Ho Ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
1 Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo e bile kofuto ea bohlokoa ka ho fetisisa ho koetliseng Lipaki tsa Jehova tse limilione ho ba basebeletsi ba litaba tse molemo. Ba bangata re sa ntse re hopola kamoo re neng re tšohile kateng le ho ikutloa re sa tšoanelehe ha re ne re ngolisa sekolong sena ka lekhetlo la pele, ’me hona joale re leboha molemo oa sona khatelo-peleng ea rōna moeeng joaloka libui le matichere a Lentsoe la Molimo. (Bapisa le Liketso 4:13.) Na u ngolisitse sekolong see se khethehileng?
2 Ke bo-mang ba ka ingolisang? Leqephe la 73 la Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna lea arabela: “Bohle ba kopanelang ka mafolo-folo le phutheho ba ka ngolisa, ho akarelletsa le batho ba sa tsoa ba teng libokeng, hafeela ba sa phele bophelo bo hananang le metheo ea Bokreste.” Re mema bohle ba tšoanelehang—banna, basali le bana—ho atamela molebeli oa sekolo le ho kōpa ho ngolisoa.
3 Lenaneo la Sekolo Bakeng sa 1997: Lenaneo la Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo bakeng sa 1997 le akaretsa lithuto tse ngata tsa Bibele, batho hammoho le histori ea mokhatlo o hlophisitsoeng. Ho phaella tabeng ea ho ntlafatsa matla a rōna a ho bua le ho ruta, re ithuta matlotlong a mangata a moea a fumanoang kemisong ea lona ea beke le beke. (Liprov. 9:9) Haeba re lokisetsa sekolo, e leng se akarelletsang ho bala ’malo oa beke le beke oa Bibele, ’me re e-ba teng kamehla, re ka rua molemo o moholo oa moea lenaneong.
4 Bakeng sa 1997 boholo ba ’malo oa Bibele oa Kabelo No. 2 o tla ba mokhutšoanyane ho feta lilemong tse fetileng. Seithuti se lokela ho lekanyetsa nako ea ho bala ha sona ka hloko ha se lokisetsa kabelo ena le ho ela hloko hore na metsotsong e mehlano e abetsoeng karolo ena ke e mekae e tla sebelisetsoa kenyelletso le sephetho. Sena se tla lumella seithuti ho sebelisa nako ea sona ka botlalo le ho ntlafatsa matla a sona a ho bala le tsela ea ho bua hantle empa se sa sheba kemiso.—1 Tim. 4:13.
5 Ho paka ka mokhoa o sa reroang ho akarelelitsoe e le boemo ba nehelano bakeng sa Kabelo No. 3, e thehiloeng bukeng ea Tsebo. Kahoo, morali’abo rōna a ka khetha leeto la ho boela, thuto ea lehae ea Bibele kapa bopaki bo sa reroang e le boemo ba nehelano bakeng sa kabelo ena. Ha e le hantle, khatiso e khōlō e lokela ho tsoela pele ho behoa mokhoeng o atlehileng oa thuto eseng boemong ba nehelano.
6 Ebang u na le tokelo ea ho fana ka puo ea taeo, lintlha tse khōlō tsa Bibele, kapa kabelo ea seithuti, u ka bontša kananelo ea hao bakeng sa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ka ho lokisetsa le ho itlhakisetsa karolo ea hao hantle, ka ho nehelana ka eona ka kholiseho le ka cheseho, ka ho se je nako, ka ho mamela le ho sebelisa keletso ea molebeli oa sekolo, le ka hore ka linako tsohle u leke ka matla ho phethahatsa kabelo ea hao ka botšepehi. Ka hona, ho ingolisa ha hao sekolong ho tla ipaka e le tlhohonolofatso ho uena le ho bohle ba leng teng ho u mamela.