Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be thuto 3 leq. 89-leq. 91 ser. 5
  • Ho Bitsoa ha Mantsoe ka Nepo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bitsoa ha Mantsoe ka Nepo
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho Sebelisa Lebitso la Molimo Empa re sa Tiisehe Hore na le ne le Bitsoa Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Ke “Jehova” Kapa “Yahweh”?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Karolo 3—Rua Molemo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ka 1996
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Jehova ke Mang?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be thuto 3 leq. 89-leq. 91 ser. 5

Thuto 3

Ho Bitsoa ha Mantsoe ka Nepo

Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

Bitsa lentsoe ka leng ka nepo. Sena se akarelletsa (1) ho sebelisa melumo e nepahetseng hore mantsoe a utloahale (2) ho hatisa senoko kapa linoko tse nepahetseng ’me (3) lipuong tse ling, se akarelletsa ho lebisa tlhokomelo e loketseng matšoaong a khethollang ho bitsoa ha mantsoe.

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?

Ho bitsa mantsoe hantle ho etsa hore molaetsa oo re o bolelang o be le seriti. Ho etsa hore motho ea mametseng a lebise tlhokomelo molaetseng oo re o bolelang ho e-na le ho e lebisa liphosong leha e le life tsa ho se bitse mantsoe hantle.

HASE Bakreste kaofela ba keneng sekolo ka nako e telele bakeng sa ho fumana thuto e tloaelehileng ea sekolo. Esita le moapostola Petrose le moapostola Johanne ba ne ba hlalosoa e le “batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng.” (Lik. 4:13) Ho sa tsotellehe hoo, ke habohlokoa hore u qobe ho tlosa tlhokomelo nehelanong ea hao ea ’nete ea Bibele ka ho bitsa mantsoe hampe.

Lintlha Tseo U Lokelang ho li Hlokomela. Ha ho na molao o le mong oa ho bitsoa ha mantsoe o ka sebetsang lipuong kaofela. Lipuo tse ngata li ngoloa ka litlhaku tsa alfabeta. Ho phaella litlhakung tsa alfabeta ea Selatine, ho na le lialfabeta tsa Searabia, Secyril, Segerike le Seheberu. Ho e-na le ho sebelisa alfabeta, Sechaena se ngoloang se sebelisa litlhaku tse ka ’nang tsa bōptjoa ke likaroloana tse ngata tsa litlhaku. Hangata litlhaku tsena li emela lentsoe kapa karolo e itseng ea lentsoe. Le hoja Sejapane le Sekorea li alimile litlhaku tsa Sechaena, litlhaku tseo li ka ’na tsa sebelisoa ho emela melumo e fapaneng haholo ebile ho ka etsahala hore li se ke tsa e-ba le moelelo o tšoanang.

Lipuong tse sebelisang alfabeta, ho bitsoa ho nepahetseng ha mantsoe ho hloka hore ho sebelisoe molumo o nepahetseng bakeng sa tlhaku ka ’ngoe kapa sehlopha sa litlhaku. Ha puo e joalo e latela melao e tsitsitseng, joalokaha ho le joalo ka Segerike, Sepanishe le Sezulu, mosebetsi ona ha o thata hakaalo. Leha ho le joalo, ho susumetsoa ha puo ke lipuo tse ling ho ka ’na ha hlahisa mekhoa ea ho bitsoa ha mantsoe e bontšang mohloli oa mantsoe ao. Ka lebaka leo, tlhaku e itseng kapa sehlopha sa litlhaku se ka ’na sa bitsoa ka litsela tse ngata kapa, ka linako tse ling, tsa se ke tsa bitsoa ho hang. Ho ka ’na ha hlokahala hore u hopole mekhelo eo ’me u e sebelise khafetsa ha u bua. Ka Sechaena, hore u bitse mantsoe ka nepo ho hlokahala hore u hopole litlhaku tse likete-kete. Lipuong tse ling moelelo oa lentsoe oa fetoha ha molumo o fetoha. Ho se lebise tlhokomelo e loketseng karolong ena ea puo ho ka fella ka ho fetisa mehopolo e fosahetseng.

Haeba mantsoe a puo a bōptjoa ke linoko, ke habohlokoa hore u hatise senoko se nepahetseng. Lipuo tse ngata tse sebelisang tlhophiso e joalo li na le mokhoa o tsitsitseng haholo oa ho hatisa mantsoe. Haeba ho e-na le mekhelo mokhoeng oo, letšoao la ho hatisa molumo e ka ’na ea e-ba karolo ea lentsoe leo le ngotsoeng. Sena se etsa hore ho be bonolo ho bitsa mantsoe ka nepo. Leha ho le joalo, haeba mokhoa oo o sa tsitsa, bothata bo ba boholo haholo. Ho sebetsana le bona ka katleho ho hloka hore u hopole lintho tse ngata haholo.

Lipuong tse ling, matšoao a khethollang ho bitsoa ha mantsoe a lokela ho eloa hloko haholo. Matšoao ana a akarelletsa a ngoloang ka holimo le ka tlas’a litlhaku tse itseng tsa alfabeta, tse kang: è, é, ô, ñ, ō, ŭ, č, ö, ç. Matšoao a khethollang ho bitsoa ha mantsoe a ka ’na a ngoloa, kapa ho ka lebelloa hore ’mali a a kenyelletse ho latela moelelo oa taba eo lentsoe le hlahang ho eona. Haeba ho lebeletsoe hore ’mali a a kenyelletse, ho ka ’na ha hlokahala hore u lokisetse ka hloko ha u abetsoe ho bala phatlalatsa.

Mabapi le ho bitsoa ha mantsoe, ho na le maraba a itseng a lokelang ho qojoa. Ho batla ho nepa ka mokhoa o phethahetseng haholo ho ka fana ka maikutlo a boiketsiso, esita le a boikhantšo. Ho joalo le ka mokhoa oa ho bitsoa ha mantsoe o seng o sa sebelisoe haholo. Phello ea sena e tla ba feela ho lebisa tlhokomelo ho sebui. Ka lehlakoreng le leng, ho molemo ho qoba mokhoa o feteletseng haholo oa ho bua ka mokhoa o sa tsotelleng le ho bitsa mantsoe ka mokhoa o sa tsotelleng. Tse ling tsa litaba tsena li se li tšohliloe tlas’a sehlooho se reng “Mantsoe a Bitsitsoe ka ho Hlaka.”

Mokhoa o amohelehang oa ho bitsoa ha mantsoe puong o ka fapana ho ea ka linaha, esita le karolo e itseng ea naha e ka fapana le karolo e ’ngoe hona naheng e tšoanang. Motho ea tsoang naheng e ’ngoe a ka ’na a bitsa mantsoe ka mokhoa o sa tloaelehang ha a bua puo ea sebaka seo. Lidikishinari li ka ’na tsa thathamisa mekhoa e mengata e amohelehang ea ho bitsa lentsoe le itseng. Haholo-holo haeba motho a sa ruteha kapa haeba puo eo a e buang hona joale e se puo ea hae, o tla rua molemo o moholo ha a mamela ka hloko ha batho ba tsebang puo ea sebaka seo ba bua ebe o etsisa mokhoa oo ba bitsang mantsoe ka oona. Joaloka Lipaki tsa Jehova re batla ho bua ka mokhoa o hlomphang molaetsa oo re o bolelang le oo batho ba leng sebakeng sa rōna ba tla o utloisisa habonolo.

Hangata ho molemo hore puong ea letsatsi le letsatsi u sebelise mantsoe ao u a tsebang hantle. Ka tloaelo, ho bitsoa ha mantsoe e ke ke ea e-ba bothata moqoqong o tloaelehileng. Leha ho le joalo, ha u bala ka lentsoe le phahameng, u ka ’na ua thulana le mantsoe a itseng ao u sa a sebeliseng puong ea letsatsi le letsatsi. ’Me Lipaki tsa Jehova li bala ka lentsoe le phahameng hangata. Re balla batho Bibele ha re ba pakela. Barab’abo rōna ba bang ba kōptjoa ho bala lirapa Thutong ea Molula-Qhooa kapa Thutong ea Buka ea Phutheho. Ke habohlokoa hore re bale hantle ’me re se ke ra etsa hore molaetsa o buuoe hampe ka ho se bitse mantsoe hantle.

Na u ho fumana ho le thata ho bitsa mabitso a mang a ka Bibeleng? Ka Senyesemane, letšoao le hatisang molumo le tla ka mor’a senoko sa lentsoe se lokelang ho hatisoa ka matla. Ha senoko sa lentsoe se nang le letšoao se fella ka seluma-nosi, seluma-nosi seo sea lelefatsoa ha ho bitsoa lentsoe leo. Ha senoko sa lentsoe se fella ka seluma-’moho, seluma-nosi se senokong seo sea khutsufatsoa ha ho bitsoa lentsoe leo. Ha ho kopanngoa liluma-nosi tse peli a le i, joaloka ho Morʹde·cai le Siʹnai, ai e bitsoa e le i e lelefatsoang. Kantle ho lebitso Rachel, litlhaku tse kopaneng ch li fuoa molumo o matla oa k, joaloka Mel·chizʹe·dek.

Litsela Tsa ho Ntlafatsa. Batho ba bangata ba nang le bothata ba ho se bitse mantsoe hantle ha ba elelloe hore ba na le bothata bo joalo. Ha molebeli oa hao oa sekolo a u bontša likarolo tseo u lokelang ho li ela hloko ha u bitsa mantsoe, ananela mosa oa hae. Ha u se u tseba bothata boo, u ka ntlafatsa joang?

Pele ho tsohle, ha u filoe kabelo ea ho bala ka lentsoe le phahameng, iphe nako ea ho sheba dikishinari. Sheba mantsoe ao u sa a tsebeng. Ha u sa tloaela ho sebelisa dikishinari, e-ea maqepheng a pele a hlalosang matšoao a sebelisitsoeng kapa, haeba ho hlokahala, kōpa e mong hore a u hlalosetse ’ona. Dikishinari e tla u bontša moo u lokelang ho beha khatiso ea pele teng lentsoeng le nang le linoko tse ngata le moo u lokelang ho beha khatiso ea bobeli teng lentsoeng le lelelele. E tla u bontša hore na ke melumo efe eo u ka e sebelisang bakeng sa liluma-nosi le bakeng sa liluma-’moho lentsoeng le itseng. Ka linako tse ling, lentsoe le ka ’na la bitsoa ka litsela tse ngata, ho itšetlehile ka boemo boo le sebelisoang ho bona. Ho sa tsotellehe hore na u sheba lentsoe lefe, le bitse ka makhetlo a ’maloa ka lentsoe le phahameng pele u koala dikishinari.

Tsela ea bobeli ea ho ntlafatsa ho bitsoa ha mantsoe ke ka ho balla motho e mong—motho ea tsebang ho bitsa mantsoe hantle—’me u mo kōpe hore a lokise liphoso tseo u li etsang.

Tsela ea boraro ea ho ntlafatsa ho bitsoa ha mantsoe ke ka ho mamela ka hloko ha libui tse hloahloa li bua. Haeba lik’hasete tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha kapa tsa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! li le teng, li sebelise hamolemo. Ha u ntse u mametse, hlokomela mantsoe a bitsoang ka tsela e fapaneng le eo u neng u ka a bitsa ka eona. A ngole fatše ’me u itloaetse ’ona. Ka mor’a nako e itseng, puo ea hao e tla hloka liphoso tsa ho se bitse mantsoe hantle ’me sena se tla etsa hore u ntlafatse haholo tabeng ea ho bua.

KAMOO U KA NTLAFATSANG HO BITSOA HA MANTSOE KATENG

Ithute ho sebelisa dikishinari hamolemo.

Kōpa motho e mong ea balang hantle hore a u mamele le ho u fa keletso.

Hlokomela kamoo libui tse hloahloa li bitsang mantsoe kateng; bapisa mokhoa oa hao le oa tsona.

BOITLHAKISO: Hlahloba ho bitsoa ha mantsoe leha e le afe a sa tloaelehang ho Pesaleme ea 83 kapa karolong e itseng ea Bibele e u thatafallang ka ho khethehileng. Sebelisa dikishinari kapa u botse motho ea tsebang puo hantle. Ela hloko hore na ke linoko life tsa mantsoe tse lokelang ho hatisoa mabitsong a leng litemaneng tsena; bitsa le leng le le leng la mabitso ao ka lentsoe le phahameng. Ebe joale u bala karolo eo kaofela ka lentsoe le phahameng.

Ke lokela ho itloaetsa mokhoa o nepahetseng oa ho bitsa mantsoe ana

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․ ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela