Balebeli ba Etellang Pele—Molebeli oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
1 Molebeli oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ke monna ea hōlileng moeeng ea sebetsang ka thata ho bueng le ho ruteng le ea lokeloang ke hore re mo hlomphe le ho sebelisana le eena. (1 Tim. 5:17) Boikarabelo ba hae ke bofe?
2 Laebrari ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo e leng Holong ea ’Muso e tlhokomelong ea hae. Ka cheseho o thahasella ho khothatsa bohle ba tšoanelehang hore ba ngolise sekolong. O etsa bonnete ba hore ho bolokoa tlaleho e nepahetseng e le hore likabelo li etsoe ka mokhoa o hlophisitsoeng hantle bonyane libeke tse tharo pele ho thuto ka ’ngoe ea sekolo. Ho hlokahala hore a tsebe phutheho hantle, a hopotse seithuti ka seng le bokhoni ba sona. Le hoja a ka ’na a ba le mor’abo rōna e mong ea mo thusang ho lokisetsa kemiso ea sekolo, ho aba lipuo ka nepo ho hloka tlhokomelo ea molebeli ka boeena.
3 E le hore a rute ka katleho sekolong, molebeli o lokela ho lokisetsa ka mafolofolo beke e ’ngoe le e ’ngoe, a ithute ka ho feletseng boitsebiso bo ithutoang. Sena se mo nolofalletsa hore a boloke phutheho e chesehela se ithutoang, ho bona hore na boitsebiso bo ithutoang bo akaretsoa ka nepo le ho totobatsa lintlha tsa bohlokoa tse tla akarelletsoa litlhahlobong tse ngoloang.
4 Ka mor’a puo e ’ngoe le e ’ngoe ea seithuti, molebeli o tla babatsa seithuti ’me a hlalose hore na ke hobane’ng ha tšoaneleho e itseng ea puo e ne e le ntle kapa ke hobane’ng ha ho hlokahala hore e ntlafatsoe. Ha motho leha e le ofe a hloka thupelo e eketsehileng ka ho lokisetsa likabelo tsa hae tsa sekolo, molebeli kapa e mong ea khethiloeng ke eena a ka fana ka thuso ea botho.
5 Hore re tle re rue molemo ka botlalo mosebetsing o boima oa molebeli oa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo le ho baeletsi leha e le bafe ba eketsehileng ba sebeletsang tlas’a tataiso ea hae, re lokela ho ba teng kamehla sekolong. Hape re lokela ho phetha likabelo tsohle tsa rōna le ho sebelisa keletso eo re e fumanang hammoho le e fuoang liithuti tse ling. Ka tsela ena, re tla tsoela pele ho ntlafatsa bokhoni ba rōna ba ho nehelana ka molaetsa oa ’Muso phatlalatsa le ka ntlo le ntlo.—Lik. 20:20; 1 Tim. 4:13, 15.