KAROLO EA 4
“Molimo ke lerato”
Har’a litšobotsi tsohle tseo Jehova a nang le tsona, lerato ke lona le hlaheletseng ka ho fetisisa. Hape ke lona le ipiletsang ka ho fetisisa. Ha re ntse re hlahloba likarolo tse ling tse babatsehang tsa tšobotsi ena e kang lehakoe la bohlokoa, re tla hlokomela hore na ke hobane’ng ha Bibele e re “Molimo ke lerato.”—1 Johanne 4:8.