Khaolo ea 33
Jesu a ka re Sireletsa
HA Jesu a se a hōlile ’me a ithutile kamoo a ileng a sireletsoa kateng ha a sa le monyenyane, na u nahana hore o ile a rapela Jehova le ho mo leboha?— U nahana hore hamorao Jesu o ile a re’ng ho Maria le Josefa ha a tseba hore ba ile ba pholosa bophelo ba hae ka ho mo isa Egepeta?—
Ke ’nete hore Jesu ha e sa le lesea. Ebile ha a sa phela lefatšeng joalokaha a ne a phela teng pele. Empa na u hlokometse hore matsatsing ana ho bonahala batho ba bang ba nahana hore Jesu ke lesea feela le ka sejelong?— Sena se bonahala libakeng tse ngata nakong ea Keresemese ha Jesu a hlahisoa e le lesea litšoantšong.
Le hoja Jesu a se a sa phele lefatšeng, na u lumela hore oa phela?— E, o ile a tsosoa bafung, ’me hona joale ke Morena ea matla leholimong. U nahana hore a ka etsa’ng ho sireletsa ba mo sebeletsang?— Ka mohlala, ha Jesu a ne a sa le lefatšeng, o ile a bontša kamoo a ka sireletsang batho ba mo ratang kateng. A re ke re bone kamoo a ileng a etsa sena kateng ka letsatsi le leng ha a ne a tsoile ka sekepe le barutuoa ba hae.
Ke mantsiboea. Jesu o ne a qetile letsatsi lohle a ruta haufi le Leoatle la Galilea, e leng letša le leholo le ka bang bolelele ba lik’hilomithara tse 20 le bophara ba lik’hilomithara tse 12. Joale o ile a re ho barutuoa ba hae: “A re tšeleleng ka lehlakoreng le leng la letša.” Kahoo ba kena ka sekepeng ’me ba qala ho tšelela ka lehlakoreng le leng la letša. Jesu o ne a khathetse haholo, kahoo o ile a ea ka morao sekepeng ’me a sekama mosamong. O ile a phakisa a khaleha.
Barutuoa ba ile ba lula ba falimehile ho boloka sekepe se ntse se tsamaea. Lintho tsohle li ne li tsamaea hantle ka nakoana, empa joale moea o matla oa qala ho foka. O ile oa foka ka matla haholo, ’me maqhubu a ’na a phahama. Maqhubu a ile a qala ho khaphatsehela ka sekepeng, eaba sekepe se qala ho tlala metsi.
Barutuoa ba ne ba tšohile hore ba tla teba. Empa Jesu o ne a sa tšoha. O ne a ntse a khalehile ka morao sekepeng. Qetellong, barutuoa ba ile ba mo tsosa, ’me ba re: ‘Mosuoe, Mosuoe, re pholose; re haufi le ho shoela sefefong sena.’ Ka nako eo, Jesu o ile a tsoha ’me a bua le moea le maqhubu. A re: “Thōla! Khutsa!”
Hang-hang moea oa khaotsa ho foka, ’me letša la khutsa. Barutuoa ba ile ba hlolloa. Ba ne ba e-s’o ka ba bona ntho e kang eo le ka mohla. Ba ile ba qala ho buisana ba re: “Ha e le hantle enoa ke mang, kaha o laela esita le meea le metsi, ’me lia mo mamela?”—Luka 8:22-25; Mareka 4:35-41.
Na ua tseba hore na Jesu ke mang?— Na ua tseba hore na o fumana matla a hae a maholo hokae?— Barutuoa ba ne ba sa lokela ho tšoha ha Jesu a ne a e-na le bona, kaha Jesu e ne e se motho feela ea tloaelehileng. O ne a ka etsa lintho tse tsotehang tseo ho seng motho e mong ea neng a ka li etsa. E-re ke u bolelle ka ntho e ’ngoe eo a kileng a e etsa leoatleng le befileng.
E ne e le ka letsatsi le leng, ho se ho fetile nako e itseng. Ha e e-ba mantsiboea, Jesu a bolella barutuoa ba hae hore ba kene ka sekepeng ’me ba mo etelle pele ho ea ka lehlakoreng le leng la leoatle. Joale Jesu a nyolohela thabeng a le mong. E ne e le sebaka se khutsitseng seo a neng a ka rapela Ntate oa hae, Jehova Molimo, ho sona.
Barutuoa ba kena ka sekepeng ’me ba qala ho tšelela ka lehlakoreng le leng la leoatle. Empa ho e-s’o ee kae moea oa qala ho foka. Oa foka ka matla haholo. E ne e se e le bosiu. Joale banna ba theola seile ’me ba qala ho soka. Empa ba ne ba sa khone ho ea pele hobane ba ne ba tobane le moea o matla. Sekepe se ne se e-ea pele le morao har’a maqhubu a phahameng, ’me metsi a ne a khaphatsehela ka har’a sona. Banna bao ba ne ba leka ka thata ho fihla lebōpong, empa ba ne ba hlōleha.
Jesu o ne a ntse a le mong thabeng. O ne a bile moo ka nako e telele. Empa joale a bona hore barutuoa ba hae ba kotsing ka har’a maqhubu a phahameng. Kahoo a theoha thabeng a tla lebōpong la leoatle. Jesu o ne a batla ho thusa barutuoa ba hae, kahoo a qala ho tsamaea holim’a leoatle le befileng a lebile ho bona!
Ho ka etsahala’ng ha u ka leka ho tsamaea holim’a metsi?— U ka teba, ’me u ka ’na ua khangoa ke metsi. Empa Jesu o ne a ikhetha. O ne a e-na le matla a khethehileng. Jesu o ne a lokela ho tsamaea sebaka se selelele ho ea fihla sekepeng. E ne e le ka meso ha barutuoa ba ne ba bona Jesu a tsamaea holim’a metsi a lebile ho bona. Empa ba ne ba sa kholoe seo ba se bonang. Ba ne ba tšohile haholo, ’me ba hoeletsa ba tšohile. Joale Jesu a re ho bona: “E-bang sebete, ke ’na; le se ke la tšaba.”
Hang feela ha Jesu a kena ka sekepeng, sefefo se ile sa khaotsa. Barutuoa ba boela ba hlolloa. Ba inama ka pel’a Jesu ’me ba re: “Ka sebele u Mor’a Molimo.”—Matheu 14:22-33; Johanne 6:16-21.
Na e ne e ke ke ea e-ba ho thabisang ho phela mehleng eo le ho bona ha Jesu a etsa lintho tse joalo?— Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa mehlolo eo?— O ile a e etsa hobane a ne a rata barutuoa ba hae a bile a batla ho ba thusa. Empa o ile a boela a e etsa ho bontša matla a maholo ao a nang le ’ona, ao a tlang ho a sebelisa nakong e tlang e le ’Musi oa ’Muso oa Molimo.
Le kajeno Jesu o sebelisa matla a hae ho sireletsa balateli ba hae boitekong ba Satane ba ho ba thibela ho bolella ba bang ka ’Muso oa Molimo. Empa Jesu ha a sebelise matla a hae ho sireletsa barutuoa ba hae ho kuleng kapa ho ba phekola ha ba kula. Esita le baapostola bohle ba Jesu ba ile ba shoa qetellong. Johanne mor’abo Jakobo o ile a bolaoa, ’me Johanne eena a kenngoa chankaneng.—Liketso 12:2; Tšenolo 1:9.
Hoa tšoana le kajeno. Ho sa tsotellehe hore na batho ba sebeletsa Jehova kapa ha ba mo sebeletse, kaofela baa kula ebile baa shoa. Empa haufinyane, ha Jesu a se a busa e le Morena oa ’muso oa Molimo, lintho li tla fetoha. Ka nako eo ha ho motho ea tla hlola a tšoha, hobane Jesu o tla sebelisa matla a hae molemong oa bohle ba mo mamelang.—Esaia 9:6, 7.
Litemana tse ling tse bontšang matla a maholo ao Jesu a nang le ’ona joaloka eo Molimo a tla mo etsa ’Musi oa ’Muso oa Molimo, ke Daniele 7:13, 14; Matheu 28:18; le Baefese 1:20-22.
[Litšoantšo tse leqepheng la 172]
U talima Jesu joang—e le morena ea matla kapa lesea le sitoang ho itšireletsa?
[Setšoantšo se leqepheng la 173]
Jesu o re’ng ho moea le maqhubu?
[Setšoantšo se leqepheng la 174]
Ke hobane’ng ha Jesu a ile a etsa mehlolo?
[Setšoantšo se leqepheng la 176]
Jesu o sireletsa balateli ba hae joang kajeno?