Khaolo ea 32
Kamoo Jesu a Ileng a Sireletsoa Kateng
KA LINAKO tse ling Jehova o etsa lintho ka tsela e tsotehang ho sireletsa bana le ba sitoang ho itšireletsa. Ha u ntse u itsamaela sebakeng sa mahae, u ka ’na ua bona tsela e ’ngoe eo Jehova a sireletsang ka eona. Empa qalong u ka ’na ua se ke ua utloisisa hantle hore na ho etsahala’ng.
U bona nonyana e lula fatše ka pel’a hao. E bonahala e lemetse. E hulanya lepheo le leng la eona ’me ea baleha ha u leka ho e atamela. Ha u ntse u e latela, e qhomela pele hore u se ke ua e tšoara. U sa re u shebile, ke eo nonyana e fofa. Ha e le hantle e ne e sa lemala lepheo ho hang! Na ua tseba hore na nonyana eo e ne e etsa’ng?—
Haufi le moo nonyana e ileng ea lula teng ka pel’a hao, ke moo e neng e patile malinyane a eona teng lihlahleng. Nonyana eo e ne e tšohile hore u ka ’na ua fumana malinyane ao ’me ua a ntša kotsi. Joale e iketsa eka e lemetse ’me e batla hore u tlohe ho ’ona. Na ua tseba hore na ke mang ea ka re sireletsang joalokaha nonyana ena e sireletsa malinyane a eona?— Ka Bibeleng, Jehova o bapisoa le nonyana e bitsoang ntsu, e thusang malinyane a eona.—Deuteronoma 32:11, 12.
Ngoana oa Jehova oa bohlokoa ka ho fetisisa ke Mora oa hae ea ratoang, Jesu. Ha Jesu a ne a le leholimong, e ne e le motho oa moea ea matla joaloka Ntate oa hae. O ne a khona ho itlhokomela. Empa ha Jesu a ne a tsoaloa e le lesea lefatšeng, o ne a sa khone ho itšireletsa. O ne a hloka ho sireletsoa.
E le hore a phethahatse thato ea Molimo lefatšeng, Jesu o ne a lokela ho hōla ’me e be monna ea phethahetseng, ea hōlileng ka ho feletseng. Leha ho le joalo, Satane o ile a leka ho bolaea Jesu pele seo se ka etsahala. Boiteko ba ho bolaea Jesu ha e ne e sa le ngoana le kamoo Jehova a ileng a mo sireletsa kateng ke taba e thahasellisang haholo. Na u ka rata ho e utloa?—
Nakoana ka mor’a hore Jesu a tsoaloe, Satane o ile a etsa hore ho bonahale ntho e kang naleli sepakapakeng ka Bochabela. Banna ba bitsoang linohe tsa linaleli, ba ithutang linaleli, ba ile ba latela naleli eo lik’hilomithara tse makholo ho ea Jerusalema. Ha ba fihla moo ba ile ba botsa hore na eo e tla ba morena oa Bajuda o tla tsoalloa hokae. Ha banna ba neng ba tseba seo Bibele e se buang ka sena ba botsoa, ba ile ba araba ba re: “Bethlehema.”—Matheu 2:1-6.
Ka mor’a hore Heroda, morena ea khopo oa Jerusalema, a utloe ka morena enoa e mocha ea sa tsoa tsoalloa motseng o haufi oa Bethlehema, o ile a re ho linohe tsa linaleli: ‘Batlang ’me le fumane ngoana eo, ha le mo fumane le khutle le ntlalehele.’ Na ua tseba hore na ke hobane’ng ha Heroda a ne a batla ho tseba moo a ka fumanang Jesu teng?— Ke hobane Heroda o ne a le mōna ’me a batla ho mo bolaea!
Molimo o ile a sireletsa Mora oa hae joang?— Ha linohe tsa linaleli li fumana Jesu, li ile tsa mo fa limpho. Hamorao Molimo o ile a lemosa linohe tsa linaleli ka toro hore li se ke tsa khutlela ho Heroda. Kahoo li ile tsa nka tsela e ’ngoe ha li khutlela hae ’me tsa se ke tsa khutlela Jerusalema. Ha Heroda a fumana hore linohe tsa linaleli li tsamaile, o ile a halefa haholo. E le hore a leke ho bolaea Jesu, Heroda o ile a etsa hore bashanyana bohle ba Bethlehema ba ka tlaase ho lilemo tse peli ba bolaoe! Empa ka nako eo, Jesu o ne a le sieo.
Na ua tseba hore na Jesu o ile a pholoha joang?— Ka mor’a hore linohe tsa linaleli li khutlele hae, Jehova o ile a lemosa monna oa Maria, Josefa, hore a tsohe ’me a balehele hōle Egepeta. Ha Jesu a le moo o ne a tla sireletseha ho Heroda ea khopo. Lilemo hamorao, ha Maria le Josefa ba tloha Egepeta le Jesu, Molimo o ile a fa Josefa temoso e ’ngoe. O ile a mo bolella ka toro hore a ee Nazaretha, moo Jesu a neng a tla sireletseha teng.—Matheu 2:7-23.
Na u bona kamoo Jehova a ileng a sireletsa Mora oa hae kateng?— U ne u ka re ke mang ea tšoanang le malinyane ao ’mè oa ’ona a neng a a patile lihlahleng kapa ea tšoanang le Jesu ha e ne e sa le ngoana? Na ha u tšoane le ’ona?— Le uena ho na le batho ba batlang ho u utloisa bohloko. Na ua tseba hore na ke bo-mang?—
Bibele e re Satane o tšoana le tau e purumang e batlang ho re ja. ’Me joalokaha litau li atisa ho hlasela liphoofolo tse nyenyane, Satane le bademona ba hae ba atisa ho hlasela bana. (1 Petrose 5:8) Empa Jehova o matla ho feta Satane. Jehova a ka sireletsa bana ba hae kapa a etsolla ntho leha e le efe e mpe eo Satane a ba etsang eona.
Na u sa hopola hore na Khaolong ea 10 ea buka ee ho itsoe Diabolose le bademona ba hae ba leka ho re susumelletsa hore re etse’ng?— E, ba leka ho re susumelletsa mofuteng oa ho kopanela liphate oo Molimo a reng o fosahetse. Empa ke bo-mang feela ba lokelang ho kopanela liphate?— E, ke batho ba baholo ba babeli ba nyalaneng ba bong bo fapaneng.
Leha ho le joalo, ka masoabi, batho ba bang ba baholo ba rata ho kopanela liphate le bana. Ha ba etsa joalo, bashemane le banana ba ka ’na ba qala ho etsa lintho tse mpe tseo ba ithutileng tsona ho batho bana ba baholo. Bana bana le bona ba ka qala ho sebelisa litho tsa bona tsa botona kapa tsa botšehali ka tsela e fosahetseng. Sena ke se ileng sa etsahala khale motseng oa Sodoma. Bibele e re batho ba moo, “ho tloha ho moshanyana ho ea ho monna-moholo,” ba ile ba leka ho kopanela liphate le banna ba neng ba etetse Lota.—Genese 19:4, 5.
Kahoo feela joalokaha Jesu a ile a hloka ho sireletsoa, le uena u hloka ho sireletsoa ho batho ba baholo—esita le ho bana ba bang—ba ka ’nang ba leka ho kopanela liphate le uena. Hangata batho bana ba tla iketsa eka ke metsoalle ea hao. Ebile ba ka ba ba u fa ntho e itseng haeba u tšepisa hore u ke ke ua bolella ba bang ka seo ba batlang ho se etsa ho uena. Empa batho bana ba ichebile bobona, joaloka Satane le bademona ba hae, ba batla feela ho ikhotsofatsa ba le bang. ’Me ba leka ho ikhotsofatsa ka ho kopanela liphate le bana. Ntho e joalo ha ea loka ho hang!
Na ua tseba hore na ba ka ’na ba etsa’ng ho ikhotsofatsa?— Ba ka ’na ba leka ho pholla litho tsa hao tsa botona kapa tsa botšehali. Kapa ba ka ’na ba hohla litho tsa hao tsa botona kapa tsa botšehali ka litho tsa bona. Empa le ka mohla ha ua lokela ho lumella motho leha e le ofe ho bapala ka setho sa hao sa botona kapa sa botšehali. Ha ho tsotellehe hore na motho eo ke ngoan’eno kapa ’mè oa hao kapa ntate oa hao. Litho tsena tsa hao tsa ’mele ke tsa hao u le mong.
U ka sireletsa ’mele oa hao joang ho batho ba etsang lintho tse mpe joaloka tsee?— Pele ho tsohle, u se ke ua lumella motho leha e le ofe ho bapala ka litho tsa hao tsa botona kapa tsa botšehali. Haeba motho e mong a leka ho bapala ka tsona, hoeletsa haholo u re: “Ntlohele! Ke il’o bolela!” ’Me haeba motho eo a re ke uena ea molato ka se etsahetseng, u se ke ua lumela. Hase ’nete. Uena tsamaea u e’o bolela ho sa tsotellehe hore na motho eo ke mang! U lokela ho bolela esita le haeba a re seo le se etsang ke lekunutu la lōna le le babeli feela. Esita le ha motho eo a u tšepisa limpho tse ntle kapa a u tšosa, u lokela ho tloha ho eena ’me u e’o bolela.
Ha ho hlokahale hore u tšohe, empa u lokela ho ba hlokolosi. Ha batsoali ba hao ba u lemosa ka batho kapa libaka tse ka bang kotsi ho uena, u lokela ho ba mamela. Haeba u ba mamela, u tla etsa hore batho ba babe ba hloke monyetla oa ho u utloisa bohloko.
Bala kamoo u ka itšireletsang kateng liketsong tse fosahetseng tsa ho kopanela liphate, ho Genese 39:7-12; Liproverbia 4:14-16; 14:15, 16; 1 Bakorinthe 6:18; le 2 Petrose 2:14.
[Setšoantšo se leqepheng la 167]
Nonyana ee e sireletsa malinyane a eona joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 168]
Ka mor’a hore linohe tsa linaleli li etele Jesu, Molimo o ile a li fa temoso efe e ileng ea pholosa Jesu?
[Setšoantšo se leqepheng la 169]
Ha Jesu a sa le monyenyane o ile a pholosoa ka tsela efe hape?
[Setšoantšo se leqepheng la 171]
U lokela ho re’ng ha motho e mong a leka ho u tšoara-tšoara ka tsela e fosahetseng, hona u lokela etsa’ng?