Kamoo Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se re Ruisang Molemo
1 Batho ba Jehova ba na le tokelo e khethehileng ea ho rutoa ke eena. (Esa. 54:13; Joh. 6:45) Leha ho le joalo, hore na re rua molemo o mokae thutong ena, ho itšetlehile haholo ka boiteko boo re bo etsang. Na u hlokomela melemo eo Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se bang le eona bomoeeng ba hao?
2 Litlhaloso Tse Bontšang Kananelo: Balebeli ba sekolo ba bangata ba hlokometse hore thuto e pharaletseng ea litšobotsi tsa puo e ntlafalitse bokhoni ba phutheho tšebeletsong ea tšimo. Ho ekelletsa moo, molebeli e mong oa sekolo o hlokometse hore ka lebaka la ho kopanela ha bamameli lintlheng tse khōlō tsa ’malo oa Bibele, ba bangata ba tsamaisana le kemiso ea ’malo oa Bibele. Tabeng ea Puo No. 2, barab’abo rōna ba bangata ba buile ka melemo ea ho lebisa tlhokomelo boitsebisong ba sa lokisetse kenyelletso le sephetho. Ba abetsoeng puo ena ba se ba lebisa tlhokomelo e eketsehileng tabeng ea ho ntlafatsa ’malo oa bona.—1 Tim. 4:13.
3 Bohle ba ka Rua Molemo: Ho fana ka litlhaloso libokeng ho ka tlisa thabo. (Liprov. 15:23) Ho fumana lipotso tsa tlhahlobo esale pele ho re nolofalletsa ho lokisetsa tlhahlobo le ho kopanela ho eona. Ho ekelletsa moo, ho tloha ka Molula-Qhooa oa January 1, 2004, ho ’nile ha hlaha lintlha tse khōlō tsa libuka tsa Bibele tse amanang le ’malo o kemisong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Lihlooho tsena li thusitse ba bangata ho fana ka litlhaloso tse hahang nakong eo ho tšohloang lintlha tse khōlō tsa Bibele.
4 E mong le e mong ea ngolisitseng sekolong o na le tokelo e khethehileng ea ho lokisetsa lipuo le ho fana ka tsona. Kaofela ha rōna re ka rua molemo litlhalosong tse molemo tseo molebeli oa sekolo a fanang ka tsona sethaleng. Liithuti ka bomong li rua molemo o eketsehileng keletsong eo a ka ’nang a fana ka eona ka thōko ka mor’a seboka. Boitlhakiso bo tšohlang litšobotsi tsa puo bo qetellong ea sehlooho ka seng sa buka ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bo fana ka thuso e eketsehileng.
5 Ha u hlokomelisoa mehopolo e sebetsang le ea Mangolo nakong ea sekolo le ka mor’a sona, e ngole bukeng ea hao ea Sekolo sa Tšebeletso. Nahanisisa ka seo u ithutileng sona, ’me u hlokomele kamoo ntlha ena ea thuto ea bomolimo e ntlafatsang bomoea ba hao kateng.