Tšobotsi ea Bohlokoa ka ho Fetisisa ea Mosuoe ea Atlehang
1. Tšobotsi ea bohlokoa ka ho fetisisa ea mosuoe ea atlehang ke efe?
1 Ke tšobotsi efe ea bohlokoa ka ho fetisisa e thusang motho hore e be mosuoe oa Bibele ea atlehang? Na ke thuto ea sekolo? Nako eo a e qetileng e le mohlanka oa Jehova? Bohlale ba tlhaho? Ha e le hantle, ke tšobotsi eo ha motho a e-na le eona a phethahatsang Molao. E khetholla barutuoa ba Jesu hape ke tšobotsi e ka sehloohong le e ratehang haholo har’a litšobotsi tse hlaheletseng tsa Jehova. (Joh. 13:35; Bagal. 5:14; 1 Joh. 4:8) Tšobotsi eo ke lerato. Mesuoe e atlehang ke e nang le lerato.
2. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re rate batho?
2 Rata Batho: Jesu, e leng Mosuoe e Moholo o ne a rata batho, ’me sena se ba susumelletsa ho mo mamela. (Luka 5:12, 13; Joh. 13:1; 15:13) Haeba re tsotella batho, re tla paka neng le neng ha monyetla o hlaha. Litšitiso tse kang mahloriso le ho iphapanya li ke ke tsa re nyahamisa. Re tla ba pakela ka tsela e bontšang hore re amehile ka bona ho tsoa botebong ba pelo ’me re feto-fetole molaetsa oa rōna ho latela seo ba amehileng ka sona. Re tla ipha nako e lekaneng ea ho lokisetsa pele re khannela seithuti ka seng sa Bibele thuto, re be re iphe nako e lekaneng ha re khanna thuto.
3. Ho rata linnete tsa Bibele ho tla re thusa joang ha re le tšimong?
3 Rata Linnete Tsa Bibele: Jesu le eena o ne a rata linnete tsa Bibele ’me a li nka e le matlotlo. (Mat. 13:52) Haeba re rata ’nete, re tla bua ka cheseho, ’me sena se ka etsa hore batho bao re buang le bona ba labalabele ho re mamela. Lerato la mofuta oo le tla re thusa hore re se ke ra tsepamisa maikutlo mefokolong ea rōna empa re a tsepamise molaetseng oa bohlokoa oo re buisanang le bona ka oona, ’me seo se ka re thusa hore re phutholohe ha re le tšimong.
4. Ke joang re ka ithutang ho ba le lerato?
4 E-ba le Lerato: Ke joang re ka ithutang ho rata batho? Ka hore re nahane ka lerato leo Jehova le Mora oa hae ba re bontšitseng lona le ka boemo bo hlomolang boo batho tšimong ea rōna ba leng ho bona moeeng. (Mar. 6:34; 1 Joh. 4:10, 11) Lerato leo re ratang linnete tsa Bibele ka lona le tla ba matla ha re ithuta kamehla re bile re thuisa. Lerato ke tšobotsi ea tholoana ea moea. (Bagal. 5:22) Kahoo re ka kōpa Jehova ka tieo hore a re fe moea o halalelang ra ba ra mo kōpa hore a re thuse re be le lerato le eketsehileng. (Luka 11:13; 1 Joh. 5:14) Ho sa tsotellehe hore na re rutehile hakae, re bile bahlanka ba Jehova ka nako e kae, kapa re bohlale hakae ka tlhaho, re ka ba mesuoe ea Bibele e atlehang haeba re e-na le lerato.