Ke “Jehova” Kapa “Yahweh”?
“MOTSOAKO,” “lentsoe le bōpiloeng ka ho tsoaka lipuo tse fapaneng,” “ho hlahlathela.” Ke eng e neng e ka etsa hore litsebi tsa Seheberu sa Bibele li sebelise mantsoe a matla joalo? E ne e le ha ho tšohloa taba ea hore na “Jehovah” ke mokhoa o nepahetseng oa ho bitsa lebitso la Molimo ka Senyesemane. Ka lilemo tse fetang lekholo, phehisano ena e ’nile ea tsoela pele ntle ho taolo. Kajeno, litsebi tse ngata li bonahala li rata lebitso le linoko li peli, “Yahweh.” Empa na mokhoa oo oa ho bitsa oa “Jehova” ka sebele o ‘hlahlathetse’ hampe hakaalo?
Mohloli oa Phehisano
Ho latela Bibele, Molimo ka boeena o ile a senolela batho lebitso la hae. (Exoda 3:15) Bopaki ba Mangolo bo bontša hore bahlanka ba Molimo ba boholo-holo ba ile ba sebelisa lebitso leo ka bolokolohi. (Genese 12:8; Ruthe 2:4) Lichaba tse ling le tsona li ne li tseba lebitso leo la Molimo. (Joshua 2:9) Sena e bile ’nete haholo ka mor’a hore Bajuda ba khutlileng botlamuoeng Babylona ba kopane le batho ba lichaba tse ngata. (Pesaleme ea 96:2-10; Esaia 12:4; Malakia 1:11) The Interpreter’s Dictionary of the Bible e re: “Ho na le bopaki bo bongata ba hore mehleng ea ka mor’a hore Bajuda ba khutle botlamuoeng, balichaba ba bangata ba ile ba khahloa ke bolumeli ba Bajuda.” Leha ho le joalo, lekholong la pele la lilemo C.E., ho ne ho hlahile tumela-khoela e itseng ka lebitso la Molimo. Qetellong, sechaba sa Bajuda ha sea ka sa khaotsa ho sebelisa lebitso la Molimo ka har’a batho feela, empa ba bang ba bile ba hanela ho bitsoa ha lona ka ho feletseng. Ka hona, mokhoa o nepahetseng oa ho bitsoa ha lona o ile oa lahleha—empa na ho hlile ho joalo?
Lebitso le Fupere Eng?
Puong ea Seheberu, lebitso la Molimo le ngoloa e le יהוה. Litlhaku tsena tse ’nè tse baloang ho tloha ho le letona ho ea ho le letšehali, ka tloaelo li bitsoa Tetragrammaton (Litlhaku Tse ’Nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo). Mabitso a mangata a batho le a libaka a boletsoeng ka Bibeleng a na le khutsufatso ea lebitso la Molimo. Na ho ka etsahala hore mabitso aa a fane ka leseli la hore na lebitso la Molimo le ne le bitsoa joang?
Ho latela George Buchanan, moprofesa ea tlohetseng boemo Wesley Theological Seminary, Washington, D.C., U.S.A., karabo ke e. Moprofesa Buchanan oa hlalosa: “Mehleng ea boholo-holo, hangata batsoali ba ne ba rehella bana ba bona ka melimo ea bona. Sena se bolela hore ba ne ba bitsa mabitso a bana ba bona ka mokhoa oo mabitso a melimo ea bona a bitsoang ka oona. Litlhaku Tse ’Nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo li ne li kenngoa mabitsong a batho, ’me kamehla ho ne ho sebelisoa selumi se bohareng.”
Nahana ka mehlala e ’maloa ea mabitso a fumanoang ka Bibeleng a kopanyelletsang khutsufatso ea lebitso la Molimo. Moprofesa Buchanan o re Jonathane, e hlahang e le Yoh·na·thanʹ kapa Yehoh·na·thanʹ Bibeleng ea Seheberu, e bolela “Yaho kapa Yahowah o fane.” Lebitso la moprofeta Elija keʼE·li·yahʹ kapa ʼE·li·yaʹhu ka Seheberu. Ho latela Moprofesa Buchanan, lebitso leo le bolela: “Molimo oa ka ke Yahoo kapa Yahoo-wah.” Ka tsela e tšoanang, lebitso la Seheberu la Jehoshafate ke Yehoh-sha·phatʹ, e bolelang “Yaho o ahlotse.”
Mokhoa oa ho bitsa linoko tse peli tsa Litlhaku Tse ’Nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo e le “Yahweh,” o ne o ke ke oa lumella selumi o hore se kene lebitsong la Molimo. Empa mabitsong a mangata a Bibele a kenyelelitseng lebitso la Molimo, selumi sena se bohareng se hlaha mokhoeng o feletseng le ho o khutsufalitsoeng, joaloka ho Jehonathane le Jonathane. Kahoo, Moprofesa Buchanan o bolela tjena mabapi le lebitso la Molimo: “Ha ho moo selumi oo kapa oh se siiloeng teng. Ka linako tse ling lentsoe lena le ne le khutsufatsoa ho ba ‘Ya,’ empa ha ho mohla le neng le etsoa ‘Ya-weh.’ . . . Ha Litlhaku Tse ’Nè Tsa Seheberu Tse Emelang Lebitso la Molimo li ne li bitsoa ka senoko se le seng, e ne e e-ba ‘Yah’ kapa ‘Yo.’ Ha li ne li bitsoa ka linoko tse tharo e ne e tla ba ‘Yahowah’ kapa ‘Yahoowah.’ Haeba li kile tsa khutsufatsoa ka linoko tse peli, e ne e tla be e le ‘Yaho.’”—Biblical Archaeology Review.
Litlhaloso tsena li re thusa ho utloisisa polelo e ileng ea etsoa lekholong la bo19 la lilemo ke setsebi sa Moheberu Gesenius bukeng ea hae ea Hebrew and Chaldee Lexicon to the Old Testament Scriptures: “Ba nkang hore יְהוָֹה [Ye-ho-wah] e ne e le oona mokhoa o nepahetseng oa ho bitsa [lebitso la Molimo] ba na le lebaka la ho emela mohopolo oo oa bona. Ke ka tsela ena linoko tse khutsufalitsoeng יְהֹ [Ye-ho] le יוֹ [Yo], tseo boholo ba mabitso a qalang ka tsona, li ka hlalosoang ka tsela e khotsofatsang haholoanyane.”
Leha ho le joalo, selelekeleng sa phetolelo ea hae ea haufinyane The Five Books of Moses, Everett Fox o re: “Boiteko ba khale le bo bocha ba ho fumana mokhoa o ‘nepahetseng’ oa ho bitsa lebitso la Seheberu [la Molimo] ha boa atleha; lebitso le ’nileng la utloeloa la ‘Jehova’ kapa leo litsebi li le nkang e le la motheo la ‘Yahweh,’ ka bobeli a ke ke a pakoa ka ho feletseng.”
Ha ho pelaelo hore phehisano ea litsebi e tla ’ne e tsoele pele. Bajuda ba ile ba khaotsa ho bitsa lebitso la Molimo oa ’nete pele Bo-Masorete ba qapa mokhoa oa ho kenya lilumi. Ka hona, ha ho na mokhoa o tobileng oa ho netefatsa hore na ke lilumi life tse neng li tsamaea le lilumisoa YHWH (יהוה). Leha ho le joalo, mabitso a batho a ka Bibeleng—ao mokhoa o nepahetseng oa ho a bitsa o sa kang oa lahleha le ka mohla—a fana ka leseli le ka tšeptjoang la hore na lebitso la Molimo le ne le bitsoa joang boholo-holo. Ka lebaka lena, bonyane litsebi tse ling li lumela hore mokhoa oa ho bitsa o reng “Jehova” ha oa ‘hlahlathela’ hakaalo.
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
“Jehova” e ’nile ea e-ba mokhoa o tloaelehileng ka ho fetisisa oa ho bitsa lebitso la Molimo