Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w85 7/15 maq. 8-9
  • Ho Baleha Motlatlapi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Baleha Motlatlapi
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Baleha Mohatelli ea Sehlōhō
    Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela
  • Ba Phonyoha ka Lesobana la Nale
    Jesu ke Tsela le ’Nete le Bophelo
  • O Ile a Sireletsa, a Hlokomela a ba a Tšoara ka Tieo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • O Ile a Sireletsa Lelapa la Hae, a le Hlokomela a ba a Tiisetsa
    Etsisa Tumelo ea Bona
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1985
w85 7/15 maq. 8-9

Jesu Bophelo le Tšebeletso ea Hae

Ho Baleha Motlatlapi

KE KA baka la’ng ha Josefa a tsosa Maria har’a bosiu? Josefa o-oa mo bolella, o re, ‘Lengeloi la Jehova le sa tsoa itlhahisa ho ’na. ’Me le itse ke u nke le ngoana, re balehele Egepeta, hobane Heroda o haufi le ho batla Jesu ho ’molaea.’

Ba baleha ka boraro ba bona. ’Me ba baleha esale nako kahobane Heroda o ile a utloa hore balepi ba mo qhekelletse ’me ba tsoile ka har’a naha. Hopola, ba ne ba tšoanetse ho ea mo tsebisa ha ba fumane Jesu. Heroda o halefile. Ka hona ha a leka ho bolaea Jesu, a laela hore Bethlehema le seterekeng seo ho bolaoe bashanyana bohle ba lilemo tse peli le ba ba hlahlamang. O lekanya lilemo tsena ka boitsebiso boo a bo fumaneng pejana ho balepi.

Polao ea bashanyana bohle ba masea ke pono e nyarosang! Masole a Heroda a kena ka tsela e mabifi ka lapeng le leng le le leng. ’Me ha a fumana lesea la moshanyana, a le hlotha matsohong a ’m’a lona. Ha re tsebe hore na ke masea a makae a bolailoeng, empa sello se seholo sa bo-’mè se phethahatsa boprofeta ba Bibele ba moprofeta oa Molimo Jeremia.

Khabareng, Josefa le lelapa la hae ba ile ba khona ho fihla hantle Egepeta, ’me joale ba phela teng. Empa ka bosiu bo bong lengeloi la Jehova la itlhahisa hape ka toro ho Josefa. La re, ‘Tsoha u nke Jesu le ’m’ae le khutlele Iseraele, hobane ba neng ba leka ho ’molaea ba shoele.’ Ka hona, hona ho phethahatsong ea boprofeta bo bong ba Bibele bo reng Mor’a Molimo o tla latoa Egepeta, lelapa le khutlela naheng ea habo lona.

Ho totobetse hore Josefa o batla ho haha Judea, moo ba neng ba phela teng pele ba balehela Egepeta. Empa o utloa hore mor’a Heroda Arkelause ea mobe e se e le Morena oa Judea, ’me ka toro e ’ngoe Jehova o mo lemosa ka kotsi. Ka hona Josefa le lelapa la hae ba fallela ka leboea ’me ba haha motseng oa Nazaretha. Jesu o hōlela motseng ona, hole le setsi sa bophelo ba Sejode. Mattheu 2:13-23; Jeremia 31:15; Hosea 11:1.

◆ Ha balepi ba sa khutle, ke’ng e tšabehang eo Morena Heroda a ileng a e etsa, empa Jesu o ile a sireletsoa joang?

◆ Ha Josefa a khutla Egepeta, ke hobane’ng ha a sa ka a lula hape Bethlehema?

◆ Ke boprofeta bofe ba Bibele bo ileng ba phethahatsoa nakong ena?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela