Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa 2015 se re Thusa ho Ntlafatsa Tsela eo re Rutang ka Eona
1 Mopesaleme Davida o ile a ngola a re: “Lipolelo tsa molomo oa ka le ho thuisa ha pelo ea ka e ke e be tse khahlisang ka pel’a hao, Jehova Lefika la ka le Molopolli oa ka.” (Pes. 19:14) Le rōna re batla hore lipolelo tsa rōna li khahlise Jehova kaha re nka tlotla ea rōna ea ho bua ka ’nete phuthehong le tšebeletsong e le ea bohlokoa. Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ke e ’ngoe ea litsela tseo Jehova a re koetlisetsang tšebeletso ea tšimo ka tsona. Re koetlisoa ka sona beke e ’ngoe le e ’ngoe liphuthehong tse fetang 111 000 lefatšeng lohle. Se thusitse bara le barali babo rōna ba limelo tsohle le lefatše lohle hore ba tšoanelehe ho ba baboleli ba litaba tse molemo, ba khonang ho ruta ka tšusumetso, bohlale le sebete.—Lik. 19:8; Bakol. 4:6.
2 Lenaneo la sekolo la 2015 le tla akarelletsa boitsebiso bo hlahang bukaneng ea “Selelekela sa Lentsoe la Molimo,” bukeng ea Insight on the Scriptures, Volume 1 le tse ling. Ho phaella moo, ho entsoe liphetoho nakong e abetsoeng lintlha-khōlō tsa ’malo oa Bibele le Puo ea 1. Liphetoho tsena hammoho le litaelo tsa hore na lipuo tsa sekolo li fanoe joang, li tšohloa lirapeng tse latelang.
3 Lintlha-khōlō Tsa ’Malo oa Bibele: Barab’abo rōna ba abetsoeng puo ena ba tla tšohla ntlha e le ’ngoe ea Mangolo e thahasellisang le e ka re tsoelang molemo e hlahang ’malong oa Bibele oa beke le beke ka metsotso e ’meli. Ha sebui se lokiselitse hantle se tla khona ho tšohla ntlha ea bohlokoa ka nako e abetsoeng. Ka mor’a moo, litho tsa phutheho li tla ba le metsotso e tšeletseng ea ho bolela lintlha tsa bohlokoa tseo li ithutileng tsona ’malong oa Bibele oa beke le beke ka metsotsoana e 30 kapa ka tlaase ho moo. Re lokela ho lokisetsa le ho itaea e le hore re fane ka litlhaloso tse utloahalang ka metsotsoana e 30 ’me ho etsa seo hoa re koetlisa. Sena se boetse se fa ba bang monyetla oa hore ba bolele seo ba ithutileng sona ha ba ne ba etsa lipatlisiso.
4 Puo ea 1: Nako ea ’malo oa Bibele e fokolitsoe hore e be metsotso e meraro kapa ka tlaase ho moo ’me ho tla baloa litemana tse ’maloa feela. Ba abeloang ’malo oa Bibele ba lokela ho itlhakisa ka ho pheta-pheta ka hore ba balle holimo, ba ele hloko tsela eo mantsoe a bitsoang ka eona, ba bale ka mokhoa o phollatsi e le hore ba hatise mohopolo ka ho loketseng. Batho bohle ba Jehova ba lokela ho ikitlaelletsa ho bala hantle hobane ho bala ke habohlokoa borapeling ba rōna. Re thaba haholo hore ebe bana ba rōna ba bangata ba tseba ho bala. Re babatsa batsoali ka boikitlaetso ba bona ba ho thusa bana ba bona hore ba tsebe ho bala.
5 Puo ea 2: Puo ena e tla ba ea metsotso e mehlano e tla fuoa morali’abo rōna. Seithuti se lokela ho theha puo sehloohong se fanoeng. Ha puo e thehiloe bukaneng ea Selelekela sa Lentsoe la Molimo, e lokela ho behoa joalokaha eka ke tšimong. Ha puo e bua ka motho ea itseng ea hlahang ka Bibeleng bukeng ea Insight on the Scriptures, Volume 1, seithuti se lokela ho hōlisa sehlooho seo se se abetsoeng, se khethe mangolo a loketseng ao se tla a bala ’me se hlalose hore na re ka ithuta’ng bophelong ba motho eo. Seithuti se ka ’na sa kenyelletsa mangolo a mang a lumellanang le sehlooho. Molebeli oa sekolo o tla abela seithuti mothusi a le mong.
6 Puo ea 3: Puo ena e tla ba ea metsotso e mehlano ’me e ka fuoa mor’abo rōna kapa morali’abo rōna. Ha e abetsoe morali’abo rōna, e lokela ho fanoa ka tsela e tšoanang le ea Puo ea 2. Ha puo ena e abetsoe mor’abo rōna ’me boitsebiso ba eona bo hlaha bukeng ea Insight, e lokela ho fanoa e le puo e tobisitsoeng ho bamameli. Seithuti se lokela ho hōlisa sehlooho seo se se abetsoeng, se khethe mangolo a loketseng ao se tla a bala ’me se hlalose hore na re ithuta’ng mohlaleng oa motho ea itseng ea hlahang ka Bibeleng.
7 Karolo e Ncha Puong ea 3 ha e Abetsoe Mor’abo Rōna: Ha puo e thehiloeng bukaneng ea Selelekela sa Lentsoe la Molimo e abetsoe mor’abo rōna, e lokela ho etsoa e le pontšo ea thuto ea lelapa kapa ea tšebeletso ea tšimo. Ka tloaelo molebeli oa sekolo o tla abela seithuti mothusi le boemo ba puo. Mothusi e lokela ho ba setho sa lelapa la seithuti kapa mor’abo rōna e mong ka phuthehong. Seithuti se ka ’na sa kenyelletsa mangolo a mang a lumellanang le sehlooho a totobatsang melao-motheo ea Bibele. Ka linako tse ling puo ena e ka ’na ea abeloa moholo. Baholo ba ka ’na ba ikhethela mothusi le boemo ba puo. Ha ho pelaelo hore phutheho e tla khothala ha e bona baholo ba bontša tsebo ea bona ea ho ruta ha ba fana ka puo ena le setho sa lelapa kapa mora e mong oabo rōna.
8 Keletso: Molebeli oa Sekolo o tla nka metsotso e ’meli ka mor’a puo e ’ngoe le e ’ngoe ea seithuti ho se babatsa le ho se fa keletso e molemo e thehiloeng bukeng ea Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ha molebeli oa sekolo a bitsa seithuti hore se tl’o fana ka puo sekolong, a ke ke a bolela hore na seithuti se sebeletsa tšobotsing efe ea puo. Ka mor’a puo e ’ngoe le e ’ngoe molebeli oa sekolo o lokela ho babatsa seithuti, a bolele hore na seithuti se ne se sebeletsa tšobotsing efe ea puo ’me a bolele ka ho toba hore na ke hobane’ng ha seithuti se ipabotse tšobotsing eo kapa ka moea o motle a bolele hore na ke hobane’ng ha ho le molemo hore seithuti se ntlafatse tšobotsing eo.
9 Leqephe la keletso bakeng sa seithuti le hlaha leqepheng la 79 ho ea ho la 81 bukeng ea Sekolo sa Tšebeletso. Ka mor’a hore seithuti se fane ka puo, molebeli oa sekolo o tla ngola lintlha tse loketseng bukeng ea seithuti ’me moo ba leng babeli a botse seithuti hore na se ile sa itlhakisetsa tšobotsi ea puo eo se neng se e abetsoe. A ka babatsa seithuti a ba a se fa litlhahiso tse ling tse ka se thusang ka mor’a seboka kapa ka nako e ’ngoe. Tlhokomelo eo seithuti ka seng se e fuoang sekolong e lokela ho nkoa e le monyetla oa ho se thusa hore se hatele pele moeeng.—1 Tim. 4:15.
10 Haeba nako ea seithuti e felile, molebeli oa sekolo kapa mothusi oa hae o lokela ho ba malala-a-laotsoe hore a lemose seithuti ka bohlale hore nako e felile, mohlomong ka ho letsa tšepe kapa ka ho kokota ntho e itseng. Seithuti se lokela ho hlompha temoso eo ka hore se qetele polelo ’me se tlohe sethaleng.—Sheba buka ea Sekolo sa Tšebeletso, leq. 282, ser. 4.
11 Bohle ba finyellang se hlokahalang ba khothalletsoa hore ba ngolise Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. (Sheba buka ea Sekolo sa Tšebeletso leq. 282, ser. 6.) Thuto eo sekolo sena se fanang ka eona e thusitse batho ba Jehova hore ba tsebe ho ruta litaba tse molemo tsa ’Muso ka kholiseho, seriti le lerato. Ha ho pelaelo hore Jehova oa thaba ha a rorisoa ke bohle ba ruang molemo o moholo hakana thutong ea puso ea Molimo!—Pes. 148:12, 13; Esa. 50:4.
Amohela keletso ’me u e sebelise e le hore u ka tsoela pele