Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 6/91 leq. 3
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
km 6/91 leq. 3

Litsebiso

● Mpho ea buka ka June: Moloko oa Batho o Batla Molimo ka monehelo oa R3,75. July le August: Leha e le efe ea libukana tse latelang tse lekanang le makasine tse maqephe a 32 ka monehelo oa lisente tse 75 e le ’ngoe: Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong?, Lebitso la Molimo le Tla ’Ne le be Teng ka ho sa Feleng, “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! September: U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng ka monehelo oa R7,50. Libuka tse nyenyane ke R3,75.

● Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba lichelete tsa phutheho ka June 1 kapa kapele kamoo ho ka khonehang ka mor’a moo.

● Mabokose a menehelo a leng Holong ea ’Muso a lokela ho khetholloa ka ho hlaka. Ha le etsa menehelo kholisehang hore e kentsoe ka mabokoseng a loketseng—a Letlōle la Kaho la Lekala, a Letlōle la Mokhatlo la Liholo tsa ’Muso, a litlhoko tsa phutheho. Baholo ba ka fumana e le ho thusang hore ba etse litsebiso ha ho hlokahala tabeng ena. Ha ho lea mong ea lokelang ho ntša menehelo e kentsoeng ka mabokoseng a sa tšoaneng ebe u e kenya ka ho a mang. Ke boikarabelo ba motho e mong le e mong hore a bontše morero oa monehelo oa hae ka ho o kenya ka lebokoseng la monehelo le loketseng.

● Ho balebeli ba okamelang: Re le mema hore le romelle liphihlelo leha e le life tse ikhethang tseo phutheho ea lōna e bileng le tsona har’a selemo, ho akarelletsa le liphihlelo tsa tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang le tsa letsatsi la limakasine, April 6, 1991. Re batla ho khetha tse molemohali tšimong ea rōna bakeng sa tlaleho ea selemo le selemo. Ka kōpo le se ke la li romella ka mor’a July 1, 1991.

● TLHOKOMELISO HO BANGOLI BOHLE BA PHUTHEHO LE BAHLANKA BA LIMAKASINE: Ka kōpo hlokomelang hore liodoro tsohle tse etsoang foromong ea Odoro ea Kabo (M-AB-202), ho akarelletsa le liodoro tse khethehileng le liodoro tse romeloang hammoho le chelete, li lokela ho etsoa ka lenane la tse hlano, tumellanong le litaelo tse fanoeng ho Litaelo tsa Lenane la Theko la Watch Tower, leqephe 13, serapa 40.

● MEMO: Re mema malapa le baholo ba tšoanelehang hore ba be teng Likopanong tsa Setereke tsa “Barati ba Tokoloho” tse latelang:

Lebowa-Kgomo: Ho tla nehelanoa ka lenaneo le felletseng la Sepedi hammoho le likarolo tse ling ka Sevenda. Baholo ba buang Sevenda ba mengoa hore ba be teng.

Thulamahashe: Ho mengoa baholo ba buang Setsonga hore ba be teng.

Baholo ba lakatsang ho ba teng likopanong leha e le life ho tsena ba tlameha ho ngolla Mokhatlo ’me ba kōpe hore Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho e saene mangolo a bona. Mangolo ana a se ke a fihla ho rōna ka mor’a July 1, 1991.

● Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:

“Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo,” Khatiso ea 1990 (phutheho le batho bohle: R8,00; bo-pula-maliboho: R5,20)—Segerike, Sepotoketsi, Sesotho, Sezulu

● Tse Fumanehang Hape Afrika Boroa:

“Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla”—1991—Senyesemane

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela