Kemiso sa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo e fana ka monyetla oa hore lipuo tse ngata li abeloe baena.
Leha ho le joalo, sepheo se seng se seholo sa sekolo ke ho koetlisa batho ba Jehova kaofela hore e be baboleli le matichere a hloahloa tšebeletsong ea Bokreste. Ka lebaka leo, ho loketse hore bo-khaitseli le bona ba ngolise.
E le hore ba ngolisitseng ba ka rua molemo ka botlalo sekolong, ba lokela ho fumana likabelo tsa seithuti khafetsa. Ho etsoa tlhahiso ea hore seithuti ka seng se fumane kabelo e le ’ngoe bonyane hanngoe likhoeling tse ling le tse ling tse tharo. Haeba maemo a sebaka sa lōna a le lumella, baena ba ka fuoa likabelo tse eketsehileng. Ha ho hlokahale hore baholo bao ka linako tsohle ba fanang ka lipuo tsa taeo le lintlha tse khōlō tsa Bibele ba abeloe lipuo tsa seithuti.
Hoo e ka bang lilemo tse mashome a mahlano joale, Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se ’nile sa thusa ba limillione hore ba hatele pele moeeng le ho ithuta kamoo ba ka itlhalosang hamolemo ka teng ha ba nehelana ka molaetsa oa ’Muso. Bohle ba khothalletsoa hore ba sebelise tokisetso ena e tsoang ho Jehova Molimo ka botlalo. Sepheo sa rōna e lokela hore e be ho itlhahisa re le ba amohelehang ho Molimo, re be basebetsi ‘bao ho seng letho leo re ka hlajoang ke lihlong ka lona, ba sebelisang lentsoe la ’nete ka nepo.’—2 Tim. 2:15, NW.