Khaolo ea 8
Ho Baleha Mohatelli ea Sehlōhō
JOSEFA o tsosa Maria hore a ’molelle litaba tse potlakileng. Lengeloi la Jehova le sa tsoa itlhahisa ho eena, la re: “Tsoha, u nke ngoana le ’m’ae, u balehele Egepeta, ’me u lule teng, ke tle ke be ke u bolelle; hobane Heroda o tla batla ngoana ho ’molaea.”
Kapele, ka boraro ba bona baa baleha. ’Me ba baleha esale nako kahobane Heroda o ile a utloa hore balepi ba mo etselitse bolotsana ’me ba tsoile ka har’a naha. Hopola, ba ne ba tšoanetse ho ea mo tsebisa ha ba fumane Jesu. Heroda o halefile. Ka hona ka boiteko ba ho bolaea Jesu, o laela hore Bethlehema le literekeng tsa eona ho bolaoe bashanyana bohle ba lilemo li peli le ba ka tlaase ho moo. O lekanya lilemo tsena ka boitsebiso boo a bo fumaneng pejana ho balepi ba neng ba e-tsoa Bochabela.
Polao ea bashanyana bohle ba masea ke pono e nyarosang! Masole a Heroda a kena ka mabifi ka lapeng le leng le le leng. ’Me ha a fumana lesea la moshanyana, a le hlotha matsohong a ’m’a lona. Ha re tsebe hore na ke masea a makae ao a a bolaileng, empa sello se seholo le seboko sa bo-’mè se phethahatsa boprofeta ba Bibele ba moprofeta oa Molimo Jeremia.
Khabareng, Josefa le lelapa la hae ba ile ba khona ho fihla Egepeta ba sireletsehile, ’me joale ba se ba lula teng. Empa ka bosiu bo bong lengeloi la Jehova le boetse le itlhahisa ka toro ho Josefa. Lengeloi le re: “Tsoha u nke ngoana le ’m’ae, ’me u khutlele lefatšeng la Iseraele; hobane ba neng ba batla moea oa ngoana, ba se ba shoele.” Ka hona, hona ho phethahatsa boprofeta bo bong ba Bibele bo reng Mor’a Molimo o ne a tla latoa Egepeta, lelapa le khutlele naheng ea habo lona.
Ho hlakile hore Josefa o rera ho aha Judea, moo ba neng ba phela teng toropong ea Bethlehema pele ba balehela Egepeta. Empa o utloa hore mor’a Heroda Arkelause ea khopo e se e le morena oa Judea, ’me ka toro e ’ngoe Jehova o mo lemosa ka kotsi eo. Ka hona Josefa le lelapa la hae ba leba leboea ’me ba aha motseng oa Nazaretha, Galilea. Jesu o hōlela motseng ona, hōle le setsi sa bophelo ba Bajode sa bolumeli. Mattheu 2:13-23; Jeremia 31:15; Hosea 11:1.
▪ Ha balepi ba sa khutle, ke’ng e tšabehang eo Morena Heroda a e etsang, empa Jesu o sireletsoa joang?
▪ Ha Josefa a khutla Egepeta, ke hobane’ng ha a se a sa lule Bethlehema?
▪ Ke boprofeta bofe ba Bibele bo phethahatsoang nakong ena?